LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr22 January maq. 1-9
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dihloohwana
  • LA 3–9 JANUARY
  • LA 10–16 JANUARY
  • LA 17–23 JANUARY
  • LA 24–30 JANUARY
  • LA 31 JANUARY–LA 6 FEBRUARY
  • w12 10/1 24 ¶2
  • “Mosadi ya Kgabane ka ho Fetisisa”
  • LA 7–13 FEBRUARY
  • LA 14–20 FEBRUARY
  • LA 21-27 FEBRUARY
  • LA 28 FEBRUARY–LA 6 MARCH
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2022
mwbr22 January maq. 1-9

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

LA 3–9 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 15-⁠16

“Ho Eka ho a Nyonyeha”

w12 4/15 8 ¶4

Ho Eka ke Pontsho e Tshosang ya Mehla ya Bofelo!

4 Wa pele, nahana ka Delila wa lehlabaphio eo Moahlodi Samsone a neng a mo rata. Samsone o ne a ikemiseditse ho lwantsha Bafilista lebitsong la batho ba Modimo. Ka ha mohlomong marena a mahlano a Bafilista a ne a tseba hore Delila o ne a hlile a sa rate Samsone, a ile a mo fa tjotjo e ngata e le hore a fumane lekunutu la hore na matla a Samsone a ne a tswa hokae e le hore marena ao a tle a mo tlose tseleng. Delila ya meharo ya tjhelete o ile a amohela tjotjo eo, empa boiteko ba hae ba ho sibolla lekunutu la Samsone bo ile ba hloleha ka makgetlo a mararo. Ka mora moo, o ile a qophella Samsone “ka mantswe a hae ka nako yohle mme a tswela pele ho mo phehella.” Qetellong, “moya wa [Samsone o ile] wa fela pelo ho isa makgatheng a lefu.” Ke moo a ileng a bolella Delila hore ha a eso kutwe moriri le ka mohla le hore haeba a ka o kutwa, matla a hae a ne a tla fela. Ha Delila a se a tseba seo, o ile a beha hlooho ya Samsone diropeng tsa hae yaba wa mo beola ha a ne a robetse, yaba ka mora moo o mo neha dira tsa hae hore di etse borata ka yena. (Baahl. 16:4, 5, 15-21) Ruri o ile a etsa ntho e mpe haholo! Ka lebaka la meharo feela, Delila o ile a eka monna ya neng a mo rata.

w05 1/15 27 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Baahloli

14:16, 17; 16:16. Ho hatella motho e mong ka ho lla kapa ka ho mo emella ka ntho e le nngwe ho ka senya dikamano.​—Liproverbia 19:13; 21:19

w12 4/15 11-12 ¶15-16

Ho Eka ke Pontsho e Tshosang ya Mehla ya Bofelo!

15 Banyalani ba ka etsa jwang hore e mong a dule a tshepahala ho e mong? Lentswe la Modimo le re: “O thabe le mosadi [kapa monna] wa botjha ba hao,” mme le boetse le re, “Thabela bophelo le mosadi [kapa monna] eo o mo ratang.” (Liprov. 5:18; Moek. 9:9) Ha balekane ba lenyalo ba ntse ba hola, ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho matlafatsa kamano ya bona, ba hlokomelane mmeleng le maikutlong. Sena se bolela hore e mong o lokela ho ela e mong hloko, ba lokela ho qeta nako ha mmoho le hore ba be le kamano e haufi haholwanyane. Ba lokela ho tsepamisa dikelello tsa bona tabeng ya ho sireletsa lenyalo la bona le ho matlafatsa kamano ya bona le Jehova. E le hore banyalani ba finyelle seo, ba lokela ho ithuta Bibele ha mmoho, ba sebetse tshimo ha mmoho kgafetsa ba be ba rapelle tlhohonolofatso ya Jehova ha mmoho.

DULA O TSEPAHALA HO JEHOVA

16 Ho na le ditho tsa phutheho tse entseng dibe tse tebileng tse ileng tsa kgalemelwa “ka tiyo, e le hore [di] ka phela hantle tumelong.” (Tite 1:13) Ba bang bona ho ile ha hlokahala hore ba kgaolwe ka lebaka la boitshwaro ba bona. “Ba kwetlisitsweng ke [tayo],” e ba thusitse hore ba lokise kamano ya bona le Modimo. (Baheb. 12:11) Re tla etsa jwang haeba re e na le mong ka rona kapa motswalle ya haufi ya kgaotsweng? Ha ho le jwalo, re tlameha ho bontsha hore na re tshepahala ho Modimo kapa ho motho eo. Jehova o re shebile ho bona hore na re tla mamela taelo ya hae ya hore re se ke ra itswakanya le mang kapa mang ya kgaotsweng.​—Bala 1 Bakorinthe 5:11-13.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 27 ¶6

Samsone o Hlola ka Matla a Jehova!

Samsone o ne a e na le sepheo ha a ne a hahamalla pakane ya hae ya ho lwantsha Bafilista. Ho dula ha hae ka tlung ya letekatse Gaza e ne e le ka morero wa ho lwantsha dira tsa Modimo. Samsone o ne a hloka sebaka seo a neng a ka robala ho sona motseng wa sera, mme se ne se fumaneha ntlong ya letekatse. Samsone o ne a sa nahana ka boitshwaro bo bobe. O ile a tloha ntlong ya mosadi eo hara mpa bosiu, a tshwara diheke tsa motse le dipalo tse pedi tse lehlakoreng, yaba wa di jara mme o di nyollela tlhorong ya thaba e pela Hebrone, e neng e le bohole ba dikhilomithara tse ka bang 60. O ile a etsa sena ka tumello ya Modimo le ka matla ao a neng a a filwe ke Modimo.​—Baahloli 16:1-3.

LA 10–16 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 17-19

“Ho se Mamele Melao ya Modimo ho re Bakela Mathata”

it-2-E 390-391

Mikea

1. Monna wa Efraime. Mikea o ile a utswa dikotwana tsa silevera tse 1 100 ho mme wa hae mme ka ho etsa jwalo o ile a tlola molao wa borobedi ho Melao e Leshome. (Ex 20:15) Mikea o ile a bolela phoso ya hae mme a di kgutlisa yaba mme wa hae o re: “Ruri ke tla halaletsa silevera ena e letsohong la ka ho Jehova bakeng sa mora wa ka, e le hore ke etse setshwantsho se betlilweng le seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa; jwale ke tla e kgutlisetsa ho wena.” Yaba ka mora moo o nka dikotwana tse 200 tsa silevera, o di isa ho setei sa silevera se ileng “sa etsa setshwantsho se betlilweng le seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa” mme qetellong di ile tsa ba ka ntlong ya Mikea. Mikea ya neng a e na le “ntlo ya medimo” o ile a etsa efoda le terafime mme a kgetha e mong wa bara ba hae hore e be moprista. Le hoja a entse dintho tsena tsohle hobane a nahana hore o hlompha Jehova, di ne di nyonyeha hobane di ne di le kgahlanong le molao wa Modimo wa ho se rapele ditshwantsho (Ex 20:4-6) ebile o ne a sa hlomphe tokisetso ya Modimo ya borapedi. (Bhl 17:1-6; De 12:1-14) Ha morao Mikea o ile a hira Molevi ya motjha dilemong e leng Jonathane mora wa Gershome, mora wa Moshe hore e tlo ba moprista wa hae. (Bhl 18:4, 30) Mikea o ne a nahana hore o entse ntho e ntle, ka hoo o ile a re: “Jwale ke a tseba hore Jehova o tla nketsa se molemo.” (Bhl 17:7-13) Empa Jonathane o ne a sa tswe lelokong la Arone ka hoo o ne a sa tshwanelehe hore a ka sebeletsa e le moprista. Taba ena e ile ya eketsa diphosong tsa Mikea.​—Nu 3:10.

it-2-E 391 ¶2

Mikea

Nakwana ka mora moo, Mikea le banna bao a neng a tsamaya le bona ba ile ba latela Badane. Ha ba fihla ho bona, Badane ba ile ba ba botsa hore na molato ke eng mme Mikea o ile a re: “Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le yena moprista, mme le a tsamaya, ke sa tla hlola ke eba le eng?” Ha ba utlwa sena, bara ba Dane ba ile ba re haeba Mikea a ka tswela pele ho ba latela le ho ipelaetsa ba ne ba tla ba hlasela. Mikea o ile a kgutlela hae hobane o ile a hlokomela hore Badane ba ne ba le matla ho mo feta. (Bhl 18:22-26) Ka mora moo, Badane ba ile ba hlasela le ho tjhesa motse wa Laishe mme ba haha motse wa Dane hona hona moo. Jonathane le bara ba hae ba ile ba sebeletsa e le baprista ba Badane ba ileng “ba nna ba itlhomela setshwantsho se betlilweng sa Mikea, seo a neng a se entse, ka matsatsi ohle ao ntlo ya Modimo wa nnete [tabernakele] e bileng Shilo ka ona.”​—Bhl 18:27-31.

Matlotlo a Patilweng

w15 12/15 11 ¶6

Phetolelo e Hlakileng ya Lentswe la Modimo

6 Kajeno, ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore re lokela ho sebedisa lebitso Jehova. Kgatisong ya 2013 ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha, lebitso la Modimo le hlaha ka makgetlo a 7 216. Le kentswe ditemaneng tse ding tse tsheletseng. Ho tse hlano tsa tsona, le kentswe hobane lebitso la Modimo le fumanwe Meqolong ya Lewatle le Shweleng e phatlaladitsweng morao tjena. Le kentswe ho 1 Samuele 2:25; 6:3; 10:26; 23:14, 16. Temana ya botshelela ke Baahloli 19:18, moo le kentsweng ka mora ho hlahlobisisa dibuka tse tshepahalang tsa boholoholo tse ngotsweng ka letsoho tsa Bibele.

LA 17–23 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAAHLOLI 20-21

“Tswelapele o Batla Tataiso ya Jehova”

w11 9/15 32 ¶2

Na o ka Etsisa Finease ha o Thulana le Mathata?

Ka mora hore serethe sa monna e mong wa Molevi se betwe se be se bolawe ka sehloho ke banna ba Gibea, ba moloko wa Benjamine, meloko e meng e ile ya itokisetsa ho futuhela Babenjamine. (Baahl. 20:1-11) Pele ba lwana ba ile ba rapela hore Jehova a ba thuse, empa ba ile ba hlolwa ka makgetlo a mabedi, ka tlholo e kgolo. (Baahl. 20:14-25) Na ba ne ba ka fihlela qeto ya hore dithapelo tsa bona di ne di sa arabelwa? Na ka sebele Jehova o ne a batla hore ba nke kgato ka bobe bo neng bo entswe?

w05 1/15 27 ¶8

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Baahloli

20:17-48​—Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella Babenjamine hore ba hlole meloko e meng habedi, le hoja e ne e le bona ba neng ba lokela ho fuwa kotlo? Ka ho dumella hore meloko e tshepahalang e lahlehelwe haholo ka lekgetlo la pele, Jehova o ile a leka boikemisetso ba bona ba ho fothola bobe Iseraele.

w11 9/15 32 ¶4

Na o ka Etsisa Finease ha o Thulana le Mathata?

Keng eo re ka nnang ra ithuta yona ho see? Mathata a mang a hlahang ka phuthehong a tswela pele ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba baholo le ho rapella hore Modimo a ba thuse. Haeba sena se etsahala, ke hantle hore baholo ba hopole mantswe a Jesu a reng: “Le nne le kope [kapa le rapele], mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa.” (Luka 11:9) Esita le haeba ho bonahala eka Jehova o dieha ho arabela thapelo, balebedi ba lokela ho kgodiseha hore o tla e arabela ka nako ya hae e loketseng.

Matlotlo a Patilweng

w14 5/1 11 ¶4-6

Re o Lome Tsebe?

Matjeketjane a ne a sebediswa jwang dintweng tsa mehleng ya boholoholo?

Davida o ile a bolaya Goliathe wa senatla ka letjeketjane. Ho bonahala Davida a ile a ithuta ho sebedisa sebetsa sena dilemong tsa ha e sa le modisa.​—1 Samuele 17:40-50.

Letjeketjane le bonahala ditshwantshong tse takilweng tsa Baegepeta le Baassyria tsa mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. Sebetsa sena e ne e le mokotla o monyenyane wa letlalo kapa wa lesela o nang le marapo kapa dithapo tse pedi. Motho ya tjeketjelang o ne a ka kenya majwe a boreledi a tjhitja, a bophara ba disenthimithara tse 5 ho ya ho tse 7,5 mme a le boima ba digrama tse 250. Jwale o ne a tla tsoka letjeketjane, a lokolle thapo e le nngwe ebe lejwe leo le tswa ka matla a maholo mme le ya hantle moo a korotseng teng.

Ha ho epollwa dintho tsa kgale Botjhabela bo Hare, ho fumanwe majwe a mangata a matjeketjane a nakong ya dintwa tsa boholoholo. E ka nna yaba bahlabani ba ntwa ba ne ba betsa majwe ao ka lebelo la dikhilomithara tse 160 ho ya ho tse 240 ka hora. Ditsebi ha di dumellane tabeng ya hore na letjeketjane le ne le e na le bokgoni ba ho bolaya jwalo ka seqha kapa tjhe, empa ho bonahetse hore letjeketjane le lona le ne le kgona ho bolaya.​—Baahloli 20:16.

LA 24–30 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | RUTHE 1-2

“Bontsha Lerato le Tshepahalang”

w16.02 10 ¶5

Etsisang Metswalle e Haufi ya Jehova

5 Ba habo Ruthe ba ne ba dula Moabe. O ne a ka kgutlela ho bona, mme ba ne ba ka nna ba mo hlokomela. O ne a tseba batho ba Moabe, a bile a tseba puo le setso sa teng. Naomi o ne a tseba hore maemo a ke ke a tshwana ha ba fihla Bethlehema. Hape o ne a tshwenyehile hore Ruthe a ke ke a fumana motho ya tla mo nyala kapa ya tla mo hlokomela. Ka hoo, Naomi o ile a mo kopa hore a kgutlele Moabe. Re a hopola hore Orpa o ile ‘a kgutlela ho batho ba habo le ho medimo ya habo.’ (Ruthe 1:9-15) Empa Ruthe o ile a hana ho kgutlela ho batho ba habo ba rapelang medimo ya bohata.

w16.02 10 ¶6

Etsisang Metswalle e Haufi ya Jehova

6 Ho bonahala eka Ruthe o ile a ithuta ka Jehova ho monna wa hae kapa ho Naomi. O ile a ithuta hore Jehova o fapane le medimo ya Moabe. O ne a rata Jehova a bile a tseba hore o lokela ho mo rapela. Ka hoo, Ruthe o ile a etsa qeto e nepahetseng. O ile a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, mme Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.” (Ruthe 1:16) Re a hlollwa ha re nahana ka moo Ruthe a neng a rata Naomi ka teng. Empa ntho e hlollang le ho feta ke ho bona ka moo Ruthe a neng a rata Jehova ka teng. Sena se ile sa kgahla Boaze, mme hamorao a mo babatsa ka hore ebe o ile a ‘batla setshabelo tlasa mapheo a Jehova.’ (Bala Ruthe 2:12.) Mantswe a Boaze a ka nna a re hopotsa ka moo ledinyane la nonyana le itshireletsang ka teng tlasa mapheo a mma lona. (Pes 36:7; 91:1-4) Ka tsela e tshwanang, Jehova o ile a sireletsa Ruthe a ba a mo putsa ka lebaka la tumelo ya hae. Ha ho mohla Ruthe a ileng a ikwahlaela qeto eo a e entseng.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/1 27 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Ruthe

1:13, 21​—Na Jehova o ile a sulafalletsa Naomi bophelo le ho mo bakela tlokotsi? Tjhe, ebile Naomi ha a ka a beha Modimo molato ka phoso le ha e le efe. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la sohle se neng se mo hlahetse, o ile a nahana hore Jehova o ne a le kgahlanong le yena. O ile a utlwa bohloko a ba a fellwa ke tshepo. Ho feta moo, mehleng eo tholwana ya mpa e ne e nkwa e le tlhohonolofatso ya Modimo, ha ho ba nyopa ho ne ho nkwa e le thohako. Ka lebaka la ho hloka ditloholo le ho shwelwa ke bara ba babedi, Naomi o ne a ka nna a nka hore ho nepahetse ho nahana hore Jehova o ne a mo tlotlolotse.

LA 31 JANUARY–LA 6 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | RUTHE 3-4

“Dula o Iketsetsa Lebitso le Letle”

w12 10/1 22 ¶5

“Mosadi ya Kgabane ka ho Fetisisa”

Ha Boaze a bua, ha ho pelaelo hore lentswe la hae le bonolo le le kgathollang le ile la tshedisa Ruthe. O ile a re: “E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa, moradi wa ka. O bontshitse mosa wa hao o lerato hamolemo lekgetlong la ho qetela ho feta lekgetlong la pele, ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlase kapa ba ruileng.” (Ruthe 3:10) ‘Lekgetlo la pele’ ke ha Ruthe a ne a bontsha lerato ka botshepehi ka ho kgutlela le Naomi Iseraele le ka ho mo hlokomela. ‘Lekgetlo la ho qetela’ ke ketsahalong yona ena. Boaze o ile a hlokomela hore mosadi e motjha jwalo ka Ruthe a ka be a ile a ipatlela monna hara banna ba batjha, ebang ke barui kapa mafutsana. Ho e na le hoo, o ne a batla ho etsa se molemo, eseng ho Naomi feela empa le ho monna wa Naomi ya shweleng, e leng ho tsosetsa monna eo ya shweleng lebitso naheng ya habo. Ho bonolo ho bona hore na ke hobaneng ha Boaze a ile a kgahlwa ke boitelo ba mosadi enwa e motjha.

w12 10/1 23 ¶1

“Mosadi ya Kgabane ka ho Fetisisa”

E tlameha ebe Ruthe o ile a kgotsofala hakaakang ha a nahanisisa ka seo Boaze a se buileng​—hore o ne a tsejwa ke batho bohle hore ke “mosadi ya kgabane ka ho fetisisa.” Ha ho pelaelo hore o ile a ba le botumo bo jwalo ka lebaka la hore o ne a tjhesehela ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, o ne a le mosa ho Naomi le ho setjhaba sa habo ebile a ba nahanela hape ka boithatelo a phela ka mekgwa le ditlwaelo tseo ntle ho pelaelo a neng a sa di tsebe. Haeba re etsisa tumelo ya Ruthe, re tla hlompha batho ba bang ka ho tebileng re be re hlomphe mekgwa le ditlwaelo tsa bona. Ha re etsa jwalo, le rona re tla ba le botumo bo botle.

w12 10/1 24 ¶2

“Mosadi ya Kgabane ka ho Fetisisa”

Boaze o ile a nyala Ruthe. Ka mora moo, re bala ho re: “Jehova a mo dumella ho emola mme a tswala mora.” Basadi ba Bethlehema ba ile ba thoholetsa Naomi mme ba babatsa Ruthe ka hore o molemo ho feta bara ba supileng. Hamorao, re ithuta hore mora wa Ruthe e ile ya eba moholoholo wa Morena Davida ya tsebahalang. (Ruthe 4:11-22) Davida yena e ile ya eba moholoholo wa Jesu Kreste.​—Matheu 1:1.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/1 29 ¶3

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Ruthe

4:6​—Ke jwang morekolli a neng a ka “senya” lefa la hae ka ho rekolla? Ntlha ya pele, haeba motho eo e bang mofutsana a ne a rekisitse tshimo ya hae eo e leng lefa, morekolli o ne a lokela ho reka tshimo eo ka tjhelete ho itshetlehile ka hore na ho setse dilemo tse kae pele ho Jubile e latelang. (Levitike 25:25-27) Ho etsa jwalo ho ne ho tla fokotsa leruo la hae. Ho feta moo, haeba Ruthe a ne a ka tswala mora, lefa la tshimo e rekolotsweng le ne le tla jewa ke mora eo, eseng ditho tse teng tse haufi tsa lelapa la morekolli.

LA 7–13 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 1-2

“Tshollela Pelo ya Hao ho Jehova ha o Rapela”

ia 55 ¶12

O ile a Tshollela Pelo ya Hae ho Modimo ha a Rapela

12 Ka hoo, Anna o ile a behela bahlanka bohle ba Modimo mohlala o motle tabeng ya thapelo. Ka mosa, Jehova o kgothalletsa batho hore ba bue le yena ba lokolohile, ba sa tsilatsile ha ba mo bolella matshwenyeho a bona, jwalo ka ha ngwana a ne a ka bua le motswadi wa hae ya lerato hobane a mo tshepa. (Bala Pesaleme ya 62:8; 1 Bathesalonika 5:17.) Moapostola Petrose o ile a susumetswa hore a ngole mantswe ana a kgothatsang mabapi le ho rapela Jehova, a reng: ‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane o a le tsotella.’​—1 Pet. 5:7.

w07 3/15 16 ¶4

Ka Moo Anna a ileng a Fumana Kgotso ka Teng

Re ka ithuta eng ho see sohle? Ha re rapela Jehova ka dintho tseo re tshwenyehileng ka tsona, re ka mo tsebisa ka moo re ikutlwang ka teng mme ra mo kopa ho tloha pelong. Haeba ho se ho se letho leo re ka le etsang ho rarolla bothata boo, re lokela ho tlohela ditaba matsohong a hae. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka e latelang.​—Liproverbia 3:5, 6.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 21 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Samuele wa Pele

2:10​—Ke hobaneng ha Anna a ile a rapela hore Jehova a “[fe] morena wa hae matla” ka ha ho ne se na morena wa motho ya busang Iseraele? Taba ya hore Baiseraele ba ne ba tla ba le morena wa motho e ile ya bolelwa esale pele Molaong wa Moshe. (Deuteronoma 17:14-18) Boprofeteng ba hae ba ha a le makgatheng a lefu, Jakobo o ile a re: “Lere la borena [le tshwantshetsang taolo ya borena] le ke ke la sutha ho Juda.” (Genese 49:10) Ho feta moo, mabapi le Sara e leng moholoholo wa Baiseraele, Jehova o ile a re: “Marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.” (Genese 17:16) Ka hoo, Anna o ne a rapella morena wa ka moso.

LA 14–20 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 3-5

“Jehova o a Nahanela”

w18.09 24 ¶3

Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho

3 Samuele o ile a qala ho “sebeletsa Jehova” tabernakeleng a sa le monyenyane haholo. (1 Sam. 3:1) Bosiung bo bong tjena ha Samuele a qeta ho robala, ho ile ha etsahala ntho e nngwe e sa tlwaelehang. (Bala 1 Samuele 3:2-10.) O ile a utlwa motho a bitsa lebitso la hae. A tsoha mme a mathela ho Moprista ya Phahameng Eli hobane a ne a nahana hore ke yena ya ntseng a mo bitsa, yaba o re: “Ke nna enwa, ka ha o mpitsitse.” Empa Eli a re ha se yena ya ntseng a mo bitsa. Eitse ha ntho e tshwanang e etsahala ka makgetlo a mang hape a mabedi, jwale Eli a hlokomela hore ke Modimo ya neng a ntse a bitsa Samuele. Yaba o bolella Samuele hore na a arabe a reng mme Samuele a mamela. Ebe ke hobaneng ha Jehova a sa ka a bolella Samuele di sa tloha feela hore ke yena? Bibele ha e fane ka lebaka. Empa tsela eo dintho di ileng tsa etsahala ka yona, e bontsha hore Jehova o ne a nahanela Samuele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

w18.09 24 ¶4

Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho

4 Bala 1 Samuele 3:11-18. Molao wa Jehova o ne o laela bana hore ba hlomphe batho ba hodileng haholoholo marenana. (Ex. 22:28; Lev. 19:32) Na ebe Samuele o ne a tla ba le sebete sa ho tsohella Eli mme a mo fe molaetsa wa kahlolo o tswang ho Modimo? Ha ho jwalo. Ha e le hantle tlaleho ya Bibele e re “Samuele o ne a tshaba ho bolella Eli se hlahileng.” Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a etsa hore Eli a hlokomele hore ke yena ya neng a ntse a bitsa Samuele. Ka lebaka leo, Eli a re Samuele a tswe ka tsona. Yaba o re ho yena “[O se ke wa] mpatela lentswe mantsweng ohle ao [Modimo] a o boleletseng ona.” “Ka hoo, Samuele a mo bolella mantswe ohle.”

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 21 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Samuele wa Pele

3:3​—Na ka nnete Samuele o ile a robala ka Sehalaledisisong? Tjhe. Samuele e ne e le Molevi wa lelapa leo e seng la baprista, e leng la Bakohathe. (1 Likronike 6:33-38) Ka hoo, o ne a sa dumellwa ho “kena ho tla bona dintho tse halalelang.” (Numere 4:17-20) Karolo feela ya sehalalelo eo Samuele a neng a dumeletswe ho e sebedisa e ne e le lebala la tabernakele. E tlameha ebe o ne a robala moo. Ka moo ho bonahalang ka teng, Eli le yena o ne a robala kaekae lebaleng. Ho ka etsahala hore ebe polelo e reng “moo areka ya Modimo e neng e le hona teng” e bua ka sebaka sa tabernakele.

LA 21-27 FEBRUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 6-8

“Morena wa Hao ke Mang?”

it-2-E 163 ¶1

Mmuso wa Modimo

Ba ikopela ho Buswa ke Motho. Dilemo tse ka bang 400 ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, le tse ka bang ka hodimo ho 800 Modimo a entse selekane le Abrahama, Baiseraele ba ile ba batla ho buswa ke motho feela jwalo ka ditjhaba tse ba potolohileng. Ntho ena e ile ya bontsha hore ha ba batle ha Jehova e le yena mmusi wa bona. (1Sa 8:4-8) Ke nnete hore batho ba ne ba lebelletse hore Modimo o tla theha mmuso tumellanong le tshepiso eo a neng a fane ka yona ho Abrahama le Jakobo. Tshepo ya bona e ile ya tiya le ho feta ha ba hopola boprofeta bo mabapi le Juda boo Jakobo a ileng a bua ka bona pele a hlokahala (Gen 49:8-10), mantsweng ao Jehova a ileng a a bua ho Baiseraele ka mora hore ba tswe Egepeta (Ex 19:3-6), dipehelong tsa Molao wa selekane (De 17:14, 15) esita le molaetseng oo Modimo a ileng a susumetsa moprofeta Balame hore a o bue (Nu 24:2-7, 17). Anna ya tshepahalang e leng mme wa Samuele o ile a bua ka tshepo ena thapelong ya hae. (1Sa 2:7-10) Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a eso hlakise ka botlalo dintlha tse mabapi le “sephiri se halalelang” sa Mmuso hape o ne a sa bua ka hore na o tla se sibolla neng kapa hore na sephiri seo se tla phethahala lefatsheng kapa lehodimong le hore na se tla akarelletsang. Ka hoo, ka nnete batho bao ba ne ba le sebete ha ba ne ba ipatlela morena ka nako eo.

w11 1/1 27 ¶1

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

Hlokomela hore na Jehova o ile a arabela jwang ha Samuele a mo bolella bothata bona thapelong: “Mamela lentswe la setjhaba seo mabapi le sohle seo se o bolellang sona; ka ha ha se a lahla wena, empa se lahlile nna hore ke se ke ka ba morena wa sona.” Le hoja mantswe ao a ile a tshedisa Samuele, ketso ya batho bao e ne e qholotsa Modimo ya Matla ohle hakaakang! Jehova o ile a bolella moprofeta eo wa hae hore a lemose Baiseraele hore na ba ne ba tla kgola ditholwana dife ka ho ba le morena wa motho. Ha Samuele a ba bolella, ba ile ba ngangabala, ba re: “Tjhe, empa re tla ba le morena.” Ka ha Samuele o ne a dula a mamela Modimo wa hae, o ile a ya tlotsa morena eo Jehova a neng a mo kgethile.​—1 Samuele 8:7-19.

w10 1/15 30 ¶9

Puso ya Jehova e Tloswa Qoso!

9 Histori e ile ya bontsha hore temoso ya Jehova e ne e le nnete. Ho buswa ke morena wa motho ho ile ha tlisetsa Baiseraele mathata a maholo, haholoholo ha morena eo a ne a bontsha hore ha a tshepahale. Ha re nahana ka mohlala oo wa Baiseraele, ha re makale hore ebe ka dilemo, mebuso ya batho ba sa tsebeng Jehova e nnile ya hloleha ho tlisa melemo e tshwarellang. Ke nnete hore bo radipolotiki ba bang ba kopa hore Modimo a hlohonolofatse boiteko ba bona ba ho tlisa kgotso le tshireletseho, empa Modimo a ka hlohonolofatsa batho ba sa ikokobelletseng puso ya hae jwang?​—Pes. 2:10-12.

Matlotlo a Patilweng

w02 4/1 12 ¶13

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Kolobetswa?

13 Re lokela ho sokoloha pele re kolobetswa re le Dipaki tsa Jehova. Tshokoloho ke ketso ya boithatelo e etswang ka bolokolohi ke motho ya entseng qeto e tlohang pelong ya ho latela Kreste Jesu. Batho ba jwalo ba lahla tsela ya bona e fosahetseng ya nako e fetileng mme ba ikemisetsa ho etsa se lokileng mahlong a Modimo. Ka Mangolong, maetsi a Seheberu le a Segerike a amanang le tshokoloho a na le moelelo wa ho furalla kapa ho reteleha. Ketso ena e bontsha ho furalla tsela e fosahetseng le ho retelehela ho Modimo. (1 Marena 8:33, 34) Tshokoloho e hloka hore ho be le “mesebetsi e tshwanelang pako.” (Liketso 26:20) E hloka hore re lahle borapedi ba bohata, re sebetse tumellanong le ditaelo tsa Modimo mme re fe Jehova boinehelo bo yang ho yena a nnotshi. (Deuteronoma 30:2, 8-10; 1 Samuele 7:3) Tshokoloho e fella ka hore re fetole monahano wa rona, dipakane tsa rona le botho ba rona. (Ezekiele 18:31) Re a ‘sokoloha’ ha mekgwa e mebe e nkelwa sebaka ke botho bo botjha.​—Liketso 3:19; Baefese 4:20-24; Bakolose 3:5-14.

LA 28 FEBRUARY–LA 6 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 9-11

“Saule o Ile a Qala a Ikokobeditse Hape a Inyenyefaditse”

w20.08 10 ¶11

Ikokobetse Hape o Inyenyefatse ha o Tsamaya le Modimo

11 Na o sa hopola hore na Morena Saule o ile a hlahelwa keng? Ha a sa le motjha, e ne e le motho ya ikokobeditseng. O ne a hlokomela moo matla a hae a fellang teng a bile a le lesisitheho hore a ka amohela boikarabelo bo eketsehileng. (1 Sam. 9:21; 10:20-22) Empa ha nako e ntse e ya, o ile a qala ho etsa dintho tseo a neng a se na tokelo ya ho di etsa. O ile a bontsha sebopeho sena se sebe nakwana ka mora hore e be morena. Athe boemong bo bong teng o ile a fellwa ke pelo ha a ntse a emetse moprofeta Samuele. Ho e na le hore ka boikokobetso a tshepe hore Jehova o tla etsa dintho bakeng sa setjhaba sa hae, Saule o ile a etsa nyehelo ya setjheso eo a neng a se na matla kapa tokelo ya ho e etsa. Ka hoo, Jehova ha a ka a hlola a amohela Saule yaba le borena bo a mo fella. (1 Sam. 13:8-14) Re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re ithuta mohlaleng ona hore re qobe ho etsa dintho tseo re se nang tokelo ya ho di etsa.

w14 3/15 9 ¶8

Ka moo re ka Dulang re e na le Moya wa Boitelo

8 Mohlala wa Morena Saule wa Iseraele o re lemosa ka moo boithati bo ka fokodisang moya wa boitelo ka teng. Ha Saule a qala ho busa o ne a ikokobeditse. (1 Sam. 9:21) Ka boikokobetso o ile a ikgethela hore a se ke a otla Baiseraele ba neng ba bua hampe ka puso ya hae, le hoja ba ne ba phephetsa bolaodi boo Modimo a mo fileng bona. (1 Sam. 10:27) O ile a dumella moya wa Modimo ho mo tataisa hore a etelle Baiseraele pele ha ba ne ba hlola Baammone. Ka mora moo, ka boikokobetso o ile a isa thoriso ho Jehova ka tlholo ya hae.​—1 Sam. 11:6, 11-13.

w95 12/15 10 ¶1

Baammone​—Batho ba Ileng ba Buseletsa Mosa ka Bora

Le lekgetlong lena Baammone ba ne ba buseleditse mosa wa Jehova ka bora. Jehova ha a ka a iphapanyetsa tshokelo ena e mabifi. “Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo [tsa Nahashe], a halefa haholo.” Tlasa tataiso ya moya wa Modimo, Saule o ile a bokella lebotho la banna ba lwanang ba 330 000 bao ka ho felletseng ba ileng ba ripitla Baammone hoo ho ileng “ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.”​—1 Samuele 11:6, 11.

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 22 ¶8

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Samuele wa Pele

9:9​—Polelo e reng “moprofeta wa kajeno o ne a bitswa seboni dinakong tsa pele” e bontsha eng? Mohlomong mantswe ana a bontsha hore ha baprofeta ba ntse ba tuma haholwanyane mehleng ya Samuele le mehleng ya marena a Iseraele, lentswe “seboni” le ile la nkelwa sebaka ke lentswe “moprofeta.” Samuele o nkwa e le yena wa pele lesikeng la baprofeta.​—Liketso 3:24.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share