Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
3-9 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 27-29
“Etsisa Jehova ka Hore o se ke wa ba le Kgethollo”
w13 6/15 10 ¶14
Ananelang Makgabane a Jehova ka Botlalo
14 Baradi ba motho ba bahlano ba ile ba ya ho Moshe mme ba re: “Ke hobaneng ha lebitso la Ntate le lokela ho tloswa lelapeng la hae ka hobane a ne a se na mora?” Ba ile ba kopa ka tiyo ba re: “Re feng lefa hara barababo Ntate.” Na Moshe o ile a re, ‘Molao ha o dumele, mme ha ho seo nka se etsang ho le thusa’? Tjhe, o ile a “hlahisa taba ya bona ka pela Jehova.” (Num. 27:2-5) Jehova o ile a reng? O ile a re ho Moshe: “Baradi ba Zelofehade ba bua ka nepo. Ka sebele o lokela ho ba fa leruo hara barababo ntata bona, mme o fetisetse lefa la ntata bona ho bona.” Jehova ha a a ka a fella moo. O ile a etsa hore taba eo e fetohe molao, a re ho Moshe: “Haeba monna le ha e le ofe a ka shwa a se na mora, jwale le fetisetse lefa la hae ho moradi wa hae.” (Num. 27:6-8; Josh. 17:1-6) Ho tloha ka nako eo, basadi bohle ba Baiseraele ba neng ba thulana le mathata a tshwanang le a baradi ba Zelofehade ba ne ba tla sireletswa.
w13 6/15 11 ¶15
Ananelang Makgabane a Jehova ka Botlalo
15 Ruri eo e ne e le qeto e mosa le e sa bontsheng kgethollo! Jehova o ile a tshwara basadi bana ba neng ba se na mang-we! ka tsela e ba fang seriti jwalo ka ha a ne a tshwara Baiseraele ba bang bao dintho di neng di ba tsamaela hantle. (Pes. 68:5) Ena ke e nngwe ya ditlaleho tse ngata tsa Bibele tse bontshang nnete ena e kgothatsang: Jehova o tshwara bahlanka ba hae bohle ka tsela e se nang kgethollo.—1 Sam. 16:1-13; Lik. 10:30-35, 44-48.
w13 6/15 11 ¶16
Ananelang Makgabane a Jehova ka Botlalo
16 Re ka latela mohlala wa Jehova wa ho se be le kgethollo jwang? Hopola hore re tla tshwara batho ba bang ka tsela e sa bontsheng kgethollo haeba re dumela hore batho bohle ba lokela ho tshwarwa ka tsela e bontshang toka. Ke nnete hore kaofela ha rona re inka re se na kgethollo. Le ha ho le jwalo, e ka nna yaba o a hlokomela hore ha se ka mehla ho leng bonolo hore re itlhahlobe ka botshepehi. Ka hoo, re ka etsang hore re fumane hore na batho ba re tseba re le batho ba nang le kgethollo kapa tjhe? Ha Jesu a ne a batla ho tseba hore na batho ba ne ba reng ka yena, o ile a botsa metswalle ya hae eo a neng a e tshepa a re: “Batho ba re Mora motho ke mang?” (Mat. 16:13, 14) E ka ba hantle hore o latele mohlala wa Jesu tabeng eo. O ka botsa motswalle wa hao eo o tsebang hore o tla o bolella nnete hore na o na le botumo ba ho se be le kgethollo kapa tjhe. Haeba a o bolella hore ho bonahala e ka o sa ntse o e na le mesaletsa ya ho kgetholla batho ho ya ka morabe, maemo a bona kapa moruo, o lokela ho etsang? Rapela Jehova ka tiyo mabapi le maikutlo ao o nang le wona, o mo kope hore a o thuse hore o fetole maikutlo a hao e le hore le wena o ka mo etsisa ka hore o se ke wa ba le kgethollo.—Mat. 7:7; Bakol. 3:10, 11.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 528 ¶5
Dinyehelo
Dinyehelo tsa seno. Baiseraele ba ne ba nehela ka dinyehelo tsa seno ha mmoho le dinyehelo tse ding, haholoholo ha ba qeta ho kena Naheng e Tshepisitsweng. (Nu 15:2, 5, 8-10) Dinyehelo tsena tsa seno di ne di akarelletsa veine (“jwala bo tahang”) mme bo ne bo tshollelwa hodima aletare. (Nu 28:7, 14; bapisa le Ex 30:9; Nu 15:10.) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filipi a re: “esita le haeba ke ntse ke tshollwa jwalo ka nyehelo ya seno hodima sehlabelo le tshebeletso ya phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho yona, ke a nyakalla.” Pauluse o ile a itshwantsha le nyehelo ya seno a bontsha hore o ikemiseditse ho sebeletsa Bakrestemmoho le yena. (Fil 2:7) Nakwana pele ho lefu la hae, o ile a ngolla Timothea a re: “Ke se ke ntse ke tshollwa jwalo ka nyehelo ya seno, mme nako e loketseng ya ho lokollwa ha ka e haufi.”—2Ti 4:6.
10-16 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 30-31
“Phetha Boitlamo ba Hao”
it-2-E 1162
Boitlamo
E ne se Setlamo, Empa ha o bo Entse o Lekela ho bo Phetha. Motho o ne a ithaopa ho etsa boitlamo. Le ha ho le jwalo, ha boitlamo boo bo se bo entswe molao wa Modimo o ne o qobella hore o phethwe. Ke ka hoo ho buuwang ka boitlamo e le ntho “e tlamang moya,” ho bontsha hore bophelo ba hae e ne e le tiisetso ya hore o tla phethahatsa boitlamo ba hae. (Nu 30:2; sheba hape le Bar 1:31, 32.) Ho a utlwahala hore Mangolo a re kgothalletsa hore re be hlokolosi ha re etsa boitlamo, re nahanisisa hantle ka boikarabelo boo re bo nkang hobane bophelo ba rona bo a ameha. Molao o ne o re: “Haeba o itlama ka boitlamo ho Jehova Modimo wa hao . . . ruri Modimo o tla bo batla ho wena, mme o tla be o entse sebe. Empa haeba o hloleha ho etsa boitlamo, o tla be o sa etsa sebe.”—De 23:21, 22.
it-2-E 1162
Boitlamo
Tshepiso ya bohlokwa eo motho a e etsang ho Modimo ya hore o tla etsa ntho e itseng, ho fana ka nyehelo kapa mpho, wa kena tshebeletsong e itseng, kapa wa ithibela ho etsa dintho tse seng kgahlanong le molao. Motho o ne a etsa boitlamo hobane a ithaopela ho etsa jwalo. Ka ha boitlamo e ne e le tshepiso ya bohlokwa, bo ne bo na le matla jwalo ka ha motho a ka hlapanya kapa a nka kano mme ka nako tse ding ka Bibeleng dipolelo tsena di hlaha di le pedi. (Nu 30:2; Mat 5:33) “Boitlamo” ke polelo ya phatlalatsa ya hore motho o batla ho etsa ntho e itseng, mme “kano” e hlalosa boipiletso boo motho a bo etsang ho ya na leng bolaodi ho mo tiisetsa hore o tla phetha seo a se buileng. Hangata dikano di ne di etswa ho tiisetsa selekane se seng se entswe.—Ge 26:28; 31:44, 53.
w04 8/1 27 ¶3
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Numere
30:6-8—Na monna wa Mokreste a ka etsolla dikano tse entsweng ke mosadi wa hae? Kajeno Jehova o sebetsana le barapedi ba hae ka bomong ha ho tluwa tabeng ya dikano. Ka mohlala, ho inehela ho Jehova ke kano eo motho ka mong a e etsang. (Bagalata 6:5) Monna ha a na matla a ho hlakola kano e jwalo kapa ho e etsolla. Le ha ho le jwalo, mosadi o lokela ho qoba ho etsa kano e sa dumellaneng le Lentswe la Modimo kapa boikarabelo boo a nang le bona ho monna wa hae.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 28 ¶1
Jafeta
Batho ba ne ba ka iswa tshebeletsong ya Jehova e halalelang. Batswadi ba ne ba na le tokelo ya ho etsa jwalo. Anna o ile a etsa boitlamo ba hore Samuele o tla sebeletsa tabernakeleng le pele a tswalwa. Monna wa hae e leng Elkana, o ile a dumellana le boitlamo boo. Hang ha Anna a qeta ho kgwesa mora wa hae Samuele o ile a mo isa tabernakeleng, ha Anna a ne a mo isa, o ile a fana le ka nyehelo ya phoofolo. (1Sa 1:11, 22-28; 2:11) Samsone ke e mong wa bana ba ileng ba iswa hore a lo sebeletsa Modimo e le Monazari.—Bhl 13:2-5, 1114; bapaisa le bolaodi boo ntate a nang le bona ho moradi wa hae jwalo ka ha ho hlalositswe ho Nu 30:3-5, 16.
17-23 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 32-33
“Le Leleke Baahi Bohle ba Naha”
w10 8/1 23
Re o Lome Tsebe?
“Dibaka tse phahameng” tseo ho buuwang ka tsona hangata Mangolong a Seheberu e ne e le eng?
Ha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng, Jehova o ile a ba laela hore ba fedise dibaka tsohle tsa borapedi tsa Bakanana ba neng ba dula moo. Modimo o ile a re: “Le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa lejwe, mme ditshwantsho tsohle tsa bona tsa tshepe e qhibidihisitsweng le lokela ho di senya, mme le lokela ho fedisa dibaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.” (Numere 33:52) E ka nna yaba dibaka tseo tsa borapedi ba bohata di ne di le ka hodima dithaba kapa e ne e le dikalana tse hahilweng dibakeng tse ding jwalo ka tlasa difate kapa metseng. (1 Marena 14:23; 2 Marena 17:29; Ezekiele 6:3) Ho tsona ho ne ho ka ba le dialetare, ditshiya kapa dipalo tse halalelang, ditshwantsho, didulwana tsa dibano le dintho tse ding tse neng di sebedisetswa borapedi.
w08 2/15 27 ¶5-6
Ithute Diphosong Tsa Baiseraele
Kajeno, re thulana le diteko tse ngata tse tshwanang le tseo Baiseraele ba ileng ba thulana le tsona. Mehleng ya kajeno, ho na le dintho tse ngata tseo batho ba di tshwarang jwalo ka ha e ka ke medimo. Di akarelletsa tjhelete, dikgalala tsa boithabiso le tsa dipapadi, dipolotiki, baetapele ba itseng ba bodumedi esita le ditho tsa lelapa. Ho ka etsahala hore re nkehe haholo ke e nngwe ya dintho tsena. Ho ba motswalle wa batho ba sa rateng Jehova ho ka senya kamano ya rona le Modimo.
Ho etsa thobalano ka tsela e fosahetseng e ne e le karolo ya bohlokwa ya borapedi ba Baale e ileng ya hohela ya ba ya eka Baiseraele ba bangata. Maraba a jwalo a sa ntse a tshwasa batho ba bang ba Modimo. Ka mohlala, ho ka nna ha hlokahala feela hore motho a tobetse mouse wa khompiyutha boinotshing lapeng ha hae e le hore a senye letswalo la hae le letle. E ne e tla ba maswabi a makaakang haeba Mokreste a ne a ka hohelwa ke ditshwantsho tse manyala tse hlephisang boitshwaro tsa Inthanete!
it-1-E 404 ¶2
Kanana
Joshua o ile a ba bohlale ka hore “ha a ka a tlosa lentswe ho sohle seo a neng a se laetse Moshe” le reng a fedise Bakanana bohle. (Jos 11:15) Empa setjhaba sa Iseraele ha se a ka sa latela mohlala wa hae o motle ka hore se tlose dintho tsohle tse neng di silafatsa naha. Ho ba teng ha Bakanana ho ile ha etsa hore ho be le tshwaetso e ngata Iseraele (botsotsi, botshwaro bo bobe le borapedi ba ditshwantsho) hoo ha nako e ntse eya se ileng sa etsa hore ho shwe batho ba bangata ho feta haeba ba mametse mme ba bolaya Bakanana kaofela. (Nu 33:55, 56; Bhl 2:1-3, 11-23; Pes 106:34-43) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore toka le dikahlolo tsa hae di ne di ke ke tsa ba le kgethollo le hore haeba Baiseraele ba ne ba sebedisana le Bakanana, ho nyalana le bona, ho kopanela borapeding le bona, ho tlwaela ho etsa meetlo ya bona ya bodumedi le ho etsa mekgwa ya bona e mebe, ho ne ho tla bolela hore le bona ba ne ba tla shwa, e leng se neng se tla etsa hore qetellong ‘naha e hlatsetswe ka ntle.’—Ex 23:32, 33; 34:12-17; Le 18:26-30; De 7:2-5, 25, 26.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 359 ¶2
Moedi
Ka mora hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla dula sebakeng sefe, ho ne ho hlokahala hore ho bolelwe hore na sebaka seo se ne se tla ba se kae ho ya ka palo ya batho ba molokong oo. “Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ya ka malapa a lona. Ya nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae. Moo lotho e tla tswela teng bakeng sa hae, e tla ba ha hae.” (Nu 33:54) Qeto e nkilweng ya hore na moloko o itseng o dule hokae e ne e lokelwa ho latelwa empa diphetoho di ne di ka kgona ho etswa haeba sebaka seo se ne se sa lekane moloko oo. Ka mohlala, sebaka se neng se abetswe moloko wa Juda se ne se le seholo, ka hoo karolo e nngwe ya sona e ile ya fuwa moloko wa Simeone.—Jos 19:9.
24-30 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 34-36
“Tshabela ho Jehova”
Na o Etsa Jehova Setshabelo sa Hao?
4 Baiseraele ba ne ba etsang ha motho a bolaile e mong ka phoso? Le hoja a entse seo ka phoso, o ne a ntse a le molato wa ho bolaya motho ya se nang molato. (Gen. 9:5) Jehova o ne a laetse hore motho ya entseng phoso e jwalo a hauhelwe ka hore a dumellwe ho balehela ho e meng ya metse e 6 ya setshabelo hore mopheteletsi wa madi a se ke a mo fumana. Ha a le motseng oo o ne a tla sireletseha. Hape o ne a lokela ho dula motseng oo wa setshabelo ho fihlela moprista ya phahameng a hlokahala.—Num. 35:15, 28.
Na o Etsa Jehova Setshabelo sa Hao?
6 Ha motho ya bolaileng e mong ka phoso a fihla motseng wa setshabelo, o ne a lokela ho ema keiting ya motse mme a qale ka hore a “bue mantswe kapa sebe sa hae moo banna ba baholo ba motse oo ba ntseng ba utlwa.” Baholo bao ba ne ba tla mo amohela. (Josh. 20:4) Ka mora nako e itseng, ba ne ba tla mo kgutlisetsa sebakeng seo polao e etsahetseng ho sona. Baholo ba sebaka seo ke bona ba neng ba tla ahlola nyewe. (Bala Numere 35:24, 25.) Haeba ba ne ba fumana hore polao eo e entswe ka phoso, motho eo o ne a kgutlisetswa motseng wa setshabelo.
Na o Etsa Jehova Setshabelo sa Hao?
13 Motho ya bolaileng e mong ka phoso o ne a tla sireletseha motseng wa setshabelo. Jehova o ile a re ka metse eo: “E tla ba setshabelo . . . bakeng sa lona.” (Josh. 20:2, 3) Jehova o ne a sa batle hore motho ya bolaileng e mong ka phoso a ahlolwe hape bakeng sa phoso e tshwanang. Ebile mopheteletsi wa madi o ne a sa lokela ho kena motseng wa setshabelo hore a bolaye motho eo. Ka hoo motho eo o ne a sireletsehile ha a le motseng wa setshabelo. Motse oo e ne e se teronko. O ne a ka kgona ho sebetsa, ho thusa ba bang le ho sebeletsa Jehova ka kgotso. Ruri o ne a ka kgona ho phela ha monate motseng oo a balehetseng ho ona!
Matlotlo a Patilweng
w91 2/15 13 ¶13
Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle
13 Le ha ho le jwalo, Adama kapa Eva ha ba rue molemo topollong. Molao wa Moshe o ne o e na le molaomotheo ona: “Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba ’molai ya tshwanetseng ho bolawa.” (Numere 35:31) Adama ha a a ka a thetswa, ka hoo sebe sa hae e ne e le sa ka boomo. (1 Timothea 2:14) Se ne se tshwana le ho bolaya bana ba hae, hobane jwale ba ile ba futsa ho se phethahale ha hae, ka hona ba kena kotlong ya lefu. Ka ho hlakileng, Adama o ne a tshwanela ho shwa, hobane jwalo ka motho ya phethahetseng, ka boomo o ne a ikgethetse ho se mamele molao wa Modimo. Hore Jehova a sebedise topollo molemong wa Adama e ne e sa tlo dumellana le melaomotheo ya hae e lokileng. Le ha ho le jwalo, ho lefa moputso wa sebe sa Adama ho ne ho tla etsa hore kotlo ya lefu hodima bana ba Adama e be e se nang thuso! (Baroma 5:16) Ka kutlwisiso ya molao, matla a senyang a sebe a fediswa ho tloha mohloding wa wona. Molopolli o ‘utlwa lefu ka baka la bohle,’ o jara ditlamorao tsa sebe bakeng sa bana bohle ba Adama.—Baheberu 2:9; 2 Bakorinthe 5:21; 1 Petrose 2:24.
31 MAY–6 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 1-2
“Kahlolo ke ya Jehova”
w96 3/15 23 ¶1
Jehova o Rata ho Loka le Toka
Baholo ba phutheho ba kgethilweng ba tlameha ho ahlola dinyeweng tsa diphoso tse tebileng. (1 Bakorinthe 5:12, 13) Ha ba etsa seo, ba hopola hore toka ya Modimo e batla ho bontsha mohau moo ho kgonehang. Haeba ho se na lebaka la ho o bontsha jwalo ka tabeng ya baetsadibe ba sa bakeng, mohau o ke ke wa bontshwa. Empa baholo ha ba leleke mofosi ya jwalo phuthehong hobane ba batla ho iphetetsa. Ba tshepa hore kgato ya ho kgaola ka boyona e tla etsa hore a inahane. (Bapisa le Ezekiele 18:23.) Tlasa bohlooho ba Kreste, baholo ba susumetswa ke toka tshebeletsong ya bona, mme sena se akarelletsa ho ba jwalo ka “tshireletso ha moya o foka.” (Esaia 32:1, 2) Ka lebaka leo ba tlameha ho bontsha ho se be leeme le ho ba le kahlolo e molemo.—Deuteronoma 1:16, 17.
w02 8/1 10 ¶4
Ka Botshepehi Ikokobeletse Bolaodi bo Behilweng ke Modimo
4 Le ha ho le jwalo, ho ba moahlodi ho ne ho sa felle feela ka ho tseba Molao. Ka ha banna ba hodileng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ho ithiba mekgweng efe kapa efe e tswileng tseleng e kang boithati, kgethollo le meharo, e neng e ka nna ya sotha dikahlolo tsa bona. Moshe o ile a re ho bona: “Le se ke la ba leeme kahlolong. Le lokela ho utlwa e monyenyane le e moholo ka ho tshwana. Le se ke la tshoswa ke motho, etswe kahlolo ke ya Modimo.” E, baahlodi ba Iseraele ba ne ba ahlolela Modimo. E ne e le monyetla o hlomphehang le e kgethehileng hakaakang!—Deuteronoma 1:16, 17.
Matlotlo a Patilweng
w13 9/15 9 ¶9
Dikgopotso Tsa Jehova di a Tshepahala
9 Ha Baiseraele ba ne ba kena leetong le ileng la nka dilemo tse 40 ‘lefeelleng le leholo le tshosang,’ Jehova ha a a ka a ba fa dintlha tse tobileng esale pele tsa hore na o ne a tla ba tataisa jwang, a ba sireletse jwang a be a ba hlokomele jwang. Ho ntse ho le jwalo, ka makgetlo o ile a bontsha hore ba ne ba ka mo tshepa le ho tshepa tataiso ya hae. Jehova o ile a sebedisa topallo ya leru motshehare le mollo bosiu e le ho hopotsa Baiseraele hore o ne a ba tshehetsa ha a ntse a ba tataisa sebakeng seo, seo ho neng ho se bonolo ho tsamaya ho sona. (Deut. 1:19; Ex. 40:36-38) O ile a boela a ba fa dintho tseo ba di hlokang. “Diaparo tsa bona ha di a ka tsa tsofala, le maoto a bona ha a a ka a ruruha.” Ka sebele “ba ne ba sa haellwe ke letho.”—Neh. 9:19-21.
7-13 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 3-4
“Melao ya Jehova e na le Toka Hape e Etsa Hore re be Bohlale”
it-2-E 1140 ¶5
Ho Utlwisisa
Ho ithuta Bibele ka mafolofolo le ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona, ho ka re etsa hore re be batho ba nang le temoho e fetang ya batho ba nkwang e le mesuwe ebile re ka ba le kutlwisiso e fetang ya batho ba hodileng. (Pes 119:99, 100, 130; bapisa le Lu 2:46, 47.) Lebaka ke hobane tataiso ya Jehova le melao ya hae di bontsha hore o bohlale ebile o a utlwisisa. Ha Baiseraele ba ne ba ka mamela melao ya Jehova le tataiso ya hae, ditjhaba tse ba potolohileng di ne di ka ba nka e le “batho ba bohlale le ba utlwisisang.” (De 4:5-8; Pes 111:7, 8, 10; bapisa le 1 Mar. 2:3.) Motho ya nang le kutlwisiso, o a hlokomela hore ha a lokela ho tlola melao e ka Lentsweng la Modimo. Motho eo o kopa Modimo hore a mo thuse hore a leke ka hohle hore a itshware ka tsela eo Jehova a e batlang. (Pes 119:169) O tebisetsa molaetsa wa Modimo pelong (Mat 13:19-23), o ngola molao oo letlapeng la pelo ya hae (Liprov. 3:3-6; 7:1-4) mme ka ho etsa jwalo o leka ho hloya “tsela e nngwe le e nngwe ya bohata” (Pes 119:104). Ha Mora wa Modimo a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore o na le kutlwisiso ka tsela ena, ebile ha a a ka a batla ho pholoha lefu thupeng ya tlhokofatso hobane Mangolo a ne a lokela ho phethahala ha a bolawa ka tsela eo.—Mat 26:51-54.
w99 11/1 20 ¶6-7
Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata
A makaditswe ke seo a se utlwileng le ho se bona, mofumahadi enwa o ile a araba ka boikokobetso: “Ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pela hao ka mehla, ba mametse bohlale ba hao!” (1 Marena 10:4-8, NW) Ha a a ka a re bahlanka ba Solomone ba thabile hobane ba ne ba kenakene le hoja ho ne ho hlile ho le jwalo. Ho e na le hoo, bahlanka ba Solomone ba ne ba hlohonolofaditswe hobane ka mehla ba ne ba ka mamela bohlale boo Solomone a bo filweng ke Modimo. Mofumahadi wa Sheba ke mohlala o motle hakaakang ho batho ba Jehova kajeno, ba thabelang bohlale ba Mmopi ka boyena le ba Mora wa hae, Jesu Kreste.
Mofumahadi eo o ile a boela a re ho Solomone: “Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao.” (1 Marena 10:9) Ho hlakile hore o ile a bona tataiso ya Jehova bohlaleng ba Solomone le katlehong ya hae. Sena se tumellanong le seo Jehova a ileng a se tshepisa Iseraele pejana. O itse: ‘Ho boloka melao ya ka ya tsamaiso’ “ke bohlale ho lona le kutlwisiso ho lona ka pela mahlo a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle ya tsamaiso, mme ka sebele di tla re, ‘Setjhaba sena se seholo ntle ho pelaelo ke batho ba bohlale le ba utlwisisang.’”—Deuteronoma 4:5-7, NW.
w07 8/1 29 ¶13
Na o “Ruela ho Modimo”?
13 Ha Jehova a hlohonolofatsa batho ba hae, ka mehla o ba fa dintho tse molemo ka ho fetisisa. (Jakobo 1:17) Ka mohlala, ha Jehova a ne a fa Baiseraele lehae, e ne e le ‘naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.’ Le hoja ho nnile ha bolelwa hore naha ya Egepeta le yona e ne e le jwalo, naha eo Jehova a neng a e file Baiseraele e ne e fapane le Egepeta bonyane ka ntho e le nngwe ya bohlokwahadi. Moshe o ile a bolella Baiseraele hore e ne e le ‘naha eo Jehova Modimo wa bona a e hlokometseng.’ Ka mantswe a mang, ba ne ba tla atleha hobane Jehova o ne a tla ba hlokomela. Hafeela Baiseraele ba ne ba dula ba tshepahala ho Jehova, o ne a ba hlohonolofatsa haholo mme ba ne ba phela bophelo boo ho neng ho totobetse hore bo monate ho feta ba ditjhaba tse neng di ba potolohile. Ruri tlhohonolofatso ya Jehova “e a ruisa”!—Numere 16:13; Deuteronoma 4:5-8; 11:8-15.
Matlotlo a Patilweng
w04 9/15 25 ¶3
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Deuteronoma
4:15-20, 23, 24—Na thibelo ya hore ho se ke ha etswa ditshwantsho tse betlilweng e bolela hore ke phoso ho etsa ditshwantsho tsa dintho tse itseng bakeng sa ho kgabisa? Tjhe. Thibelo ena e ne e hanela ho etswa ha ditshwantsho tse rapelwang, ‘ho inamela ditshwantsho le ho di sebeletsa.’ Mangolo ha a hanele ho betla ditshwantsho kapa ho penta ditshwantsho ka morero wa ho kgabisa.—1 Marena 7:18, 25.
14-20 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 5-6
“Kwetlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova”
w05 6/15 20 ¶11
Batswadi, Lokisetsang Hore ho be le Dintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lona
11 Mohlomong lengolo le qotswang kgafetsa ha ho tshohlwa taba ena ke Deuteronoma 6:5-7. Re kopa hore o phetle Bibele ya hao mme o bale ditemana tseo. Hlokomela hore batswadi ba bolellwa hore ba matlafatse setswalle sa bona le Modimo pele, ba rate Jehova mme ba tebise mantswe a hae pelong. Ka sebele, le lokela ho ba baithuti ba kgothetseng ba Lentswe la Modimo, le bale Bibele ka mehla mme le nahanisise ka yona e le hore le be le kutlwisiso ya sebele ha mmoho le lerato bakeng sa ditsela tsa Jehova, melaomotheo ya hae le melao ya hae. Ha le etsa jwalo, dipelo tsa lona di tla tlala nnete e hlollang ya Bibele e tla le susumelletsa ho ikutlwa le thabile, le hlompha Jehova le bile le mo rata. Le tla ba le letlotlo la dintho tse molemo tseo le ka di fang bana ba lona.—Luka 6:45.
w07 5/15 15-16
Nka Thusa Bana ba ka Jwang Hore ba Rutehe e le ka Nnete?
Dintho tseo o batlang ho di finyella, dintho tseo o di nkang e le tsa bohlokwa, le dintho tseo o di ratang ha di bonahale feela ka seo o se buang empa di bonahala le ka seo o se etsang. (Baroma 2:21, 22) Ho tloha boseeng, bana ba ithuta ka ho sheba batswadi ba bona ka hloko. Bana ba hlokomela dintho tseo batswadi ba di nkang e le tsa bohlokwa mme hangata ke tsona dintho tseo le bona ba di nkang e le tsa bohlokwa. Haeba o rata Jehova e le ka nnete, bana ba hao ba tla hlokomela sena. Ka mohlala, ba tla bona hore mmalo wa Bibele le ho ithuta yona ke tsa bohlokwa ho wena. Ba tla hlokomela hore o etelletsa mesebetsi e amanang le Mmuso pele bophelong ba hao. (Matheu 6:33) Ho ba teng ka mehla dibokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing wa boboledi ba Mmuso ho tla ba bontsha hore ho etsetsa Jehova tshebeletso e halalelang ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho wena.—Matheu 28:19, 20; Baheberu 10:24, 25.
w05 6/15 21 ¶14
Batswadi, Lokisetsang Hore ho be le Dintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lona
14 Jwalo ka ha Deuteronoma 6:7 e bontsha, ho na le menyetla e mengata eo lona batswadi le ka buisanang le bana ba lona ka dintho tse tla ba matlafatsa tumelo. Ho sa tsotellehe hore na le tsamaya ha mmoho, le etsa mesebetsi e itseng ha mmoho, kapa le kgatholohile ha mmoho, le ka fumana menyetla ya ho lokisetsa dintho tse tla le thusa hore le matlafatse tumelo ya bana ba lona. Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore le dule le “emelletse” bana ba lona ka nnete ya Bibele. Ho e na le hoo, lekang ho etsa hore moqoqo wa lelapa e be o kgothatsang le o matlafatsang tumelo ya lona. Ka mohlala, makasine ya Tsoha! e na le dihlooho tse ngata tse buang ka ditaba tse fapafapaneng. Dihlooho tsena di ka le bulela tsela ya hore le tsebe ho qoqa ka diphoofolo tse bopilweng ke Jehova, dibaka tse ntle tsa tlhaho lefatsheng lohle le ka ditso tsa batho tse sa tshwaneng le mekgwa ya bona ya bophelo. Meqoqo e jwalo e ka nna ya susumelletsa bana hore ba bale haholwanyane dikgatiso tse fanwang ke sehlopha sa lekgoba le tshepahalang le le masene.—Matheu 24:45-47.
Matlotlo a Patilweng
Lerato le Toka, Mehleng ya Baiseraele
11 Re ithutang? Re ithuta hore Jehova o bona se fetang feela ponahalo ya motho ya ka ntle. O bona motho eo re hlileng re leng yena ka hare. (1 Sam. 16:7) Ha ho letho leo re ka mo patelang lona. O re batlela se setle feela. Hape o boetse o batla hore re laole menahano e mebe, le pele e qala ho re susumelletsa ho etsa diketso tse mpe.—2 Likron. 16:9; Mat. 5:27-30.
21-27 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 7-8
“Le se ke la Etsa Selekane sa Lenyalo le Bona”
w12 7/1 29 ¶2
Ke Hobaneng ha Modimo a ile a Laela Barapedi ba Hae Hore ba Nyalane le Badumedimmoho le Bona Feela?
Taelo ena e ne e ama setjhaba ka kakaretso ka ha Jehova o ne a tseba hore Satane o ne a batla ho kgelosa batho ba Hae, ka ho etsa hore ba rapele medimo ya bohata. Ka hoo Modimo o ile a tswela pele ho ba fa temoso ena ka ho nyalana le batho ba sa dumelang: “[Ba] tla kgelosa mora wa hao hore a se ke a ntatela, mme ka sebele ba tla sebeletsa medimo e meng.” Taba ena e ne e tebile. Haeba Baiseraele ba ne ba ka sebeletsa medimo e meng, Modimo o ne a ke ke a hlola a ba amohela le ho ba sireletsa, jwale dira tsa bona di ne di tla ba fedisa. Haeba ho ne ho ka ba jwalo, setjhaba se ne se tla hlahisa Mesia ya tshepisitsweng jwang? Ho hlakile hore Satane o ne a e na le lebaka la hore a kgelose Baiseraele hore ba nyalane le batho ba sa dumelang.
w15 3/15 30-32
Na ho Nyala “Feela Moreneng” E sa Ntse e le Ntho e Utlwahalang?
Le ha ho le jwalo, ka Bibeleng Jehova o re laela hore re nyale feela Moreneng. Hobaneng? Hobane o tseba se tla re tswela molemo ebile o batla ho re sireletsa. Ha a batle hore re etse diqeto tse bowatla tse tla re utlwisa bohloko kapa tse tla re amoha thabo. Mehleng ya Nehemia, Bajuda ba bangata ba ile ba nyala basadi ba sa sebeletseng Modimo. Ka hoo Nehemia o ile a ba bolella ka mohlala o mobe wa Solomone. O ile a re, “O ne a ratwa ke Modimo wa hae, . . . esita le yena basadi basele ba ile ba etsa hore a etse sebe.” (Neh. 13:23-26) Jehova o wa tseba hore dikgopotso tsa hae di molemong wa rona, ke ka hoo a laetseng Bakreste hore ba nyale feela Moreneng. (Pes. 19:7-10; Esa. 48:17, 18) Re a thaba hore ebe o re fa keletso e lerato le eo re ka e tshepang. Ha re mamela Jehova e le Mmusi wa rona, re amohela hore o na le tokelo ya ho re bolella seo re lokelang ho se etsa.—Liprov. 11:5.
w15 8/15 24 ¶12
Kgetha Metswalle ka Hloko Matsatsing Ana a ho Qetela
12 Bakreste ba batlang ho kena lenyalong ba lokela ho hlokomela hore na ba kgetha ho tlwaelana le bomang. Lentswe la Modimo le a re lemosa: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng ha mmoho le ba sa dumelang. Etswe ho loka le tlolo ya molao di na le setswalle sefe? Kapa lesedi le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakor. 6:14) Bibele e eletsa bahlanka ba Modimo hore ba nyale “feela Moreneng,” ke hore ba nyalane feela le motho ya inehetseng le ho kolobetswa mme a phela tumellanong le Melao ya Jehova. (1 Bakor. 7:39) Ha o nyalana le motho ya ratang Jehova, o tla ba le molekane ya tla o thusa hore o dule o tshepahala ho Modimo.
Matlotlo a Patilweng
w04 2/1 13 ¶4
Jehova o re fa Seo re se Hlokang Letsatsi le Leng le le Leng
4 Ho rapella bohobe ba letsatsi le leng le le leng ho boetse ho lokela ho re hopotsa hore re hloka ho matlafatsa tumelo ya rona letsatsi le leng le le leng. Le hoja Jesu a ne a lapile haholo ka mora ho itima dijo ka nako e telele, o ile a hana ha Satane a mo leka hore a fetole majwe bohobe, a re: “Ho ngodilwe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Jehova.’” (Matheu 4:4) Mona Jesu o ile a qotsa seo moprofeta Moshe a ileng a se bolella Baiseraele a re: “[Jehova] o o kokobeditse mme a o tlohela hore o lape yaba o o fepa manna, ao wena kapa bontatao le neng le sa a tsebe; e le hore o tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e nngwe le e nngwe ya molomo wa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Tsela eo Jehova a ileng a fepa Baiseraele manna ka yona ha ya ka ya ba fa dijo tsa nama feela empa e ile ya ba ruta le dintho tse tla ba matlafatsa tumelo. Ka mohlala “e mong le e mong [o ne a lokela hore] a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi.” Haeba ba ne ba bokella manna a fetang ao ba neng ba a hloka letsatsing leo, a salang a ne a nkga mme a eba le diboko. (Exoda 16:4, 20) Le ha ho le jwalo, sena se ne se sa etsahale ka letsatsi la botshelela ha ba ne ba lokela ho bokella manna a matsatsi a mabedi e le hore ba be le ao ba neng ba tla a hloka ka Sabatha. (Exoda 16:5, 23, 24) Ka hoo, manna a ne a ba hopotsa hore ba tlameha ho mamela le hore bophelo ba bona bo ne bo sa itshetleha feela ka bohobe empa bo ne bo itshetlehile le ka ho ela hloko “polelo e nngwe le e nngwe ya molomo wa Jehova.”
28 JUNE–4 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 9-10
“Jehova Modimo wa Hao o Batla Eng ho Wena?”
w09 10/1 10 ¶3-4
Jehova o Batla Eng ho Rona?
Re ka susumetswa ke eng hore re mamele Modimo ka boithatelo? Moshe o ile a bolela lebaka le leng ha a re: “O tshabe Jehova Modimo wa hao.” (Temana ya 12) Ena ha se tshabo ya ho tlakasela ka lebaka la ho tshaba ditlamorao tsa ho se mamele, empa ke tshabo e loketseng, e bontshang ho hlompha Modimo le ditsela tsa hae. Haeba re tshaba Modimo ka tsela e mo hlomphang ka ho tebileng, re ke ke ra batla ho mo halefisa.
Le ha ho le jwalo, ntho e ka sehloohong e lokelang ho re susumelletsa hore re mamele Modimo ke efe? Moshe o re: “Rata [Modimo] le ho sebeletsa Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.” (Temana ya 12) Ho rata Modimo ha ho bolele ho mo rata feela ka maikutlo. Buka e nngwe e re: “Maetsi a Seheberu a bontshang boikutlo, ka dinako tse ding a ka bolela diketso tse etswang ka lebaka la boikutlo boo.” Buka yona eo e re ho rata Modimo ho bolela “ho bontsha ka diketso hore wa [mo] rata.” Ka mantswe a mang, haeba re hlile re rata Modimo, re tla itshwara ka tsela eo re tsebang hore e ya mo thabisa.—Liproverbia 27:11.
w09 10/1 10 ¶6
Jehova o Batla Eng ho Rona?
Ho mamela Modimo ka boithatelo ho tla re tlisetsa ditlhohonolofatso. Moshe o re: “O boloke ditaelo . . . tseo ke o laelang tsona kajeno, molemong wa hao.” (Temana ya 13) Ruri taelo e nngwe le e nngwe ya Jehova, ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang hore re e etse e molemong wa rona. Ho ne ho ke ke ha eba ka tsela e nngwe! Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ka hoo, o fane feela ka ditaelo tseo a tsebang hore di tla re tswela molemo ka ho sa feleng. (Esaia 48:17) Ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse ho tla re qobisa matshwenyeho a mangata hona jwale mme ho tla etsa hore nakong e tlang re fumane ditlhohonolofatso tse sa feleng Pusong ya hae.
cl 16 ¶2
Na ka Sebele o ka ‘Atamela ho Modimo’?
2 Abrahama wa boholoholo ke e mong wa ba ileng ba thabela ho ba motswalle wa Modimo. Jehova o ile a re mopatriareka eo ke ‘motswalle wa hae.’ (Esaia 41:8) E, Jehova o ne a nka Abrahama e le motswalle wa hae e le ka nnete. Abrahama o ile a ba le kamano eo e haufi hobane o ile a “beha tumelo ho Jehova.” (Jakobo 2:23) Le kajeno Jehova o ntse a sheba menyetla ya ho ‘ikamahanya’ le ba susumetswang ke lerato hore ba mo sebeletse. (Deuteronoma 10:15) Lentswe la hae le a re phehella: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Re fumana memo le tshepiso mantsweng ana.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 103
Baanake
Ke batho ba neng ba le boholo bo sa tlwaelehang ba neng ba dula sebakeng se dithaba sa Kanana le dibakeng tse ding tse neng di le lebopong mme ba ne ba fumaneha haholoholo dibakeng tse ka Borwa. Ka nako e nngwe, banna ba tummeng ba Baanake, e leng Akimane, Sheshai le Talmai ba ile ba dula Hebrone. (Nu 13:22) Ke hona mona moo ka lekgetlo la pele dihlwela tse 12 tsa Baheberu di ileng tsa bona Baanake mme tse leshome di ile tsa tlisa tlaleho e nyahamisang, tsa tshosa batho ka hore batho bao ke ditloholo tsa Banefilime ba phetseng pele ho morwallo. Dihlwela tseo di ile tsa re Baheberu ke “marutle” ha ba bapiswa le Baanake. (Nu 13:28-33; De 1:28) Ka lebaka la boholo ba Baanake, ho ile ha etswa papiso ka bona ha ho ne ho hlaloswa banna ba difonthwane ba Baemime le Barefaime. Ka lebaka la matla a bona, ho ile ha hlaha maele a reng: “Ke mang ya ka emang a tiile ka pela bara ba Anake?”—De 2:10, 11, 20, 21; 9:1-3.