LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr22 March maq. 1-9
  • Ditshupiso Tsa “Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa “Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona”
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dihloohwana
  • LA 7-13 MARCH
  • LA 14-20 MARCH
  • LA 21-27 MARCH
  • LA 28 MARCH–LA 3 APRIL
  • LA 4-10 APRIL
  • LA 18-24 APRIL
  • LA 25 APRIL–LA 1 MAY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2022
mwbr22 March maq. 1-9

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

LA 7-13 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 12-13

“Ho Iketelletsa Pele ho Etsa Hore Motho a se ke a Hlompha”

w00 8/1 13 ¶17

Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe

17 Ha diketso tsa Saule di habanngwa feela, ho ka nna ha bonahala eka o ne a entse ntho e utlwahalang. Ha e le hantle, batho ba Modimo ba ne ba ‘le mahlomoleng,’ ba “le tsietsing,” mme ba thothomela ka lebaka la ho fellwa ke tshepo. (1 Samuele 13:6, 7, NW) Ka sebele, ha se phoso ho nka kgato ha maemo a ho hloka. Hopola hore, le ha ho le jwalo, Jehova a ka bona se ka pelong mme a lemoha sepheo sa rona se tebileng. (1 Samuele 16:7) Ka hoo, o tlameha a be a ile a bona dintlha tse ding mabapi le Saule tse sa bolelwang ka ho toba tlalehong ya Bibele. Ka mohlala, mohlomong Jehova o ne a bone hore ho hloka mamello ha Saule ho ne ho susumetswa ke boikgohomoso. Mohlomong Saule o ne a tenwa ke hore yena​—morena wa Iseraele yohle​—o ne a tlameha ho letela e mong eo a neng a mo bona e le moprofeta ya tsofetseng le ya diehang! Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Saule o ile a ikutlwa hore ho dieha ha Samuele ho mo neha tokelo ya ho inkela ditaba matsohong le ho hlokomoloha ditaelo tse hlakileng tseo a neng a di filwe. Phello ya e ba efe? Samuele ha a ka a thoholetsa kgato ya Saule. Ho fapana le hoo, o ile a tswa Saule, a re: “Borena ba hao bo ke ke ba tiya . . . kahobane ha wa ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.” (1 Samuele 13:13, 14) Le ka lekgetlo lena, ho iketelletsa pele ho ile ha tlisa ho se hlomphehe.

w07 6/15 27 ¶8

Jehova wa Thaba ha o Mamela

8 Tlaleho ya Bibele ya Morena Saule e hatisa hore ho mamela ke ha bohlokwa haholo. Saule o qadile e le morena ya ikokobeditseng le ya inyenyefaditseng, ‘a le monyenyane mahlong a hae.’ Le ha ho le jwalo, hamorao, ho ile ha bonahala boikgohomoso le monahano o fosahetseng diqetong tsa hae. (1 Samuele 10:21, 22; 15:17) Ka lekgetlo le leng, Saule o ne a lokela ho lwana le Bafilista. Samuele o ile a bolella morena hore a mo letele hore a tlo nyehela mahlabelo ho Jehova le ho fana ka ditaelo tse eketsehileng. Le ha ho le jwalo, Samuele ha a ka a tla ka pele ka moo ho neng ho lebeletswe ka teng, mme batho ba qala ho qhalana. Ha Saule a bona seo, a “qala ho nyehela sehlabelo sa setjheso.” Sena ha se a ka sa kgahlisa Jehova. Qetellong ha Samuele a fihla, morena o ile a ikemela ka hore ka ha Samuele o diehile, o ile a “iqobella” ho nyehela sehlabelo sa setjheso e le hore a nolofatse sefahleho sa Jehova. Ho ya ka Morena Saule, ho nyehela sehlabelo seo e ne e le ha bohlokwa ho feta ho mamela taelo eo a neng a e fumane ya hore a letele Samuele hore a tlo etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a re ho yena: “O entse ka bowatla. Ha wa boloka taelo ya Jehova Modimo wa hao eo a o laetseng yona.” Ho se mamele Jehova ho ile ha etsa hore Saule a tloswe boreneng.​—1 Samuele 10:8; 13:5-13.

Matlotlo a Patilweng

w11 7/15 14 ¶15

Na o Tla Latela Tataiso ya Jehova e Lerato?

15 Na batho bao ba ne ba nahana hore morena eo ba mo bonang e tla ba morena wa sebele le ya tshepahalang ho feta Jehova? Haeba ho jwalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba lelekisa ntho eo e seng ya sebele! Ba ne ba le kotsing ya ho phehella mashano a mang a mangata a Satane. Marena a batho a ne a tla ba isa ha bonolo borapeding ba ditshwantsho. Barapedi ba medimo ya ditshwantsho ba etsa phoso ya ho nahana hore ba ka tshepa medimo e entsweng ka lejwe le lehong hobane ba a e bona. Ha ba tshepe Jehova, Modimo ya sa bonahaleng, ya bopileng dintho tsohle. Empa Jwalo ka ha moapostola Pauluse a hlokometse, ditshwantsho tse rapelwang “ha se letho.” (1 Bakor. 8:4) Ha di bone, ha di utlwe, ha di bue ebile ha di etse letho. O ka di bona le ho di ama, empa haeba o ne o ka rapela se seng sa tsona, ka sebele o ne o tla be o lelekisa ntho eo e seng ya sebele​—e leng leshano le ka o tlisetsang tlokotsi feela.​—Pes. 115:4-8.

LA 14-20 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 14-⁠15

“Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”

w07 6/15 26 ¶4

Jehova o a Thaba ha o Mamela

4 Ka ha Jehova ke Mmopi, dintho tsohle tsa rona tse bonahalang e se e ntse e le tsa hae. Ha ho le jwalo, na ho na le ntho le ha e le efe eo re ka mo fang yona? E, re ka mo fa ntho e nngwe ya bohlokwa haholo. Ntho eo ke eng? Re ka fumana karabo keletsong ena e reng: “Mora wa ka, hlalefa mme o thabise pelo ya ka, e le hore nka araba ya nnyedisang.” (Liproverbia 27:11) Ntho eo re ka e fang Modimo ke ho mo mamela. Le hoja maemo le dimelo tsa rona di sa tshwane, ha e mong le e mong wa rona a mamela, a ka shanofatsa polelo ya Satane Diabolose e lonya e reng batho ba ke ke ba dula ba tshepahala ho Modimo ha ba tadimane le diteko. Eo ke tokelo e kaakang!

it-2-E 521 ¶2

Ho Mamela

Ha ho letho le ka nkelang ho mamela sebaka hobane Modimo a ke ke a re amohela haeba re sa mo mamele. Samuele o ile a re ho Morena Saule: “Na Jehova o thabela dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo jwalo ka ha a thabela ho mamelwa [sha·maʽʹ ka Seheberu] ha lentswe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo, ho ela hloko ho molemo ho feta mafura a dipheleu.” (1Sa 15:22) Ho se mamele Jehova ho bolela hore ha re amohele lentswe la hae, ha re dumele ho lona, ha re le tshepe ebile ha re na tumelo ho lona le ho Yena. Ka hoo motho ya sa mameleng Modimo o tshwana hantle le ya sebedisang bonohe le ya rapelang ditshwantsho. (1Sa 15:23; bapisa le Bar 6:16.) Ho dumela feela ka molomo ha ho bolele letho haeba o sa etse seo o lokelang ho se etsa. Ho se etse letho ho bontsha hore motho ha a dumele le hore ha a hlomphe mohlodi wa ditaelo tseo. (Mat 21:28-32) Haeba batho e le bautlwi feela mme ba thabela ho ithuta lentswe la Modimo empa ba sa etse seo ba ithutang sona, ba ntse ba “ithetsa ka monahano wa bohata” mme ba ke ke ba hlohonolofatswa. (Jak 1:22-25) Jesu o ile a hlakisa hore haeba batho ba etsa dintho tse tshwanang le tseo a di laetseng empa ba di etsa ka tsela e fosahetseng kapa ka morero o fosahetseng, ba ke ke ba kena Mmusong wa Modimo ebile o tla re ha a ka a ba tseba.​—Mat 7:15-23.

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 493

Qenehelo

Ho bontsha qenehelo maemong ao ho ona ho leng kgahlanong le thato ya Modimo, ho ka ba le ditlamorao tse mpe. Re bona sena ho se ileng sa etsahalla Morena Saule. Jehova o ne a fane ka kahlolo kgahlanong le Baamaleke e leng batho ba pele ba ho hlasela Baiseraele ntle ho lebaka ka mora hore ba tlohe Egepeta. Saule o ne a laetswe hore a se ke a ba qenehela. Ha a ka a mamela ditaelo tsa Jehova ka ho felletseng hobane o ile a dumella bahlanka ba hae hore ba mo susumelletse ho qenehela Baamaleke. Ka hoo Jehova o ile a re Saule ha e sa tla hlola e e ba morena. (1Sa 15:2-24) Saule o ile a etsa phoso mme a lahlehelwa ke kamohelo ya Jehova. Ho qoba seo, batho ba lokela ho tshepahalla Modimo mme ba nke tsela eo a reng ba etse dintho ka yona e le yona feela e nepahetseng.

LA 21-27 MARCH

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 16-17

“Ntwa ke ya Jehova”

wp16.5 11 ¶2-3

“Ntwa ke ya Jehova”

Davida o ile a kgothatsa Saule ka hore a mo bolelle ka seo a ileng a se etsa ka tau le bere. Na o ne a iphahamisa? Tjhe. Davida o ne a tseba hore na o kgonne ho hlola dibata tseo jwang. O ile a re: “Jehova, ya ileng a ntopolla marong a tau le marong a bere, ke yena ya tla ntopolla letsohong la Mofilista enwa.” Ka mora moo Saule o ile a re: “Tsamaya, mme e se eka Jehova a ka ba le wena.”​—1 Samuele 17:37.

Na o ka rata ho ba le tumelo jwalo ka Davida? Hlokomela hore Davida o ne a sa bue feela hore o batla ho ba le tumelo. O ne a dumela ho Modimo hobane a ithutile ka yena mme a bone dintho tseo a mo etseditseng tsona. A tseba hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae le hore o phethahatsa ditshepiso tsa hae. Re lokela ho ithuta ka Modimo e le hore re be le tumelo. Haeba re phela ka melao ya Jehova, tumelo ya rona e tla matlafala.​—Baheberu 11:1.

wp16.5 11-12

“Ntwa ke ya Jehova”

Davida o ile a araba Goliathe ka mantswe a sa lebaleheng. Nahana feela mohlankana eo a re ho Goliathe: “O tla ho nna ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betswang, empa nna ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa mabotho, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.” Davida o ne a tseba hore matla a motho le dibetsa e ne e se dintho tsa bohlokwa. Ka ha Goliathe o ne a hlompholotse Jehova Modimo, o ne a tla nka kgato. Jwalo ka ha Davida a ile a bolela, “ntwa ke ya Jehova.”​—1 Samuele 17:45-47.

Ha se hore Davida o ne a sa bone hore Goliathe ke seqhenqha le hore o nkile dibetsa. Le ha ho le jwalo, ha a ka a dumella hore dintho tseo di mo nyahamise. Ha a ka a etsa phoso eo Saule le lebotho la hae ba e entseng. O ne a sa ipapise le Goliathe. Ho e na le hoo, o ile a bapisa Goliathe le Jehova. Le hoja Goliathe a ne a le molelele ho feta banna ba bang, e ne e se letho ha a bapiswa le Morena wa bokahohle. Ha e le hantle, ho Jehova o ne a lekana le kokwanyana eo a neng a tla e timetsa ka mora nakwana.

wp16.5 12 ¶4

“Ntwa ke ya Jehova”

Mehleng ena, bahlanka ba Modimo ha ba kenelle dintweng. (Matheu 26:52) Le ha ho le jwalo, re lokela ho bontsha tumelo e tshwanang le ya Davida. Re lokela ho mo etsisa ka hore re nke Jehova e le motho wa sebele, hape e le yena feela Modimo eo re lokelang ho mo sebeletsa le ya tshwanelwang ke tlhompho. Le hoja ka dinako tse ding re ka utlwa re imetswe ke mathata, re lokela ho hopola hore mathata ao a manyenyane ha a bapiswa le matla a Jehova. Haeba re kgetha ho sebeletsa Jehova mme re ba le tumelo e tshwanang le ya Davida, re ke ke ra nyahamiswa ke bothata le ha e le bofe. Ha ho letho leo Jehova a hlolehang ho le etsa!

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 871-872

Saule

Jehova o ile a tlosa moya wa hae ho Saule ka mora hore a etse phoso le ka mora hore Davida a tlotswe hore e be Morena wa Iseraele. Ho tloha ka nako eo “moya o mobe o tswang ho Jehova wa mo tshosa.” Ka mora ho tlosa moya wa hae ho Saule, Jehova o ile a dumella moya o mobe hore o be hodima hae e le hore a se ke a ba le kgotso ya kelello le hore a ferekane maikutlo le tsela eo a nahanang ka yona. Ho se mamele ha Saule ho ile ha bontsha hore kelello ya motho le pelo ya hae di na le tshekamelo e mpe, e leng ntho eo moya wa Modimo o neng o ke ke wa mo sireletsa kgahlanong le yona. Ka ha Jehova o ile a tlosa moya wa hae ho Saule mme a dumella “moya o mobe” hore o be hodima hae le ho mo tshosa, bahlanka ba Saule ba ile ba re ke “moya o mobe o tswang ho Jehova.” Ka mora tlhahiso e ileng ya etswa ke e mong wa bahlanka ba hae, Saule o ile a kopa hore Davida e tlo ba moletsi wa hae wa mmino wa harepa e le hore a ka ba le phomolo ha “moya o mobe” o ba hodima hae.​—1Sa 16:14-23; 17:15.

LA 28 MARCH–LA 3 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 18-⁠19

“Dula o Ikokobeditse le ha o Atleha”

w04 4/1 15 ¶4

Itshetlehe ka Moya wa Modimo ha o Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha

4 Ka potlako modisana enwa o ne a tla tuma setjhabeng sa habo. O ile a bitsetswa ho tla hlokomela morena le ho mo letsetsa mmino. O ile a bolaya mohlabani Goliathe, eo e neng e le senatla se mabifi hoo esita le masole a Iseraele ao e neng e se e le kgale a di bona a neng a tshaba ho kopana le yena. E le moetapele wa bahlabani, Davida o ile a hlola Bafilista. Batho ba ne ba mo rata. Ba ile ba qapa dipina tse mo rorisang. Pejana, moeletsi e mong wa Morena Saule o ne a ile a hlalosa Davida e monyenyane ka hore e ne e se feela ya “nang le tsebo ya ho letsa” harepa empa e ne e boetse e le “monna ya sebete, ya matla le monna wa ntwa le sebui se kelello le monna ya bopehileng hantle.”​—1 Samuele 16:18; 17:23, 24, 45-51; 18:5-7.

w18.01 28 ¶6-7

Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

6 Batho ba bang ba ikgohomosa hobane ba na le maemo a phahameng setjhabeng, ba na le talente ya mmino, ba le matla mmeleng kapa hobane ba le batle. Davida o ne a na le dintho tsena kaofela, empa o ile a dula a ikokobeditse bophelo bohle ba hae. Ka mora hore Davida a bolaye Goliathe, Morena Saule o ile a fana ka moradi wa hae ho Davida hore a mo nyale, empa Davida a re: “Nna ke mang mme beng ka nna, lelapa la Ntate, ke bomang Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa morena?” (1 Sam. 18:18) Keng e ileng ya thusa Davida hore a dule a ikokobeditse? Davida o ile a hlokomela hore o ne a na le makgabane, ditalente le ditokelo tseo hobane Modimo ka boyena a ikokobeditse, mme a “itheola boemong” ba hae ka tsela ya tshwantshetso e le hore a mo hlohonolofatse. (Pes. 113:5-8) Ka hoo, Davida o ne a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e ntle eo a neng a na le yona e ne e tswa ho Jehova.​—Bapisa le 1 Bakorinthe 4:7.

7 Jwalo ka Davida, batho ba Jehova kajeno ba lwanela ho dula ba ikokobeditse. Re a hlollwa ha re hlokomela hore Jehova o ikokobeditse le hoja a phahame ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng. (Pes. 18:35) Re nka ka botebo keletso ena ya Bibele e reng: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:12) Re boetse re a hopola hore lerato “ha le ithorise [mme] ha le ikgohomose.” (1 Bakor. 13:4) Boikokobetso ba rona bo ka kgahla batho ba bang mme ba etsa hore ba batle ho sebeletsa Jehova. Feela jwalo ka ha banna bao e seng Bakreste ba ka kgahlwa ke boitshwaro ba basadi ba bona bo botle, le batho ka kakaretso ba ka kgahlwa ke boikokobetso ba bahlanka ba Modimo mme ba tla ka phuthehong.​—1 Pet. 3:1

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 695-696

Moprofeta

Le hoja ba ne ba kgethilwe ke moya wa Modimo, seo se ne se sa bolele hore ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba e bua e ne e le boprofeta. Ho e na le hoo, moya wa Modimo o ne o tla ho bona ka dinako tse sa tshwaneng ho ba senolela seo ba neng ba lokela ho se bua. (Eze 11:4, 5; Mik 3:8) Sena se ne se ba susumelletsa hore ba profete. (1Sa 10:10; Jer 20:9; Am 3:8) Ha se feela hore ba ne ba etsa dintho tse sa tlwaelehang empa tsela eo ba neng ba bua ka yona le tsela eo ba neng ba itshwara ka yona, e ne e bontsha matla le boikutlo bo hlollang. Sena se ka nna sa hlalosa hore na ho bolelwang ha ho thwe ba bang ba ile ‘ba itshwara jwalo ka baprofeta.’ (1Sa 10:6-11; 19:20-24; Jer 29:24-32; bapisa le Lik 2:4, 12-17; 6:15; 7:55.) Tjheseho le sebete sa bona di ne di etsa hore ba bonahale eka ke batho ba sa tlwaelehang ho batho ba bang, jwalo ka moprofeta ya ileng a hlaha ho balaodi ba lebotho la sesole ha Jehu a ne a tlotswa. Ha balaodi bana ba hlokomela hore monna enwa e ne e le moprofeta, ba ile ba amohela molaetsa oo a neng a fana ka ona. (2Ma 9:1-13; bapisa le Lik 26:24, 25.) Saule o ile a “itshwara jwalo ka moprofeta” nakong eo a neng a ntse a lelekisa Davida. O ile a hlobola diaparo tsa hae, “a paqama fatshe a hlobotse letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle” mme Davida o ile a baleha ka nako eo. (1Sa 19:18–20:1) Bibele e bontsha hore ha se ka mehla moo baprofeta ba neng ba hlobola. Ditlaleho tse ding tse pedi di bontsha hore moprofeta o ne a hlobola hobane a ne a na le lebaka, e leng ho bontsha karolo e itseng ya boprofeta ba hae. (Esa 20:2-4; Mik 1:8-11) Lebaka la Saule la ho hlobola ha le a hlaloswa ka Bibeleng. E ka nna yaba e ne le ho bontsha feela hore ke motho ya tlwaelehileng, hore o ile a nkelwa diaparo tsa hae tsa borena, ho bontsha hore ha a na matla kgahlanong le bolaodi le matla a Modimo kapa lebaka le leng le itseng.

LA 4-10 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 20-22

“O ka ba Motswalle ya Molemo Jwang?”

w19.11 7 ¶18

Eba le Setswalle se Matla Pele Bofelo bo Fihla

18 Kajeno bara le baradibabo rona ba hlahelwa ke mathata a sa tshwaneng. Ka mohlala, batho ba bangata ba angwa ke dikoduwa tsa tlhaho kapa dintwa. Ha sena se etsahala, re ka amohela metswalle ena ya rona mahaeng a rona. Ba bang ba ka kgona ho ba thusa ka ditjhelete. Empa kaofela ha rona re ka kgona ho kopa Jehova hore a thuse bara le baradibabo rona. Le ha ho le jwalo, haeba mora kapa moradiwabo rona a nyahame re ka nna ra se ke ra tseba hore na re etseng. Empa kaofela ha rona ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang ho thusa. Ka mohlala re ka ipha nako ya ho ba le mora kapa moradiwabo rona. Re ka mo mamela ka hloko ha a bua mme ra arolelana le yena mangolo a re kgothatsang. (Esa. 50:4) Ha bohlokwa le ho feta ke hore o ipha nako ya metswalle ya hao ha e o hloka.​—Bala Liproverbia 17:17.

w08 2/15 8 ¶7

Tsamaya Ditseleng Tsa Jehova

7 Modimo o lebelletse hore re be metswalle e tshepahalang. (Liprov. 17:17) Mora wa Morena Saule, Jonathane, e ile ya e ba motswalle wa Davida. Ha Jonathane a utlwa hore Davida o bolaile Goliathe, “moya wa Jonathane wa tlamahana le moya wa Davida, mme Jonathane a qala ho mo rata jwalo ka moya wa hae.” (1 Sam. 18:1, 3) Jonathane o ile a ba a hlokomedisa Davida ha Saule a ne a batla ho mo bolaya. Ka mora hore Davida a balehe, Jonathane o ile a kopana le yena mme ba hlaba selekane. Saule o ile a batla a bolaya Jonathane hobane a ne a ile a bua le Davida, empa metswalle eo e mmedi, e ile ya kopana hape mme ya ntjhafatsa setswalle sa yona. (1 Sam. 20:24-41) Ha ba ne ba kopana ka lekgetlo la ho qetela, Jonathane o ile a matlafatsa letsoho la Davida “mabapi le Modimo.”​—1 Sam. 23:16-18.

w09 10/15 19 ¶11

Ho Boloka Setswalle Lefatsheng le se Nang Lerato

11 Tshepahala. Solomone o ile a ngola a re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ha a ne a ngola mantswe ao, e ka nna yaba Solomone o ne a nahanne ka setswalle seo ntate wa hae, Davida, a neng a e na le sona le Jonathane. (1 Sam. 18:1) Morena Saule o ne a batla hore mora wa hae Jonathane e be mohlahlami teroneng ya Iseraele. Empa Jonathane o ne a ananetse taba ya hore Jehova o ne a kgethile Davida hore e be yena mohlahlami. Ho fapana le Saule, Jonathane o ne a sa honohele Davida. Ha a ka a kgopiswa ke thoriso eo Davida a ileng a e fumana, ebile ha a ka a kgolwa diketselletso tseo Saule a neng a di hasitse ka Davida. (1 Sam. 20:24-34) Na re tshwana le Jonathane? Ha metswalle ya rona e fumana boikarabelo bo itseng, na re thaba le yona? Ha e hlahelwa ke tsietsi, na re a e tshedisa le ho e tshehetsa? Haeba re utlwa metswalle ya rona e buuwa hampe, na re potlakela ho kgolwa seo? Kapa, na jwalo ka Jonathane, re sireletsa metswalle ya rona ka botshepehi?

Matlotlo a Patilweng

w05 3/15 24 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Samuele wa Pele

21:12, 13. Jehova o lebelletse hore re sebedise matla a rona a kelello le bokgoni hore re sebetsane le maemo a thata bophelong. O re file Lentswe la hae le buduletsweng, le fanang ka masene, tsebo le matla a ho nahana. (Liproverbia 1:4) Re boetse re fumana thuso e tswang ho baholo ba Bakreste ba kgethilweng.

LA 18-24 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 23-24

“Letela Jehova ka Mamello”

w04 4/1 16 ¶8

Itshetlehe ka Moya wa Modimo ha o Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha

8 Davida o ile a hana ho ntsha Saule kotsi. A bontsha tumelo le mamello, o ile a kgotsofalla ho tlohela ditaba matsohong a Jehova. Ka mora hore morena a tswe ka lehaheng, Davida o ile a mo hweletsa yaba o re: “E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le wena; Jehova o tla mpheteletsa ho wena, empa letsoho la ka le ke ke la e ba hodima hao.” (1 Samuele 24:12) Le hoja a ne a tseba hore Saule o ne a fositse, Davida ha a ka a iphetetsa, ebile ha a ka a nyefola Saule ha a bua le yena kapa ha a bua ka yena. Ka makgetlo a mang a mmalwa, Davida o ile a ithiba a se ke a inkela molao matsohong. Ho e na le hoo, o ile a itshetleha ka Jehova hore a lokise ditaba.​—1 Samuele 25:32-34; 26:10, 11.

w04 6/1 22-⁠23

Na Maemo a Hao a Laola Bophelo ba Hao?

Thuto ya boraro ke hore ho e na le ho sebedisa mekgwa e kgahlanong le Mangolo ho fetola maemo a rona, re lokela ho letela Jehova. Morutuwa Jakobo o ile a ngola a re: “Mamello mosebetsi wa yona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka ditsela tsohle, le sa haellwe ke letho.” (Jakobo 1:4) Mamello e lokela ho dumellwa hore “mosebetsi wa yona e ke e be o feletseng” ka hore re mamelle teko ho fihlela qetellong re sa retelehele mekgweng e kgahlanong le Mangolo ho etsa hore e fele kapele. Jwale tumelo ya rona e tla lekwa le ho hlwekiswa, mme matla a yona a tshehetsang a tla senolwa. Josefa le Davida ba ne ba e na le mamello ya mofuta ona. Ha ba a ka ba leka ho iphumanela tharollo e neng e ke ke ya thabisa Jehova. Ho e na le hoo, ba ile ba leka ka hohle ho sebedisa maemo a bona ha molemo. Ba ile ba letela Jehova, mme ba ile ba hlohonolofatswa hakaakang ka ho etsa jwalo! Bobedi ba bona Jehova o ile a ba sebedisa ho lopolla batho ba hae le ho ba etella pele.​—Genese 41:39-41; 45:5; 2 Samuele 5:4, 5.

Le rona re ka nna ra thulana le maemo ao ho ona re ka lekehang hore re batle tharollo e kgahlanong le Mangolo. Ka mohlala, na o nyahamisitswe ke hore ha o so fumane molekane wa lenyalo ya loketseng? Haeba ho jwalo, qoba teko le ha e le efe ya ho se mamele taelo ya Jehova ya hore o nyale “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Na o na le mathata lenyalong la hao? Ho fapana le ho inehela moyeng wa lefatshe o kgothalletsang karohano le tlhalo, lekang ka hohle ho rarolla mathata ha mmoho. (Malakia 2:16; Baefese 5:21-33) Na o na le mathata a ho hlokomela lelapa la hao ka lebaka la boemo ba hao ba moruo? Ho letela Jehova ho akarelletsa hore o qobe ho etsa mesebetsi e belaetsang kapa e sa dumellweng ke molao e le ho leka ho fumana tjhelete. (Pesaleme ya 37:25; Baheberu 13:18) E, kaofela ha rona re tlameha ho lwanela ho sebedisa maemo a rona ha molemo le ho ikitlaetsa ho etsa seo Jehova a tla se hlohonolofatsa. Ha re ntse re etsa jwalo, a re ikemisetseng ho letela Jehova hore a tlise tharollo e phethahetseng.​—Mikea 7:7.

Matlotlo a Patilweng

w17.11 27 ¶11

O se ke wa Dumella Letho ho o Amoha Moputso

11 Ho ke ke ha ba bonolo hore re be le mona haeba re na le lerato le mosa. Lentswe la Modimo le re: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa. Lerato ha le boulele [kapa ha le na mona].” (1 Bakor. 13:4) E le hore re se ke ra ba le mona, re lokela ho sheba bara le baradibabo rona ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona. Re hopole hore le bona ke ditho tsa phutheho. Haeba re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re dumellana le mantswe a Bibele a reng: “Haeba setho se seng se tlotliswa, ditho tse ding tsohle di thaba le sona.” (1 Bakor. 12:16-18, 26) Ka hoo, re ke ke ra ba le mona, empa re tla thaba ha re bona Jehova a hlohonolofatsa ba bang ba badumedimmoho le rona. Nahana ka mohlala wa Jonathane, mora wa Morena Saule. Ha a ka a ba le mona ha Davida a ne a kgethwa hore e be morena. Ho e na le hoo, o ile a mo kgothatsa. (1 Sam. 23:16-18) E se eka le rona re ka bontsha ba bang mosa le lerato jwalo ka Jonathane.

LA 25 APRIL–LA 1 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 SAMUELE 25-26

“Na o Etsa Dintho o sa Nahana?”

ia 78 ¶10-12

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

10 Masole ao a neng a sebetsa ka thata a ile a tshwara badisana jwang? Ho ne ho ka ba bonolo hore a dule a utswa dinku tsa Nabale, empa ha a ka a etsa jwalo. Ho e na le hoo, a ile a e ba jwalo ka lerako le neng le sireleditse mehlape ya Nabale le bahlanka ba hae. (Bala 1 Samuele 25:15, 16.) Badisa ha mmoho le dinku ba ne ba ka hlahelwa ke dikotsi tse ngata. Ho ne ho e na le dibata tse ngata mme moedi o ka borwa wa Iseraele o ne o le haufi haholo hoo dihlopha tsa mashodu tse tswang dinaheng tse ding di neng di atisa ho hlasela.

11 E tlameha ebe e ne e le boikarabelo bo boholo ho Davida hore a fepe banna bao kaofela ba neng ba e na le yena lefelleng. Ka hoo ka letsatsi le leng Davida o ile a romela manqosa a leshome ho Nabale ho ya kopa thuso. Davida o ile a a romela ka nako e ntle. E ne e le nako e monate ya ha ho kutwa dinku, nakong ya ha ka tlwaelo batho ba ne ba fana haholo ba bile ba keteka. Hape, Davida o ile a ba hlokolosi ha a kgetha mantswe, a bua ka boikokobetso le ka tlhompho. O ile a ba a re “mora wa hao Davida,” mohlomong e le tsela ya ho bontsha hore o hlompha Nabale jwalo ka motho e moholo. Nabale o ile a etsang?​—1 Sam. 25:5-8

12 O ile a loloma ke bohale! Ha mohlanka yane ya boletsweng qalong a hlalosetsa Abigaile se etsahetseng, o ile a re: “Monga rona [o ile] a a kgobola.” (Bibele​—Phetolelo e Ntjha) Ka ha o ne a le lekgonatha, Nabale o ile a komakoma a etsa lerata ka bohobe ba hae, metsi ha mmoho le nama eo a e hlabileng. O ile a soma Davida, a mo kgella fatshe a ba a mo bapisa le mohlanka ya balehileng ho monga hae. Mohlomong Nabale o ne a nahana jwalo ka Saule ya neng a hloile Davida. Banna bao ka bobedi ba ne ba sa tadime ditaba jwalo ka Jehova. Modimo o ne a rata Davida ebile o ne a mo nka jwalo ka morena wa Iseraele wa ka moso, eseng jwalo ka lekgoba la lerabele.​—1 Sam. 25:10, 11, 14.

ia 80 ¶18

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

18 O ile a itjarisa molato ona yaba o kopa hore Davida a mo tshwarele. O ile a toba taba a bontsha hore monna wa hae o ne a se na kelello jwalo ka ha lebitso la hae le bontsha, mohlomong a fana ka maikutlo a hore Davida o ne a tla itheola seriti haeba a ka otla motho wa mofuta oo. Ka ha o ne a elellwa hore Davida o lwana “dintwa tsa Jehova,” o ne a dumela hore Davida ke moemedi wa Jehova. O ile a boela a bontsha hore o ne a tseba hore Jehova o tshepisitse Davida borena, ka ha o ile a re: “Jehova . . . ka sebele o tla o beha hore o be moetapele wa Iseraele.” Ho feta moo, o ile a kgothalletsa Davida hore a se ke a etsa letho le tla etsa hore a be molato wa madi kapa seo ha morao e tlang ho ba “sesosa sa ho thekesela”​—ka moo ho bonahalang ka teng a buella taba ya ho ba le letswalo le molato. (Bala 1 Samuele 25:24-31.) Ruri ao e ne e le mantswe a mosa le a amang pelo!

Matlotlo a Patilweng

ia 80 ¶16

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

16 Na see se bolela hore Abigaile o ne a sa hlomphe bohlooho ba monna wa hae, ya neng a e na le tokelo ya ho tseba se etsahalang? Tjhe; o se ke wa lebala hore Nabale o ne a ile a ba lonya ho mohlanka wa Jehova ya tlotsitsweng, e leng se neng se ka nna sa fella ka hore ho bolawe batho ba bangata ba se nang molato ba ntlo ya Nabale. Haeba Abigaile a ne a sa nka bohato boo, na seo se ne se ka bolela hore o ema le monna wa hae? Tabeng ena, o ne a lokela ho nka ho ikokobelletsa Modimo e le ha bohlokwa ho feta ho ikokobelletsa monna wa hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share