Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
LA 5-11 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 9-10
“Rorisa Jehova ka Lebaka la Bohlale ba Hae”
w99 7/1 30 ¶6
Ketelo e Ileng ya Putswa ka ho Enneng
Ha a kopana le Solomone, mofumahadi eo o ile a qala ka ho mo leka ka “dipotso tse qakang.” (1 Marena 10:1, NW) Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng mona le ka fetolelwa e le “dilotho.” Empa sena ha se bolele hore mofumahadi eo o ile a kenya Solomone papading ya bosawana. Ho thahasellisang ke hore ho Pesaleme ya 49:4, lentswe le tshwanang la Seheberu le sebedisitswe ho hlalosa dipotso tsa bohlokwa tse mabapi le sebe, lefu le topollo. Ka hona, ho ka etsahala hore ebe mofumahadi wa Sheba o ne a tshohla dintlha tse tebileng le Solomone, tse ileng tsa leka ho teba ha bohlale ba hae. Bibele e tlaleha hore o ile a qala ho “mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.” Ka ho tshwanang, Solomone o ile a ‘mo arabela dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang morena, eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.’—1 Marena 10:2b, 3.
w99 11/1 20 ¶6
Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata
A makaditswe ke seo a se utlwileng le ho se bona, mofumahadi enwa o ile a araba ka boikokobetso: “Ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pela hao ka mehla, ba mametse bohlale ba hao!” (1 Marena 10:4-8, NW) Ha a ka a re bahlanka ba Solomone ba thabile hobane ba ne ba kenakene—le hoja ho ne ho hlile ho le jwalo. Ho ena le hoo, bahlanka ba Solomone ba ne ba hlohonolofaditswe hobane ka mehla ba ne ba ka mamela bohlale boo Solomone a bo filweng ke Modimo. Mofumahadi wa Sheba ke mohlala o motle hakaakang ho batho ba Jehova kajeno, ba thabelang bohlale ba Mmopi ka boyena le ba Mora wa hae, Jesu Kreste!
w99 7/1 30-31
Ketelo e Ileng ya Putswa ka ho Enneng
Mofumahadi wa Sheba o ile a kgahlwa ke bohlale ba Solomone le katleho ya mmuso wa hae hoo a ileng ‘a sala a kgathetse matla.’ (1 Marena 10:4, 5, NW) Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahadi o ile a sala a “ahlame.” Setsebi se seng sona se bile se re o ile a idibana! Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala eng, mofumahadi eo o ile a hlollwa ke seo a ileng a se bona le ho se utlwa. O ile a re bahlanka ba Solomone ba thabile kahobane ba utlwa bohlale ba morena, mme o ile a rorisa Jehova ka ho beha Solomone teroneng. Jwale o ile a fa morena dimpho tse theko e boima, kgauta feela ha e balwa ka dipalo tsa kajeno, e etsa R247 600 000. Solomone le yena o ile a fana ka dimpho, a fa mofumahadi eo “tsohle tseo a di lakaditseng, le tseo a di kopileng.”—1 Marena 10:6-13.
Matlotlo a Patilweng
w08 11/1 22 ¶4-6
Re o Lome Tsebe?
Morena Solomone o ne a ena le kgauta e kae?
Mangolo a bolela hore Morena Hirame wa Tyre o ile a romella Solomone dithane tse nne tsa kgauta, mofumahadi wa Sheba a mo fa e lekanang le yona mme dikepe tsa Solomone di ne di tlisa dithane tse fetang 15 tsa kgauta e tswang Ofire. Tlaleho e re: “Boima ba kgauta e tlileng ho Solomone ka selemo ya eba ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,” kapa dithane tse fetang tse 25. (1 Marena 9:14, 28; 10:10, 14) Na taba ee o a e kgolwa? Mediko ya kgauta ya marena e ne e le mekae mehleng eo?
Mantswe a boholoholo a ngotsweng, ao ditsebi di a nkang e le boitsebiso bo nepahetseng, a bontsha hore Faro Thutmose III wa Egepeta (dilemong tsa bo 1000 B.C.E.) o ile a fana ka dithane tse ka bang 13,5 tsa kgauta bakeng sa tempele ya Amun-Ra e Karnak. Dilemong tsa bo 700 B.C.E., Morena Tiglathe-pilesere III wa Assyria, o ile a fuwa dithane tse fetang tse nne tsa kgauta e le sethabathaba se tswang Tyre mme Sargone II a fana ka kgauta e lekanang le eo e le mpho ya medimo ya Babylona. Ho tlalehwa hore selemo le selemo Morena Philip II wa Macedonia (359-336 B.C.E.) o ne a rafa dithane tse fetang 28 tsa kgauta merafong ya Pangaeum, Thrace.
Ho bolelwa hore ha Alexandere e Moholo (336-323 B.C.E.), mora wa Philip, a hapa motse wa Persia o bitswang Susa, o ile a nka dithane tse ka bang 1 180 tsa kgauta moo le dithane tse ka bang 7 000 Persia yohle. Ka hoo ha ho bapiswa le ditlaleho tsena, Bibele ha e feteletse ditaba ha e bua ka kgauta ya Morena Solomone.
LA 12-18 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 11-12
“Kgetha Molekane wa Lenyalo ka Bohlale”
“Ke Mang ya ka Lehlakoreng la Jehova?”
7 Mohlala wa Morena Solomone o ka re ruta dintho tsa bohlokwa. Ha e sa le motjha, o ile a kopa tataiso ya Jehova. Yaba Modimo o mo fa bohlale bo tsotehang a ba a mo fa le mosebetsi wa ho haha tempele e ntle ka ho fetisisa e neng e le Jerusalema. Le ha ho le jwalo, setswalle sa hae le Jehova se ile sa senyeha. (1 Mar. 3:12; 11:1, 2) Molao wa Modimo o ne o re Morena “a se ke a ikekeletsa basadi, hore pelo ya hae e se ke ya kgeloha.” (Deut. 17:17) Solomone ha a ka a mamela empa a nyala basadi ba 700. O ile a boela a tlisa dinyatsi tse 300 ha hae. (1 Mar. 11:3) Solomone o ile a tlola molao wa Modimo ka ho nyala basadi bao e seng Baiseraele ba neng ba rapela medimo ya bohata.—Deut. 7:3, 4.
O ka Sirelletsa Pelo ya Hao Jwang?
6 Ka ha Satane o ile a itjheba boyena feela, ha a ka a mamela ditaelo tsa Jehova. Ka hoo, o batla hore re tshwane le yena. Empa Satane a ke ke a re qobella hore re etse dintho jwalo ka yena. Ka hona, o re lohela maqheka a hore a re tshwase. Ka mohlala, o sebedisa batho bao re phelang le bona bao a ba tshwaeditseng. (1 Joh. 5:19) O batla hore re qete nako le bona le hoja re tseba hantle hore ditlwaelano tse mpe di “senya” le ho “bodisa” tsela eo re etsang dintho ka yona le eo re nahanang ka yona. (1 Bakor. 15:33) Hopola hore o ile a sebedisa leqheka lena ho Morena Solomone. Solomone o ile a nyala basadi ba bangata ba bahetene, bao “butlebutle . . . [ba ileng ba] kgelosa pelo ya hae.”—1 Mar. 11:3.
“Ke Mang ya ka Lehlakoreng la Jehova?”
9 Ha ho mohla Jehova a iphapanyetsang dibe. Bibele e re: “Jehova a tukela Solomone ka bohale, hobane pelo ya hae e ne e sekametse hole le Jehova . . . , ya hlahileng ho yena habedi. Mabapi le ntho ena a mo laela hore a se ke a latela medimo e meng; empa o ne a sa ka a boloka seo Jehova a se laetseng.” Ka lebaka leo, Modimo ha a ka a hlola a mo tshehetsa le ho mo amohela. Majalefa a mmuso wa Solomone ha a ka a busa Iseraele yohle mme ka dilemo tse makgolo a ile a tobana le mathata a boima.—1 Mar. 11:9-13.
Matlotlo a Patilweng
A ka be a Ile a Amohelwa ke Modimo
Roboame o ile a bokella lebotho la hae la sesole. Yaba Jehova o kenella taba a sebedisa moprofeta Shemaia mme a re: “Le se ke la nyoloha mme la lwantsha barababo lona bara ba Iseraele. E mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae, etswe ntho ena e hlahile ka tshusumetso ya ka.”—1 Mar. 12:21-24.
A phuthe matsoho feela? O se o ka inahanela feela hore na sena se ile sa hlobaetsa Roboame hakakaang! Ebe batho ba ne ba tla nahanang ka morena ya tshepisitseng ho ba shapa ka “diphadi tse metjeka,” empa hona jwale e le moo a tla lokela ho ikokobelletsa borabele bo bontshang lenyatso? (Bapisa le 2 Likronike 13:7.) Le ha ho le jwalo, Roboame le lebotho la hae “ba mamela lentswe la Jehova, mme ba kgutlela hae ho ya ka lentswe la Jehova.”
Rona re ithutang tabeng ena? Re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re mamela Modimo esita le ha ho etsa jwalo, ho ka nna ha etsa hore re phoqwe ke batho. Ho mamela Modimo ho tla etsa hore a re amohele a be a re hlohonolofatse.—Deut. 28:2.
Ho ile ha etsahalang ka Roboame? O ile a mamela Modimo mme a se ke a lwantsha meloko yane e leshome. Empa a qala ho haha ditoropo dibakeng tsa Juda le Benjamine tseo a neng a ntse a di busa. A ba a etsa bonnete ba hore dibaka tsena e ba tse sireletsehileng “ka tekanyo e kgolo.” (2 Likron. 11:5-12) Ntho ya bohlokwa eo re e tshwayang ka yena ke hore bonyane ka nako e nngwe o kile a mamela molao wa Jehova. Ha meloko e leshome ya Iseraele e tlasa puso ya Jeroboame e teba borapeding ba ditshwantsho, batho ba bangata ho tswa pusong eo, ba ne ba ntse ba tshehetsa Roboame ka hore ba ye Jerusalema ho ya emela borapedi ba nnete. (2 Likron. 11:16, 17) Ka ha Roboame o ile a mamela, Modimo o ile a matlafatsa bobusi ba hae.
LA 19-25 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 13-14
“Inyenyefatse Mme o Kgotsofalle Seo o Nang le Sona”
w08 8/15 8 ¶4
Dula o Tshepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
4 Jwale ha a bua le monna wa Modimo wa nnete, Jeroboame o re: “Tloo le nna ntlong mme o je se matlafatsang, mme ke o fe mpho.” (1 Mar. 13:7) Jwale moprofeta o tla etsang? Na o lokela ho amohela memo ya morena ka mora hore a mo bolelle molaetsa wa kahlolo? (Pes. 119:113) Kapa na o lokela ho hana memo ya morena le ha e le moo morena a bonahala eka o itshwabetse? Ho totobetse hore Jeroboame ke morui mme a ka kgona ho fa metswalle ya hae dimpho tsa theko e boima. Haeba moprofeta eo wa Modimo a ne a ntse a ena le takatso eo a e patileng ya dintho tsa nama, seo morena a tshepisang ho mo fa sona se ka nna sa mo beha tekong e kgolo. Le ha ho le jwalo, Jehova o laetse moprofeta eo tjena: “O se ke wa ja bohobe kapa wa nwa metsi, mme o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.” Ka lebaka leo moprofeta enwa o araba a sa qeaqee, o re: “Haeba o ne o mphile halofo ya ntlo ya hao ke ne nke ke ka tla le wena mme ke je bohobe kapa ke nwe metsi sebakeng sena.” Ka hoo, moprofeta eo o nka tsela esele ha a tloha Bethele. (1 Mar. 13:8-10) Qeto eo moprofeta eo a e entseng e re ruta eng ka ho tshepahala ho tloha pelong?—Bar. 15:4.
w08 8/15 11 ¶15
Dula o Tshepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
15 Ke eng hape eo re ka ithutang yona ka phoso e ileng ya etswa ke moprofeta ya tswang Juda? Liproverbia 3:5 e re: “Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.” Ho ena le ho tswela pele a tshepa Jehova jwalo ka ha a ne a nnile a etsa nakong e fetileng, lekgetlong lena moprofeta ya tswang Juda o ile a itshepa. Phoso ya hae e ile ya etsa hore a lahlehelwe ke bophelo ya ba ya senya lebitso le letle leo a neng a ena le lona ho Modimo. Se mo etsahalletseng se bontsha hore na ke habohlokwa hakaakang hore motho a inyenyefatse a be a tshepahale ha a sebeletsa Jehova!
w08 8/15 9 ¶10
Dula o Tshepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng
10 Moprofeta ya tswang Juda o ne a lokela hore ebe o ile a bona leqheka la moprofeta enwa ya tsofetseng. O ne a lokela hore ebe o ile a ipotsa, ‘Ke hobaneng ha Jehova a ne a ka romela lengeloi ho motho e mong ho mo fa ditaelo tse ntjha tse tlang ho nna?’ Moprofeta enwa a ka be a ile a kopa Jehova hore a mo hlakisetse ditaelo tseo, empa Mangolo ha a bontshe hore o ile a etsa jwalo. Ho ena le hoo, o ile “a kgutla le [monnamoholo eo] e le hore a ka ja bohobe ka tlung ya hae le ho nwa metsi.” Seo ha se a ka sa thabisa Jehova. Qetellong ha moprofeta eo ya thetsitsweng a kgutlela Juda, tau e ile ya mo fumana yaba e a mo bolaya. Mosebetsi wa hae wa boprofeta o ile wa qetella ha bohloko hakaakang!—1 Mar. 13:19-25.
Matlotlo a Patilweng
w10 7/1 29 ¶5
O Sheba Ditshobotsi Tse Ntle Tsa Batho
Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore mantswe a ho 1 Marena 14:13 a re ruta ntho e nngwe ya bohlokwa ka Jehova le seo a se shebang ho rona. Hopola hore “ho fumanwe” ntho e itseng e ntle ho Abija. Ho bonahala Jehova a ile a batlisisa pelong ya Abija ho fihlela A fumane tshobotsinyana e itseng e ntle ho yena. Ha Abija a bapiswa le ba lelapa labo, o ne a tshwana le seo setsibi se seng se reng ke perela e le nngwe “ka hara qubuhadi ya majwe.” Jehova o ile a nka tshobotsi eo e ntle e le ya bohlokwa yaba o putsa motho enwa a le mong ka hara lelapa leo le kgopo ka ho mo bontsha mohau.
LA 26 SEPTEMBER–LA 2 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 15-16
“Eba Sebete Jwalo ka Asa”
w12 8/15 8 ¶4
“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi wa Lona”
Dilemong tse 20 ka mora hore mmuso wa Iseraele o arolwe hore e be mebuso e mmedi, mmuso wa Juda o ne o silafaditswe ka ho felletseng ke mekgwa ya bohetene. Ha Asa e ne e eba morena ka 977 B.C.E., esita le lekgotla la borena le ne le silafaditswe ke borapedi ba medimo ya Bakanana ya tswalo. Empa tlaleho e buduletsweng ya ho busa ha Asa e re o ile “a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Modimo wa hae.” Asa o ile “a tlosa dialetare disele le dibaka tse phahameng mme a qhaqha ditshiya tse halalelang le ho rema dipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:2, 3) Asa o ile a boela a leleka “matekatse a banna a tempele” mmusong wa Juda. Matekatse ana a ne a etsa bosodoma ka lebitso la bodumedi. Asa ha a ka a tlosa borapedi bona ba bohata feela. Empa o ile a boela a kgothalletsa batho hore “ba batle Jehova Modimo wa baholoholo ba bona” le hore ba phethe ‘melao le ditaelo’ tsa Modimo.—1 Mar. 15:12, 13; 2 Likron. 14:4.
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Felletseng
7 E mong le e mong wa rona a ka kgona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Modimo ka pelo yohle kapa tjhe. Ipotse, ‘Na ke ikemiseditse ho thabisa Jehova, ho emela borapedi ba nnete le ho se silafatse phutheho ya Modimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontsha ha a ne a ema kgahlanong le Maaka “mofumahadi” wa motse. E ka nna yaba ha o eso kopane le motho ya tshwanang le mofumahadi eo, empa ho na le boemo boo ho bona o ka etsisang Asa. Ka mohlala, o ka etsang haeba motswalle wa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake mme qetellong se kgaolwa? Na o tla tlohela ho buisana le yena? Kapa o tla etsang?
it-1-E 184-185
Asa
Asa o ile a etsa diphoso mme ka dinako tse ding o ne a etsa diqeto tse seng bohlale. Le ha ho le jwalo, o ne a ena le makgabane a matle ebile o ile a sireletsa borapedi ba nnete. Ke ka hoo a ileng a balellwa hara marena a neng a tshepahala lelokong la Juda. (2Likr 15:17) Asa o ile a busa ka dilemo tse 41 mme nakong eo ho ile ha busa marena a robedi Iseraele e leng: Jeroboame, Nadabe, Basha, Ela, Zimri, Omri, Tibni (ya ileng a busa karolo e itseng ya Iseraele hobane a ne a le kgahlanong le Omri) le Akabe. (1Ma 15:9, 25, 33; 16:8, 15, 16, 21, 23, 29) Ka mora hore Asa a shwe mora wa hae Josafate e ile ya eba morena.—1Ma 15:24.
Matlotlo a Patilweng
w98 9/15 21-22
Na Modimo ke wa Sebele ho Wena?
Ka mohlala, bala boprofeta bo mabapi le kahlolo ya ho tsosolosa Jeriko mme o nahane ka phethahatso ya bona. Joshua 6:26 e re: ‘Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o theha ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.’ Bo ile ba phethahala dilemo tse 500 hamorao, hoba ho 1 Marena 16:34 re a bala: ‘Mehleng ya Morena Akabe, Hiele wa Bethele a haha Jeriko, a o theha ka ho senyehelwa ke Abirame, mora hae e moholo, a tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke Segube, mora hae e monyenyane, ha eba jwalo ka ha Jehova a na a boletse ka Joshua, mora Nune.’ Ke Modimo wa nnete feela ya neng a ka budulela boprofeta bo jwalo a ba a bona hore bo a phethahala.
LA 3-9 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 17-18
“Le Tla Nne le Qeaqee Halelele Hakae Pakeng Tsa Maikutlo a Mabedi a Fapaneng?”
Eba le Tumelo Mme o Etse Diqeto ka Bohlale
6 Ha Baiseraele ba le naheng e tshepisitsweng, ba ne ba lokela kgetha hore na ba rapela Jehova kapa medimo e meng. (Bala Joshua 24:15.) Ho ne ho ka nna ha bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e jwalo. Haeba ba mamela Jehova, ba ne ba tla phela, empa haeba ba sa mo mamele, ba ne ba tla shwa. Ka makgetlo ba ile ba fetohela Jehova mme ba rapela medimo ya bohata. (Baahl. 2:3, 11-23) Nahana hape ka se ileng sa etsahalla batho ba Modimo mehleng ya kgale ha ba ne ba lokela ho etsa qeto. Moprofeta Elia o ile a re ba kgethe hore na ba sebeletsa Jehova kapa Baale. (1 Mar. 18:21) Elia o ile a ba eletsa hore ba se ke ba qeaqea ho etsa qeto. O ka nna wa nahana hore ho ne ho le bonolo ho etsa qeto eo, hobane o a tseba hore ho bohlokwa ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle, e ne e tla ba bowatla ho sebeletsa Baale. Le ha ho le jwalo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea . . . pakeng tsa maikutlo a mabedi a fapaneng.’ Ka bohlale, Elia o ile a ba kgothalletsa hore ba rapele Jehova Modimo wa nnete.
ia 88 ¶15
O Ile a Emela Borapedi ba Nnete
15 Ha ba utlwa seo, baprista ba Baale ba ile ba ferekana le ho feta, “ba hweletsa ka mantswe a phahameng mme ba itsheha ka dithipa tse sehang ka nqa tse pedi le ka marumo ho ya ka tlwaelo ya bona, ho fihlela ba entse hore ba tsholohe madi.” Empa ha ho a thusa! “Ho ne ho se na lentswe, ho ne ho se na ya arabang, mme ho sa elwe hloko.” (1 Mar. 18:28, 29) Ka sebele, Baale o ne a le siyo. E ne e mpa e le ntho feela e qapilweng ke Satane e le leraba la ho kgelosa batho hore ba se ke ba rapela Jehova. Nnete ke hore ho kgetha monghadi e mong ntle ho Jehova ho fella ka maswabi, esita le dihlong.—Bala Pesaleme ya 25:3; 115:4-8.
ia 90 ¶18
O Ile a Emela Borapedi ba Nnete
18 Pele Elia a rapela, mohlomong letshwele le ne le ipotsa hore na ho ne ho tla bonahala Jehova e le Modimo wa bohata jwalo ka Baale na. Le ha ho le jwalo, ka mora thapelo eo, ho ne ho se ho sa hlokahale hore le ipotse. Bibele e re: “Yaba mollo wa Jehova o a theoha mme o tjhesa nyehelo ya setjheso le dikotwana tsa patsi le majwe le lerole, mme wa nyeka metsi a neng a le ka forong.” (1 Mar. 18:38) E bile karabo e hlollang hakaakang! Ebe batho ba ile ba ikutlwa jwang?
Matlotlo a Patilweng
w08 4/1 19, lebokose
O Ile a Shebella, Mme a Leta
Komello ya Mehleng ya Elia e Nkile Nako e Kae?
Moprofeta wa Jehova ya bitswang Elia o ile a bolella Morena Akabe hore komello eo e nkileng nako e telele e ne e tla fela haufinyane. Ho ile ha fela ha eba jwalo “ka selemo sa boraro”—ho tloha letsatsing leo Elia a ileng a phatlalatsa ka lona hore ho tla ba le komello. (1 Marena 18:1) Jehova o ile a nesa pula nakwana ka mora hore Elia a bolele hore e tla na. Ka hoo, ba bang ba ka nna ba etsa qeto ya hore komello e ile ya fela selemong sa yona sa boraro le hore e nkile nako e ka tlase ho dilemo tse tharo. Le ha ho le jwalo, Jesu le Jakobo ba re komello eo e ile ya nka “dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.” (Luka 4:25; Jakobo 5:17) Na Bibele e a ikganyetsa tabeng ee?
Ha ho jwalo. Iseraeleng ya boholoholo nako ya komello e ne e eba telele, e nka hoo e ka bang dikgwedi tse tsheletseng. Ha ho pelaelo hore ha Elia a tsebisa Akabe ka komello eo le ne le se le ntse le baletse ka nako e telele. Ha e le hantle, komello ena e ne e qadile hoo e ka bang dikgwedi tse tsheletseng pejana. Ka hoo, ha Elia a phatlalatsa komello “ka selemo sa boraro” ho tloha phatlalatsong ya hae ya nakong e fetileng, komello e ne e se e nkile dilemo tse ka bang tharo le halofo. Ho ne ho se ho fetile “dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng” ha batho bohle ba ne ba tlilo bona ha ho etswa teko e kgolo Thabeng ya Karmele.
Jwale nahana ka nako ya ha Elia a qala ho etela Akabe. Batho ba ne ba dumela hore Baale ke Modimo “ya kaletseng maru,” ya neng a tla nesa pula e tla fedisa komello. Ha komello e nka nako e telele ka ho sa tlwaelehang, mohlomong batho ba ne ba ipotsa ba re: ‘O kae Baale? O tla nesa pula neng?’ Ha ho pelaelo hore phatlalatso ya Elia ya hore ho ke ke ha eba le pula kapa phoka pele a laela hore di be teng e ile ya nyahamisa barapedi bao ba Baale.—1 Marena 17:1.
LA 10-16 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 19-20
“Batla Matshediso ho Jehova”
Itshetlehe ka Jehova ha o Ena le Matshwenyeho
5 Bala 1 Marena 19:1-4. Elia o ile a tshoha haholo ha Mofumahadi Jezebele a mo tshosa ka hore o tlo mo bolaya. Ka hoo, o ile a balehela Beerseba. O ne a nyahame hoo a ileng a “kopa hore moya wa hae o shwe.” Ke hobaneng ha a ne a ikutlwa ka tsela ee? Elia o ne a sa phethahala e le “motho ya nang le maikutlo a jwalo ka a rona.” (Jak. 5:17) Mohlomong o ne a ena le kgatello ya maikutlo hape a ena le mokgathala o matla. Ho bonahala eka Elia o ne a nka hore boiteko bohle ba hae ba ho thusa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova e ne e le ba lefeela ka ha ba ne ba sa batle ho etsa diphetoho mme e le yena feela ya neng a sebeletsa Jehova. (1 Mar. 18:3, 4, 13; 19:10, 14) Re ka nna ra makatswa ke hore na ke hobaneng ha Elia a ne a ikutlwa ka tsela ena. Empa Jehova yena o ne a utlwisisa maikutlo a Elia hantle.
ia 103 ¶13
O Ile a Tshediswa ke Modimo wa Hae
13 O nahana hore Jehova o ile a ikutlwa jwang ha a sheba lefatsheng a le lehodimong mme a bona moprofeta eo a mo ratang a robetse tlasa sehlahla lefeelleng mme a ikopela ho shwa? Ha ho hlokahale hore re ingwaye hlooho. Ka mora hore Elia a kgalehe, Jehova o ile a romela lengeloi. Lengeloi leo le ile la tsosa Elia ka ho mo sisinya ha bonolo mme la re: “Tsoha, o je.” Elia o ile a etsa jwalo, etswe ka mosa lengeloi leo le ne le mo lokiseditse dijo tse bobebe—e leng bohobe bo ntseng bo tjhesa le metsi. Na o ile a leboha lengeloi leo? Tlaleho e re bolella feela hore moprofeta o ile a ja mme a nwa yaba o kgutlela borokong. Na ebe o ne a nyahame hoo a neng a sitwa le ho bua? Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, lengeloi leo le ile la mo tsosa lekgetlo la bobedi, mohlomong ha mafube a hlaha. Le ile la boela la re ho Elia, “Tsoha, o je,” la ba la eketsa ka mantswe ana a ikgethang, “etswe leeto le boima bakeng sa hao.”—1 Mar. 19:5-7.
ia 106 ¶21
O Ile a Tshediswa ke Modimo wa Hae
21 Ketsahalong ka nngwe, tlaleho e re bolella hore Jehova o ne a se hara dintho tseo tse neng di bontsha matla a tlhaho. Elia o ne a tseba hore Jehova ha se Modimo ya inahanelwang jwalo ka Baale eo barapedi ba hae ba thetsitsweng ba neng ba mo bitsa “ya kaletseng maru,” kapa ya nesang pula. Jehova ke Mohlodi wa sebele wa matla ohle a hlollang a tlhaho, empa hape o moholo haholo ho feta ntho le ha e le efe eo a e entseng. Esita le mahodimo ka boona a ke ke a mo lekana! (1 Mar. 8:27) Dintho tsee kaofela di ile tsa thusa Elia jwang? Hopola hore o ne a tshohile. Empa ka ha o ne a ena le Jehova Modimo ka lehlakoreng la hae, Modimo ya neng a ena le matla ao a maholohadi, ho ne ho se na lebaka la hore Elia a tshohe Akabe le Jezebele!—Bala Pesaleme ya 118:6.
ia 106 ¶22
O Ile a Tshediswa ke Modimo wa Hae
22 Ka mora hore mollo o fete, ho ile ha eba le kgutso e kgolo yaba Elia o utlwa “lentswe le bonolo, le tlase.” Le ne le mo kgothalletsa hore a tsholle pelo ya hae hape mme o ile a fela a etsa jwalo, a bua dintho tsohle tse mo tshwenyang ka lekgetlo la bobedi. Mohlomong seo se ile sa etsa hore ka mora moo a utlwe ho re kokololo! Le ha ho le jwalo, ha ho pelaelo hore Elia o ile a tshediswa le ho feta ke seo “lentswe le bonolo, le tlase” le ileng la mo bolella sona ka mora moo. Jehova o ile a tiisetsa Elia hore ka sebele e ntse e le motho wa bohlokwa haholo. O ile a etsa seo jwang? Modimo o ile a senola seo a rerileng ho se etsa nakong e tlang mabapi le ho lwantsha borapedi ba Baale Iseraele. Ho hlakile hore mosebetsi wa Elia e ne e sa ka ya eba wa lefeela ka ha ho ne ho se letho le tla ema morero wa Modimo pele. Ho feta moo, Elia e ne e ntse e le karolo ya morero oo ka ha Jehova o ile a mo kgutlisetsa morao hore a ilo phetha ditaelo tse itseng tse tobileng.—1 Mar. 19:12-17.
Matlotlo a Patilweng
w97 11/1 31 ¶1
Mohlala wa ho Itela le ho Tshepahala
Bahlanka ba Modimo ba bangata kajeno ba bontsha moya o tshwanang wa boitelo. Ba bang ba siile “masimo” a bona, dintho tseo ba neng ba iphedisa ka tsona, bakeng sa ho ya bolela ditaba tse molemo dibakeng tse hole kapa ho ya sebeletsa e le ditho tsa lelapa la Bethele. Ba bang ba ile dinaheng disele ho ya sebetsa mererong ya Mokgatlo ya kaho. Ba bang ba amohetse seo ho neng ho ka nna ha thwe ke mesebetsi e tlase. Empa, ha ho motho ya sebeletsang Jehova ka thata ya etsang tshebeletso eo e seng ya bohlokwa. Jehova o ananela bohle ba mo sebeletsang ka ho rata, mme o tla hlohonolofatsa moya wa bona wa ho itela.—Mareka 10:29, 30.
LA 17-23 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 21-22
“Etsisa Tsela eo Jehova a Sebedisang Bolaodi ba Hae ka Yona”
it-2-E 21
Jehova wa Mabotho
Ha Joshua a bona lengeloi haufi le Jeriko, o ile a le botsa hore na le ka lehlakoreng la Baiseraele kapa la ba direng. Lengeloi leo le ile la re: “Tjhe, empa nna—ke le kgosana ya lebotho la Jehova jwale ke tlile.” (Jos 5:13-15) Moprofeta Mikaia o ile a re ho Morena Akabe le Morena Josafate: “Ka sebele ke bona Jehova a dutse teroneng ya hae mme lebotho lohle la mahodimo le eme pela hae, ka ho la hae le letona le ka ho la hae le letshehadi.” Ho hlakile hore o ne a bua ka bara ba Modimo e leng mangeloi. (1Ma 22:19-21) Ho nepahetse hore ebe ho sebedisitswe “mabotho” e le bongateng polelwaneng e reng “Jehova wa mabotho” ka ha mangeloi ha a hlaloswe feela ka dihlopha tsa dikerubime, dirafime le mangeloi. (Esa 6:2, 3;Ge 3:24; Tše 5:11) A boetse a dihlopha di ngata, ke ka hoo Jesu Kreste a ileng a re o na le “dilegione tse fetang leshome le metso e mmedi tsa mangeloi” ao a ka a bitsang. (Mat 26:53) Ha Ezekiase a ne a kopa thuso ho Jehova, o ile a re ke “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime,” e leng hore o ne a bua ka areka ya selekane le dikerubime tse sekwahelong sa yona, tse tshwantshetsang terone ya Jehova e lehodimong. (Esa 37:16; bapisa le 1Sa 4:4; 2Sa 6:2.) Mohlanka wa Elisha o ile a matlafala ha a bona pono ya mohlolo moo ho neng ho ena le dithaba tse potapotileng motse o hapilweng oo Elisha a neng a dula ho wona o “tletse dipere le dikoloi tsa ntwa tsa mollo,” e leng karolo ya mangeloi ao Jehova a neng a a bitsitse.—2Ma 6:15-17.
“Hlooho ya Monna e Mong le e Mong ke Kreste”
9 Boikokobetso. Ha ho na motho ya bohlale jwalo ka Jehova empa ho ntse ho le jwalo o mamela maikutlo a bahlanka ba hae. (Gen. 18:23, 24, 32) O dumella ba ka tlasa hae hore ba fane ka ditlhahiso tsa bona. (1 Mar. 22:19-22) Jehova o phethahetse empa ha a lebella hore rona re etse dintho tse phethahetseng hona jwale. Ho ena le hoo, o thusa batho ba sa phethahalang ba mo sebeletsang hore ba atlehe. (Pes. 113:6, 7) Ha e le hantle Bibele e hlalosa Jehova e le “mothusi” wa rona. (Pes. 27:9; Baheb. 13:6) Morena Davida o ile a re o kgonne ho etsa mosebetsi o moholo oo a o filweng hobane Jehova a ikokobeditse.—2 Sam. 22:36.
it-2-E 245
Leshano
Jehova Modimo o dumella hore “tshebetso ya ho fosahetseng” e ye ho batho ba sa rateng nnete “e le hore ba ka dumela leshano” ho ena le ditaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste. (2Th 2:9-12) Molaomotheo ona o ile wa hlaka ho se ileng sa etsahalla Morena Akabe dilemo tse makgolo pejana. Baprofeta ba leshano ba ile ba tiisetsa Akabe hore o tla hlola ntweng kgahlanong le Ramothe-gileade, ha moprofeta wa Jehova e leng Mikaia yena a ile a profeta hore ho tla ba le tlokotsi. Jwalo ka ha Mikaia a ile a bona ponong, Jehova o ile a dumella lengeloi hore e be “moya o thetsang” molomong wa baprofeta ba Akabe. E leng hore lengeloi le ile la sebedisa matla a lona ho susumelletsa baprofeta bao hore ba se ke ba bua nnete, empa ba bue ntho eo ba batlang ho e bua le eo Akabe a neng a batla ho e utlwa. Le hoja Akabe a ile a lemoswa, o ile a thetseha mme qetellong a lefa ka bophelo ba hae.—1Ma 22:1-38; 2Likr 18.
Matlotlo a Patilweng
Ho Baka e le ka Nnete ho Bolelang?
4 Qetellong mamello ya Jehova e ile ya fela. O ile a romela Elia ho Akabe le Jezebele ho ba bolella ka kotlo eo a neng a tlo ba fa yona. Lelapa la bona kaofela le ne le tla bolawa. Mantswe a Elia a ile a utlwisa Akabe bohloko haholo. Ho makatsang ke hore monna eo ya ikgohomosang o ile a ‘ikokobetsa.’—1 Mar. 21:19-29.
5 Le hoja Akabe a ile a ikokobetsa ka nako eo, dintho tseo a ileng a di etsa ka mora moo di ile tsa bontsha hore o ne a sa baka e le ka nnete. Ha a ka a fedisa borapedi ba Baale mmusong wa hae. Hape ha a ka a kgothalletsa batho hore ba rapele Jehova. Ho na le dintho tse ding tseo Akabe a ileng a di etsa tse bontshang hore o ne a sa baka.
6 Ha morao, Akabe o ile a kopa Morena Josafate wa Juda hore a mo thuse ho lwantsha Baasyria empa Josafate o ile a re ba qale ka ho botsa moprofeta wa Jehova hore na ba lokela ho etsang pele ba ka ya ntweng. Qalong Akabe o ne a sa batle ho etsa jwalo. O ile a re: “Ho sa ntse ho ena le monna a le mong eo ho ka botswang Jehova ka yena; empa ka sebele ke mo hloile, ka ha ha a profete dintho tse molemo malebana le nna empa o profeta tse mpe.” Le ha ho le jwalo, ba ile ba botsa moprofeta Mikaia hore ba lokela ho etsa jwang. Moprofeta wa Modimo o ile a feela a bolella Akabe dintho tse mpe tse neng di tla mo etsahalla. Ho ena le hore Akabe ya neng a le kgopo a bake mme a kope hore Jehova a mo tshwarele, o ile a lahlela moprofeta eo teronkong. (1 Mar. 22:7-9, 23, 27) Le hoja Akabe a ile a lahlela moprofeta eo wa Jehova teronkong, ha a ka a kgona ho thibela boprofeta boo hore bo phethahale. Ka mora moo, Akabe o ile a bolawa ntweng.—1 Mar. 22:34-38.
LA 24-30 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 1-2
“Mohlala o Motle wa ho Rupela”
w15 4/15 13-14 ¶15
Ka Moo Baholo ba Kwetlisang ba Bang ka Teng Hore ba Tshwanelehe
15 Tlaleho ya Elisha e boetse e bontsha hore barababo rona ba lokela ho hlompha baholo ba nang le phihlelo. Ka mora hore Elia le Elisha ba etele baprofeta ba Jeriko, banna bao ba babedi ba ile ba tlameha ho tshela Noka ya Jordane. Ka hoo, “Elia a nka seaparo sa hae se kgethehileng mme a se phutha yaba o otla metsi, mme butlebutle a arohana.” Ba ntano tsamaya ba ntse ba bua ha ba tshela Noka ya Jordane mobung o omileng. Elisha o ile a mamela ka hloko sohle seo mokwetlisi wa hae a se buang, mme a tswela pele ho ithuta mohlaleng wa hae. Ha ho mohla Elisha a kileng a nka hore o se a tseba dintho tsohle. Ha Elia a nkwa ka sefefo, Elisha o ile a kgutlela Nokeng ya Jordane. Ha a fihla moo, o ile a otla metsi ka seaparo se kgethehileng sa Elia mme a re: “O kae Jehova Modimo wa Elia?” Metsi a noka a ile a boela a arohana.—2 Mar. 2:8-14.
w15 4/15 14 ¶16
Ka Moo Baholo ba Kwetlisang ba Bang ka Teng Hore ba Tshwanelehe
16 Na o hlokometse hore mohlolo wa pele wa Elisha o ne o tshwana hantle le wa ho qetela wa Elia? See se re rutang? Elisha ha a ka a nka hore ka ha jwale seeta ho lla sa hae, o lokela ho fetola tsela eo Elia a neng a etsa dintho ka yona. Ho ena le hoo, Elisha o ile a etsisa tsela eo Elia a neng a etsa dintho ka yona, mme a bontsha hore o hlompha mokwetlisi wa hae, e leng se ileng sa nolofalletsa baprofeta ba bang hore ba mo tshepe. (2 Mar. 2:15) Elisha o ile a sebeletsa e le moprofeta ka dilemo tse 60, mme Jehova a mo fa matla a hore a etse mehlolo e mengata ho feta ya Elia. Barababo rona ba kwetliswang ba ka ithutang ho see?
Matlotlo a Patilweng
w05 8/1 9 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Bobedi
2:11—‘Mahodimo’ ao Elia a ileng “a nyolohela . . . ka sefefo” ho ona ke afe? Mahodimo ana e ne e se dikarolo tse holehole tsa sepakapaka ebile e ne e se sebaka sa moya seo Modimo le bara ba hae ba mangeloi ba dulang ho sona. (Deuteronoma 4:19; Pesaleme ya 11:4; Matheu 6:9; 18:10) “Mahodimo” ao Elia a ileng a nyolohela ho ona e ne e le sepakapaka seo re se bonang. (Pesaleme ya 78:26; Matheu 6:26) Ho bonahala hore ha koloi ya mollo e ntse e matha sepakapakeng e ile ya isa Elia karolong e nngwe ya lefatshe, moo a ileng a phela teng ka nako e itseng. Ha e le hantle, dilemo hamorao, Elia o ile a ngolla Jorame, morena wa Juda.—2 Likronike 21:1, 12-15.
LA 31 OCTOBER–LA 6 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 3-4
“Nka Mora wa Hao ke Enwa”
“Ke a Tseba Hore o Tla Tsoha”
7 Tsoho ya bobedi ka Mangolong e etsahetse mehleng ya Elisha, ya ileng a hlahlama Elia jwalo ka moprofeta. Mosadi ya tsebahalang wa Moiseraele o ile a amohela moprofeta Elisha ka mofuthu lelapeng la hae, motseng wa Shuneme. Mosadi eo o ne a sa kgone ho ba le bana. Modimo o ile a sebedisa Elisha ho putsa mosadi eo le monna wa hae ka ho ba fa mora. Dilemo tse mmalwa hamorao, mora wa bona o ile a shwa. Nahana feela hore mme wa hae o ne a utlwile bohloko hakakaang! Ka tumello ya monna wa hae, mosadi eo o ile a tsamaya dikhilomitara tse 30 ho ya kopana le Elisha Thabeng ya Karmele. Moprofeta Elisha o ile a roma mohlanka wa hae ya bitswang Gehazi ha mosadi eo. Gehazi o ile a hloleha ho tsosa moshanyana eo. Hamorao Elisha le mosadi eo ba ile ba fihla.—2 Mar. 4:8-31.
“Ke a Tseba Hore o Tla Tsoha”
8 Elisha o ile a ema pela setopo mme a rapela. Ka mohlolo, moshanyana eo o ile a tsoha. Mme wa hae o ne a sa tsebe hore a iketseng ke thabo! (Bala 2 Marena 4:32-37.) Ho ka etsahala hore mosadi eo o ile a hopola mantswe a thapelo ya Anna, ha a ne a tlisitse mora wa hae Samuele tabernakeleng, mme a re: ‘Jehova ke Mmoloki wa bophelo mme o nyolla batho lebitleng.’ (1 Sam. 2:6) Ka tsela ya sebele, Modimo o ile a tsosa kapa a nyolla moshanyana eo lefung. Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore o na le bokgoni ba ho tsosa bafu.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 697 ¶2
Moprofeta
“Bara ba Baprofeta.” Buka e bitswang Gesenius’ Hebrew Grammar (Oxford, 1952, leq. 418) e re ka Seheberu ben (mora wa) kapa benehʹ (bara ba) e ka bolela “setho sa mokgatlo o itseng, ka mohlala, mokgatlo wa bahwebi (kapa wa leloko kapa wa sehlopha se itseng).” (Bapisa le Ne 3:8, moo “setho sa batswaki ba ditlolo” e leng “mora wa batswaki ba ditlolo.”) Ka hoo, polelwana e reng “bara ba baprofeta” e ka bolela sekolo se kwetlisang batho ba etsang mosebetsi ona kapa mokgatlo wa baprofeta. Batho ba dihlopheng tseo ba ne ba eba teng Bethele, Jeriko le Gilgale. (2Ma 2:3, 5; 4:38; bapisa le 1Sa 10:5, 10.) Samuele o ne a etella pele sehlopha se Rama. (1Sa 19:19, 20) Elisha le yena e ne e le moetapele mehleng ya hae. (2Ma 4:38; 6:1-3; bapisa le 1Ma 18:13.) Ho tlalehwa ha ba ne ba ikahela matlo a bodulo ka dithulusi tseo ba di kadimmeng, e leng hore ba ne ba phela bophelo bo bobebe. Le hoja ba ne ba arolelana dijo le bodulo, ba ne ba ka tswa ho ya etsa mesebetsi ya bona e fapafapaneng ya boprofeta.—1Ma 20:35-42; 2Ma 4:1, 2, 39; 6:1-7; 9:1, 2.