LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 January leq. 11
  • Kgetha ho Sebeletsa Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgetha ho Sebeletsa Jehova
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Kolobetswa ke Qeto e Molemo eo o ka e Etsang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kolobetso ke ya Bohlokwa ho Bakreste
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 January leq. 11
Tsela e bontshang ka moo re ka sebeletsang Jehova ka teng. Ho na le matshwao tseleng a bontshang seo o lokelang ho se etsa e leng ho ithuta Bibele, ho ya dibokeng, ho ya tshimong le ho kolobetswa.

O hokae tseleng ee ya kolobetso?

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Kgetha ho Sebeletsa Jehova

Haeba o motjha wa Mokreste ya so kolobetswe kapa o ntse o ithuta Bibele, na o batla ho kolobetswa? Ke hobaneng ha o lokela ho kolobetswa? Ho inehela le ho kolobetswa ho ka o thusa hore o be le setswalle se matla le Jehova. (Pes 91:1) Ho ka ba ha o thusa hore o pholohe. (1Pe 3:21) O ka thuswa ke eng hore o qetelle o nkile mehato ee?

Ikgodise hore dintho tseo o ithutang tsona ka Jehova ke nnete. Haeba ho na le dipotso tseo o ipotsang tsona, etsa dipatlisiso e le hore o fumane dikarabo. (Bar 12:2) Sheba hore na o hloka ho etsa diphetoho hokae mme o di etse hobane o batla ho thabisa Jehova. (Lipr 27:11; Ef 4:23, 24) Dula o rapella hore Jehova a o thuse. Jwang kapa jwang Jehova o tla o matlafatsa le ho o tshehetsa ka moya wa hae o halalelang. (1Pe 5:10, 11) O tla bona hore boiteko bohle boo o bo etsang e le hore o kolobetswe bo tla o tswela molemo. Ho sebeletsa Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa.​—Pes 16:11.

SHEBELLA VIDEO E RENG MEHATO E LEBISANG KOLOBETSONG EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batho ba bang ba ile ba tlameha ho hlola mathata afe e le hore ba kolobetswe?

  • O ka matlafatsa tumelo ya hao jwang e le hore o inehele ho Jehova?

  • Ke eng e susumeditseng ba bang hore ba etse diphetoho e le hore ba qetelle ba kolobeditswe?

  • Jehova o hlohonolofatsa batho ba kgethang ho mo sebeletsa jwang?

  • Ho inehela le ho kolobetswa ho bolelang?

Qetellong ya puo ya kolobetso, sebui se tla kopa ba yang kolobetsong hore ba eme ebe ba araba dipotso tse latelang ka mantswe a phahameng:

Na o baketse dibe tsa hao, o inehetse ho Jehova le ho amohela tsela ya hae ya poloko ka Jesu Kreste?

Na o a utlwisisa hore kolobetso ya hao e o kgetholla o le e mong wa Dipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ya mokgatlo wa Jehova?

Haeba ba yang kolobetsong ba araba dipotso tsena ka “E,” ba ‘bolela phatlalatsa’ hore ba dumela thekollong le hore ba inehetse ho Jehova ba sa itshiele letho.​—Bar 10:9, 10.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share