Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
© 2022 Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses
LA 2-8 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 22-23
“Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ikokobetsa?”
w00 9/15 29-30
Josiase ya Ikokobeditseng o Ile a Ratwa ke Jehova
Ho tloha esale hoseng, ba lokisang tempele ba sebetsa ka kgothalo. Ka sebele Josiase o leboha Jehova hore ebe basebetsi ba lokisa tshenyo eo ba bang ba baholoholo ba hae ba kgopo ba ileng ba e etsa ntlong ya Modimo. Ha mosebetsi o ntse o tswela pele, Shafane a tla tlaleha. Empa o tshwereng? Ka sebele, o tshwere moqolo! O hlalosa hore Moprista ya Phahameng Hilkia o fumane “buka ya molao wa Jehova e fanweng ka letsoho la Moshe.” (2 Dikronike 34:12-18, NW) Ho sibolotswe ntho e kaakang eo ho seng pelaelo ya hore ke kopi ya pele ya Molao!
Josiase o labalabela ho utlwa lentswe le leng le le leng la buka ena. Ha Shafane a ntse a bala, morena o leka ho bona ka moo taelo ka nngwe e sebetsang ka teng ho yena le ho setjhaba. Haholoholo o kgahlwa ke tsela eo ka yona buka ena e totobatsang borapedi ba nnete ka teng le ho bolela esale pele dikotlo le botlamuwa tse neng di tla tla haeba setjhaba se ne se kopanela bodumeding ba bohata. Jwale ha a hlokomela hore hase ditaelo tsohle tsa Modimo tse phethilweng, Josiase o hahola diaparo tsa hae mme o fa Hilkia, Shafane le ba bang taelo ena: ‘Le mpotsetse Jehova, ka mantswe a buka ena etswe Jehova o re halefetse haholo hobane baholoholo ba rona ha ba a mamela ditaelo tsa buka ena.’—2 Marena 22:11-13; 2 Dikronike 34:19-21.
w00 9/15 30 ¶2
Josiase ya Ikokobeditseng o Ile a Ratwa ke Jehova
Yaba manqosa a Josiase a ya Jerusalema ho Hulda moprofeta wa mosadi mme a kgutla le tlaleho. Hulda o fetisitse lentswe la Jehova, a bontsha hore ditlokotsi tse tlalehilweng bukeng e sa tswa fumanwa di tla wela setjhaba seo sa bakwenehi. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la ho ikokobetsa ka pela Jehova Modimo, Josiase a ke ke a welwa ke tlokotsi ena. O tla orohela ho baholoholo ba hae mme a iswe lebitleng ka kgotso.—2 Marena 22:14-20; 2 Dikronike 34:22-28.
Matlotlo a Patilweng
w01 4/15 26 ¶3-4
O ka Atleha ho sa Tsotellehe ka Moo o Hodisitsweng ka Teng
Ho sa tsotellehe maemo a sithabetsang a bongwaneng ba hae, Josiase o ile a tswela pele ho etsa se setle mahlong a Jehova. Mmuso wa hae o ne o atlehile hoo Bibele e reng: “Pele ho yena ha ho a ka ha eba le morena ya jwalo ka yena ya ileng a kgutlela ho Jehova ka pelo ya hae yohle le ka moya wa hae wohle le ka mafolofolo a hae ohle, ho ya ka molao wohle wa Moshe; le ha e le hore ka mora hae ho ile ha hlaha ya jwalo ka yena.”—2 Marena 23:19-25.
Josiase ke mohlala o kgothatsang hakaakang ho bohle ba ileng ba tshwanela ho mamella bongwana bo bosula! Re ka ithutang mohlaleng wa hae? Ke eng e ileng ya thusa Josiase ho kgetha tsela e nepahetseng le ho dula ho yona?
LA 9-15 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 24-25
“Dula o Fadimehile”
w01 2/15 12 ¶2
Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
2 Ntle ho pelaelo ho profeta ha Sofonia ho ile ha etsa hore Josiase e monyenyane a elellwe haholwanyane hore ho hlokahala hore ho tloswe borapedi bo sa hlwekang Juda. Le ha ho le jwalo, ha Josiase a tlosa bodumedi ba bohata ka hare ho naha ha a ka a fedisa bokgopo bohle hara setjhaba, hape ha a ka a fedisa dibe tsa ntataemoholo, Morena Manase, ya ‘neng a tlatsitse Jerusalema ka madi a hlokang molato.’ (2 Marena 24:3, 4; 2 Dikronike 34:3) Ka hona, letsatsi la Jehova la kahlolo le ne le tla fela le tle.
w07 3/15 11 ¶10
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
E ne e le ka selemo sa 607 B.C.E. Tsedekia o ne a le selemong sa bo11 sa borena ba hae. Morena Nebukadnezare wa Babilona o ne a thibeletse Jerusalema ka dikgwedi tse 18. Ka letsatsi la bosupa kgweding ya bohlano ya selemo sa bo19 sa puso ya Nebukadnezare, Nebuzaradane, mookamedi wa balebedi, o ile ‘a tla’ Jerusalema, kapa a fihla teng. (2 Marena 25:8) Mohlomong a le diahelong tsa hae tse neng di le ka ntle ho marako a motse, Nebuzaradane o ile a hlahloba boemo mme a rera hore na a nke bohato bofe. Matsatsi a mararo ha morao, ka la leshome la kgwedi, o ile a ‘kena’ Jerusalema, mme a qala ho tjhesa motse.—Jeremia 52:12, 13.
Matlotlo a Patilweng
w05 8/1 12 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Bobedi
24:3, 4. Jehova “ha a ka a dumela ho tshwarela” Juda ka lebaka la molato wa madi wa Manase. Modimo o hlompha madi a ba se nang molato. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla phetetsa madi a se nang molato ka ho fedisa ba molato wa ho a tsholla.—Pesaleme ya 37:9-11; 145:20.
LA 16-22 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 1-3
“Bibele ke Buka ya Nnete Eseng ya Ditshomo”
w09 9/1 14 ¶1
Adama le Eva—Na Ruri ba Kile ba Phela?
Ka mohlala, nahana ka tlaleho ya Bibele e bukeng ya Pele ya Dikronike, kgaolo ya 1 ho ya ho ya 9, le e Kosepeleng ya Luka, kgaolo 3 e thathamisang leloko la Bajuda. Ditlaleho tsena di thathamisitse ka ho hlaka maloko a 48 le a 75 ka ho latellana ha ona. Buka ya Luka e lokodisa leloko labo Jesu Kreste, ha Dikronike e tlaleha ka leloko la borena le la baprista la setjhaba sa Iseraele. Mathathamo ao ka bobedi a na le mabitso a batho ba tsebahalang jwalo ka Solomone, Davida, Jakobo, Isaka, Abrahama, Noe, ha mmoho le Adama. Mabitso a mathathamong ana ka bobedi a hlahisitse batho ba kileng ba phela, mme ho ona ka bobedi Adama ke yena wa pele.
w08 6/1 3 ¶4
Taba ya Noe le Morwallo—Ke Nnete, ha se Tshomo Feela
Ditlaleho tse pedi tse ka Bibeleng tse thathamisang maloko di bontsha hore Noe o kile a phela. (1 Dikronike 1:4; Luka 3:36) Esdrase le Luka, ba ngotseng ditlaleho tseo, ba ile ba batlisisa ka hloko pele ba di ngola. Luka o ile a latelIisa leloko la Jesu Kreste ho ya fihla ho Noe.
w09 9/1 14-15
Adama le Eva—Na Ruri ba Kile ba Phela?
Ka mohlala, nahana ka thuto ya Bibele eo batho ba bangata ba kenang kereke ba e nkang e le ya bohlokwa—e leng sehlabelo sa thekollo. Ho latela thuto ena, Jesu Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo e le hore a pholose batho dibeng tsa bona. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Jwalo ka ha re tseba, thekollo ke ho fana ka tefo e lekanang le ya ntho e o lahlehetseng kapa eo o neng o se o e tetse, e le ho e lokolla kapa ho e reka hape. Ke ka hoo Bibele e hlalosang Jesu e le “tefo e neng e hlokahala.” (1 Timothea 2:6) Re ka nna ra ipotsa, ke thekollo e lekanang le eng? Bibele ya araba: “Feela jwalo ka ha bohle ba shwa ka lebaka la Adama, bohle ba tla phediswa ka lebaka la Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Bophelo bo phethahetseng boo Jesu a ileng a fana ka bona e le ho rekolla moloko wa batho ba tshepahalang bo lekana le bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla ka lebaka la sebe seo a ileng a se etsa Edene. (Baroma 5:12) Ho hlakile hore haeba Adama ha a ka a phela, seo se ne se tla bolela hore ho hang sehlabelo sa Kreste sa thekollo ha se na molemo.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 911 ¶3-4
Leloko
Mabitso a Basadi. Ka dinako tse ding basadi ba ne rehwa mabitso ho ya ka maloko haeba ho ne ho ena le mabaka a ho etsa jwalo. Lebitso la Sara le a hlaha ho Genese 11:29, 30 hobane Peo e tshepisitsweng e ne e tla ba teng ka yena eseng ka mosadi e mong wa Abrahama. Ho ka etsahala hore Milka le yena o hlaha ditemaneng tsona tseo hobane e ne e le nkgono wa Rebeka mosadi wa Isaka. Ka hoo taba ena e bontsha hore Rebeka o ne a tswa lelokong la Abrahama ka ha Isaka o ne sa lokela ho nyala mosadi wa moditjhaba. (Ge 22:20-23; 24:2-4) Ho Genese 25:1, ho hlaha lebitso la mosadi e mong wa Abrahama e leng Ketura. Sena se bontsha hore Abrahama o ile a nyala hape ka mora hore Sara a hlokahale. Hape o ne a ntse a ena le bokgoni ba ho ba le bana dilemo tse 40 ka mora hore Jehova a etse hore ba be le ngwana ka mohlolo. (Bar 4:19; Ge 24:67; 25:20) Taba ena e boetse e bontsha hore na meloko e meng ya Maarabia le Bamidiane ba ne ba amana jwang le Baiseraele.
Ho boetse ho hlaha lebitso la Lea, Ragele, direthe tsa Jakobo ha mmoho le bara bao ba ileng ba eba le bona. (Ge 35:21-26) Sena se re thusa ho utlwisisa tsela eo ka yona Modimo a ileng a sebedisana le bara bana ha morao. Ho na le mabitso a basadi ba bang a hlahang tatellanong ya maloko ka mabaka a kang ana. Haeba ba ne ba hlaha lethathamong la batho ba lokelang ho fuwa lefa, ho ne ho ka bolelwa mabitso a bona. (Nu 26:33) Ke nnete hore Tamare, Rahaba le Ruthe bona ba a ikgetha. E mong le e mong wa bona o na le tsela e ikgethang eo e ileng ya eba karolo ya leloko leo Mesia e leng Jesu Kreste, a ileng a hlaha ho lona. (Ge 38; Ru 1:3-5; 4:13-15; Mat 1:1-5) Maemo a mang ao mabitso a basadi a hlahang ho ona ha ho thathamiswa leloko ke a ho 1 Dikronike 2:35, 48, 49; 3:1-3, 5.
LA 23-29 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 4-6
“Dithapelo Tsa ka di Bontshang ka Nna?”
w10 10/1 23 ¶3-7
“Ya Utlwang Thapelo”
Jabeze e ne e le motho ya rapelang haholo. O qadile thapelo ya hae ka ho kopa Modimo hore a mo hlohonolofatse. Ka mora moo o ile a kopa dintho tse tharo tse bontshang hore o ne a ena le tumelo e matla.
Ya pele, Jabeze o ile a kopa Modimo, a re: “O eketse naha ya ka.” (Temana ya 10) Monna enwa ya hlomphehang o ne a se meharo ya ho ba le sebaka se seholo, a bile a sa kgalle dintho tsa batho ba bang. E tlameha ebe kopo ya hae e matla e ne e sa amane le sebaka hakaalo empa e ne e amana le batho. E ka nna yaba o ne a kopa hore a ekeletswe sebaka sa hae ka tsela e ke keng ya tsosa moferefere e le hore ho ka ba le batho ba bangata ba tla rapela Modimo wa nnete.
Ya bobedi, Jabeze o ile a kopa hore “letsoho” la Modimo le be le yena. Letsoho la tshwantshetso la Modimo ke matla a hae ao a a sebedisetsang ho thusa barapedi ba hae. (1 Dikronike 29:12) E le hore Jabeze a arabelwe dikopong tseo a neng a di etsa ho tswa pelong, o ne a tshepile Modimo eo letsoho la hae le seng lekgutshwanyane ho ba bontshang tumelo ho yena.—Esaia 59:1.
Ya boraro, Jabeze o ile a rapela, a re: ‘O mpoloke tlokotsing, e le hore e se ke ya nntsha kotsi.’ Polelwana e reng “e le hore e se ke ya nntsha kotsi” e ka bolela hore Jabeze ha a ka a rapella hore a balehiswe tlokotsing, empa o ile a rapella hore a se ke a tshwenyeha kapa hore a se ke a imelwa ke diphello tsa bokgopo.
Thapelo ya Jabeze e a bontsha hore o ne a amehile ka hore ho be le borapedi ba nnete ebile e bontsha hore o ne a ena le tumelo ho Ya Utlwang thapelo le hore o a mo tshepa. Jehova o ile a arabela jwang? Tlaleho ena e kgutshwanyane e fella ka mantswe a reng: “Ka lebaka leo Modimo a phethahatsa seo a neng a se kopile.”
Matlotlo a Patilweng
w05 10/1 9 ¶7
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Dikronike Tsa Pele
5:10, 18-22. Mehleng ya Morena Saule, meloko e ka botjhabela ho Jordane e ile ya hlola Bahagare le hoja ba ne ba e feta ka palo ka makgetlo a fetang a mabedi. Meloko eo e ile ya ba hlola hobane banna ba yona ba sebete ba ne ba tshepile Jehova mme ba itshetlehile ka yena hore a ba thuse. Le rona a re tshepeng Jehova ka ho felletseng ha re ntse re hlanaka ntwa ya rona ya moya.—Baefese 6:10-17.
LA 30 JANUARY–LA 5 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 7-9
“Ka Thuso ya Jehova re ka Kgona ho Etsa Mesebetsi e Boima eo re e Fuwang”
w05 10/1 9 ¶8
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Dikronike Tsa Pele
9:26, 27. Balebedi ba diheke ba Balevi ba ne ba tshepetswe boikarabelo bo boholo. Ba ne ba fuwe senotlolo se ba dumellang ho kena dibakeng tse halalelang tsa tempele. Ba ne ba bula diheke ka botshepehi letsatsi le letsatsi. Re fuwe mosebetsi wa ho batla batho tshimong ya rona le ho ba thusa hore ba tle borapeding ba Jehova. Na le rona ha re a lokela ho ba batho ba tshepahalang le ba ka tsheptjwang jwalo ka balebedi ba diheke ba Balevi?
w11 9/15 32 ¶7
Na o ka Etsisa Finease ha o Thulana le Mathata?
Finease o ne a jere boikarabelo bo boima Iseraeleng ya boholoholo; le ha ho le jwalo ka ha o ne a le sebete, a ena le temohisiso a bile a tshepile Modimo, o ile a hlola mathata. Hape, ka ha Finease o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela phutheho ya Modimo o ile a amohelwa ke Jehova. Dilemo tse 1 000 ha morao, Esdrase o ile a budulelwa hore a ngole mantswe ana: “Ke Finease mora wa Eleazare eo e neng e le moetapele wa bona nakong e fetileng. Jehova o ne a ena le yena.” (1 Dikron. 9:20) E se eka ho ka ba jwalo ka bohle ba etellang pele hara batho ba Modimo kajeno, ha e le hantle, ho Bakreste bohle ba mo sebeletsang ka botshepehi.
Matlotlo a Patilweng
w10 12/15 21 ¶6
Binelang Jehova!
6 Ka sebele, Jehova o ile a laela barapedi ba hae hore ba mo rorise ka dipina a sebedisa baprofeta ba hae. Dibini tsa leloko la baprista di ne di bile di filwe tumello ya hore di se ke tsa etsa mesebetsi eo ho neng ho lebeletswe hore Balevi ba bang ba e etse, e le hore di ne di ka sebedisa nako e lekaneng di qapa mmino, mohlomong di bile di ikwetlisa.—1 Dikron. 9:33.
LA 6-12 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 10–12
“Ikemisetse ho Etsa Thato ya Modimo”
w12 11/15 6 ¶12-13
“Nthute ho Etsa Thato ya Hao”
12 Davida o ne a utlwisisa hore na melaomotheo e sebetsa jwang mme o ne a batla ho e latela bophelong ba hae, ka hoo, e ka ba hantle hore re mo etsise tabeng ena. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Davida a ne a bolela hore o nyoretswe “metsi a tswang sedibeng sa Bethlehema.” Banna ba bararo ba Davida ba ile ba kena ka mahahapa motseng oo ka nako eo ho neng ho dula Bafilista, yaba ba tla le metsi. Le ha ho le jwalo, “Davida ha a ka a dumela ho a nwa, empa [o ile] a a qhalla fatshe bakeng sa Jehova.” Hobaneng? Davida o ile a re: “Ke ho sa utlwahaleng, mabapi le Modimo wa ka, hore ke etse sena! Na ke lokela ho nwa madi a banna baa ka ho beha meya ya bona kotsing? Etswe ba a tlisitse ka ho beha meya ya bona kotsing.”—1 Dikron. 11:15-19.
13 Davida o ne a tseba hore ho latela Molao, madi a lokela ho qhallwa fatshe bakeng sa Jehova eseng hore a jewe. O ne a boetse a utlwisisa hore na ke hobaneng ha sena se ne se lokela ho etswa. Davida o ne a tseba hore “moya wa nama o mading.” Le ha ho le jwalo, banna bao ba ne ba tlile le metsi eseng madi. Ke hobaneng ha Davida a ile a hana ho a nwa? Ke hobane o ne a utlwisisa molaomotheo o tswang molaong o mabapi le madi. Davida o ne a nka metsi ao e le a bohlokwa jwalo ka madi a banna bao ba bararo. Ka lebaka leo, e ne e le ho sa utlwahaleng hore a nwe metsi ao. Ho ena le hore a a nwe, o ile a etsa qeto ya hore a a qhalle fatshe.—Lev. 17:11; Deut. 12:23, 24.
Dumella Melao le Melaomotheo ya Modimo Hore e Kwetlise Letswalo la Hao
5 E le hore re rue molemo melaong ya Modimo, re lokela ho etsa se fetang feela ho e bala kapa ho e tseba. Re lokela ho tswela pele re rata melao ya Modimo le ho e hlompha. Bibele e re: “Hloyang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:15) Empa re ka etsa seo jwang? Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ke ho sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona. Ka mohlala, a re re o a hlobaela bosiu. Ebe ngaka ya hao e o kgothalletsa hore o fetole tsela eo o phelang ka yona, o ikwetlise o be o je hantle. Ka mora ho sebedisa keletso eo, o be o fumana hore e o tswetse molemo. Ha ho pelaelo hore o tla leboha ngaka ya hao hore ebe e o thusitse ho ntlafatsa bophelo ba hao.
6 Ka tsela e tshwanang, Mmopi wa rona o re file melao e ka re sireletsang hore re se ke ra etsa sebe le e re thusang hore re ntlafatse bophelo ba rona. Nahana ka moo, re ruang molemo ka teng ha re latela melao ya Bibele e mabapi le ho bua leshano, ho qhekella, ho utswa, thobalano, ntwa le bodemona. (Bala Diproverbia 6:16-19; Tshen. 21:8) Ha re bona melemo ya ho etsa dintho ka tsela eo Jehova a batlang hore re di etse ka yona, re tla mo rata re be re rate melao ya hae le ho feta.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 1058 ¶5-6
Pelo
Ho Sebeletsa ‘ka Pelo Yohle.’ E le hore pelo e kgone ho sebetsa hantle, e lokela ho fella empa pelo ya tshwantshetso yona e ka kgona ho ba dipelo di pedi. Davida o ile a rapela a re: “Etsa hore ke tshabe lebitso la hao ka pelo ya ka yohle,” sena se bontsha hore pelo ya motho eka kgona ho arohana ka lebaka la maikutlo a rona le dintho tseo re di tshabang. (Ps 86:11) Motho ya jwalo a ka ba le ‘pelo e sa fellang’ kapa a ba foofo ha a sebeletsa Modimo. (Ps 119:113; Tshe 3:16) Motho a ka kgona ho ba le “dipelo tse pedi,” a leke ho sebeletsa marena a mabedi kapa a ithetse ka hore o rata ntho e nngwe empa a nahanne ka e itseng. (1Kr 12:33; Ps 12:2, nal) Jesu o ne a hloile baikaketsi.—Mat 15:7, 8.
Motho ya batlang ho thabisa Modimo ha a lokela ho ba le pelo e sa fellang kapa a be le dipelo tse pedi empa o lokela ho mo sebeletsa ka pelo yohle. (1Kr 28:9) Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore pelo ya rona e se ke ya ba meharo mme ya re susumetsa ho etsa dintho tse mpe. (Jer 17:9, 10; Ge 8:21) Dintho tse ka re thusang hore re dule re na le pelo e felletseng ke: ho rapela ho tswa pelong (Ps 119:145; Dil 3:41), ho bala Lentswe la Modimo ka mehla (Esd 7:10; Pr 15:28), ho sebetsa ka mafolofolo mosebetsing wa boboledi (bapisa le Jer 20:9), le ho etsa setswalle le batho ba ratang Jehova ka pelo e felletseng.—Bapisa le 2Ma 10:15, 16.
LA 13-19 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 13-16
“Ho Latela Tataiso ho Lebisa Katlehong”
w03 5/1 10-11
Na o a Ipotsa Hore na, “Jehova o Hokae?”
12 Ha Areka ya selekane e se e kgutliseditswe Iseraele ebile e qetile dilemo tse ngata Kiriathe-jearime, Morena Davida o ile a lakatsa ho e isa Jerusalema. O ile a batla keletso ho marena a setjhaba mme a re Areka e tla tloswa “haeba ho bonahala ho le molemo ho [bona] mme e le ho amohelehang ho Jehova.” Ha a ka a batla ka ho lekaneng hore a tsebe thato ya Jehova tabeng ena. Haeba a ne a ile a batla ho e tseba, Areka e ka be e sa ka ya beleswa koloing. E ka be e ile ya jarwa ke Balevi ba Bakohathe, jwalo ka ha Modimo a ne a laetse ka ho hlaka. Le hoja hangata Davida a ne a botsa ho Jehova, lekgetlong lena ha a ka a etsa jwalo ka tsela e loketseng. Diphello e bile tse sisimosang. Ha morao Davida o ile a dumela a re: “Jehova Modimo wa rona o ile a re qhalakanya, etswe ha re a ka ra mo batla ho ya ka tlwaelo.”—1 Kr 13:1-3; 15:11-13; Nu 4:4-6, 15; 7:1-9.
w03 5/1 11 ¶13
Na o a Ipotsa Hore na, “Jehova o Hokae?”
13 Ha qetellong Balevi ba jara Areka ho e tlosa ntlong ya Obed-edomo ba e isa Jerusalema, ho ile ha binwa pina e neng e qapilwe ke Davida. E ne e ena le kgopotso ena e tlohang pelong: “Batlang Jehova le matla a hae, batlang sefahleho sa hae ka mehla. Hopolang Diketso tsa hae tse hlollang tseo a di entseng, mehlolo ya hae le diqeto tsa boahlodi tsa molomo wa hae.”—1 Kr 16:11, 12.
Matlotlo a Patilweng
w14 1/15 10 ¶14
Rapela Jehova Morena wa Bosafeleng
14 Davida o ile a tlisa areka ya selekane e halalelang Jerusalema. Ketsahalong eo e thabisang, Balevi ba ile ba bina pina ya thoriso e nang le mantswe a monate, a tlalehilweng ho 1 Dikronike 16:31, a reng: ‘E reng hara ditjhaba, “Jehova ke morena!”’ Motho a ka nna a ipotsa, ‘Ka ha Jehova ke Morena wa bosafeleng, e bile Morena jwang ka nako eo?’ Jehova e bile Morena ha a bonahatsa bobusi ba hae kapa a theha mokgatlo o tla mo emela ka nako e itseng kapa ho sebetsana le boemo bo itseng bo tobileng. Diphello tse tliswang ke tshobotsi ena ya borena ba Jehova e tla ba tsa nako e telele. Pele Davida a shwa, Jehova o ile a mo tshepisa hore borena ba hae bo tla tswela pele ka ho sa feleng a re: “Ke tla hlahisa peo ya hao ka mora hao, e tlang ho tswa dithong tsa hao tse ka hare; ruri ke tla tiisa mmuso wa hae ka thata.” (2 Sam. 7:12, 13) “Peo” eo ya Davida e qetelletse e hlahile dilemo tse fetang 1 000 ha morao. E ipakile ho ba mang, hona e ne e tla ba Morena neng?
LA 20-26 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 17–19
“Dula o Thabile le ha Maemo a o Nyahamisa”
w06 7/15 19 ¶1
Nahanisisa ka Molemo Wa Mokgatlo o Hlophisitsweng wa Jehova
DAVIDA wa Iseraele ya boholoholo ke e mong wa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa bao ho buuwang ka bona ka Mangolong a Seheberu. Davida enwa eo e neng e le modisa, sebini, moprofeta ebile e le morena o ne a tshepa Jehova Modimo ka botlalo. Kamano e haufi eo Davida a neng a ena le yona le Jehova e ile ya mo tsosetsa takatso ya ho hahela Modimo ntlo. Ntlo eo, kapa tempele, e ne e tla ba setsi sa borapedi ba nnete Iseraele. Davida o ne a tseba hore ditokisetso tse amanang le tempele di ne di tla tlisetsa batho ba Modimo thabo le melemo. Ka hona, Davida o ile a bina a re: “Ho thaba eo [wena Jehova] o mo kgethang le ho etsa hore a atamele, e le hore a ka dula mabaleng a hao. Ka sebele re tla kgotsofalla molemo wa ntlo ya hao, sebaka se halalelang sa tempele ya hao.”—Pesaleme ya 65:4.
Eba le Thabo e Tliswang ke ho Sebeletsa Jehova
11 Ka ho tshwanang, re ka eketsa thabo ya rona ka hore re amehe ka mosebetsi le ha e le ofe oo re o fuweng tshebeletsong ya Jehova. Ka hoo, “tswareha ka matla haholo” mosebetsing wa boboledi mme o sebetse ka thata ka phuthehong. (Dik. 18:5; Baheb. 10:24, 25) Lokisetsa hantle e le hore o fane ka dikarabo tse matlafatsang ha o le dibokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo o fuwang dibokeng tsa hara beke. Haeba o kopuwa hore o etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tshepahala mme o o etse ka nako. O se ke wa nahana hore mosebetsi oo o o fuwang ha o bohlokwa haholo mme o tla o senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokgoni ba hao. (Diprov. 22:29) Ha o leka ka hohle ho sebeletsa Jehova ka thata, o tla thaba le ho feta ebile o tla atleha tshebeletsong ya hao. (Bagal. 6:4) Ho tla boela ho be bonolo hore o thabe le batho ba bang haeba ba fuwa mosebetsi oo o neng o ka rata ho o etsa.—Bar. 12:15; Bagal. 5:26.
Matlotlo a Patilweng
w20.02 12, lebokose
Re Rata Ntate wa Rona Jehova Haholo
Na Jehova o a Mpona?
‘Ho na le batho ba dimilione lefatsheng, ke hobaneng ha Jehova a ka nka ke le motho wa bohlokwa?’ Batho ba bangata ba ile ba ipotsa potso eo. Morena Davida o ile a re: “Jehova, motho ke eng hore o mo hlokomele, Mora wa motho ya shwang ke eng hore o mo ele hloko?” (Pes. 144:3) Davida o ne a kgodisehile hore Jehova o a mo tseba. (1 Dikron. 17:16-18) Jehova o sebedisa mokgatlo wa hae le Bibele, ho o kgodisa hore o bona ka moo o mo ratang ka teng. Nahana ka ditemana tse ding ka Lentsweng la Modimo tse ka o tiisetsang taba ena:
• Jehova o ile a o bona le pele o hlaha.—Pes. 139:16.
• Jehova o tseba ka moo o nahanang le ho ikutlwa ka teng.—1 Dikron. 28:9.
• Jehova o mamela dithapelo tsa rona.—Pes. 65:2.
• Dintho tseo o di etsang di ka thabisa kapa tsa utlwisa Jehova bohloko.—Diprov. 27:11.
• Jehova oo huletse ho yena.—Joh. 6:44.
• Haeba o ka shwa, Jehova o o tseba haholo hoo a tlang ho o tsosa. Ka hoo o tla o fa mmele le kelello e ntjha tse tshwanang le tseo o nang le tsona hona jwale. O tla tsoha o ntse o le motho eo o leng yena.—Joh. 11:21-26, 39-44; Dik. 24:15.
LA 27 FEBRUARY–LA 5 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 20-22
“Thusa Batjha Hore ba Atlehe”
“Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
8 Bala 1 Dikronike 22:5. E ka nna yaba Davida o ile a nahana hore Solomone a ke ke a kgona ho phetha kabelo eo ya bohlokwa. Etswe tempele e ne e “lokela ho ba e hlollang ka mokgwa o fetisisang ka botle” mme ka nako eo Solomone o ne a sa le ‘motjha mme a se na boiphihlelo.’ Le ha ho le jwalo, Davida o ne a tseba hore Jehova o tla tshehetsa Solomone. Ka hoo Davida o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa Solomone, ka ho hlophisa dintho tsohle tse hlokahalang.
“Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
7 Davida o ile a tshehetsa Solomone ho aha tempele, a sa tsotelle hore na thoriso e tla ya ho mang. Mme ka sebele mohaho oo o ile wa tsebahala e le tempele ya Solomone, e seng ya Davida. Le hoja dintho di sa ka tsa tsamaya ka tsela eo Davida a neng a lebelletse ka yona, Davida o ile a tshehetsa Solomone. Davida o ile a thusa ka hore a hlophise basebetsi le ho bokella tshepe, koporo, silevera, kgauta, le patsi. Ho ekelletsa moo, o ile a kgothatsa Solomone a re ho yena: “Jwale, mora wa ka, e se eka Jehova a ka ba le wena, mme o atlehe mme o hahe ntlo ya Jehova Modimo wa hao, feela jwalokaha a buile malebana le wena.”—1 Dikron. 22:11, 14-16.
Batswadi, Thusang Bana ba Lona Hore ba Kolobetswe
14 Baholo ba ka thusa batswadi ka hore ba bue hantle ka ho sebeletsa Jehova. Moradi wabo rona e mong ya qetileng dilemo tse fetang 70 e le pulamadiboho, o hopola ka moo Morabo rona Charles T. Russell a ileng a mo kgothatsa ka teng ha a le dilemo di 6. O re: “Morabo rona Russell o ile a nka metsotso e 15 a ntse a nkgothalletsa ho sebeletsa Jehova.” Kgothatso e jwalo e ka thusa motho haholo. (Diprov. 25:11) Baholo ba ka boela ba mema batswadi le bana ba bona ho tla thusa ka mesebetsi e itseng Holong mme ba ka abela bana mesebetsi ho ya ka dilemo tsa bona.
15 Batho ba bang ka phuthehong ba ka thusa batjha ka hore ba ba bontshe hore ba a ba rata. Ka mohlala, ba ka babatsa motjha haeba a fana ka dikarabo tse lokiseditsweng hantle, a hlotse diteko tse itseng kapa haeba a bolela molaetsa wa Bibele ka sebete sekolong. O se ke wa senya nako ho babatsa batjha ba jwalo. Pele diboka di qala kapa ka mora tsona, mohlomong o ka ikemisetsa ho bua le e mong wa batjha mme o mo kgothatse. Ha re etsa jwalo, batjha ba tla bona hore ke karolo ya ‘phutheho e kgolo.’—Pes. 35:18.
Matlotlo a Patilweng
w05 10/1 11 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Dikronike Tsa Pele
21:13-15. Jehova o ile a laela lengeloi hore le emise kotlo hobane O qenehela batho ba Hae ha ba utlwa bohloko. Ha e le hantle, “mehauhelo ya hae e mengata haholo.”