Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DEUTERONOMA 33-34
“Batla Thuso ho Jehova ka ha o Ikemiseditse ho o Thusa”
it-2-E 51
Jeshurune
Jeshurune e ne e le lebitso le neng le tlotla Baiseraele. Ho Septuagint ya Segerike [e leng Mangolo a Seheberu a fetoletsweng ka Segerike] lentswe “Jeshurune” le bolela ya ratwang. Le ne le lokela ho ba hopotsa hore ke setjhaba seo Jehova a se kgethileng hore se etse selekane le yena, ka hoo ba ne ba tlameha ho dula ba itshwere hantle. (De 33:5, 26; Esa 44:2) Lengolong la Deuteronoma 32:15 lentswe Jeshurune le sebedisitswe ka tsela e fapaneng le seo le se bolelang. Ho e na le hore Iseraele e phele tumellanong le lebitso la yona Jeshurune, e ile ya ba manganga, ya furalla Moetsi wa yona ya ba ya nyedisa Mopholosi wa yona.
rr-E 120, lebokose
Jehova o Tla o Thusa Hore o be Matla Hape
Re tla hopola hore dilemo pele ho mehla ya Ezekiele, moprofeta Moshe o ile a re Jehova o na le matla ebile o batla ho sebedisa matla a hae ho thusa batho ba hae. Moshe o ile a re: “Modimo wa nakong ya boholoholo ke sebaka seo ho ipatwang ho sona, ka tlase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetswang.” (Deut. 33:27) Re ka kgodiseha hore haeba re kopa thuso ho Modimo nakong eo re nang le mathata, o tla re tshehetsa, a re phahamise a be a re thuse hore re be matla hape.—Ezek. 37:10.
w11 9/15 19 ¶16
Matha ka Mamello Peisong
16 Jwalo ka Abrahama, Moshe ha a ka a bona ha tshepiso ya Modimo e phethahala bophelong ba hae. Ha Baiseraele ba le lekgatheng la ho kena Naheng e Tshepisitsweng, Moshe o ile a bolellwa sena: “O tla bona naha o le hole, empa o ke ke wa kena naheng eo ke e fang bara ba Iseraele.” Sena se etsahetse hobane pejana, ha yena le Arone ba ne ba halefisitswe ke borabele ba setjhaba, ‘ha ba a ka ba mamela Modimo hara bara ba Iseraele metsing a Meriba.’ (Deut. 32:51, 52) Na Moshe o ile a nyahama kapa a hlonama? Tjhe. O ile a hlohonolofatsa setjhaba mme a dihela dikgala ka mantswe ana: “Ho thaba wena, Iseraele! Ke mang ya kang wena, setjhaba se thabelang poloko ya Jehova, thebe ya thuso ya hao, le Eo e leng sabole ya hao e phahameng?”—Deut. 33:29.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 439 ¶3
Moshe
Moshe o shwele a le dilemo di 120. Ha Bibele e bua ka moo a neng a le matla ka teng e re: “Mahlo a hae a ne a sa fifala, le mafolofolo a hae a ne a sa fela.” Jehova o ile a pata Moshe moo ho neng ho se na motho ya ka fumanang lebitla la hae. (De 34:5-7) Mohlomong sena se ne se thibela Baiseraele hore ba etse lebitla la hae sebaka sa borapedi. Ka moo ho bonahalang ka teng Diabolose o ne a batla ho sebedisa setopo sa Moshe bakeng sa borapedi ba bohata. Juda eo e neng e le ngwanabo Jesu ebile e le morutuwa wa hae o ile a re: “Ha Mikaele lengeloi le ka sehloohong a ne a ena le phapang le Diabolose mme a pheha kgang ka setopo sa Moshe, ha a a ka a iteta sefuba ho tlisa kahlolo kgahlanong le yena ka mantswe a nyefolang, empa a re: ‘E se eka Jehova a ka o kgalemela ka matla.’ ” (Juda 9) Pele ba Baiseraele ba kena Kanana, ba tataiswa ke Joshua, ba ile ba utlwa bohloko ka matsatsi a 30 ka lebaka la lefu la Moshe.—De 34:8.
13-19 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 1-2
“O ka Etsang e le Hore o Atlehe?”
w13 1/15 8 ¶7
Le be Sebete—Jehova o na le Lona!
7 E le hore re be sebete ho etsa thato ya Modimo, re lokela ho ithuta Lentswe la hae re be re sebedise seo re ithutang sona. Ke sona seo Jehova a ileng a bolella Joshua hore a se etse ha e ne e eba mohlahlami wa Moshe. O ile a re: “O be sebete mme o be matla haholo ho hlokomela ho etsa ka molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. . . . Buka ena ya molao ha ya lokela ho tloha molomong wa hao, mme o e bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare, e le hore o ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngodilweng ho yona; etswe ka ho etsa jwalo o tla atlehisa tsela ya hao mme ka ho etsa jwalo o tla etsa ka bohlale.” (Josh. 1:7, 8) Joshua o ile a mamela keletso eo mme ‘tsela ya hae e ile ya atleha.’ Haeba le rona re etsa jwalo, re tla ba sebete le ho feta re be re atlehe ha re sebeletsa Modimo.
w13 1/15 11 ¶20
Le be Sebete—Jehova o na le Lona!
20 Ha ho bonolo ho etsa thato ya Modimo lefatsheng lena le kgopo. Le ha ho le jwalo, ha re a lahlwa kgerehlwa. Modimo o na le rona. Mora wa hae eo e leng Hlooho ya phutheho, le yena o na le rona. Dipaki Tsa Jehova tse fetang 7 000 000 lefatsheng lohle, le tsona di na le rona. E se eka kaofela ha rona re ka tswela pele re bontsha tumelo re bile re bolela ditaba tse molemo re ntse re hopola temana ya rona ya selemo ya 2013 e reng: “Eba sebete mme o be matla. . . . Jehova Modimo wa hao o na le wena.”—Joshua 1:9.
Matlotlo a Patilweng
w04 12/1 8 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joshua
2:4, 5—Ke hobaneng ha Rahaba a thetsa banna ba morena ba ntseng ba batla dihlwela? Rahaba o sireletsa dihlwela ka ho beha bophelo ba hae kotsing hobane o se a e na le tumelo ho Jehova. Ka hona, ha a tlangwe ke letho ho bolella banna bao ba batlang ho lematsa batho ba Modimo hore na dihlwela di hokae. (Matheu 7:6; 21:23-27; Johanne 7:3-10) Ha e le hantle, Rahaba o ile a “bolelwa hore o lokile ka mesebetsi,” e akarelletsang ho lahla manqosa ao a morena.—Jakobo 2:24-26.
20-26 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 3-5
“Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Bontshang Tumelo”
it-2-E 105
Jordane
Karolo ya noka ya Jordane e ka tlase ho Lewatle la Galilea e ka ba botebo ba mithara ho ya ho tse tharo. Bophara ba yona e ka ba dimithara tse 27 ho ya ho tse 30. Nakong ya selemo ha Jordane e jele ditlhokwa, e ya teba ebile e ba sephara ho feta moo. (Jos 3:15) Ha noka ena e jele ditlhokwa ho ne ho le kotsi hore monna wa Moiseraele, mosadi kapa ngwana a e tshele, haholoholo karolo e haufi le Jeriko. Karolong eo, metsi a noka a ne a ba matla hoo dilemong tsa morao tjena a neng a hohola le batho ba neng ba le ka thoko. Le ha ho le jwalo, ka mohlolo Jehova o ile a emisa metsi a noka hore a etse letamo e le hore Baiseraele ba tle ba kgone ho tshela. (Jos 3:14-17) Dilemo ha morao mohlolo o tshwanang o ile wa etsahalla Elia a e na le Elisha mme ha morao wa etsahalla Elisha a le mong.—2Ma 2:7, 8, 13, 14.
w13 9/15 16 ¶17
Etsa Hore Dikgopotso Tsa Jehova e be Thabo e Kgaphatsehang Pelong ya Hao
17 Ho etsa diketso tse bontshang tumelo ho ka re thusa jwang hore re tshepe Jehova? Nahana ka tlaleho ya Mangolo ya ha Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng. Jehova o ne a ile a laela baprista ba neng ba jere areka ya selekane hore ba tsamaye mme ba kene ka hara Noka ya Jordane. Le ha ho le jwalo, ha Baiseraele ba ntse ba atamela, ba ile ba hlokomela hore dipula tsa selemo di ne di entse hore noka e je ditlhokwa. Ba ne ba tla etsang? Na ba ne ba tla hloma ditente lebopong la noka, ebe ba ema dibeke kapa ho feta ba emetse hore metsi a fokotsehe? Tjhe, ba ile ba tshepa Jehova ka ho felletseng mme ba latela ditaelo tsa hae. Ditholwana tsa seo e bile dife? Tlaleho eo e re: “Eitse hang ha maoto a baprista a thetsa metsi, noka ya kgaotsa ho phalla, . . . mme baprista ba ema bohareng ba noka e ommeng haufi le Jeriko ha batho ba bang bohle ba tshela.” (Josh. 3:12-17, Contemporary English Version) A ko nahane hore na e ne e le ketsahalo e hlollang hakaakang ho bona noka e neng e jele ditlhokwa e kgaotsa ho phalla! Ka sebele, tumelo eo Baiseraele ba neng ba e na le yona ho Jehova e ile ya matlafala hobane ba ne ba latela tataiso ya hae.
w13 9/15 16 ¶18
Etsa Hore Dikgopotso Tsa Jehova e be Thabo e Kgaphatsehang Pelong ya Hao
18 Ke nnete hore Jehova ha a etsetse bahlanka ba hae mehlolo kajeno, empa o hlohonolofatsa diketso tsa bona tse bontshang tumelo. Matla a Modimo a sebetsang a ba thusa ho phetha mosebetsi oo ba o filweng wa ho bolela molaetsa wa Mmuso lefatsheng lohle. Hape, ha Paki ya Jehova e ka sehloohong, e leng Jesu Kreste ya tsositsweng bafung a tiisetsa barutuwa ba hae hore o tla ba tshehetsa ha ba etsa mosebetsi ona wa bohlokwa o ile a re: “Ka hona eyang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa . . . ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Mat. 28:19, 20) Dipaki tse ngata tse neng di le dihlong kapa di le boi di ka paka hore moya o halalelang wa Modimo o di file sebete sa ho buisana le batho bao di sa ba tsebeng tshebeletsong ya tshimo.—Bala Pesaleme ya 119:46; 2 Bakorinthe 4:7.
Matlotlo a Patilweng
w04 12/1 9 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joshua
5:14, 15—“Kgosana ya lebotho la Jehova” ke mang? Ho ka etsahala hore ebe kgosana e tlang ho tla matlafatsa Joshua ha Naha e Tshepisitsweng e qala ho haptjwa ke “Lentswe”—Jesu Kreste, boemong ba hae ba pele e eba motho wa nama. (Johanne 1:1; Daniele 10:13) Ke ho matlafatsang hakaakang ho kgodiseha hore Jesu Kreste ya tlotlisitsweng o na le batho ba Modimo kajeno ha ba ntse ba lwana ntwa ya moya!
27 SEPTEMBER–3 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 6-7
“O se ke wa Sheba Dintho Tse se Nang Thuso”
w10 4/15 20 ¶5
Tlosa Mahlo a Hao Dinthong Tse se Nang Thuso!
5 Makgolo a dilemo hamorao, mahlo a Moiseraele ya bitswang Akane a ile a mo kgelosa hore a utswe dintho motseng wa Jeriko o neng o hapilwe. Modimo o ne a laetse hore dintho tsohle tse neng di le motseng oo di ne di lokela ho senngwa, ntle ho dintho tse itseng tse neng di lokela ho nyehelwa letlotlong la Jehova. Baiseraele ba ne ba filwe temoso ena: “Le suthele thoko le ntho e nehetsweng timetso, esere la ba le takatso” yaba le nka dintho tse ding motseng oo. Ka lebaka la ho se mamele ha Akane, Baiseraele ba ile ba hlolwa motseng wa Ai, mme palo e itseng ya bona e ile ya shwa. Akane ha a ka a dumela hore o utswitse ho fihlela a pepeswa. Akane o ile a re: “Eitse ha ke bona” dintho tseo, “ke ne ke di batla, yaba ke a di nka.” Takatso ya mahlo a hae e ile ya etsa hore a timetswe ha mmoho le “ntho e nngwe le e nngwe ya hae.” (Josh. 6:18, 19; 7:1-26) Pelong ya hae, Akane o ile a lakatsa seo a neng a se hanetswe.
w97 8/15 28 ¶2
Ke Hobaneng ha re Lokela ho Tlaleha se Fosahetseng?
Lebaka le leng la ho tlaleha phoso ke hore hoo ho boloka phutheho e hlwekile. Jehova ke Modimo ya hlwekileng, ke Modimo ya halalelang. O batla hore bohle ba mo rapelang ba hlweke moyeng le boitshwarong. Lentswe la hae le buduletsweng le a eletsa: “Jwalo ka bana ba mamelang, le kgaotse ho ba ka sebopeho sa ditakatso tseo le neng le e na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, empa, tumellanong le Mohalaledi ya le bitsitseng, le lona ka bolona le fele le be ba halalelang boitshwarong bohle ba lona, hobane ho ngodilwe: ‘Le lokela ho halalela, hobane ke a halalela.’ ” (1 Petrose 1:14-16) Batho ba etsang dintho tse ditshila kapa diphoso ba ka silafatsa phutheho yohle le ho etsa hore e se amohelehe ho Jehova, ntle le haeba ho nkwa kgato ya ho ba kgalemela kapa ho ba tlosa.—Bapisa le Joshua, kgaolo ya 7.
w10 4/15 21 ¶8
Tlosa Mahlo a Hao Dinthong Tse se Nang Thuso!
8 Bakreste ba nnete le bona ba ntse ba angwa ke takatso ya mahlo le ya nama. Ka hoo, Lentswe la Modimo le re kgothalletsa hore re itshware mabapi le seo re se shebang le seo re se lakatsang. (1 Bakor. 9:25, 27; bala 1 Johanne 2:15-17.) Monna ya kgabane, e leng Jobo o ile a lemoha hore ho bona ho amana haholo le ho lakatsa. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Ka hoo nka ela morwetsana hloko jwang?” (Jobo 31:1) Jobo o ne a sa qobe feela ho ama mosadi ka tsela ya boitshwaro bo bobe empa o ne a sa dumelle kelello ya hae hore e nahane ka ntho e jwalo. Jesu o ile a hatisa hore kelello e lokela ho dula e hlwekile mabapi le menahano ya boitshwaro bo bobe ha a ne a re: “Ke re ho lona e mong le e mong ya ntseng a tswela pele ho sheba mosadi e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le yena ka pelong ya hae.”—Mat. 5:28.
Matlotlo a Patilweng
w15 11/15 15 ¶2-3
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Mehleng ya boholoholo, masole a ne a potapota marako a motse ho o thibella, a loketse ho o hlasela. Haeba motse o thibetswe nako e telele, batho ba ne ba ja boholo ba dijo tseo ba di bolokileng. Ha masole a hapa motse oo, a ne a nka ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang ho akarelletsa le dijo tse setseng. Ke ka hoo baepolli ba dintho tsa kgale ba sa kang ba fumana dijo tse kaalo dithakong tsa metse ya Palestina e ileng ya hlaselwa ka tsela ena. Empa ba ile ba fumana se fapaneng dithakong tsa Jeriko. Biblical Archaeology Review e re: “Ba ile ba fumana dijana tsa letsopa le dijothollo tse ngata.” E phaella ka ho re: “Ke ho sa tlwaelehang ho fumana dijothollo tse ngata hakaalo.”
Bibele e re Baiseraele ha ba a ka ba nka dijo Jeriko hobane Jehova o ne a ba laetse hore ba se ke ba di nka. (Joshua 6:17, 18) E boetse e re Baiseraele ba ile ba hlasela Jeriko nakong ya selemo, ka mora kotulo mme ho e na le dijothollo tse ngata motseng. (Joshua 3:15-17; 5:10) Ka hoo, taba ya hore ho ne ho ntse ho e na le dijothollo tse ngata Jeriko ka mora hore e thibellwe, e bontsha hore e ile ya thibellwa ka nako e kgutshwanyane, feela jwalo ka ha Bibele e boletse.
4-10 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 8-9
“Re ka Ithutang ho Bagibeone?”
it-1-E 930-931
Gibeone
Ka Moo e ileng ya Sebedisana le Joshua ka Teng. Mehleng ya Joshua, Gibeone ke moo ho neng ho dula Baheve mme e ne e le setjhaba se seng tsa tse supileng tsa Bakanana tse neng di lokela ho timetswa. (De 7:1, 2; Jos 9:3-7) Bagibeone ba ne ba boetse ba bitswa Baamore mme ka dinako tse ding ba ne ba kenyelletswa ha ho buuwa ka setjhaba sohle sa Bakanana. (2Sa 21:2; bapisa Gen 10:15-18; 15:16.) Bagibeone ha ba a ka ba tshwana le ditjhaba tse ding tsa Bakanana, bona ba ile ba hlokomela hore ho sa tsotellehe lebotho la bona la sesole le matla le motse wa bona o moholo, ba ne ba ke ke ba kgona ho hlola Baiseraele hobane Jehova o ne a ba lwanela. Ka hoo ka mora hore Jeriko le Ai di timetswe, banna Bagibeone bao ho ka etsahalang hore ba ne ba emetse metse e meraro ya Baheve e leng Kefira le Beerothe le Kiriathe-jearime (Jos 9:17), ba ile ba romella banna ba bang ho Joshua Gilgale ho ya kopa ho bopa kgotso. Baemedi ba Bagibeone ba ne ba apere diaparo tse tabohileng, ba rwetse meqathatso e tabohileng, ba nkile makuka a veine a tsofetseng, a phatlohileng le a thatetsweng ba bile ba nkile le bohobe bo ommeng, ba ile ba re ba tswa naheng e hole haholo empa ha ba a ka ba hlaha jwalo ka ha eka ba tswa dinaheng tseo Baiseraele ba di hlotseng. Ba ile ba re ba utlwetse ka dintho tseo Jehova a ileng a di etsa ka marena a Egepeta le ka marena a mabedi a Heshbone le Oge. Ba ile ba ba bohlale ka hore ba se ke ba ba bua ka se ileng sa etsahalla Jeriko le Ai hobane ho ne ho ka etsahala hore pele ba tloha dibakeng tsa bona, ditaba tsena di ne di soka di fihla dinaheng tseo “tse hole haholo”. Baemedi ba Baiseraele ba ile ba hlahlobisisa bopaki bona mme ba dumellana le bona, ka mora moo ba hlaba selekane le banna bana hore ba ke ke ba ba bolaya.—Jos 9:3-15.
w11 11/15 8 ¶14
“O se ke wa Itshetleha ka Kutlwisiso ya Hao”
14 Ka ha kaofela ha rona ha re a phethahala—esita le baholo ba nang le boiphihlelo—ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba lebala ho batla tataiso ya Jehova ha ba etsa diqeto. Nahana ka seo mohlahlami wa Moshe e leng Joshua ha mmoho le banna ba baholo ba Iseraele ba ileng ba se etsa ha Bagibeone ba bohlale ba neng ba ikgakantse ba tla ho bona mme ba etsa eka ba tswa naheng e hole. Joshua le ba bang ba ile ba bopa kgotso le Bagibeone ntle le hore ba botse Jehova, mme ba etsa selekane le bona. Le hoja Jehova a ile a tshehetsa tumellano eo, o ile a tiisa hore taba ena ya hore ba ile ba hloleha ho kopa tataiso ya hae e tlalehwa ka Mangolong molemong wa rona.—Josh. 9:3-6, 14, 15.
w04 10/15 18 ¶14
“Pholletsa le Naha”
14 Baemedi bao ba ile ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole haholo ka lebaka la lebitso la Jehova Modimo wa hao.” (Joshua 9:3-9) Diaparo le dijo tsa bona di ne di bonahala di tiisa taba ya hore ba tswa hole, empa bonneteng Gibeone e ne e le bohole ba dikhilomithara tse ka bang 30 ho tloha Gilgale. Joshua le marenana a hae ba kgotswe seo, ba ile ba hlaba selekane sa kgotso le Gibeone le metsana e mabapi e neng e amana le Gibeone. Na leqheka lee la Bagibeone le ne le reretswe feela ho qoba kahlolo? Tjhe, empa le ne le bontsha takatso ya bona ya ho batla ho amohelwa ke Modimo wa Iseraele. Jehova o ile a dumella hore Bagibeone ebe “ba rwallang patsi le ba kgang metsi bakeng sa phutheho le bakeng sa aletare ya Jehova,” ba tlisa patsi bakeng sa aletare ya sehlabelo. (Joshua 9:11-27) Bagibeone ba ile ba tswela pele ho bonahatsa boikemisetso ba ho etsa mesebetsi e tlase tshebeletsong ya Jehova. Mohlomong ba bang ba bona ba ne ba le hara Banethinime ba ileng ba kgutla Babylona yaba ba sebetsa tempeleng e ileng ya tsoswa. (Esdrase 2:1, 2, 43-54; 8:20) Re ka etsisa boikutlo ba bona ka ho lwanela ho dula re e na le kgotso le Modimo le ka ho ikitlaelletsa ho etsa esita le mesebetsi e tlase tshebeletsong ya hae.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 1030
Ho Fanyeha
Molaong oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele, o ile a laela hore ka mora hore dinokwane tse ding di bolawe, di ne di lokela ho fanyehwa thupeng. Ho etsa jwalo ho ne ho tla hlokomedisa setjhaba sohle hore se se ke sa etsa ntho e tshwanang le eo. Setopo seo se fanyehilweng thupeng se ne se lokela ho theolwa pele e eba bosiu ebe se a patwa. Ho se siya se le thupeng bosiu kaofela ho ne ho tla silafatsa naha eo Modimo a e fileng Baiseraele. (De 21:22, 23) Baiseraele ba ne ba lokela ho mamela molao ona esita le ha eba motho ya neng a lokela ho fanyehwa e ne e se Moiseraele.—Jos 8:29; 10:26, 27.
Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Boboledi
it-1-E 520; 525 ¶1
Selekane
Ke tumellano kapa konteraka eo batho ba babedi kapa ho feta ba e etsang ya hore ba tla etsa ntho e itseng kapa ya hore ba ke ke ba etsa ntho e itseng. Lentswe la Seheberu berithʹ, leo ho sa tsejweng hantle hore na le tswa hokae, le hlaha ka makgetlo a ka hodimo ho 280 Mangolong a Seheberu. Dibukeng tse hlano tse ngotsweng ke Moshe lentswe berithʹ le hlaha ka makgetlo a ka hodimo ho 80. Ka 1927, teropong ya Qatna ya mehleng ya kgale haholo eo e neng e se ya Baiseraele, e ka borwa botjhabela ho Hamath, ho fumanwe matlapa a nang le mongolo wa kgale (cuneiform), a bontshang hore lentswe berith’ le bolela “selekane” e leng lentswe le tshwanang hantle le lentswe leo re le sebedisang mehleng ena le bolelang “konteraka.” Buka ya Bulletin of the American Schools of Oriental Research, ya February 1951, leqepheng la 22 e re: “Ke matlapa a mabedi ho a 15 a fumanweng ao dintlha tsa ona di hlakileng. Letlapa la pele le na le lethathamo la mabitso . . . Letlapa la bobedi le na le lethathamo la mesebetsi eo motho ka mong a neng a lokela ho e etsa. . . Lethathamo la pele ke selekane sa banna . . . ba neng ba dumela hore ba tla etsetsa motho mosebetsi o itseng. Lethathamo la bobedi le ngotswe ke mongodi ya tshwanang mme le hlalosa hore na tumellano ke ya eng le hore na banna ba entseng mosebetsi ba ne ba lokela ho patalwa ka eng. . . . Lentswe berith’ le neng le sebediswa ke Baiseraele le bolelang ‘selekane,’ e ne e le lona le ka sehloohong dithutong tsa Yahwist. Letlapeng lena ke ka lekgetlo la pele moo lentswe lena le hlahang teng ntle le Bibeleng mme sena se etsahetse dilemong tsa kgale pele ho 1300.”
Mefuta e Meng ya Dilekane. (a) Joshua le marenana a Iseraele ba ile ba etsa selekane le Bagibeone hore ba ke ke ba ba bolaya. Bagibeone e ne e le Bakanana ba rohakilweng bao Baiseraele ba neng ba lokela ho ba bolaya. Selekane seo Baiseraele ba neng ba se entse le Bagibeone e ne e le se tlamang hoo ba ileng ba ba tlohella hore ba phele. Ka ha Bagibeone ba ne ba ntse ba rohakilwe, ba ile ba rwalla patsi le ho kgella Baiseraele metsi. (Jos 9:15, 16, 23-27) (b) Joshua le Baiseraele ba ile ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Jehova. (Jos 24:25, 26) (c) Banna ba baholo ba Gileade ba ile ba etsa selekane le Jafeta ha ba le Mizpa sa hore ba tla mo etsa hlooho ya baahi bohle ba Gileade haeba Jehova a ka mo thusa hore a hlole Baammone. (Bhl 11:8-11) (d) Jonathane le Davida ba ile ba etsa selekane. (1Sa 18:3; 23:18) (e) Moprista Jehojada o ile a etsa selekane le balaodi ba balebedi ba Karia le dimathi. (2Ma 11:4; 2Likr 23:1-3) (f) Baiseraele ba ile ba etsa selekane le Jehova hore ba tla lahla basadi ba baditjhaba. (Esd 10:3) (g) Jehova o ne a tla fana ka mohlanka wa hae hore e be selekane sa batho. (Esa 42:6; 49:8) (h) Davida o etsa selekane le banna ba baholo ha ba le Hebrone. (1Likr 11:3) (i) Batho ba ile ba etsa selekane nakong ya puso ya morena Asa sa hore ba tla batla Jehova ka dipelo tsohle tsa bona le ka moya wohle wa bona. (2Likr 15:12) (j) Josiase o etsa selekane le Jehova hore o tla mamela ditaelo tsohle le melao ya hae. (2Likr 34:31) (k) Babusi ba Jerusalema ba “Baithorisi” ba ne ba nahana hore ba ke ke ba shwa hobane ba ne ba entse “selekane le Lefu.”—Esa 28:14, 15, 18.
11-17 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 10-11
“Jehova o Lwanela Baiseraele”
it-1-E 50
Adoni-zedeke
E ne e le morena wa Jerusalema nakong eo Baiseraele ba neng ba hapa naha e tshepisitsweng. Adoni-zedeke o ile a ikopanya le marena a mang a ka bophirimela ho Jordane mme ba leka ho lwantsha Joshua le lebotho la hae. (Jos 9:1-3) Le ha ho le jwalo, Baheve bao e neng e le baahi ba Gibeone ba ile ba etsa kgotso le Joshua. Adoni-zedeke o ile a leka ho iphetetsa ka hore a etse hore naha e se ke ya hapuwa yaba o kopanya lebotho la hae la sesole le la marena a mane a Baamore ba lwantsha Gibeone. Joshua o ile a lwanela Bagibeone yaba o hlola marena ao a ikopantseng. Marena ao a ile a balehela Makeda, moo a ileng a fumanwa a ipatile ka lehaheng. Joshua o ile a bolaya Adoni-zedeke le marena ao a mane yaba o ba fanyeha dithupeng. Ka mora moo, ditopo tsa marena ao di ile tsa lahlelwa ka lehaheng yaba di tlohelwa moo.—Jos 10:1-27.
it-1-E 1020
Sefako
Se ne se Sebediswa ke Jehova. Ka dinako tse ding, Jehova o ne a sebedisa sefako e le ho phethahatsa morero wa hae kapa ho bontsha hore na o matla hakae. (Pes 148:1, 8; Esa 30:30) Lekgetlo la pele ke ha Jehova a ne a tlisa kotlo ya bosupa naheng ya Egepeta. Jehova o ile a nesa sefako se ileng sa senya dijalo, difate, sa bolaya batho le diphoofolo empa sa se ke sana Goshene moo Baiseraele ba neng ba dula teng. (Ex 9:18-26; Pes 78:47, 48; 105:32, 33) Ha morao ha Baiseraele ba le Naheng e Tshepisitsweng ba tataiswa ke Joshua ba ile ba thusa Bagibeone ba neng ba tshoswa ke marena a mahlano a Baamore, yaba Jehova o sebedisa sefako ho bolaya Baamore bao. Batho ba ileng ba bolawa ke sefako ba ile ba ba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ntweng.—Jos 10:3-7, 11.
w04 12/1 10 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joshua
10:13—Ketsahalo e sa tlwaelehang jwalo e kgona ho etsahala jwang? “Na ho na le ntho e sa tlwaelehang bakeng sa Jehova,” Mmopi wa lehodimo le lefatshe? (Genese 18:14) Ha a rata, Jehova a ka laola ho potoloha ha lefatshe hoo letsatsi le kgwedi di ka bonahalang eka di eme ho motho ya shebelletseng a le lefatsheng. Kapa a ka etsa hore lefatshe le kgwedi di itsamaele di sa sitiswe ke letho ha ka nako e tshwanang a retelletsa mahlasedi a letsatsi le a kgwedi ka tsela eo lesedi le tswang mehloding ena e mmedi ya lesedi le tswelang pele ho kganya. Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho etsahetse eng, historing ya batho “ha ho a ka ha eba le letsatsi le tshwanang le leo.”—Joshua 10:14.
Matlotlo a Patilweng
w09 3/15 32 ¶5
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Taba ya hore ho builwe ka dibuka tse itseng ka Bibeleng le hore di ile tsa sebediswa ha ya lokela ho etsa hore re fihlele qeto ya hore di ne di buduletswe. Le ha ho le jwalo, Jehova Modimo o bolokile dibuka tsohle tse nang le “lentswe la Modimo wa rona,” mme di “tla tshwarella ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (Esa. 40:8) Ka sebele, seo Jehova a entseng qeto ya ho se akarelletsa ka dibukeng tse 66 tsa Bibele tseo re nang le tsona ke sona seo re hlileng re se hlokang e le hore re ‘tshwanelehe ka botlalo, re hlomellwe ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Tim. 3:16, 17.
18-24 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 12-14
“Sebeletsa Jehova ka Pelo Yohle”
w04 12/1 12 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joshua
14:10-13. Le hoja Kalebe a le dilemo di 85, o kopa kabelo e boima ya ho leleka batho tikolohong ya Hebrone. Sebakeng seo ho dula Baanake—banna ba seemo se seholo ka ho sa tlwaelehang. Ka thuso ya Jehova, mohlabani enwa eo e leng kgale a di bona wa atleha, mme Hebrone e fetoha motse wa setshabelo. (Joshua 15:13-19; 21:11-13) Mohlala wa Kalebe o a re kgothatsa hore re se ke ra tshaba dikabelo tse boima tsa puso ya Modimo.
w06 10/1 18 ¶11
Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tshaba Modimo
11 Tumelo e jwalo ha ya ema nqa e le nngwe. Ya hola ha re ntse re phelela nnete, re ‘latswa’ melemo, re ‘bona’ ha dithapelo tsa rona di arabelwa mme, ka ditsela tse itseng, re bona ha Jehova a tataisa bophelo ba rona. (Pesaleme ya 34:8; 1 Johanne 5:14, 15) Re ka kgodiseha hore tumelo ya Joshua le Kalebe e ile ya matlafala ha ba ntse ba latswa molemo wa Modimo. (Joshua 23:14) Nahana ka dintlha tse latelang: Ba ile ba kgona ho tswela pele ba phela leetong la dilemo tse 40 lefeelleng, jwalo ka ha Modimo a ne a tshepisitse hore ho tla ba jwalo. (Numere 14:27-30; 32:11, 12) Ba ile ba eba le seabo ha ho ne ho hlolwa Kanana ka dilemo tse tsheletseng. Qetellong, ba ile ba thabela bophelo bo bolelele le bo molemo mme ba fuwa le mafa. Ka sebele Jehova o putsa ba mo sebeletsang ka botshepehi le ka sebete!—Joshua 14:6, 9-14; 19:49, 50; 24:29.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 902-903
Gebale
“Naha ya Bagebale” e ne e le e nngwe ya dinaha tseo Jehova a neng a tshepisitse hore o tla di fa Baiseraele mehleng ya Joshua. (Jos 13:1-5) Bahanyetsi ba bang ba re taba ena e ya ikganyetsa hobane naha ya Bagebale e ne e le ka leboya ho Iseraele (c. 100 km [60 mi] ka leboya ho Dane) mme ho ka etsahala hore Baiseraele ha ba a ka ba e ruwa. Ditsebi tse ding tsona di re ho ka etsahala hore temana ena e neng e ngotswe ka Seheberu e ile ya senyeha mme ba re mongolo wa qalong e ka nna yaba o ne o re “naha e kopanang le Lebanone,” kapa ‘ho elella meeding ya Bagebale.’ Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlokomela hore ditshepiso tseo Jehova a ileng a di fa Baiseraele tse hlahang ho Joshua 13:2-7 di ne di na le dipehelo. Ka hoo, ho ka etsahala hore Baiseraele ha ba a ka ba ruwa Gebale ka lebaka la hore ha ba a ka ba mamela.—Bapisa le Jos 23:12, 13.
25-31 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 15-17
“Sireletsa Lefa la Hao la Bohlokwa”
it-1-E 1083 ¶3
Hebrone
Ha Iseraele e ntse e lwantsha karolo e ka borwa ya Kanana, baahi ba Hebrone ba ne ba lokela ho timetswa ho akarelletsa le morena wa bona (eo ho bonahalang e ne e le mohlahlami wa Hohame). (Jos 10:36, 37) Le hoja Baiseraele ba neng ba tataiswa ke Joshua ba ile ba hlola Bakanana, ho bonahala eka ha ba a ka ba hapa motse wa bona hanghang. Ho bonahala eka ha Baiseraele ba ntse ba lwantsha ditjhaba tse ding, Baanake ba ile ba tla mme ba dula Hebrone. Taba eo e ile ya etsa hore Kalebe (kapa bara ba Juda ba tataiswa ke Kalebe) a lwantshe Baanake yaba o hapa motse oo wa Hebrone. (Jos 11:21-23; 14:12-15; 15:13, 14; Bhl 1:10) Qalong Hebrone e ne e filwe Kalebe wa leloko la Juda empa hamorao e ile ya eba motse o halalelang wa setshabelo. E ile ya boela ya eba motse wa baprista. Le ha ho le jwalo, “tshimo ya motse [Hebrone]” le metsana ya yona e ile ya eba lefa la Kalebe.—Jos 14:13, 14; 20:7; 21:9-13.
it-1-E 848
Mosebetsi o qobellwang
“Mosebetsi o qobellwang” (eo ka Seheberu e leng, mas) e ne e le ntho e tlwaelehileng mehleng ya Bibele mme hangata batho ba neng ba hlotswe, ba ne ba qobellwa hore e be makgoba. (De 20:11; Jos 16:10; 17:13; Est 10:1; Esa 31:8; Lil 1:1) Baokamedi ba Baegepeta ba ile ba qobella Baiseraele hore ba etse mosebetsi wa bokgoba e leng wa ho haha dibaka tsa pokello tse leng Pithome le Ramsese. (Ex 1:11-14) Ha Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng ha ba a ka ba mamela taelo ya Jehova ya hore ba fedise baahi ba Kanana ho e na le hoo ba ile ba ba qobella hore ba etse mosebetsi. Phello e ile ya ba hore Baiseraele ba ile ba qala ho rapela medimo ya bohata. (Jos 16:10; Bhl 1:28; 2:3, 11, 12) Morena Solomone o ile a qobella ditloholo tsa Bakanana e leng Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse hore ba etse mosebetsi o qobellwang.—1Ma 9:20, 21.
it-1-E 402 ¶3
Kanana
Le hoja ho na le Bakanana ba bangata ba sa kang ba hlolwa le ho ba tlasa taolo ya Baiseraele, ho ntse ho ka thwe ‘Jehova o ile a fa Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholoholo ba bona,’ o ba file “phomolo ka hohle” le hore “ha ho tshepiso e ileng ya hloleha ho phethahala tshepisong yohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ya Iseraele; e ile ya phethahala kaofela.” (Jos 21:43-45) Ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele di ne di sa ba tshose hobane di ne di ba tshaba. Modimo o ile a bolela hore o tla leleka ditjhaba tsa Bakanana “hanyane ka hanyane” e le hore diphoofolo tse hlaha di se ke tsa ata hobane ho se ho se na batho ba dulang naheng eo. (Ex 23:29, 30; De 7:22) Le haeba Bakanana ba ne ba e na le dibetsa tsa ntwa tse tswetseng pele, tse kang dikoloi tsa ntwa tse nang le mahare a tshepe, ha Baiseraele ba ne ba ka hloleha ho hapa dibaka tse ding ho ne ho ke ke ha behwa Jehova molato wa hore o hlolehile ho phethahatsa tshepiso ya hae. (Jos 17:16-18; Bhl 4:13) Ho e na le hoo, tlaleho e bontsha hore makgetlong a seng makae ao Baiseraele ba ileng ba hlolwa ho wona, e ne le hobane ba sa ka ba tshepahala.—Nu 14:44, 45; Jos 7:1-12.
Matlotlo a Patilweng
w15 7/15 32
Na o ne o Tseba?
Na Iseraele ya mehleng ya kgale e ne e e na le difate tse ngata jwalo ka ha ho bonahala eka Bibele e tjho jwalo?
BIBELE e re dibaka tse ding tsa Naha e Tshepisitsweng di ne di e na le difate tse ngata. (1Ma 10:27; Jos 17:15, 18) Empa hona jwale moo e neng e le Naha e Tshepisitsweng ha ho na difate. Taba eo e etsa hore batho ba bang ba belaelle hore Naheng e Tshepisitsweng ho ne ho e na le difate tse ngata.
Buka ya Life in Biblical Israel e hlalosa hore “Iseraeleng ya kgale ho ne ho e na le difate tse ngata ho feta tse teng hona jwale.” Dibaka tse ngata tse dithaba di ne di kwahetswe ke difate tsa phaena (Pinus halepensis), leoka le dulang le le letala (Quercus caldiprinos), le terebinth (Pistacia palaestina). Sebakeng se bitswang Shefela se mosikong wa dithaba tse pakeng tsa Lewatle la Mediterranean ho ne ho e na difate tse ngata tsa sikamora tse hlahisang difeiga (Ficus sycomorus).
Buka ya Plants of the Bible e re dibaka tse ding tsa Iseraele hona jwale ha di sa na difate. Hobaneng di se di le siyo? Ha buka eo e hlalosa hore na difate tseo di ile tsa fela jwang hanyane ka hanyane e re: “Batho ba ile ba qala ho senya dimela, hobane ba ne ba batla ho eketsa mapolasi le makgulo a bona mme hape ba ne ba di senya hore ba di sebedisetse ho haha kapa ho besa.”