LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr23 July maq. 1-7
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dihloohwana
  • LA 3-9 JULY
  • LA 10-16 JULY
  • LA 17-23 JULY
  • LA 24-30 JULY
  • LA 31 JULY–LA 6 AUGUST
  • LA 7-13 AUGUST
  • LA 14-20 AUGUST
  • LA 21-27 AUGUST
  • LA 28 AUGUST–LA 3 SEPTEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2023
mwbr23 July maq. 1-7

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 3-9 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESDRASE 4-6

“Le se ke la Sitisa Mosebetsi”

w22.03 18 ¶13

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

13 Mosebetsi wa ho tsosolosa tempele o ne o thibetswe. Ho ntse ho le jwalo, banna ba neng ba kgethilwe hore ba etelle setjhaba pele, e leng Moprista ya Phahameng Jeshua (Joshua) le Mmusisi Zorobabele ba ile “ba qala ho tsosolosa ntlo ya Modimo.” (Esdr. 5:1, 2) E ka nna yaba Bajuda ba bang ba ne ba nahana hore qeto eo ha e utlwahale. Bajuda ba ne ba ke ke ba kgona ho pata hore ba ntse ba haha tempele mme dira tsa bona di ne di tla leka ka hohle ho ba thibela. Banna ba babedi ba neng ba etella pele e leng Joshua le Zorobabele, ba ne ba lokela ho kgodiseha hore Jehova o ntse a ba thusa. Jehova o ile a ba kgodisa jwang?

w86 2/1 29, lebokose ¶2-3

Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Hodima Baholo’

Hoba masala a Bajuda a kgutle Babylona, ho ile hwa kena nako ya ho se sebetse ya dilemo tse 16. Baprofeta Haggai le Zakaria ba kgona ho sisinya Bajuda boiphapanyong ba bona, mme mosebetsi wa ho tsosolosa tempele ya Jehova wa qalwa. Le ha ho le jwalo, mosebetsi ona wa phakisa wa phephetswa ke ba boholong ba Persia. Bahanyetsi ba botsa: “Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo?”—Esdrase 5:1-3.

Karabelo ya potso ena e ne e le thata. Haeba baholo ba ne ba ka itumella hore ba tshoswe, ho tsosoloswa hwa tempele ho ne ho tla emisa hampe feela. Haeba baholo ba ne ba hanyetsa bana ba boholong, mosebetsi o ne o tla thibelwa ka potlako. Ka hona baholo (ntle ho pelaelo ba etelletswe pele ke Mmusisi Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua) ba fana ka karabelo e bohlale empa e le e molemo. Ba hopotsa ba boholong ka molao oo e neng e le kgale o lebetswe wa Cyruse o neng o neile Bajuda tumello ya borena ya hore ba tswele pele ka mosebetsi ona. Basebeletsi bana, ba tseba mokgwa wa Persia wa ho se fetole molao o boletsweng, ka bohlale bana ba boholong ba ikgethela ho qoba ho hanyetsa taelo ena ya borena. Ka hona mosebetsi wa dumellwa hore o tswele pele ho fihlela Morena Dariuse ha morao a fana ka tumello ya hore ho tswelwe pele!—Esdrase 5:11-17; 6:6-12.

w22.03 15 ¶7

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

7 Ka selemo sa 520 B.C.E., ho ile ha eba le phetoho e ileng ya thusa batho ba neng ba haha tempele. Dariuse wa pele e ile ya eba morena e motjha wa Persia. Ka selemo sa bobedi a busa, o ile a hlokomela hore taba ya hore Bajuda ba ne ba thibetswe ho haha tempele e ne e se molaong. Dariuse o ile a re ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:1-3) Le hoja qeto eo e ile ya makatsa batho bohle, morena o ne a ntse a tlo fana ka ditaelo tse ding. O ile a re batho ba kgaotse ho hanyetsa Bajuda mme ba ba fe dintho tseo ba di hlokang e le hore ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:7-12) Ka hoo, Bajuda ba ile ba qeta ho haha tempele ka selemo sa 515 B.C.E., e leng dilemo tse fetang tse nne ha morao.—Esdr. 6:15.

w22.03 19 ¶16

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

16 Tsela e nngwe hape eo Jehova a re tataisang ka yona ke ka “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ka dinako tse ding a ka le fa tataiso eo re sa e utlwisiseng hantle. Ka mohlala, re ka nna ra bolellwa hore na re etseng ho itokisetsa koduwa e itseng ya tlhaho ebe re nahana hore koduwa eo e ke ke ya etsahala sebakeng seo re dulang ho sona. Kapa re ka nna ra nahana hore lekgoba le tshepahalang le hlokolosi haholo nakong ya sewa. Re lokela ho etsang haeba re nahana hore ditaelo tseo re di fuwang ha di utlwahale? Re ka nahana ka moo ho mamela Joshua le Zorobabele ho ileng ha tswela Baiseraele molemo ka teng. Re ka boela ra nahana ka ditlaleho tse ding tsa Bibele tseo re ileng ra di bala. Ka dinako tse ding, bahlanka ba Modimo ba ile ba fuwa tataiso e neng e bonahala e sa utlwahale empa e ile ya pholosa bophelo ba bona.—Baahl. 7:7; 8:10.

Matlotlo a Patilweng

w93 6/15 32 ¶3-5

Na o ka Tshepa Bibele?

Tjhelete ena ya tshepe e entswe Tarese, motse o karolong e ka borwabotjhabela ho seo e leng Turkey hona jwale. Tjhelete ena ya tshepe e ile ya hlahiswa nakong ya puso ya mmusisi wa Persia Mazaeus lekgolong la bone la dilemo B.C.E. E mo kgetholla e le mmusisi wa profensi “e Mose Wane ho Noka,” ke hore, Noka ya Eufrate.

Empa ke hobaneng ha polelwana eo e thahasellisa? Hobane o tla fumana tlhaloso e tshwanang ka Bibeleng ya hao. Esdrase 5:6–6:13 e bolela ka tumellano pakeng tsa morena wa Persia Dariuse le mmusisi ya bitswang Thathnai. Ho neng ho etsahala e ne e le ho tsosoloswa ha tempele ya Bajode Jerusalema. Esdrase e ne e le mokopitsi ya masene wa Molao wa Modimo, mme o ka lebella hore ebe o ile a nepisisa seo a se ngolang. O tla bona ho Esdrase 5:6 le 6:13 (NW) hore o ile a bitsa Thathnai “mmusisi wa naha e mose wane ho Noka.”

Esdrase o ngotse seo hoo e ka bang ka 460 B.C.E., dilemong tse ka bang 100 pele tjhelete ena ya tshepe e etswa. Ho na le batho bao mohlomong ba ikutlwang hore polelo e kgethehileng jwalo e buang ka mmusi wa boholoholo ke taba e nyenyane. Empa haeba o ka itshetleha ka bangodi ba Bibele esita le ditabeng tse nyenyane jwalo, na hoo ha ho a lokela ho eketsa tshepo ya hao dinthong tse ding tseo ba di ngotseng?

LA 10-16 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESDRASE 7-8

“Boitshwaro ba Esdrase bo Ile ba Etsa Hore Jehova a Hlomphuwe”

w00 10/1 14 ¶8

Ho Ithuta—Ho a Putsa Ebile ho a Thabisa

8 E, re lokela ho rata Lentswe la Jehova ho tloha pelong, e leng setsi sa maikutlo. Re lokela ho thabela ho hanella ditemaneng tse itseng tseo re sa tswa di bala. Re lokela ho tebisa maikutlo mehopolong e itseng ya moya, re amehe ka ho teba ho yona, re be re e thuise. Sena se hloka hore re thuise re kgutsitse re be re rapele. Jwalo ka Esdrase, ho hlokahala hore re lokisetse dipelo tsa rona ho bala le ho ithuta Lentswe la Modimo. Ho ngotswe tjena ka yena: “Etswe Esdrase o ne a lokisitse pelo ya hae hore a bale molao wa Jehova le ho o phetha le ho ruta molao wa tsamaiso le toka Iseraele.” (Esdrase 7:10, NW) Hlokomela morero o hararo oo ka wona Esdrase a lokisang pelo ya hae: ho ithuta, ho phetha le ho ruta. Re lokela ho latela mohlala wa hae.

si 75 ¶5

Buka ya Bibele ya 13—1 Dikronike

5 Ha ho e mong ya neng a tshwaneleha ha molemo ho feta Esdrase bakeng sa ho hlophisa histori ena e tshepahalang e bileng e nepahetseng. “Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta ba-Iseraele melao le dikahlolo.” (Esdr. 7:10) Jehova o ile a mo thusa ka moya o halalelang. Mmusi wa lefatshe wa Mopersia o ile a hlokomela bohlale ba Modimo bo ho Esdrase mme a mo fa matla a pharalletseng setjhabeng seterekeng sa Juda se pusong ya hae. (Esdr. 7:12-26) Ka hona, Esdrase a fuwe matla a bomodimo le matla a maholo a bolaodi, o ne a ka hlophisa tlaleho ya hae ho tswa ditokomaneng tse molemohadi tse neng di ka fumaneha.

it-1-E 1158 ¶4

Boikokobetso

Bo Etsa Hore Motho a Latele Tataiso e Nepahetseng. Modimo o tataisa batho ba ikokobeletsang yena. Esdrase o ile a fuwa boikarabelo bo boholo ba hore a etelle setjhaba sa Iseraele pele ho tswa Babilona ho ya Jerusalema. Ho ne ho ena le banna ba ka hodimo ho 1 500 mme palo eo e ne e sa kenyeletsa baprista, Banethinime, basadi le bana. Ho ekeletsa moo, ba ne ba nkile kgauta le silevera tse ngata hore ba yo kgabisa tempele e Jerusalema. Le hoja leeto la bona le ne le tlo ba kotsi, Esdrase ha a ka a kopa morena wa Persia hore a ba fe masole a neng a tla tsamaya le bona hobane o ne a sa batle ho tshepa matla a motho. Lebaka ke hobane pejana o ile a re ho morena: “Modimo wa rona o na le bohle ba mo batlang.” Ka hoo, o ile a laela batho hore ba itime dijo e le hore ba ka bontsha hore ba ikokobeletsa Jehova. Ba ile ba kopa Modimo hore a ba thuse ka hore a ba sireletse kgahlanong le dira tsa bona tse neng di ba laletse hore di ba ntshe kotsi. Modimo o ile a ba thusa mme ba ile ba fihla Jerusalema ba sireletsehile. (Esd 8:1-14, 21-32) Ha moprofeta Daniele a ntse a le botlamuweng Babilona, ka boikokobetso o ile a kopa Modimo hore a mo tataise le ho mo fa bohlale mme Modimo o ile a araba kopo ya hae ka hore a romele lengeloi ho yena.—Dan 10:12.

Matlotlo a Patilweng

w06 1/15 19 ¶10

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esdrase

7:28–8:20—Ke hobaneng ha Bajuda ba bangata ba neng ba le Babylona ba ile ba tsilatsila hore ba nyolohele Jerusalema le Esdrase? Le hoja ho ne ho fetile dilemo tse 60 sehlopha sa pele sa Bajuda se kgutletse naheng ya habo sona, batho ba ne ba dula mona le mane feela Jerusalema. Ho kgutlela Jerusalema ho ne ho tla bolela hore batho ba qadise bophelo bo botjha maemong a boima le a kotsi. Bajuda bao mohlomong ba neng ba ntse ba atelwa ke dintho ha ba le Babylona, ba ne ba ke ke ba fumana monyetla wa ho ba le tsona ka lebaka la maemo a neng a le Jerusalema. Lebaka le leng le neng le sa lokela ho lebalwa ke hore leeto leo le ne le le kotsi. Batho ba kgutlelang Jerusalema ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ho Jehova, ba tjhesehele borapedi ba nnete mme ba be le sebete sa ho kena leetong leo. Esita le Esdrase o ile a imatlafatsa ho ya ka letsoho la Jehova le neng le le hodima hae. Ka mora ho kgothatswa ke Esdrase, malapa a 1 500—ao mohlomong a neng a ena le batho ba 6 000—a ile a dumela ho kena leetong leo. Ka mora hore Esdrase a etse boikgathatso bo bong hape, Balevi ba 38 le Banethinime ba 220 le bona ba ile ba dumela ho tsamaya.

LA 17-23 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESDRASE 9-10

“Ho se Mamele ho Baka Masisapelo”

w06 1/15 20 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esdrase

9:1, 2—Ho nyallana le batho ba naha esele e ne e le kotsi e tebileng hakae? Setjhaba se tsosolositsweng se ne se lokela ho sireletsa borapedi ba Jehova ho fihlela Mesia a tla. Ho nyallana le baahi ba bang ho ne ho tla hlahisa kotsi ya sebele borapeding ba nnete. Ka ha ba bang ba ne ba kene dilekaneng tsa lenyalo le batho ba rapelang ditshwantsho, qetellong setjhaba sohle se ne se ka nna sa tswakana le ditjhaba tsa bohetene. Borapedi ba nnete bo ka be bo ile ba fela tu! lefatsheng. Jwale Mesia o ne a tla tla ho bomang? Ha se feela Esdrase a neng a maketse ha a bona se neng se etsahetse!

w09 10/1 10 ¶6

Jehova o Batla Eng ho Rona?

Ho mamela Modimo ka boithatelo ho tla re tlisetsa ditlhohonolofatso. Moshe o re: “O boloke ditaelo . . . tseo ke o laelang tsona kajeno, molemong wa hao.” (Temana ya 13) Ruri taelo e nngwe le e nngwe ya Jehova—ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang hore re e etse—e molemong wa rona. Ho ne ho ke ke ha eba ka tsela e nngwe! Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ka hoo, o fane feela ka ditaelo tseo a tsebang hore di tla re tswela molemo ka ho sa feleng. (Esaia 48:17) Ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse ho tla re qobisa matshwenyeho a mangata hona jwale mme ho tla etsa hore nakong e tlang re fumane ditlhohonolofatso tse sa feleng Pusong ya hae.

Matlotlo a Patilweng

w06 1/15 20 ¶2

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esdrase

10:3, 44—Ke hobaneng ha ho ile ha lahlwa bana ha mmoho le basadi? Haeba bana ba ne ba tlohetswe hore ba sale, ho ne ho ka nna ha eba le monyetla o moholo wa hore basadi ba lelekilweng ba kgutle ka lebaka la bana bao. Ho feta moo, ka tlwaelo bana ba banyenyane ba lokela ho hlokomelwa ke bomma bona.

LA 24-30 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 1-2

“Hanghang ka Rapela”

w08 2/15 3 ¶5

Beha Jehova ka Pela Hao ka Mehla

5 Ka dinako tse ding ho ka nna ha hlokahala hore re rapelle thuso ya Modimo ka potlako. Ka lekgetlo le leng, Morena Artaxerxese wa Persia o ile a hlokomela hore moqhatsetsi wa hae Nehemia o ne a tepeletse. Morena o ile a mo botsa: “ ‘O batla ho fumana eng?’ Hanghang [Nehemia a] rapela Modimo wa mahodimo.” Nehemia o ile a tlameha ho kgutsufatsa thapelo eo, eo ho bonahalang hore o ne a e etsetsa ka pelong. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a e araba hobane morena o ile a tshehetsa Nehemia hore a tsose marako a Jerusalema. (Bala Nehemia 2:1-8.) Ka sebele, le thapelo e kgutshwanyane eo motho a e etsetsang ka pelong e ka arajwa.

be 178 ¶1

Ho Bua o sa Bale Kemiso e Ngotsweng

Ha o koptjwa hore o hlalose ditumelo tsa hao ka tshohanyetso, ke eng e ka o thusang ho etsa hore ditlhaloso tsa hao e be tse atlehang? Etsisa Nehemia, ya ileng a rapela a kgutsitse pele a araba potso e neng e botsitswe ke Morena Artaxerxerse. (Neh. 2:4) Ka mora moo, iketsetse kemiso ka kelellong kapele. Mehato ya motheo e ka nna ya thathamiswa ka tsela ena: (1) Kgetha ntlha e le nngwe kapa tse pedi tse lokelang ho akareletswa tlhalosong eo (o ka nna wa kgetha ho sebedisa dintlha tse leng bukeng ya Ho Bea Mabaka ka Mangolo). (2) Etsa qeto hore na o tla sebedisa mangolo afe ho tshehetsa dintlha tseo. (3) Rera ka moo o tla qala tlhaloso ya hao ka masene ka teng e le hore motho ya botsang a be le thahasello ya ho mamela. Jwale qala ho bua.

Matlotlo a Patilweng

w86 2/15 25

Borapedi ba Nnete bo a Hlola

Tjhe, hobane boemo ba lesupi ba Jerusalema e ne e bile lebaka la dithapelo tsa Nehemia “motshehare le bosiu” ka nako e batlang e le telele. (1:4, 6) Yare ha a fuwa monyetla wa ho bolella Morena Artaxerxese ka takatso ya hae ya ho tsosolosa marako a Jerusalema, Nehemia a boela a rapela, ka hoo a etsa seo a nnileng a se pheta kgafetsa. Karabelo e molemo ya Jehova ya fella ka taelo ya hore marako a motse a tsosoloswe.

Thuto ho Rona: Nehemia o ile a tadima ho Jehova bakeng sa tataiso. Le rona ha re tobane le diqeto tse boima, re lokela ‘ho tiya thapelong’ mme re nke bohato tumellanong le tataiso ya Jehova.—Baroma 12:12.

LA 31 JULY–LA 6 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 3-4

“Na o Nahana Hore Mesebetsi e Fatshe ha e o Tshwanele?”

w06 2/1 10 ¶2

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Nehemia

3:5, 27. Ha re a lokela ho eisa mosebetsi wa matsoho o etswang molemong wa borapedi ba nnete, jwalo ka ha ho ile ha etsa “ba hlomphehang” ba Tekooa. Ho ena le hoo, re ka etsisa Batekooa ba boemo bo tlase ba ileng ba ithaopa ka boitelo.

w19.10 23 ¶11

Jehova o Tla Etsa Hore o be Jwang?

11 Dilemo tse ngata ka mora moo, baradi ba Shalume ba ne ba le hara batho bao Jehova a neng a ba sebedisa ho lokisa marako a Jerusalema. (Neh. 2:20; 3:12) Le hoja Shalume e ne e le kgosana, baradi ba hae ba ne ba ikemiseditse ho etsa mosebetsi oo o thata le o kotsi. (Neh. 4:15-18) Ha ba a ka ba tshwana le banna ba Batekooa ba sa kang ba theola boemo ba bona e le hore ba nke karolo mosebetsing. (Neh. 3:5) A ko nahane ka thabo eo baradi bana ba Shalume ba ileng ba ba le yona ha ba bona mosebetsi o fela ka mora matsatsi a 52. (Neh. 6:15) Kajeno baradi ba bo rona ba ikemiseditseng, ba thabela ho etsetsa Jehova tshebeletso e kgethehileng ka hore ba thuse mesebetsing ya kaho le ho hlokomela meaho e nehetsweng ho Jehova. E le hore mosebetsi ona o kgone ho atleha, re hloka tsebo, mafolofolo le botshepehi ba baradi bana ba bo rona.

w04 8/1 18 ¶16

Ho Hlaolela Pono e Kang ya Kreste ka Boholo

16 Bakreste bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba lokela ho leka ho hlaolela pono e kang ya Kreste ka boholo. Ho na le mesebetsi e sa tshwaneng e lokelang ho etswa ka phuthehong. O se ke wa kgopeha ha o koptjwa hore o etse dintho tse ka nnang tsa bonahala e le tsa boemo bo tlase. (1 Samuele 25:41; 2 Marena 3:11) Batswadi, na le kgothalletsa bana ba lona ba tlase dilemong le ba dilemong tsa botjha hore ba sebetse ba thabile ha ba fuwa kabelo le ha e le efe, ebang ke Holong ya Mmuso, lebaleng la kopano e nyenyane kapa e kgolo? Na ba le bona le etsa mesebetsi e tlase? Morabo rona e mong, eo hona jwale a sebeletsang ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova, o sa hopola ka ho hlaka mohlala wa batswadi ba hae. O ile a re: “Tsela eo ba neng ba sebetsa ka yona ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso kapa sebaka sa kopano e ile ya nthuta hore ba nka hoo e le ha bohlokwa. Ba ne ba atisa ho ithaopela ho etsa mesebetsi e etsetswang phutheho kapa mokgatlo wa bara ba motho, ho sa tsotellehe hore na mesebetsi eo e ka nna ya bonahala e le ya boemo bo tlase hakae. Boikutlo bona bo nthusitse hore ke ithaopele ho amohela mosebetsi le ha e le ofe oo ke o abelwang mona Bethele.”

Matlotlo a Patilweng

w06 2/1 9 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Nehemia

4:17, 18—Motho o ne a ka kopanela mosebetsing wa ho tsosolosa jwang a sebetsa ka letsoho le le leng? Ho ne ho ke ke ha eba thata hore bajari ba merwalo ba hahe ka letsoho le le leng. Ba ne ba ka rwala morwalo ha bonolo hloohong kapa ba o jara mahetleng, ebe ba o tshwara ka letsoho le le leng “ha letsoho le leng le . . . tshwere lerumo.” Dihahi tse neng di lokela ho sebedisa matsoho a mabedi, “di ne di hlometse, se seng le se seng ka sabole lethekeng la sona, ha di ntse di haha.” Dihahi le bajari ba merwalo ba ne ba loketse ho lwana haeba dira di ka hlasela.

LA 7-13 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 5-7

“Nehemia o ne a Amehile ka ho Thusa Batho ba Bang Eseng ho Sebeletswa”

w02 11/1 27 ¶3

Batshehetsi ba Borapedi ba Nnete Nakong e Fetileng le Kajeno

Nehemia ha a ka a sebedisa nako ya hae le tsebo ya hae ya tlhophiso feela. O ile a sebedisa le matlotlo a hae ho tshehetsa borapedi ba nnete. O ile a sebedisa tjhelete ya hae ho rekolla bara babo ba Bajuda bokgobeng. O ile a adimana ka tjhelete ntle ho tswala. Le hoja e ne e le mmusisi, ha a ka a ‘imetsa’ Bajuda ka hore a lefuwe, e leng seo a neng a ena le tokelo ya sona. Ho ena le hoo, “banna ba lekgolo le mashome a mahlano, le ba tlang ho rona ba tswa ditjhabeng tse neng di re potolohile” ba ne ba eja ha hae. Letsatsi ka leng o ne a hlabela baeti ba hae “poho e le nngwe, dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le dinonyana.” Ho phaella moo, ka mora matsatsi a leshome o ne a ba fa “veine ya mofuta o mong le o mong ka bongata.”—Nehemia 5:8, 10, 14-18.

w16.09 6 ¶16

‘Matsoho a Hao a se ke a Tepella’

16 Jehova o ile a matlafatsa Nehemia le bo mphato ba hae hore ba phethe mosebetsi. Ka hoo, ba ile ba nka matsatsi a 52 feela ho tsosolosa marako a Jerusalema! (Neh. 2:18; 6:15, 16) Nehemia o ne a sa tsamaise mosebetsi feela. O ile a kenya letsoho ka ho toba mosebetsing wa ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 5:16) Baholo ba bangata ba lerato ba etsisa Nehemia ka hore ba ithaopele ho thusa mosebetsing wa kaho kapa ho hlwekiseng Holo ya Mmuso le ho e boloka e le boemong bo botle. Ba boetse ba matlafatsa ba dipelo di tshwenyehileng ka hore ba sebetse le bona tshimong le ho ba etsetsa maeto a bodisa.—Bala Esaia 35:3, 4.

w00 2/1 32

Jehova o Tla o Hopola Jwang?

Ka ho tshwanang, Bibele e bontsha hore ho Modimo, “ho hopola” ho bolela ho nka bohato bo loketseng. Ka mohlala, ka mora hore lefatshe le tlale metsi a morwallo ka matsatsi a 150, “Modimo a hopola Noe . . . , mme Modimo a fetisa moya hodima lefatshe, yaba metsi a qala ho kokobela.” (Genese 8:1, NW) Dilemo tse makgolo ka mora moo, ha Bafilista ba se ba foufaditse Samsone ba bile ba mo fasitse ka diketane, o ile a rapela: “Jehova, ka kopo, nkgopole, mme ka kopo, o mmatlafatse, hanngwe feela lekgetlong lena.” Jehova o ile a hopola Samsone ka ho mo fa matla a phahametseng a motho e le hore a ka iphetetsa ho dira tsa Modimo. (Baahlodi 16:28-30, NW) Ha e le Nehemia, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae, mme borapedi ba nnete bo ile ba tsosoloswa Jerusalema.

Matlotlo a Patilweng

w07 7/1 30 ¶15

“O Nne o Hlole Bobe ka Botle”

15 La boraro, dira tsa Nehemia di ile tsa sebedisa moeki wa Moiseraele, e leng Shemaia, hore a leke ho etsa hore Nehemia a tlole Molao wa Modimo. Shemaia o ile a re ho Nehemia: “A re kopane ka taetsano ntlong ya Modimo wa nnete, ka hara tempele, mme re kwale mamati a tempele; etswe ba tlilo o bolaya.” Shemaia o ile a re Nehemia o ne a le kotsing ya ho bolawa empa o ne a ka boloka bophelo ba hae ka ho ipata ka tempeleng. Empa Nehemia e ne e se moprista. O ne a tla be a etsa sebe ka ho ipata ka ntlong ya Modimo. Na o ne a tla tlola Molao wa Modimo e le hore a leke ho boloka bophelo ba hae? Nehemia o ile a re: “Ke mang ya jwalo ka nna ya neng a ka kena ka tempeleng yaba o a phela? Nke ke ka kena!” Ke hobaneng ha Nehemia a sa ka a wela lerabeng leo a neng a le tjhehetswe? Ke hobane o ne a tseba hore le hoja Shemaia e ne e le Moiseraele, “o ne a sa rongwa ke Modimo.” Ha e le hantle, moprofeta wa nnete o ne a ke ke a mo eletsa hore a tlole Molao wa Modimo. Hape, Nehemia ha a ka a dumela hore a hlolwe ke bahanyetsi ba hae ba kgopo. Nakwana ka mora moo o ne a ka tlaleha a re: “Qetellong lerako [le ile] la phethwa ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano la Elule, ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.”—Nehemia 6:10-15; Numere 1:51; 18:7.

LA 14-20 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 8-9

“Thabo eo Jehova a re Fang Yona e a re Matlafatsa”

w13 10/15 21 ¶2

Seo re Ithutang Sona Thapelong e Lokiseditsweng Hantle

2 Bajuda ba ne ba sa tswa qeta ho tsosolosa marako a Jerusalema kgwedi pele ho pokano e boletsweng ka hodimo. (Neh. 6:15) Bahlanka ba Modimo ba ile ba phetha mosebetsi oo ka matsatsi a 52 feela mme ka mora moo ba tswela pele ho itlhokomela moyeng. Ka hoo, ka letsatsi la pele la kgwedi e ntjha ya Tishri, ba ile ba bokana lebaleng la setjhaba ho tla mamela Esdrase ha mmoho le Balevi ba bang, ha ba balla hodimo Molao wa Modimo ba bile ba o hlalosa. Ditho tsohle tsa malapa ho akareletsa le “bohle ba kelello ka ho lekaneng hore ba ka mamela,” di ile tsa ema mme tsa mamela “ho tloha ka meso ho fihlela hara motshehare.” Ke mohlala o motle hakaakang ho rona bao kajeno re nang le Diholo Tsa Mmuso tsa boemo bo botle! Le ha ho le jwalo, na ka dinako tse ding ha o le dibokeng kelello ya hao e a lelera ebe o qala ho nahana ka dintho tseo e seng tsa bohlokwa? Haeba ho jwalo, nahana hape ka mohlala wa Baiseraele bao ba boholoholo ba ileng ba mamela ba ba ba tebisetsa seo ba neng ba ithuta sona pelong hoo ba ileng ba lla ka lebaka la hore ebe ba hlolehile ho mamela Molao wa Modimo e le setjhaba.—Neh. 8:1-9.

w07 7/15 22 ¶9-10

Na o Tla ‘Nne o Tsamaye ka Moya’?

9 Thabo ke boemo ba nyakallo e kgolo. Jehova ke “Modimo ya thabileng.” (1 Timothea 1:11; Pesaleme ya 104:31) Mora o thabela ho etsa thato ya Ntatae. (Pesaleme ya 40:8; Baheberu 10:7-9) Mme “thabo ya Jehova ke qhobosheane ya [rona].”—Nehemia 8:10.

10 Thabo eo re e fuweng ke Modimo e etsa hore re kgotsofale haholo ha re etsa thato ya Modimo esita le dinakong tse thata, tsa ho siama kapa tsa mahloriso. Ka sebele “tsebo ya Modimo” e re thabisa haholo. (Diproverbia 2:1-5) Hore kamano ya rona le Modimo e be e thabisang, re lokela ho ba le tsebo e nepahetseng le tumelo ho yena le sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (1 Johanne 2:1, 2) Ho ba karolo ya mokgatlo o le mong feela wa nnete wa bara ba motho ke sesosa se seng sa thabo. (Sofonia 3:9; Hagai 2:7) Re thabiswa ke tshepo ya rona ya Mmuso le tokelo e babatsehang ya ho bolela ditaba tse molemo. (Matheu 6:9, 10; 24:14) Re boetse re thabiswa ke tshepo ya bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ka ha re na le tshepo e jwalo e hlollang, ‘ho rona e lokela ho ba thabo feela.’—Deuteronoma 16:15, Bibele—Phetolelo e Ntjha.

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 145 ¶2

Searame

Dilemo ka mora hore Bajuda ba kgutle botlamuweng Babilona, moprista Esdrase o ile a balla Bajuda ba neng ba bokane Jerusalema buka ya Molao mme Balevi ba ile ba o hlalosa. Nehemia 8:8 e re: “Ba tswela pele ho bala Molao wa Modimo wa nnete o bukeng ka lentswe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolelang. Ka hoo, ba thusa batho hore ba utlwisise se neng se balwa.” E ka nna yaba ba ne ba o hlalosa le ho o hlakisa ka hore ba hlalose mantswe a Sejuda ka Searame seo e ka nnang yaba Bajuda ba ile ba tlwaela ho se bua ha ba le Babilona. Ho ka etsahala hore ebe Molao ona o ne o boetse o hlaloswa hore o utlwahale haholwanyane e le hore Bajuda bohle ho akareletsa le ba neng ba utlwisisa Seheberu, ba be le kutlwisiso e hlakileng ya se neng se balwa.

LA 21-27 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 10-11

“Ba Ile ba Itella ho Sebeletsa Jehova”

w98 10/15 22 ¶13

Jerusalema e Phelelang Lebitso la Yona

13 “Tokisetso e tshepahalang” e ileng ya tiiswa mehleng ya Nehemia e ile ya lokisetsa batho ba Modimo ba mehleng ya boholoholo letsatsi la ho kgakolwa ha lerako la Jerusalema. Empa taba e nngwe e potlakileng e ne e ntse e hloka tlhokomelo. Ka ha e ne e se e potapotilwe ke lerako le leholo le nang le diheke tse 12, Jerusalema e ne e hloka baahi ba bangata haholwanyane. Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba dula moo, “motse o no o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae.” (Nehemia 7:4) E le ho rarolla bothata bona, batho ba ile ba “lahla lotho e le ho tlisa a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a dule Jerusalema motseng o halalelang.” Karabelo ya boithatelo tokisetsong ena e ile ya susumetsa setjhaba hore se ‘hlohonolofatse banna bohle ba ileng ba ithaopela ho dula Jerusalema.’ (Nehemia 11:1, 2, NW) Ke mohlala o motle hakaakang ho barapedi ba nnete kajeno bao maemo a bona a ba dumellang ho fallela moo ho nang le tlhokahalo e kgolo ya thuso ya Bakreste ba hodileng tsebong!

w86 2/15 26

Borapedi ba Nnete bo a Hlola

Ho siya lefa le ho fallela Jerusalema ho ka be ho bakile ditshenyehelo tse itseng. Ba neng ba phela motseng oo le bona e ne e ka nna yaba ba ne ba bulehetswe ke dikotsi tse sa tshwaneng. Tlasa maemo a jwalo, ba bang ba ile ba tadima baithaopi e le ba lokelwang ke tlotliso mme ntle ho pelaelo ba ba rapella hore Jehova a ba hlohonolofatse.

w16.04 8 ¶15

Modimo o Amohela ba Tshepahalang

15 Ha re inehela ho Jehova, re ile ra mo tshepisa hore re tla etsa thato ya hae ka dinako tsohle. Re ne re tseba hore ha se ka mehla ho tla ba bonolo ho phethahatsa tshepiso eo. Empa re itshwara jwang ha re koptjwa hore re etse ntho eo re sa e rateng? Haeba re ikemiseditse re bile re ithaopela ho mamela Modimo, re bontsha hore re tshepahalla tshepiso eo re e entseng. Mahlabelo a rona a ka nna a re utlwisa bohloko, empa ka mehla ditlhohonolofatso tsa Jehova di ba ngata. (Malakia 3:10) Jwale re ithutang mohlaleng wa moradi wa Jafeta? O ile a itshwara jwang ha a utlwa tshepiso eo ntate wa hae a e entseng?

Matlotlo a Patilweng

w06 2/1 11 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Nehemia

10:34—Ke hobaneng ha batho ba ne ba lokela ho tlisa patsi? Nyehelo ya patsi e ne e sa akareletswa Molaong wa Moshe. Nyehelo eo e ile ya etswa feela ka lebaka la tlhoko e neng e le teng. Ho ne ho hlokahala patsi e ngata e le hore ho ka tjheswa mahlabelo aletareng. Ka moo ho neng ho le ka teng, Banethinime bao e neng e se Baiseraele ba neng ba sebeletsa e le makgoba a tempele ba ne ba fokola ka palo. Ka hoo, ho ne ho lahlwa lotho e le hore ho tiiswe hore patsi e dula e le teng.

LA 28 AUGUST–LA 3 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NEHEMIA 12-13

“Tshepahalla Jehova ha o Kgetha Metswalle”

it-1-E 95 ¶5

Baamone

Ka mora hore Tobia a tebelwe mabaleng a tempele, molao wa Modimo o hlahang ho Deuteronoma 23:3-6 o thibelang Baamone le Bamoabe ho kena ka phuthehong ya Iseraele, o ile wa balwa mme wa kengwa tshebetsong. (Ne 13:1-3) Thibelo ena e ne e ile ya etswa dilemo tse 1 000 tse fetileng ha Baamone le Bamoabe ba ne ba hana ho thusa Baiseraele ha ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng. Sena se ne se bolela hore ba ne ba ke ke ba fumana tumello ya molao ya ho ba karolo ya Baiseraele le ho fumana ditokelo tseo ba neng ba ka ba le tsona ka lebaka la tumellano eo. Le ha ho le jwalo, sena se ne se sa bolele hore Baamone le Bamoabe ba ne ba ke ke ba tlwaelana le Baiseraele kapa hona hore ba ka dula Iseraele e le hore ba ka rua molemo ho batho ba Jehova mme sena se bonahala mohlaleng wa Zeleke eo e neng e le mohlabani ya matla wa Davida le tlalehong ya Ruthe wa Momoabe.—Ru 1:4, 16-18.

w13 8/15 4 ¶5-6

Le Halaleditswe

5 Bala Nehemia 13:4-9. Ka ha re potapotilwe ke dintho tse ka re susumetsang hampe, ha ho bonolo hore re dule re halalela. A ko nahane ka Eliashibe le Tobia. Eliashibe e ne e le moprista ya phahameng mme ho ka etsahala hore ebe Tobia e ne e le Moammone e bile e le mohlanka wa boemo bo tlase pusong ya Persia e neng e laola Judea. Tobia le bo mphatoae ba ne ba le kgahlanong le boiteko ba Nehemia ba ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 2:10) Baammone ba ne ba sa dumellwa ho kena mabaleng a tempele. (Deut. 23:3) Ka hoo, ke hobaneng ha moprista ya phahameng a ne a ka dumella monna ya kang Tobia hore a dule sebakeng sa ho jela se ka tempeleng?

6 Ho bonahala Tobia le Eliashibe ba ne ba amana. Tobia le mora hae Johanane ba ne ba nyetse basadi ba Bajuda, mme Bajuda ba bangata ba ne ba bua Tobia hantle. (Neh. 6:17-19) Setloholo sa Eliashibe, Manase, o ne a nyetse moradi wa Sanbalate, e leng Mosamaria eo e neng e le e mong wa metswalle ya Tobia ya hlooho ya kgomo. (Neh. 13:28) E ka nna yaba ke ka lebaka la maqhama ana a lelapa Moprista ya Phahameng Eliashibe, a ileng a itumella hore a susumetswe ke motho ya sa dumelang, wa mohanyetsi. Empa Nehemia o ile a bontsha ho tshepahala ho Jehova ka hore a lahlele thepa yohle ya Tobia ka ntle ho sebaka sa ho jela se ka tempeleng.

w96 3/15 16 ¶6

Ho Thulana le Phephetso ya Botshepehi bo sa Sekisetseng

6 Haeba re tshepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova Modimo, re tla qoba ho etsa setswalle le bohle bao e leng dira tsa hae. Ke ka lebaka leo morutuwa Jakobo a ileng a ngola: “Basadi ba bafebi, na ha le tsebe hore botswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Ka hona, mang kapa mang ya batlang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.” (Jakobo 4:4) Re batla ho ba le botshepehi bo sa sekisetseng bo ileng ba bontshwa ke Morena Davida ha a ne a re: “Jehova, ha ke re, ke hloile ba o hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba o phahamelang? Ke ba hloile ka hloyo ya sebele, ho nna ke dira.” (Pesaleme ya 139:21, 22) Ha re batle ho etsa setswalle le moetsadibe ofe kapa ofe wa ka boomo, hobane ha ho letho leo re tshwanang le bona ka lona. Na botshepehi bo sa sekisetseng ho Modimo bo ne bo ke ke ba re thibela ho etsa setswalle le dira le ha e le dife tse jwalo tsa Jehova, ebang ke ka seqo kapa ka thelevishene?

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 452 ¶9

Mmino

Tempeleng, mmino o ne o le bohlokwa. Ho na le bopaki ba Mangolo tabeng ena. Hape taba ya hore ebe dibini di ne di lokolotswe mesebetsing e meng e le hore di ka shebana le mosebetsi wa ho bina feela, le yona e bontsha hore mmino o ne o le bohlokwa tempeleng. (1Kr 9:33) Taba ya hore dibini tseo di ile tsa bolelwa e le sehlopha se ikemetseng ho batho ba neng ba tswa Babilona e bontsha hore di ile tsa tswela pele e le sehlopha se kgethehileng sa Balevi. (Esd 2:40, 41) Esita le Artaseksese morena wa Persia o ile a bua ka tsona ha a laela hore tsona le dihlopha tse ding tse kgethehileng di se ke tsa batlwa lekgetho ho hang kapa hore di lefelle ho sebedisa tsela. (Esd 7:24) Ha morao, morena o ile a laela hore dibini di fuwe “dintho tse itseng ho latela ditlhoko tsa tsona tsa letsatsi le letsatsi.” Ho ka etsahala hore ebe taelo ena e ile ya fanwa ke Esdrase ka matla ao a a fuweng ke Artaseksese le hoja e tsebahala e le taelo ya Artaseksese. (Ne 11:23; Esd 7:18-26) Ke ho utlwahalang hore ebe le hoja dibini e ne e le Balevi, Bibele e bua ka bona e le sehlopha se kgethehileng ha e re “dibini le Balevi.”—Ne 7:1; 13:10.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share