LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr21 November maq. 1-10
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • LA 1-LA 7 NOVEMBER
  • LA 8-LA 14 NOVEMBER
  • LA 15-LA 21 NOVEMBER
  • LA 22-LA 28 NOVEMBER
  • LA 29 NOVEMBER –LA 5 DECEMBER
  • LA 6-LA 12 DECEMBER
  • LA 13-LA 19 DECEMBER
  • LA 20-LA 26 DECEMBER
  • LA 27 DECEMBER–LA 2 JANUARY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr21 November maq. 1-10

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

LA 1-LA 7 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 18-19

“Jehova o Arola Naha ka Bohlale”

it-1-E 359 ¶1

Moedi

Ho bonahala eka ha ho ne ho arolwa naha, ho ne ho etswa dintho tse pedi e leng ho lahlwa ha lotho le ho sheba hore na moloko o monyane kapa o moholo hakae. Lotho e ne e kgona ho hakanya hore na moloko o ne o tla rua sebaka sefe naheng e tshepisitsweng. E ne e boetse e hlalosa hore na sebaka seo se ka Leboya, Borwa, Botjhabela kapa ka Bophirimela le hore na sebaka seo se pela lebopo la lewatle kapa se dithabeng. Qeto ya lotho e ne e entswe ke Jehova, e ne e thusa meloko hore e se ke ya tletleba kapa ya ba mona. (Lipr 16: 33) Ka hoo, Modimo o ne a tla etsa hore boemo ba moloko o mong le o mong bo dumellane le boprofeta ba mopatriareka Jakobo ha a le haufi le ho shwa. Boprofeta boo bo tlalehilwe ho Genese 49:​1-33.

it-1-E 1200 ¶1

Lefa

Naha e fanweng e le lefa. Jehova o ile a fa bara ba Iseraele lefa la naha mme o ile a hlakisetsa Moshe hore na meedi ya naha e ne e tla ba hokae. (Nu 34:​1-12; Jos 1:4) Moshe o ile a fa bara ba Gade, bara ba Rubene le halofo ya moloko wa Manase naha eo ba neng ba e abetswe. (Nu 32:​33; Jos 14:3) Meloko e meng kaofela e ile ya fumana lefa la yona ka lotho ka tataiso ya Joshua le Eleazare. (Jos 14:​1, 2) Jwalo ka ha boprofeta ba Jakobo bo ho Genese 49:​5, 7 bo bontsha, Simeone le Levi ha ba a ka ba fumana naha eo ka ho kgetheha e leng ya bona. Naha ya moloko wa Simeone (le metse ya yona) e ne e le ka hara naha ya Juda (Jos 19:​1-9), ha moloko wa Levi o ne o abetswe metse e 48 naheng yohle ya Iseraele. Ka ha bara ba Levi ba ile ba fuwa tshebeletso e kgethehileng sehalalelong, lefa la bona e ne e le Jehova. Ba ile ba fumana karolo ya leshome e le lefa la bona bakeng sa tshebeletso eo ba neng ba e etsa. (Nu 18:​20, 21; 35:​6, 7) Malapa a ne a fuwe mosebetsi hona naheng eo moloko ka mong o neng o e abetswe. Ha malapa a ntse a hola jwale bara ba malapa ao ba fuwa lefa, naha e ne e tla tswela pele ho arolwa hanyane ka hanyane.

it-1-E 359 ¶2

Moedi

Ka mora hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla dula sebakeng sefe, e ne e tla ba hantle hore hape ho hlahlojwe hore na naha eo e ne e tla lekana moloko oo. ‘Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ya ka malapa a lona. Ya nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, mme ya fokolang ka palo le fokotse lefa la hae. Moo lotho e tla wela teng ke moo lefa la hae le tla ba teng.’ (Nu 33:​54) Qeto ya lotho e neng e bontsha hore na moloko o itseng o ne o lokela ho dula hokae, e ne e lokela ho latelwa empa ho ne ho etswa diphetoho ho latela hore na moloko o fumane sebaka se se kae. Ka hoo eitse ha ho fumanwa hore sebaka sa moloko wa Juda se ne se le seholo bakeng sa bona, ho ile ha fokotswa karolo ya sona mme sa fuwa moloko wa Simeone.​—Jos 19:9.

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 359 ¶5

Moedi

Tlaleho e buang ka ho arola naha e ka bophirimela ho Jordane e bontsha hore meloko e ileng ya abelwa naha pele ho sebediswa lotho, ke wa Juda (Jos 15:​1-63), wa Josefa (Efraime) (Jos 16:​1-10) le halofo ya moloko wa Manase. (Jos 17:​1-13) Meedi ya meloko ena le metse ya yona e ile ya balwa. Ka mora moo, ho bonahala eka ho arola naha ho ile ha emisa hobane Baiseraele ba ile ba tloha Gilgale ba ya Shilo. (Jos 14:6; 18:1) Ha ho a bolelwa hore na meloko e supileng e nkile nako e kae e ntse e tsilatsila ho dula dibakeng tseo e neng e di abetswe empa Joshua o ile a qetella a kgalemetse meloko eo ka lebaka la ho dieha. (Jos 18:​2, 3) Ho na le mabaka a fapaneng ao batho ba ileng ba fana ka wona a hore na ke hobaneng ha meloko eo e supileng e ile ya dieha. Bahlalosi ba bang ba Bibele ba re e ka nna yaba ntho e diehisitseng meloko eo e supileng ho dula dibakeng tseo e neng e di abetswe, ke dintho tse ngata tse hapuweng tseo ba neng ba e na le tsona le hore ba ne ba dula ka bolokolohi ba sa tshoha hore Bakanana ba tla ba hlasela. Ntho e nngwe hape e ka nnang yaba e ile ya etsa hore meloko ena e supileng e diehe ke hobane e ne e sa batle ho tobana le ditjhaba tse matla tsa ba direng. (Jos 13:​1-7) Taba e nngwe ke hore, meloko eo e ne e sa tsebe hore karolo ya Naha e Tshepisitsweng eo e neng e e abetswe e jwang ha e bapiswa le ya meloko e meng.

LA 8-LA 14 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 20-22

“Re ka Ithutang Mohlaleng wa ho se Utlwisisane?”

w06 4/15 5 ¶3

Dintho Tse ka o Thusang ho Buisana le Molekane wa Hao

Ho phetlelana difuba ho ka thibela diqabang le ho se utlwisisane. Qalong ya histori ya Baiseraele, moloko wa Rubene, wa Gade le halofo ya moloko wa Manase e neng e dula ka botjhabela ho Noka ya Jordane e ile ya haha “aletare e hlaheletseng haholo” haufi le Jordane. Meloko e meng ha e a ka ya utlwisisa seo ba meloko eo ba neng ba se entse. Ka ha ba ne ba nahana hore barababo bona ba leng ka mose ho Jordane ba ne ba kwenehile, meloko e ka bophirimela e ile ya itokisetsa ho ya lwantsha “marabele” ao. Le ha ho le jwalo, pele ba tswa ho ya ntweng, ba ile ba romela baemedi ho ya buisana le meloko eo e ka botjhabela. Eo e ile ya eba kgato e bontshang bohlale hakaakang! Ba ile ba fumana hore aletare eo e ne e sa etsetswa hore ho tjheswe dinyehelo tse seng molaong kapa mahlabelo. Ho e na le hoo, ba meloko e ka botjhabela ba ne ba tshaba hore nakong e tlang meloko e meng e ne e tla re ho bona: “Ha le na kabelo ho Jehova.” Aletare eo e ne e tla ba bopaki ba hore le bona e ne e le barapedi ba Jehova. (Joshua 22:​10-29) Ba ile ba reha aletare eo Bopaki, mohlomong e le hobane e ne e le bopaki ba hore Jehova ke Modimo wa nnete ho bona.​—Joshua 22:34.

w08 11/15 18 ¶5

‘Phehellang Dintho Tse Tlisang Kgotso’

Mohlomong Baiseraele ba bang ba ile ba nahana hore ho se ho ntse ho e na le bopaki bo lekaneng ba hore ho entswe phoso le hore haeba ba ne ba ka ba tsometsa ho ne ho ke ke ha e shwa batho ba bangata. Le ha ho le jwalo, ho e na le ho etsa dintho ka lepotlapotla, meloko e ka bophirimela ho Jordane e ile ya romela moifo o ilo tshohla bothata bona le barababo yona. O ile wa botsa: “Keng ketso ee ya ho se tshepahale eo le e entseng kgahlanong le Modimo wa Iseraele ka ho furalla kajeno ho latela Jehova?” Ha e le hantle, meloko e neng e hahile aletare eo, e ne e sa e haha hobane e ne e sa tshepahale. Empa ba qoswang ba ne ba tla ikarabella jwang? Na ba ne ba tla tjodietsa baqosi ba bona kapa ba hane ho bua le bona? Meloko e qositsweng e ile ya arabela ka bonolo, e hlakisa hore diketso tsa yona di ne di hlile di susumetswa ke takatso ya yona ya ho sebeletsa Jehova. Karabo ya yona e bonolo e ile ya boloka kamano ya yona le Modimo ya ba ya pholosa bophelo. Puisano e etswang ho kgobilwe matshwafo e ile ya rarolla bothata ya ba ya bopa kgotso.​—Josh. 22:​13-34.

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 402 ¶3

Kanana

Le hoja ho na le Bakanana ba bangata ba sa kang ba hlolwa le ho ba tlasa taolo ya Baiseraele, ho ntse ho ka thwe ‘Jehova o ile a fa Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholoholo ba bona,’ o ba file “phomolo ka hohle” le hore “ha ho tshepiso e ileng ya hloleha ho phethahala tshepisong yohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ya Iseraele; e ile ya phethahala kaofela.” (Jos 21:​43-45) Ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele di ne di sa ba tshose hobane di ne di ba tshaba. Modimo o ile a bolela hore o tla leleka Bakanana “hanyane ka hanyane” e le hore diphoofolo tse hlaha di se ke tsa ata hobane ho se ho se na batho ba dulang naheng eo. (Ex 23:​29, 30; De 7:​22) Le haeba Bakanana ba ne ba e na le dibetsa tsa ntwa tse tswetseng pele, tse kang dikoloi tsa ntwa tse nang le mahare a tshepe, ha Baiseraele ba ne ba ka hloleha ho hapa dibaka tse ding ho ne ho ke ke ha behwa Jehova molato wa hore o hlolehile ho phethahatsa tshepiso ya hae. (Jos 17:​16-18; Bhl 4:​13) Ho e na le hoo, tlaleho e bontsha hore makgetlong a seng makae ao Baiseraele ba ileng ba hlolwa ho wona, e ne e le hobane ba sa ka ba tshepahala.​—Nu 14:​44, 45; Jos 7:​1-12.

LA 15-LA 21 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOSHUA 23-24

“Keletso ya ho Qetela ya Joshua e Yang ho Setjhaba”

it-1-E 75

Selekane

Ha setjhaba sa Iseraele se kena Kanana, Naheng e Tshepisitsweng, ho na le ntho e ileng ya etsahala. Modimo, Mmusi wa Bokahohle, o ile a fa Iseraele tokelo ya ho rua naha e le ho phethahatsa tshepiso eo a neng a e etseditse baholoholo ba bona. Ka hoo ba ne ba sa kene naheng e tshepitsweng e le bajaki. Jehova o ile a ba thibela ho etsa selekane le ditjhaba tsa naha tse neng di sa mo rapele. (Ex 23:​31-33; 34:​11-16) Ba ne ba lokela ho mamela melao ya Modimo feela, eseng ya ditjhaba tseo ba neng ba lokela ho di leleka. (Le 18:​3, 4; 20:​22-24) Ntho ya bohlokwa eo ba ileng ba lemoswa ka yona ke ya hore ba se ke ba etsa selekane sa lenyalo le ditjhaba tseo. Haeba ba ne ba ka kenella selekaneng seo, se ne se sa tlo fella feela pakeng tsa bona le basadi ba bona. Ba ne ba tlo amana le batho ba rapelang medimo ya bohata ebe ba qetella e le leraba ho Baiseraele hore ba fetohele Modimo.​—De 7:​2-4; Ex 34:​16; Jos 23:​12, 13.

w07 11/1 26 ¶19-20

Lentswe la Jehova ha le Hlolehe le ka Mohla

19 Ntle ho pelaelo, ho latela seo re se boneng le rona re ka re: “Ha ho lentswe le ha le le leng mantsweng ohle a molemo ao Jehova Modimo wa lona a le boleletseng wona le hlolehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentswe le ha le le leng la wona le hlolehileng ho phethahala.” (Joshua 23:​14) Jehova o a lopolla, o a sireletsa o bile o hlokomela bahlanka ba hae. Na o ka supa tshepiso le ha e le efe ya hae e ileng ya hloleha ho phethahala ka nako eo a neng a e behile? O ke ke! Ka bohlale re tshepa Lentswe la Modimo le tshepahalang.

20 Ho thweng ka nakong e tlang? Jehova o re boleletse hore boholo ba rona re ka ba le tshepo ya ho phela lefatsheng le tla beng le fetotswe paradeise e thabisang. Ba seng bakae hara rona ba na le tshepo ya hore ba tla busa le Kreste lehodimong. Ho sa tsotellehe hore na tshepo ya rona ke efe, re na le mabaka a hore re dule re tshepahala jwalo ka Joshua. Ka letsatsi le leng tshepo ya rona e tla phethahala. Jwale re tla hetla morao re nahane ka ditshepiso tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona ebe le rona re re: ‘Di phethahetse kaofela.’

Matlotlo a Patilweng

w04 12/1 12 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joshua

24:2​—Na Tera, ntata Abrahama, e ne e le morapedi wa ditshwantsho? Qalong, Tera e ne e se morapedi wa Jehova Modimo. Mohlomong o ne a rapela modimo wa kgwedi ya bitswang Sine e leng modingwana o neng o tumme Ure. Ho ya ka neano ya Sejuda, mohlomong Tera o ne a bile a etsa ditshwantsho tse rapelwang. Le ha ho le jwalo, ha Modimo a laela Abrahama hore a tlohe Ure, Tera o tsamaya le yena ho ya Harane.​—Genese 11:31.

LA 22-LA 28 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 1-3

“Pale ya ho ba Sebete le ho ba Masene”

w04 3/15 31 ¶3

Ehude o Roba Joko ya Mohatelli

Merero ya Ehude ha e a atleha hobane a ne a le bohlale ka tsela le ha e le efe, ebile ha se hobane sera sa hae se ne se se na matla. Ha ho a itshetleha ka boemo ba motho hore merero ya Modimo e phethahale. Lebaka le leholo le entseng hore Ehude a atlehe ke hobane o ne a thuswa ke Modimo ka ha o ne a etsa se tumellanong le thato ya Modimo e sa hlolweng ya ho lokolla batho ba Hae. Modimo o ile a hlahisa Ehude, “ha Jehova a ne a . . . hlahisetsa [batho ba hae] baahlodi, Jehova o ne a eba le moahlodi eo.”​—Baahloli 2:​18; 3:15.

w04 3/15 30 ¶1-3

Ehude o Roba Joko ya Mohatelli

Bohato ba pele boo Ehude a ileng a bo nka ke ba ho “iketsetsa sabole”​—sabole e sehang ka nnga tse pedi e neng e le kgutshwane ka ho lekaneng hoo e neng e ka pateha ha a e kgwaetse ka hara diaparo tsa hae. E ka nna yaba o ne a lebeletse hore ba tla hlahloba hore na o nkile eng. Hangata disabole di ne di kenngwa ka lehlakoreng le letshehadi la mmele, moo batho ba neng ba sebedisa matsoho a matona ba neng ba ka e ntsha ka potlako. Ka ha Ehude o ne a le leqele, o ile a kgwaela sebetsa sa hae “ka tlasa seaparo sa hae hodima serope se setona,” moo e neng e se hangata balebedi ba morena ba neng ba ka hlahloba hore na ho na le eng. Ka hoo, ntle ho tshitiso, o ile “a hlahisa sethabathaba ho Eglone morena wa Moabe.”​—Baahloli 3:​16, 17.

Dintlha tsa diketsahalo tsa qalong tse etsahetseng lekgotleng la Eglone ha di a tlalehwa. Seo Bibele e se buang feela ke hore: “Eitse ha [Ehude] a qetile ho hlahisa sethabathaba, hanghang a re batho ba tsamaye, bajari ba sethabathaba.” (Baahloli 3:​18) Ehude o ile a hlahisa sethabathaba, a felehetsa bajari ba sethabathaba ho fihlela ba le thokwana le moo Eglone a neng a dula teng, yaba o kgutlela ha Eglone ka mora ho ba fonanisa. Hobaneng? Na banna baa ba ne ba tsamaya le yena bakeng sa tshireletso, kapa e ne e le feela tsela e hlomphehang ya boitshwaro, kapa tjhe mohlomong ba ne ba itsamaela le yena feela hobane e ne e le bajari ba sethabathaba? Kapa na o ne a batla hore ba tsamaye pele a phetha morero wa hae e le hore ba tle ba se ke ba qaphaletswa ke madi? Hore na o ne a nahanne eng, Ehude o ile a beta pelo a kgutlela ha Eglone a le mong.

“[Ehude] a kgutla dikwaring tsa Gilgale, yaba o re: ‘Ke na le lekunutu bakeng sa hao, morena.’ ” Hore na o kgonne jwang ho boela a kena moo Eglone a neng a le teng, ha ho a hlaloswa ka Mangolong. Na balebedi ba ne ba sa lokela ho mo belaella? Ebe ba ile ba nahana hore Moiseraele a le mong o ne a ke ke a ntsha morena wa bona kotsi? Na ba ile ba nahana hore ka ha Ehude o ne a tlile a le mong o ne a tlilo tswa batho ba habo tlase? Ho sa tsotelle hore na ho ile ha etsahala eng, Ehude o ile a batla ho bua le morena eo lekunutung, mme o ile a fumana monyetla oo.​—Baahloli 3:19.

Matlotlo a Patilweng

w05 1/15 24 ¶7

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Baahloli

2:​10-12. Re lokela ho ba le lenaneo la ka mehla la ho ithuta Bibele e le hore ‘re se ke ra lebala diketso tsa Jehova.’ (Pesaleme ya 103:2) Batswadi ba lokela ho kenya Lentswe la Modimo ka dipelong tsa bana ba bona.​—Deuteronoma 6:​6-9.

LA 29 NOVEMBER –LA 5 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 4-5

“Jehova o Sebedisa Basadi ba Babedi ho Pholosa Batho ba Hae”

w15 8/1 12 ¶6

“Ke Ema Jwalo ka Mme Iseraele”

Ha Baiseraele ba utlwa lebitso Sisera, ba ne ba tshoha ba bile ba ferekana. Bodumeding ba Bakanana ho ne ho e na le ditlwaelo tse mpe tse akarelletsang ho etsa mahlabelo ka bana le botekatse. Ho ne ho le jwang ha molaodi wa mabotho a Bakanana le lebotho la hae ba laola naha? Pina ya Debora e bontsha hore ho ne ho le thata hore batho ba tsamaye naheng eo mme ho se ho se batho ba dulang metseng. (Baahloli 5: 6, 7) Mohlomong baahi ba ne ba ipata ka merung le dithabeng, ba tshaba ho sebetsa masimong kapa ho dula metseng e se nang marako, ba tshaba ho tsamaya ditseleng hobane ba tshaba hore masole a Sisera a tla ba hlasela, a kwetele bana ba bona ebe a beta basadi ba bona.

w15 8/1 13 ¶1

“Ke Ema Jwalo ka Mme Iseraele”

Ho ile ha rena tshabo ka dilemo tse 20 ho fihlela Jehova a bona hore batho ba hae ba manganga ba ikemiseditse ho fetoha kapa ho latela mantswe a buduletsweng a pina ya Debora le Barake a reng: “Ho fihlela nna, Debora, ke ema, ho fihlela ke ema jwalo ka Mme Iseraele.” Bibele ha e re bolelle hore na Debora, e leng mosadi wa Lapidothe o ne a e na le bana kapa tjhe, empa temaneng ena lentswe Mme le sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso. Ha e le hantle, Jehova o ile a fa Debora boikarabelo ba ho sireletsa setjhaba jwalo ka Mme. O ile a mo kopa hore a laele Moahlodi Barake ya matla le ya nang le tumelo ho lwantsha Sisera.​—Baahloli 4:​3, 6, 7; 5:7.

w15 8/1 15 ¶2

“Ke Ema Jwalo ka Mme Iseraele”

Jaele o ile a tlameha ho etsa qeto ka potlako. O ile a dumella Sisera ho kena ha hae. Sisera o ile a laela Jaele hore a se ke a bolella mang kapa mang hore o teng moo. Jaele o ile a mo kwahela moo a paqameng teng, mme a mo fa lebese ha a kopa metsi. Ho e so ee kae Sisera o ile a ya le sephume sa boroko! Yaba Jaele o nka thakgisa ya tente le hamore e leng tse ding tsa disebediswa tseo basadi ba dulang ditenteng ba neng ba atisa ho di sebedisa. Ka ha Sisera o ne a robetse, ho neng ho hlokahala feela ke hore Jaele a be le sebete sa ho phethahatsa kahlolo ya Jehova. Ha a ne a ka qeaqea kapa a tsilatsila o ne a ka ba tsietsing. Na o ile a nahana ka moo Sisera a nnileng a sotla batho ba Modimo ka teng ka nako e telele? Kapa na o ile a nahana ka tlotla ya ho sebediswa ke Jehova? Bibele ha e bolele. Seo re se tsebang ke hore o ile a bolaya Sisera ka ho panya ha leihlo!​—Baahloli 4:​18-21; 5:​24-27.

Matlotlo a Patilweng

w05 1/15 25 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Baahloli

5:20​—Dinaledi lehodimong di ile tsa lwanela Barake jwang? Bibele ha e hlalose hore na ebe moo ho ne ho ameha thuso ya mangeloi, kapa majwe a tswang dipolaneteng tse ding ao banna ba bohlale ba Sisera ba neng ba a nka e le pontsho ya tlokotsi, kapa mohlomong e ne e le bonohe ba dinaledi ba Sisera bo ileng ba fetoha lefeela. Le ha ho le jwalo, ha ho pelaelo hore Modimo o ile a kenella ka tsela e itseng tabeng ena.

LA 6-LA 12 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 6–7

“E ya ka Matla Ana a Hao”

w02 2/15 7

Melaomotheo ya Modimo e ka o Tswela Molemo

E mong ya neng a inka ka tsela e loketseng le ya ileng a ipeha sekaleng ka mokgwa o loketseng, ke Gideone, moahlodi e mong wa Baheberu ba boholoholo. O ne a sa tona mahlo hore e be moetapele wa Baiseraele. Leha ho le jwalo, ha a ne a kgethelwa boetapele, Gideone o ile a hlokomedisa hore ha a tshwanelehe. O ile a hlalosa a re: “Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile nna ke monyenyane ntlong ya Ntate.”​—Baahloli 6:​12-16.

w05 7/15 16 ¶3

“Sabole ya Jehova le ya Gideone!”

Jwale Bamidiane ba tlala tshabo! Ka tshohanyetso, ho utlwahala modumo wa ho pshatleha ha dinkgo tse 300, lerata le tlerolang la manaka a 300, le ho hweletsa ha banna ba 300. Ba tsielehile, haholoholo ka lebaka la mohoo o reng “Sabole ya Jehova le ya Gideone!” Bamidiane le bona ba eketsa lerata leo ka ho hweletsa. Hara moferefere ona, ho thata ho kgetholla motswalle ho sera. Ba 300 ba ema dibakeng tsa bona ha Modimo a etsa hore dira di bolayane ka disabole tsa tsona. Ba qhalakanya diahelo, ba a ba qabella, mme ba qala ho bolaya lebotho leo larita e leng se neng se akarelletsa ho lelekisa Bamidiane hore le ka mohla ba se hlole ba tshwenya Baiseraele. Tlhaselo e nkileng nako e telele le e sehloho e fihlile bofelong.​—Baahloli 7:​19-25; 8:​10-12, 28

Matlotlo a Patilweng

w05 1/15 26 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Baahloli

6:​25-27. Gideone o ile a sebedisa temoho e le hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ha re bolela ditaba tse molemo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se kgopise ba bang ho sa hlokahale ka tsela eo re buang ka yona.

LA 13-LA 19 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 8-9

“Boikokobetso bo Molemo ho Feta Boikgohomoso”

w00 8/15 25 ¶3

O Sebetsana le Diphapang Jwang?

Gideone, ha a lwana ntwa e mahlomafubelu le Bamidiane, o ile a bitsa leloko la Efraime hore le mo thuse. Le ha ho le jwalo, ha ntwa e se e letse, Baefraime ba ile ba fetohela Gideone mme ba belaela haholo hore ebe ha a ka a ba bitsa qalong ya ntwa. Tlaleho e bolela hore “ba leka ka matla ho qadisa qabang le yena.” Ha a araba Gideone o ile a re: “Jwale ke entseng ha ho bapiswa le lona? Na tse kgwahlapisitsweng tsa Efraime ha di molemo ho feta ho bokellwa ha morara ha Abi-ezere? Modimo o nehelane ka Orebe le Zebe dikgosana tsa Midiane matsohong a lona mme ke eng seo ke kgonneng ho se etsa ha ho bapiswa le lona?” (Baahloli 8:​1-3) Ka mantswe a hae a kgethilweng hantle, a phodileng, Gideone o ile a qoba seo e neng e ka ba ntwa e mpe ya meloko. Ho ka etsahala hore ebe ba leloko la Efraime ba ne ba ena le bothata ba ho inka e le ba bohlokwa mme ba ikgohomosa. Le ha ho le jwalo, seo ha se a ka sa sitisa Gideone ho leka ka matla ho tlisa kgotso. Na re ka etsa se tshwanang?

w17.01 20 ¶15

Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Inyenyefatsa?

15 Gideone o behile mohlala o motle tabeng ya ho inyenyefatsa. Ha lengeloi la Jehova le hlaha ho yena, Gideone o ile a itlhalosa hore ke motho wa boemo bo tlaase. (Baahl. 6:​15) Ka mora hore Gideone a amohele kabelo e tswang ho Jehova, o ile a etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo a lokelang ho se etsa, mme a itshetleha ka tataiso ya Jehova. (Baahl. 6:​36-40) Gideone o ne a le matla, ebile a le sebete. Empa o ile a etsa dintho ka masene. (Baahl. 6:​11, 27) Ha a ka a sebedisa kabelo ya hae hore a iphumanele botumo. Ho e na le hoo, ha a phethile kabelo eo Jehova a mo fileng yona, o ile a kgutlela moo a tswang teng.​—Baahl. 8:​22, 23, 29.

w08 2/15 9 ¶9

Tsamaya Ditseleng Tsa Jehova

9 E le hore re be metswalle ya Modimo, re tlameha ho ‘ikokobetsa kelellong.’ (1 Pet. 3:8; Pes. 138:6) Bohlokwa ba boikokobetso bo bontshitswe ho Baahloli kgaolo ya 9. Mora wa Gideone, e leng Jothame, o ile a re: “Ka nako e nngwe difate di ile tsa ya ho ya tlotsa morena wa tsona.” Ho buuwa ka sefate sa mohlwaare, sa feiga le sa morara. Di ne di emela batho ba molemo ba sa kang ba rata ho busa Baiseraele ba habo bona. Empa monokotshwai o loketseng feela ho beswa o ne o emela borena ba Abimeleke wa moikgohomosi, mmolai ya neng a rata ho hatella batho ba bang. Le hoja a ile “a iketsa kgosana ya Iseraele ka dilemo tse tharo,” o ile a shwa ka tshohanyetso. (Baahl. 9:​8-15, 22, 50-54) Ho ‘ikokobetsa kelellong’ ho molemo hakaakang!

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 753 ¶1

Efoda, 1

Le hoja Gideone a e na le boikemisetso bo botle ka ho etsa mokete o tlotlang Jehova ka ha o ne a thusitse Iseraele ho hlola, efoda e ile “ya e ba leraba ho Gideone le ho ba ntlo ya hae,” hobane Baiseraele ba ile ba sitelwa Jehova ka hore ba rapele efoda. (Bhl 8:​27) Le ha ho le jwalo, Bibele ha e re Gideone o ile a rapela efoda eo. Ho e na le hoo, moapostola Pauluse o mo bitsa ka lebitso e le e mong wa ba karolo ya ‘leru le leholo’ la batho ba neng ba tshepahala ho Jehova pele phutheho ya Bokreste e ba teng.​—Heb 11:​32; 12:1.

LA 20-LA 26 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 10-12

“Jafeta e ne e le Monna ya Dulang a Nahana ka Jehova”

w16.04 5 ¶9

Modimo o Amohela ba Tshepahalang

9 Mohlomong mohlala wa Josefa o ile wa thusa Jafeta. E tlameha ebe o ne a tseba hore Josefa o ile a thusa banababo le hoja ba ne ba mo hloile. (Gen. 37:4; 45:​4, 5) E ka nna yaba ho nahana ka mohlala ona ho ile ha thusa Jafeta hore a itshware ka tsela e kgahlisang Jehova. Barababo Jafeta ba ile ba mo utlwisa bohloko. Empa Jafeta o ne a nka hore ho lwanela lebitso la Jehova le batho ba hae ke ha bohlokwa ho feta tsela eo a ikutlwang ka yona. (Baahl. 11:9) O ne a ikemiseditse ho tshepahala ho Jehova. Boikutlo bona bo ile ba etsa hore Jehova a mo hlohonolofatse ha mmoho le Baiseraele.​—Baheb. 11:​32, 33.

it-2-E 27 ¶2

Jafeta

Jafeta e ne e le monna ya mahlahahlaha mme ha a ka a senya nako hore a etelle setjhaba pele. O ile a romela molaetsa ho morena wa Ammone ho bontsha hore morena wa Ammone e ne e le yena ya dikgathatso ka ha o ile a hlasela naha ya Iseraele. Morena o ile a araba a re ke Baiseraele ba ileng ba nka naha eo ho Baammone. (Bhl 11:​12, 13) Karabo ya Jafeta e ile ya bontsha hore e ne e se mohale ya sa rutehang feela, ho e na le hoo o ne a ithutile tseleng eo Jehova a neng a sebedisana le batho ba hae ka yona. O ile a hana taba ya Baammone, a bontsha hore (1) Baiseraele ha ba a ka ba hlasela naha ya Ammone, Moabe kapa ya Edomo (Bhl 11:​14-18; De 2:​9, 19, 37; 2Likr 20:​10, 11); (2) naha e neng e tsekwa e ne e se ya Baammone nakong eo Baiseraele ba e hapang, hobane e ne e le ya Baamore ba Kanana mme Modimo o ne a dumelletse hore morena wa bona Sihone le naha ya bona e hapuwe ke Baiseraele le (3) ho ne ho se ho fetile dilemo tse 300 Baammone ba sa tsekise Baiseraele naha eo, jwale ke hobaneng ha ba se ba ba tsekisa?​—Bhl 11:​19-27.

it-2-E 27 ¶3

Jafeta

Jafeta o ile a otla taba botsekeng ha a ne a bontsha hore ntho e ka sehloohong ke borapedi ba Jehova. O ile a hlakisa hore ke Jehova Modimo ya fileng Baiseraele naha ena mme ha se ho utlwahalang hore ba fe batho ba rapelang medimo ya bohata le ha e ka ba karolwana ya naha ena. O ile a bitsa Kemoshe modimo wa Baammone. Batho ba bang ba ne ba nahana hore o entse phoso. Le hoja modimo wa Baammone e ne e le Milkome mme Kemoshe e le wa Baamore, dinaha tsena di ne di rapela medimo e mengata. Solomone o ile a etsa hore setjhaba sa Iseraele se qetelle se rapela Kemoshe ka lebaka la basadi ba hae ba tswang ditjhabeng tse ding. (Bhl 11:​24; 1Ma 11:​1, 7, 8, 33; 2Ma 23:​13) Ho ya ka ditsebi tse ding lentswe “Kemoshe” le bolela “Mohlodi kapa Mohapi.” (Sheba buka ya Gesenius’s Hebrew and Chaldee Lexicon, e fotoletsweng ke S. Tregelles, 1901, leq. 401.) E ka nna yaba Jafeta o ile a bua ka modimo ona hobane Baammone ba ne ba dumela hore ke modimo enwa ya neng a ba thusa ho ‘hlola’ kapa ho ‘hapa’ dinaha tseng ding.

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 26

Jafeta

Jafeta e ne e se Mora wa Matsheo. Mme wa Jafeta e ne e le “mosadi wa letekatse” empa seo ha se bolele hore ha Jafeta a ne a hlaha mme wa hae e ne e ntse e le letekatse kapa hore o ne a eso nyalwe. Mme wa Jafeta e ne e le letekatse pele Gileade a mo nyala hore ebe mosadi wa hae wa bobedi. Rahaba le yena e ne e le letekatse empa ha morao o ile a nyalwa ke Salmone. (Bhl 11:1; Jos 2:1; Mat 1:5) Bopaki ba hore Jafeta e ne e se mora wa matsheo, re bo bona ha bara ba mosadi wa pele ba leka ho mo leleka hore a se ke a fumana lefa. (Bhl 11:2) Ho ekelletsa moo, Jafeta e ile ya eba moetapele wa banna ba Gileade (ho bonahala bara ba mosadi wa pele le bona ba ne ba dumellana le taba ya hore Jafeta ebe moetapele). (Bhl 11:​11) Hape Jafeta o ile a etsetsa Jehova nyehelo tabernakeleng. (Bhl 11:​30, 31) Mora wa matsheo o ne a ke ke a kgona ho etsa dintho tsena tsohle hobane Molao o ne o hlakile tabeng ena, o ne o re: “Ho se ke ha e ba le mora wa matsheo ya ka kenang phuthehong ya Jehova. Esita le molokong wa leshome ho se ke ha e ba le ya mong wa hae ya ka kenang phuthehong ya Jehova.”​—De 23:2.

LA 27 DECEMBER–LA 2 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 13-14

“Batswadi ba ka Ithutang ho Manooa le Mosadi wa Hae?”

w13 8/15 16 ¶1

Batswadi Kwetlisang Bana ba Lona ho Tloha Boseeng

Nahana ka tlaleho ya Modane ya bitswang Manooa, ya neng a dula motseng wa Zora, Iseraele ya boholoholo. Lengeloi la Jehova le ile la bolella mosadi wa Manooa wa nyopa hore o ne a tla beleha mora. (Baahl.13:​2, 3) Ha ho potang hore Manooa ya tshepahalang le mosadi wa hae ba ile ba thaba haholo ka lebaka la tebello eo. Le ha ho le jwalo, ho ne ho boetse ho e na le dintho tseo ba tshwenyehileng ka tsona. Ka hoo, Manooa o ile a rapela a re: “Ntshwarele, Jehova. Monna wa Modimo wa nnete eo o sa tswa mo romela, ka kopo, e re a boele a tle ho rona mme a re laele seo re tshwanelang ho se etsa ho ngwana ya tlang ho tswalwa.” (Baahl. 13:8) Manooa le mosadi wa hae ba ne ba tshwenyehile ka kgodiso ya ngwana wa bona. Ha ho potang hore ba ile ba ruta mora wa bona Samsone molao wa Modimo mme boiteko ba bona bo ile ba atleha. Bibele e re: ‘Ka mora nako moya wa Jehova wa qala ho susumetsa [Samsone].’ Ka lebaka leo, Samsone o ile a etsa mesebetsi e mengata e matla e le e mong wa baahlodi ba Iseraele.​—Baahl. 13:​25; 14:​5, 6; 15:​14, 15.

w05 3/15 25-26

Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!

Ha Samsone a ntse a hola, “Jehova a tswela pele ho mo hlohonolofatsa.” (Baahloli 13:​24) Ka tsatsi le leng Samsone o ile a ya ho ntatae le mmae yaba o re: “Ke bone mosadi Timna wa baradi ba Bafilista, mme jwale mphumaneleng yena hore e be mosadi wa ka.” (Baahloli 14:2) O ka inahanela feela hore na ba ile ba makala jwang. Ho e na le ho lokolla Baiseraele matsohong a bahatelli ba bona, mora wa bona o ne a batla ho etsa selekane sa lenyalo le bona. Ho nka mosadi hara barapedi ba medimo ya bohetene ho ne ho le kgahlanong le Molao wa Modimo. (Exoda 34:​11-16) Ka hoo, batswadi ba ile ba hana ba re: “Na ha ho na mosadi hara baradi ba barabeno le hara setjhaba sohle sa heso, hoo o yang ho nka mosadi ho Bafilista ba sa bollang?” Ho sa tsotellehe seo, Samsone o ile a tsitlella a re: “[Mphumaneleng] yena, hobane ke yena ya lokileng mahlong a ka.”​—Baahloli 14:3.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 26 ¶1

Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!

Mosadi eo wa Mofilista o ne ‘a lokile’ ka tsela efe bakeng sa Samsone? Cyclopedia ya McClintock le Strong e re e ne e se ka kutlwisiso ya hore o ne a le “motle, a boheha, a hohela, empa o ne a lokile ka kutlwisiso ya ho finyella sepheo, morero kapa pakane e itseng.” Morero ofe? Baahloli 14:4 e hlalosa hore Samsone “o ne a batla monyetla kgahlanong le Bafilista.” Ona ke wona morero oo Samsone a neng a thahasella mosadi enwa ka wona. Ha Samsone a ntse a holela bonneng, “moya wa Jehova wa qala ho mo susumetsa,” kapa ho mo susumelletsa ho nka bohato bo itseng. (Baahloli 13:​25) Ka hoo ke moya wa Jehova o neng o susumetsa Samsone hore a kope ntho e sa tlwaelehang ha a batla mosadi ha mmoho le mosebetsing wohle wa hae wa ho ba moahlodi wa Iseraele. Na Samsone o ile a fumana monyetla oo a neng a o batla? A re ke re boneng ka moo Jehova a ileng a mo tiisetsa ka teng hore o ne a mo tsheheditse.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share