Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 4-10 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESTHERE 1-2
“Dula o Inyenyefaditse Jwalo ka Esthere”
Dula o Inyenyefaditse le ha o Thulana le Mathata
11 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekwa ha ba bang ba re rorisa ho feta tekano. Esthere o ile a tobana le boemo bo tshwanang. O ne a le motle haholo, mme a qeta selemo a phela bophelo bo monate. O ne a phela le barwetsana ba bang ba bangata ba Persia ba neng ba hlodisana bakeng sa ho fumana kamohelo ya morena. Le hoja morena a ile a rata Esthere ho ba feta, botho ba morwetsana enwa ya hlomphang ha bo a ka ba fetoha. Ha a ka a ikgohomosa le ha a se a nyetswe ke morena.—Esth. 2:9, 12, 15, 17.
ia 130 ¶15
O Ile a Emela Batho ba Modimo
15 Ha nako ya hore Esthere a tliswe ka pela morena e fihla, o ile a fuwa monyetla wa ho kgetha dintho le ha e le dife tseo a nahanang hore o tla di hloka, mohlomong e le hore a iketse botle le ho feta. Le ha ho le jwalo, ka boikokobetso ha a ka a kopa letho ntle ho dintho tseo Hegai a mo boleletseng ka tsona. (Esth. 2:15) Mohlomong o ile a lemoha hore botle ka bobona bo ne bo ke ke ba hapa pelo ya morena; empa o ne a ka kgahlwa ke boikokobetso le ho inyenyefatsa, e leng ditshobotsi tse neng di sa tlwaeleha ntlong eo ya borena. Na o ne a nepile?
Dula o Inyenyefaditse le ha o Thulana le Mathata
12 Boinyenyefatso bo re thusa hore re apare le ho itshwara ka tsela e bontshang hore re a itlhompha ebile re hlompha le ba bang. Ha re leke ho kgahla ba bang ka ho ithorisa kapa ho etsa dintho tse tla re bitsetsa mahlo a batho ho sa hlokahale, empa ka mehla re bonahatsa “moya o thotseng le o bonolo.” (Bala 1 Petrose 3:3, 4; Jer. 9:23, 24) Diketso tsa rona di tla senola se ka dipelong tsa rona. Ka mohlala, dintho tseo re di etsang di ka nna tsa bontsha hore re inkela hodimo ka lebaka la ditokelo tseo re nang le tsona kapa tsa metswalle ya rona, esita le ka lebaka la tsebo eo re nang le yona. Kapa mohlomong re ka nna ra etsa eka re finyelletse ho itseng ka borona, esita le ha re thusitswe ke ba bang. Le tabeng ena, Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. O ne a qotsa Lentswe la Modimo kgafetsa ha a ruta. O ile a etsa sena e le hore a se ke a iphumanela thoriso, empa hore batho ba tsebe hore Jehova e ne e le yena mohlodi wa dithuto tseo, ka lebaka leo ba rorise Modimo.—Joh. 8:28.
Matlotlo a Patilweng
Na o ne o Tseba?
Bafuputsi ba ile ba fumana mongolo wa kgale wa Persia o nang le lebitso Marduka (Ka Sesotho Mordekai). E ne e le molaodi, mohlomong motshwari wa matlotlo wa Shushane. Nakong eo ho neng ho fumanwa mongolo oo, Arthur Ungnad eo e neng e le setsebi sa histori ya sebaka seo o ile a ngola a re leo e ne e le “lekgetlo la pele Mordekai a hlaha dinthong tseo e seng karolo ya Bibele.”
Ka mora hore a ngole taba eo, ditsebi di ile tsa fetolela dingolwa tse ngata tsa Persia tsa mehleng ya kgale. Tse ding tsa dingolwa tsena ke maqhetswana a letsopa a Persepolise a ileng a fumanwa dithakong tsa motse wa Persepolise. Maqhetswana ana ke a mehleng ya ha ho ne ho busa Xerxes wa Pele. A ngotswe ka Seelame mme a na le mabitso a mmalwa a hlahang bukeng ya Esthere.
Maqhetswaneng a mmalwa a Persepolise ho hlaha lebitso Marduka. E ne e le mongodi wa morena phaleising e Shushane nakong ya puso ya Morena Xerxes wa Pele. Leqhetswana le leng le re Marduka e ne e le mofetoledi. Taba ena e dumellana le tsela eo Bibele e hlalosang Mordekai ka yona. O ne a sebeletsa Morena Asueruse (Xerxes wa Pele) ebile o ne a bua dipuo tse pedi kapa ho feta. Hangata Mordekai o ne a dula keiting ya morena e phaleising e Shushane. (Esthere 2:19, 21; 3:3) Keiti ena e ne e le mohaho o moholo oo diofisiri tsa phaleising di neng di sebeletsa ho wona.
Marduka eo ho buuwang ka yena maqhetswaneng le Mordekai eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng ba na le dintho tse ngata tseo ba tshwanang ka tsona. Ba phetse ka nako e le nngwe, sebakeng se le seng ba bile ba sebetsa mosebetsi o tshwanang nqa e le nngwe. Dintho tsena kaofela di a bontsha hore Marduka le Mordekai ke motho a le mong.
LA 11-17 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESTHERE 3-5
“Thusa ba Bang Hore ba Sebeletse Jehova ka Boitelo”
it-2-E 431 ¶7
Mordekai
O Ile a Hana ho Inamela Hamane. Asueruse o ile a etsa Hamane wa Moagage tonakgolo. Ka mora moo, o ile a laela batho bohle keiting ya hae hore ba inamele Hamane ka lebaka la boemo ba hae bo botjha. Mordekai o ile a hana ho etsa jwalo hobane a re yena ke Mojuda. (Est 3:1-4) Taba ya hore Mordekai o ile a fana ka lebaka lena e bontsha hore e ne e le Mojuda ya inehetseng ho Jehova Modimo a bile a ena le kamano e matla le yena. O ne a hlokomela hore ho inamela Hamane e ne e se ketso feela e neng e bontsha ho hlompha motho ya nang le matla a bolaodi, jwalo ka ha Baiseraele ba ne ba etsa nakong e fetileng. (2Sa 14:4; 18:28; 1Ma 1:16) Mordekai o ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho se inamele Hamane. Ho ka etsahala hore Hamane e ne e le Moamaleke mme Jehova o ne a itse “o tla lwantsha Amaleke ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.” (Ex 17:16; sheba HAMAN.) Mordekai o ile a hana ho inamela Hamane hobane a hlompha Modimo e seng hobane a kenakenana le dipolotiki.
it-2-E 431 ¶9
Mordekai
Jehova o Ile a mo Sebedisa ho Lopolla Baiseraele. Nakong eo ho neng ho ntshitswe taelo ya hore Bajuda bohle ba bolawe, Mordekai o ile a re Esthere o ne a behilwe boemong ba hae bo phahameng ka nako eo e le hore a pholose Bajuda. O ile a hlokomedisa Esthere boikarabelo bona ba hae bo boima mme a re a kope thuso ho morena. Esthere o ile a dumela le hoja ho etsa jwalo ho ne ho tla beha bophelo ba hae kotsing.—Est 4:7–5:2.
ia 132-133 ¶22-23
O Ile a Emela Batho ba Modimo
22 E tlameha ebe Esthere o ile a ikutlwa a sehwa ke mala ha a utlwa molaetsa oo. Ena e ne e le teko e kgolo ka ho fetisisa ya tumelo ya hae. O ne a tshaba, jwalo ka ha ho bonahala karabong eo a ileng a e fa Mordekai. O ile a mo hopotsa ka molao wa morena. Motho ya hlahang ka pela morena a sa mo bitsa o ne a ka bolawa. O ne a ka pholoha feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la kgauta. Na Esthere o ne a ka lebella hore a hauhelwe jwalo, haholoholo ka mora se neng se sa tswa etsahalla Vashti ha a ne a hana ho hlaha ha morena a mo bitsa? O ile a bolella Mordekai hore ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mo bitse! Seo se ne se ka etsa hore a nahane hore ka ha morena o ne a mo hlokomolohile jwalo, mohlomong morena o se a fetotse maikutlo ka yena.—Esth. 4:9-11.
23 Mordekai o ile a araba ka sebete ho matlafatsa tumelo ya Esthere. O ile a mo tiisetsa hore haeba a hloleha ho ba buella, topollo ya Bajuda e tla hlaha sebakeng se seng. Ruri Esthere o ne a ke ke a lebella hore a pholoswe ha mahloriso a ntse a ehlwa mekwalaba. Tabeng ena Mordekai o ile a bontsha hore o tshepa Jehova ka hohle, ka ha Jehova o ne a ke ke a dumella batho ba Hae hore ba fediswe ka ho feletseng mme o ne a tla dula a phethahatsa ditshepiso tsa Hae. (Josh. 23:14) Jwale Mordekai o ile a botsa Esthere: “Ke mang ya tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena o fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahadi?” (Esth. 4:12-14) Ka sebele Mordekai o re behetse mohlala oo re ka o latelang. O ne a tshepa Modimo wa hae, Jehova, ka ho feletseng. Na le rona re mo tshepa ka ho feletseng?—Diprov. 3:5, 6.
Matlotlo a Patilweng
Ho Lwanela Bolokolohi ba Borapedi
14 Jwalo ka Esthere le Mordekai ba mehleng ya kgale, kajeno batho ba Jehova ba lwanela hore ba lokolohe ho rapela Jehova ka tsela eo a e laetseng. (Esth. 4:13-16) Na ho na le seo o ka se etsang? E. O ka rapella bara le baradi ba bo rona bao hona jwale ba utlwiswang bohloko ke ho kgethollwa ho etswang ke makgotla a dinaha tsa habo bona. Dithapelo tseo e ka ba thuso e matla ho bara le baradi ba bo rona ba tobaneng le mathata le mahloriso. (Bala Jakobo 5:16.) Na Jehova o tla araba dithapelo tseo? Taba ya hore re ntse re hlola dinyewe e bontsha hore ka sebele o a di araba.—Baheb. 13:18, 19.
LA 18-24 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESTHERE 6-8
“Mohlala o Motle wa ho Bua le Batho ba Bang”
ia 140 ¶15-16
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
15 Ka ha Esthere ha a ka a fela pelo, empa o ile a leta letsatsi le leng hape e le hore a bolelle morena kopo ya hae, Hamane o ile a fuwa monyetla wa hore a itjhekele lebitla la hae. Na ekaba e ne e se Jehova Modimo ka boyena ya neng a entse hore morena a hlobaele bosiu? (Diprov. 21:1) Ha se feela Lentswe la Modimo le re kgothalletsang ho ‘leta’! (Bala Mikea 7:7.) Ha re letela Modimo, re ka nna ra fumana hore tsela eo a rarollang mathata a rona ka yona e feta hole eo e ka nnang yaba rona re ne re tla a rarolla ka yona.
O Ile a Bua ka Sebete
16 Esthere ha a ka a leka mamello ya morena le ho feta; moketeng wa hae wa bobedi, o ne a lokela ho mo bolella sohle. Empa o ne a tla mo bolella jwang? Ka moo ho bileng ka teng, morena o ile a mo fa monyetla wa ho bua, a mo botsa hape hore na kopo ya hae ke efe. (Esth. 7:2) “Nako ya ho bua” ya Esthere e ne e fihlile.
ia 140 ¶17
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
17 Re ka inahanela feela ha Esthere a rapela Modimo wa hae ka pelong pele a bua mantswe ana: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ere ke fuwe moya wa ka ho ya ka kopo ya ka e matla le batho ba heso ho ya ka seo ke se kopang.” (Esth. 7:3) Hlokomela hore o ile a tiisetsa morena hore o hlompha qeto eo morena a nkang hore e nepahetse. Esthere o ne a fapane hakaakang le Vashti, mosadi wa pele wa morena, eo ka boomo a ileng a tlotlolla monna wa hae! (Esth. 1:10-12) Ho feta moo, Esthere ha a ka a nyatsa morena ka hore ka bowatla o ile a tshepa Hamane. Ho ena le hoo, o ile a kopa hore morena a mo sireletse hore a se ke a bolawa.
ia 141 ¶18-19
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
18 Ha ho pelaelo hore kopo eo e ile ya ama morena maikutlo ya ba ya mo makatsa. Ke mang ya sebete hakaalo ya neng a ka bolaya mofumahadi wa hae? Esthere o ile a tswela pele: “Re rekisitswe, nna le batho ba heso, hore re fediswe, re bolawe le ho timetswa. Jwale haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba feela le ho ba makgabunyane feela, ke ne ke tla kgutsa. Empa mahlomola ana ha a lokela ha morena a senyehelwa.” (Esth. 7:4) Hlokomela hore Esthere o ile a toba taba ha a bua bothata ba hae, le ha ho le jwalo o ile a tswela pele ka hore a ka be a thotse hoja ba ne ba entswe makgoba feela. Le ha ho le jwalo, tlhaselo ena ya batho ba habo, e ne e tla etsa hore morena a senyehelwe haholo ha a ne a ka thola ka yona.
19 Mohlala wa Esthere o re ruta ho hoholo ka mokgwa o nepahetseng wa ho kgodisa motho. Haeba ho hlokahala hore o bolelle motho eo o mo ratang kapa motho ya maemong a phahameng ka bothata bo tebileng, ho se fele pelo, ho hlompha le ho toba taba, ho ka o thusa haholo.—Diprov. 16:21, 23.
Matlotlo a Patilweng
w06 3/1 11 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esthere
7:4—Ho fediswa ha Bajuda ho ne ho tla etsa hore ‘morena a senyehelwe’ jwang? Ka hore ka masene a bolele hore Bajuda ba ka nna ba rekiswa e le makgoba, Esthere o ile a totobatsa ka moo morena a neng a ka senyehelwa ka teng haeba ba timetswa. Dikotwana tsa silevera tse 10 000 tseo Hamane a neng a di tshepisitse e ne e se tsa bohlokwa hakaalo polokelong ya matlotlo a morena ho feta leruo le neng le ka hlahiswa ke morero wa Hamane wa ho rekisa Bajuda e le makgoba. Ho phethahatswa ha morero oo wa Hamane ho ne ho tla etsa hore morena a boele a lahlehelwe ke mofumahadi.
LA 25 SEPTEMBER–LA 1 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESTHERE 9-10
“O Ile a Sebedisa Boemo ba Hae Pusong ho Thusa Batho ba Habo”
it-2-E 432 ¶2
Mordekai
Mordekai o ile a nkela Hamane sebaka ka ho ba tonakgolo mme a fuwa reng ya borena e le hore a tempe ditokomane tsa molao. Esthere o ile a fa Mordekai ntlo ya Hamane eo morena a neng a mo file yona. Morena o ile a dumella Mordekai hore a fane ka taelo e neng e fa Bajuda tokelo ya ho itwanela. Taelo ena e ile ya thabisa Bajuda ya ba ya ba fa tshepo ya hore ba tla pholoha. Batho ba bangata Pusong ya Persia ba ne ba tshehetsa Bajuda mme ha letsatsi la bo13 la kgwedi ya Adare le fihla, e leng letsatsi leo Hamane a neng a le behile hore Bajuda ba bolawe, Bajuda ba ne ba se ba itokisitse. Ba ne ba tshehetswa ke mmuso ka lebaka la boemo ba Mordekai bo phahameng. Ba neng ba lwana Shushane, ba ile ba tswela pele ba ntse ba lwana le letsatsing le hlahlamang. Ho ile ha bolawa dira tsa Bajuda tse fetang 75 000 Pusong ya Persia, ho akareletsa le bara ba leshome ba Hamane. (Est 8:1–9:18) Esthere o ile a dumellana le taelo ya Mordekai ya hore selemo le selemo ho be le mokete ka la 14 le la 15 kgweding ya Adare, e leng “matsatsi a Purime” e le hore batho ba ka thaba, ba keteka, ba fanana dijo le ho fa bafutsana dimpho. Ho tloha ka nako eo, Bajuda ba ile ba keteka mokete oo le bana ba bona ha mmoho le batho ba neng ba ba tshehetsa. Mordekai o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla, a hlomphuwe ke Bajuda ba inehetseng ho Modimo a bile a sebetsa ka thata bakeng sa bona.—Est 9:19-22, 27-32; 10:2, 3.
it-2-E 716 ¶5
Purime
Morero. Ka lebaka la tsela eo Bajuda ba ketekang Mokete wa Purime ka yona kajeno, batho ba bang ba re mokete ona ha o amane le bodumedi empa ke mokete feela oo batho ba o etsang ho ithabisa ka ha ebile ho etswa dintho ka tsela e fetelletseng moketeng oo. Empa ho ne ho se jwalo ha mokete ona o ne o thehwa. Mordekai le Esthere e ne e le bahlanka ba Jehova Modimo wa nnete mme ba ile ba theha mokete oo ho mo tlotlisa. Ka ha Mordekai o ne a tshepahalla Jehova a bile a rapela yena feela, leo ke lona lebaka le ileng la beha Bajuda kotsing ya ho bolawa empa lona lebaka leo, ke lona le ileng la susumelletsa Jehova Modimo ho ba pholosa. Ho ka etsahala hore Hamane e ne e le Moamaleke, e leng setjhaba seo Jehova a neng a se rohakile a bile a itse se fediswe. Mordekai o ile a hlompha taelo ya Modimo ka hore a hane ho inamela Hamane. (Est 3:2, 5; Ex 17:14-16) Mantswe ao Mordekai a ileng a a bolella Esthere Lengolong la Esthere 4:14 a bontsha hore o ne a tshepile hore Jehova o tla pholosa Bajuda. Taba ya hore Esthere o ile a itima dijo pele a ya ho morena ho yo mo memela moketeng, e bontsha hore o ne a tshepile hore Jehova o tla mo thusa.—Est 4:16.
cl 101-102 ¶12-13
“Le be Baetsisi ba Modimo” ha le Sebedisa Matla a Lona
12 Jehova o behile balebedi ho etella pele ka phuthehong ya Bokreste. (Baheberu 13:17) Banna bana ba tshwanelehang ba lokela ho sebedisa bolaodi boo ba bo filweng ke Modimo ho fana ka thuso e hlokahalang le ho tlatsetsa boiketlong ba mohlape. Na boemo ba bona bo fa baholo tokelo ya ho rena ka thata hodima badumedimmoho le bona? Le hanyenyane! Baholo ba lokela ho ba le pono e lekalekaneng le e bontshang boikokobetso ka karolo eo ba e phethang ka phuthehong. (1 Petrose 5:2, 3) Bibele e re ho balebedi: “Le dise phutheho ya Modimo, eo a e rekileng ka madi a Mora wa hae.” (Diketso 20:28) Lena ke lona lebaka le ka sehloohong la ho tshwara setho ka seng sa mohlape ka bonolo.
13 Re ka nna ra bapisa sena ka tsela ena. Motswalle wa hlooho ya kgomo o o kopa hore o hlokomele thepa eo a tshabanang le yona. O a tseba hore motswalle wa hao o lefeletse thepa eo tjhelete e ngata. Na o ne o sa tlo e tshwara ka hlokolosi le ka kelohloko e kgolo? Ka ho tshwanang, Modimo o file baholo boikarabelo ba ho hlokomela letlotlo la bohlokwa haholo: phutheho, eo ditho tsa yona di tshwantshwang le dinku. (Johanne 21:16, 17) Dinku tsa Jehova ke tsa bohlokwa ho yena—ha e le hantle, ke tsa bohlokwa hoo a di rekileng ka madi a bohlokwa a Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, Jesu Kreste. Jehova o lefeletse dinku tsa hae tefo e phahameng ka ho fetisisa. Baholo ba ikokobeditseng ba dula ba hopola sena mme ba tshwara dinku tsa Jehova tumellanong le seo.
Matlotlo a Patilweng
w06 3/1 11 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esthere
9:10, 15, 16—Le hoja taelo eo e ne e ba dumella hore ba tlatlape thepa, ke hobaneng ha Bajuda ba sa ka ba etsa jwalo? Hore ebe ba ile ba hana ho etsa jwalo ho ile ha bontsha ka ho hlaka hore morero wa bona e ne e le ho itshireletsa, eseng ho fumana maruo.
LA 2-8 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 1-3
“Tswela Pele o Bontsha Hore o Rata Jehova ka Pelo Yohle”
Etsisa Tumelo ya Noe, Daniele le Jobo
16 Mathata ao Jobo a ileng a tobana le ona. Jobo e ne e le morui, empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. Pele a hlahelwa ke diteko, e ne e le motho e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Botjhabela.” (Jobo 1:3) E ne e le morui, a tumme mme batho ba mo hlompha haholo. (Jobo 29:7-16) Empa dintho tsena ha di a ka tsa etsa hore Jobo a iphahamise kapa a nahane hore ha a hloke Modimo bophelong ba hae. Ho fapana le hoo, Jehova o ile a bitsa Jobo ‘mohlanka wa hae,’ mme a re ka yena: “[Ke] monna ya sa tshwauweng phoso le ya lokileng, ya tshabang Modimo le ya kgelohang bobe.”—Jobo 1:8.
17 Ka ho panya ha leihlo, bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho felletseng. O ile a tobana le diteko tse ileng tsa mo siya a nyahame ebile e le mofutsana. Re a tseba hore diteko tseo di ne di tswa ho Satane, ya neng a qosa Jobo ka hore o sebeletsa Modimo ka mabaka a boithati. (Bala Jobo 1:9, 10.) Jehova ha a ka a ikwala ditsebe ha a utlwa qoso eo ya bohata. Ho ena le hoo, Jehova o ile a fa Jobo monyetla wa ho bontsha hore o a mo tshepahalla le hore o mo sebeletsa hobane a mo rata.
Dula o Tshepahala!
10 O ameha jwang qosong eo Satane a ileng a e phahamisa ka Jobo? Ha e le hantle, Satane o re ha se hore o sebeletsa Modimo hobane o mo rata. O re ha ho ka hlaha boemo bo amang lefu le bophelo, o ka mo fetohela e le hore feela o phele. Ha e le hantle o re botshepehi ba hao ke ba boikaketsi. (Jobo 2:4, 5; Tshen. 12:10) Taba ee e etsa hore o ikutlwe jwang? E o utlwisa bohloko, kapa jwang? Le ha ho le jwalo, nahana ka sena: Jehova o a o tshepa mme o o file monyetla wa ho bontsha hore o a tshepahala. O dumelletse Satane hore a leke botshepehi ba hao. Lebaka ke hore o kgodisehile hore o tla tshepahala mme o bontshe hore Satane ke raleshano. Ebile o o tshepisa hore o tla o thusa. (Baheb. 13:6) Ka sebele, ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tshepuwa ke Mmopi wa dintho tsohle. Na o a elellwa hore na ke hobaneng ha botshepehi e le ba bohlokwa hakaale? Bo re thusa hore re hane mashano a Satane mme re halaletse lebitso la Ntate wa rona. Bo boetse hape bo re thusa ho phela ka melaomotheo ya hae e lokileng. Ebe re ka dula re tshepahalla Jehova jwang?
Matlotlo a Patilweng
Ithute Mantsweng a Jesu a ho Qetela
9 Jesu o ile a reng? Nakwana pele Jesu a shwa o ile a re: “Modimo wa ka, o ntloheletseng?” (Mat. 27:46) Bibele ha e re hlalosetse hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe ana. Empa a ko nahane hore na re ithutang mantsweng ana. Ntho e nngwe eo re e tsebang ke hore Jesu o ne a phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ya 22:1 ha a ne a bua mantswe ana. Hape mantswe ana a ne a bontsha ka ho hlaka hore Jehova o ne a sa beha ‘lekgwakgwa ho potoloha’ Mora eo wa hae. (Jobo 1:10) Jesu o ne a utlwisisa hore Ntate wa hae o ne a dumelletse dira tsa hae ho mo hloya le ho mo leka tumelo ho fihlela a shwa mme ha ho eso ka ho ba le motho ya kileng a lekwa jwalo ka yena. Ho ekelletsa moo, mantswe ana a paka hore ka nnete Jesu o ne a se na molato mme o ne a sa lokela ho bolawa.
LA 9-15 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 4-5
“Qoba Ditaba Tseo e Seng Nnete”
it-1-E 713 ¶11
Elifaze
2. E mong wa metswalle e meraro ya Jobo. (Job 2:11) E ka nna yaba o ne a tswa lelokong la pele la Motemane. Ka hoo o ne a tswa lelokong la Abrahama mme ka tsela e itseng o ne a amana le Jobo. Yena le bana ba hae ba ne ba ithorisa ka bohlale ba bona. (Jer 49:7) Hara banna bao ba bararo ba neng ba ilo tshedisa Jobo, Elifaze o ne a nkwa a le bohlokwa a bile a ena le tshusumetso e matla mme ho ka etsahala hore ebe o ne a le moholo ho bona. Ke yena wa pele ya ileng a bua ha ba fihla ho Jobo ebile o ne a bua haholo ho feta ba bang.
w05 9/15 26 ¶2
Hana Monahano o Fosahetseng!
Ha Elifaze a hopola mohlolo oo a neng a kile a o bona, o ile a re: “Moya wa qala ho feta sefahlehong sa ka; moriri wa mmele wa ka wa qala ho baleha. Wa qala ho ema, empa ha ke a ka ka hlokomela ponahalo ya wona; sebopeho se ne se le ka pela mahlo a ka; ho ne ho ena le kgutso, jwale ka utlwa lentswe.” (Jobo 4:15, 16) Ke moya wa mofuta ofe o ileng wa susumetsa monahano wa Elifaze? Mantswe a hlabang a ileng a latela a bontsha hore ka sebele moya oo e ne e se moya wa le leng la mangeloi a Modimo a lokileng. (Jobo 4:17, 18) E ne e le sebopuwa se kgopo sa moya. Ho seng jwalo, ke jwang Jehova a neng a ka nyatsa Elifaze le metswalle ya hae e mmedi ka hore ba buile leshano? (Jobo 42:7) Ha ho pelaelo hore Elifaze o ne a susumetswa ke modemona. Mantswe a hae a ile a bontsha hore o ne a nahana jwalo ka motho ya sa tshabeng Modimo.
w10 2/15 19 ¶5-6
Hana Mashano a Satane
Satane o ile a sebedisa Elifaze, e mong wa metswalle e meraro e neng e etetse Jobo, hore a bolele hore batho ba fokola ka tsela e swabisang. Ha a bontsha hore batho ba jwalo ka “ba dulang ka matlung a mobu,” o ile a re ho Jobo: “Motheo wa bona o . . . leroleng! Motho o ba silakanya kapele ho feta tshwele. Ba silakanngwa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya; ba timela ka ho sa feleng ho se na mang kapa mang ya ho tebisetsang pelong.”—Jobo 4:19, 20.
Mangolong a mang re tshwantshwa le ‘dijana tsa letsopa’ tse pshatlehang ha bonolo. (2 Bakor. 4:7) Ka lebaka la sebe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng, re a fokola. (Bar. 5:12) Ha re sa thuswe, Satane a ka re hlasela ha bonolo. Empa ka ha re Bakreste, ha re a lahlwa kgerehlwa. Le hoja re ena le mefokolo, re ba bohlokwa mahlong a Modimo. (Esa. 43:4) Ho feta moo, Jehova o fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang. (Luka 11:13) Moya wa hae o ka re fa “matla a fetang se tlwaelehileng,” a re thusang hore re mamelle mahlomola afe kapa afe ao Satane a re bakelang ona. (2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:13) Haeba re ema re “tiile tumelong” kgahlanong le Diabolose, Modimo o tla re tiisa a be a re matlafatse. (1 Pet. 5:8-10) Ka hoo, ha ho hlokahale hore re tshabe Satane Diabolose.
Itshireletse Ditabeng Tseo e Seng Nnete
● Batla hore na ditaba tseo di tswa hokae le hore na di bua kang
Bibele e re: “Etsang bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.”—1 Bathesalonika 5:21.
Pele o ka kgolwa kapa wa fetisa ditaba tse itseng le haeba ho buuwa ka tsona haholo metjheng ya dipatlalatso, netefatsa hore di nepahetse. O ka etsa seo jwang?
Batlisisa hore na ditaba di tswa mohloding o tshepahalang hakae. Metjha ya diphatlalatso e ka sotha taba ho ya ka tshekamelo ya batho ya dipolotiki kapa ka mabaka a kgwebo. Sebedisa metjha e fapaneng ya ditaba ho bapisa seo o se badileng kapa seo o se utlwileng. Ka dinako tse ding metswalle ya rona e ka romela ditaba tseo e sa hlokomelang hore ha se nnete metjheng ya puisano. Ka hoo, o se ke wa kgolwa ditaba tseo o di utlwang pele o di bala mohloding oo di tswang ho wona.
Etsa bonnete ba hore ditaba tseo ke tsa moraorao ebile di nepahetse. Sheba hore na ke tsa neng, hore na ditaba tseo di nepahetse le hore na di na le bopaki bo di tshehetsang. Eba hlokolosi hore na ditaba tsa bohlokwa ha di a fetiswa jwalo ka ha eka ha di bohlokwa le hore na ditaba tseo ha di a rerelwa ho susumetsa maikutlo a rona.
Matlotlo a Patilweng
w03 5/15 22 ¶5-6
Dula o Tiile, Mme o Hlole Peisong ya Bophelo
Ho ba ka mokgatlong o hlophisitsweng wa lefatshe lohle wa barapedi ba nnete ho ka re tiisa haholo. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho kopanela le mokgatlo wa bara ba motho o lerato hakaale le wa lefatshe lohle! (1 Petrose 2:17) Mme sena se ka etsa hore re tiise badumedimmoho le rona.
Nahana ka thuso eo monna ya lokileng ya bitswang Jobo a neng a fana ka yona. Esita le motshedisi wa bohata ya bitswang Elifaze o ile a tlameha ho dumela, a re: “Mang kapa mang ya kgoptjwang, mantswe a hao a ne a mo emisa; o ne o tiisa mangole a tetemang.” (Jobo 4:4) Na re a thusana? Re le batho ka bomong, re na le boikarabelo ba ho thusa Bakreste ba bang ho mamella tshebeletsong ya Modimo. Ha re ena le bona, re ka sebedisa mantswe ana a reng: “Matlafatsang matsoho a fokolang, mme le tiise mangole a tetemang.” (Esaia 35:3) Ka hoo, ke hobaneng ha o sa ikemisetse hore nako le nako ha le kopane le Bakrestemmoho, o matlafatse mme o kgothatse a le mong kapa ba babedi? (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele mantswe a kgothatsang a babatsang le a lebohang boiteko ba bona bo tswelang pele ba ho kgahlisa Jehova a ka ba thusa hore ba dule ba tiile mme ba lebeletse ho hlola peisong ya bophelo.
LA 16-22 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 6-7
“Ha o Utlwa Bophelo bo le Boima Hoo ho Leng Thata ho Mamella”
w06 3/15 14 ¶10
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jobo
7:1; 14:14—Ho bolelwa eng ka ‘mosebetsi o qobellwang’ kapa ‘tshebeletso e qobellwang’? Mahlomola a Jobo a ne a le maholo hoo a ileng a nahana hore bophelo ke mosebetsi o boima le o qobellwang kapa o tshwenyang. (Jobo 10:17, mongolo o botlaseng ba leqephe ho NW) Ka ha nako eo motho a e qetang a le Sheole—ho tloha ha a eshwa ho fihlela a tsoha—ke nako e qobellwang, Jobo o ile a e tshwantsha le tshebeletso e qobellwang.
“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”
KA DINAKO tse ding re ka iphumana re ntse re nahana ka moo bophelo bo leng bokgutshwanyane le ka moo bo tletseng “dikgathatso” ka teng. (Jobo 14:1) Ntho eo e ka etsa hore re ikutlwe re nyahame. Boholo ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ya kgale ba ile ba ikutlwa jwalo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho shwa. (1 Mar. 19:2-4; Jobo 3:1-3, 11; 7:15, 16) Empa Jehova, Modimo eo ba neng ba mo tshepa o ne a ba tshedisa le ho ba matlafatsa ka dinako tsohle. Dipale tsa bona di ile tsa ngolwa ka Bibeleng e le hore di re kgothatse le hore re ithute ho tsona.—Bar. 15:4.
g 1/12 16-17
Ha o Tlelwa ke Maikutlo a Hore o Ipolaye
Le hoja boemo ba hao bo ka bonahala bo sithabetsa, hopola hore ha se wena feela ya tobanang le boemo bo jwalo le hore ka maswabi kajeno, hoo e ba tlang e le motho e mong le e mong o na le bothata bo itseng. Bibele e re: “Popo yohle e ntse e tswela pele ho bobola ha mmoho le ho ba bohlokong ha mmoho.” (Baroma 8:22) Esita le haeba qalong ho ka bonahala eka mathata a hao a ke ke a rarolleha, hangata dintho di a ntlafala ha nako e ntse e feta. Empa keng e ka o thusang pele o fumana tharollo?
Bolella motswalle ya hodileng tsebong, eo o mo tshepang maikutlo a hao. Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho ena le mahlomola.” (Diproverbia 17:17) Jobo, monna ya lokileng eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng, o ile a phetlela ba bang sefuba nakong eo a neng a ferekane. Ha a ne a utlwa a ‘nyonya bophelo ba hae,’ o ile a re: “Ke tla bonahatsa ho tshwenyeha ha ka ka nna. Ke tla bua ka moya o utlwileng bohloko!” (Jobo 10:1) Ho phetlela ba bang sefuba ho ka fokotsa kgatello ya hao ya maikutlo mme ha etsa hore o shebe mathata ao o tobaneng le ona ka tsela e fapaneng.
Tshollela pelo ya hao ho Modimo ka thapelo. Ba bang ba nahana hore thapelo ke mokgwa feela wa ho etsa hore motho a be le kgotso kelellong, empa Bibele e bua se fapaneng le seo. Pesaleme ya 65:2 e re Jehova Modimo ke “Ya Utlwang thapelo,” mme 1 Petrose 5:7 e re: ‘O a o tsotella.’ Nako le nako Bibele e hatisa ka moo e leng ha bohlokwa ka teng hore re itshetlehe ka Modimo. Ka mohlala, e re:
“Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao. O mo ele hloko ditseleng tsohle tsa hao, mme o tla otlolla ditsela tsa hao.”—DIPROVERBIA 3:5, 6.
“[Jehova] o tla kgotsofatsa takatso ya ba mo tshabang, o tla utlwa mohoo wa bona o kopang thuso, mme o tla ba pholosa.”—PESALEME YA 145:19.
“Ena ke kgodiseho eo re nang le yona ho yena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.”—1 JOHANNE 5:14.
“Jehova o hole haholo le ba kgopo, empa o utlwa thapelo ya ba lokileng.”—DIPROVERBIA 15:29.
Haeba o bolella Modimo mathata ao o tobaneng le ona, o tla o thusa. Ka lebaka le utlwahalang, Bibele e o kgothalletsa hore o ‘mo tshepe ka dinako tsohle . . . O tshollele pelo ya hao ka pela hae.’—Pesaleme ya 62:8.
Matlotlo a Patilweng
Mamela, Ithute Mme o be le Qenehelo
10 Re ka etsisa Jehova ka hore re leke ho utlwisisa bara le baradi ba bo rona. Tseba bara le baradi beno. Bua le bona pele le ka mora diboka, sebetsa le bona tshimong mme ha ho kgoneha o ba memele dijong. Ha o etsa jwalo o tla hlokomela hore moradi wa bo rona eo o neng o bona eka ha a na botswalle ha e le hantle o dihlong, morabo rona eo o neng o bona eka o rata tjhelete ha e le hantle o a fana, lelapa le dulang le le lata dibokeng ha e le hantle le a hanyetswa. (Jobo 6:29) Ke nnete hore ha re a lokela ho ‘kenakena ditaba tsa batho ba bang.’ (1 Tim. 5:13) Le ha ho le jwalo, ke hantle hore re tsebe bara le baradi ba bo rona le dintho tse ba etsahalletseng mme sena se tla etsa hore re ba utlwisise haholwanyane.
LA 23-29 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 8-10
“Ho Rata Jehova ka Pelo Yohle ho re Sireletsa Mashanong a Satane”
w15 7/1 12 ¶3
Na re ka Kgahlisa Modimo?
Jobo o ile a ba le mathata a mangata. O ile a ba le maikutlo a fosahetseng a hore Modimo ha a tsotelle hore na o na le tumelo ho Yena kapa tjhe. (Jobo 9:20-22) O ne a kgodisehile hore o lokile hoo ho ba bang ho neng ho bonahala eka o inka a lokile ho feta Modimo.—Jobo 32:1, 2; 35:1, 2.
Mosa o Lerato wa Jehova o o Tswela Molemo Jwang?
14 Mosa o lerato wa Modimo o sireletsa kamano ya rona le yena. Davida ha a ne a rapela o ile a re ho Jehova: “O sebaka seo ke ipatang ho sona; o tla ntshireletsa mahlomoleng. O tla mpotapota ka mehoo ya thabo ya ho pholosa. . . . Ha e le ya tshepang Jehova, mosa o lerato o a mo dikadiketsa.” (Pes. 32:7, 10) Feela jwalo ka ha mabota mehleng ya Bibele a ne a sireletsa batho kgahlanong le dira tsa bona, ka ho tshwanang mosa o lerato wa Jehova o a re sireletsa kgahlanong le ntho efe kapa efe e ka senyang kamano ya rona le yena. Ho ekeletsa moo, mosa wa Jehova o lerato o etsa hore a re hulele ho yena.—Jer. 31:3.
Matlotlo a Patilweng
w10 10/15 6-7 ¶19-20
“Ke Mang ya Tsebang Kelello ya Jehova?”
19 Re ithutileng mabapi le “kelello ya Jehova”? Re lokela ho dumella Lentswe la Modimo hore le re thuse ho utlwisisa kelello ya Jehova. Le ka mohla ha re a lokela ho nahana hore Jehova o na le mefokolo e kang ya rona le ho mo ahlola re itshetlehile ka melao ya rona le tsela eo re nahanang ka yona. Jobo o ile a re: “[Modimo] ha se motho ya tshwanang le nna hore nka mo araba, e le hore re ka kopana ha mmoho kahlolong.” (Jobo 9:32) Jwalo ka Jobo, ha re qala ho utlwisisa kelello ya Jehova, re susumelletseha ho re: “Bonang! Tsena ke dinyane feela tsa ditsela tsa hae, ke mohweshetso o mokaakang o utlwilweng ka yena! Empa ke mang ya ka bontshang kutlwisiso ka seaduma sa hae se matla?”—Jobo 26:14.
20 Ha re ntse re bala Mangolo, re lokela ho etsang ha re fihla karolong eo ho leng thata ho e utlwisisa, haholoholo mabapi le tsela eo Jehova a nahanang ka yona? Haeba le ka mora ho batlisisa taba eo re ntse re sa fumane karabo e hlakileng, re ka nka sena e le teko ya hore na re tshepa Jehova hakae. Hopola hore ka dinako tse ding dipolelo tse itseng di re fa monyetla wa ho bontsha tumelo eo re nang le yona mabapi le ditshobotsi tsa Jehova. A re amoheleng ka boikokobetso hore ha se ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang eo re e utlwisisang. (Moek. 11:5) Ka tsela eo, re tla susumelletseha hore re dumellane le mantswe a moapostola Pauluse, a reng: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisiswa hakaakang mme ditsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputswa hakaakang! Etswe ‘ke mang ya tsebang kelello ya Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi wa hae?’ Kapa, ‘Ke mang ya mo fileng pele, hoo a tla buseletswa?’ Hobane dintho tsohle di teng ho tswa ho yena le ka yena le bakeng sa hae. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.”—Bar. 11:33-36.
LA 30 OCTOBER–LA 5 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 11-12
“Dintho Tse Tharo Tse ka Etsang Hore o be Bohlale Mme o Rue Molemo Bohlaleng Boo”
w09 4/15 6 ¶17
Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
17 Jobo o ile a thuswa ke eng hore a dule a tshepahala? Ho hlakile hore pele a welwa ke ditlokotsi, o ne a se a ntse a ena le kamano e haufi le Jehova. Le hoja re se na bopaki ba hore o ne a tseba hore Satane o ne a qositse Jehova, Jobo o ne a ikemiseditse ho dula a tshepahala. O ile a re: “Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!” (Jobo 27:5) Jobo o ile a etsa jwang hore a be le kamano ena e haufiufi le Jehova? Ha ho pelaelo hore o ile a rata seo a neng a se utlwile ka tsela eo Modimo a ileng a sebetsana ka yona le Abrahama, Isaka le Jakobo, bao a neng a amana le bona. Ka hoo, Jobo o ne a ka bona makgabane a Jehova a mangata ka hore a shebe popo.—Bala Jobo 12:7-9, 13, 16.
Ha o Mong Hobane Jehova o Dula a Ena le Wena
10 Eba motswalle le Bakreste ba tshepahalang. Eba motswalle le batho bao o ka ithutang ho bona ka phuthehong, e ka nna ya eba ba morabe o fapaneng le wa hao kapa dilemo tse sa lekaneng le tsa hao. Bibele e re hopotsa hore bohlale re bo fumana “hara ba hodileng.” (Jobo 12:12) Batho ba hodileng le bona ba ka ithuta ho hongata ho batjha ba tshepahalang. Davida o ne a le monyane haholo ho Jonathane empa ntho eo ha e a ka ya ba thibela hore e be metswalle e haufiufi. (1 Sam. 18:1) Davida le Jonathane ba ile ba thusana ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata a mangata ao ba neng ba ena le ona. (1 Sam. 23:16-18) Moradi wa bo rona Irina eo e leng yena feela Paki lelapeng labo o re: “Bara le baradi ba bo rona ba ka ba jwalo ka batswadi ba rona kapa bana ba bo rona. Jehova a ka etsa hore e be lelapa leo re le hlokang.”
11 Ho ba le metswalle e metjha ho ka nna ha se be bonolo, haholoholo haeba o le dihlong. Moradi wa bo rona Ratna ya dihlong ya ileng a ithuta Bibele le hoja a hanyetswa o re: “Ke ile ka bona hore ke hloka hore bara le baradi ba bo rona ka phuthehong ba nthuse.” Ho ka ba thata hore o bolelle motho e mong hore na o ikutlwa jwang empa ha o se o mo bolelletse e ka ba motswalle wa hao ya haufiufi. Metswalle ya hao e batla ho o kgothatsa le ho o tshehetsa empa e hloka hore o e bolelle hore na e ka etsa jwalo jwang.
12 E nngwe ya ditsela tse ka etsang hore o be le metswalle ka phuthehong ke hore o ye tshebeletsong ya tshimo le bara le baradi ba bo rona. Moradi wa bo rona Carol eo re buileng ka yena o re: “Ke ile ka fumana metswalle e mengata ka hore ke qete nako e ngata ke ena le baradi ba bo rona tshebeletsong ya tshimo le ho etsa dintho tse ding tshebeletsong ya Jehova. Ka dilemo tse ngata Jehova o ile a nthusa a sebedisa metswalle ena ya ka.” Ka mehla ke ntho e ntle ho ba metswalle le Bakreste ba tshepahalang. Jehova o sebedisa metswalle eo ho o kgothatsa nakong eo o nyahameng kapa o ikutlwang eka ha o na mang wee.—Diprov. 17:17.
it-2-E 1190 ¶2
Bohlale
Bohlale ba Modimo. Bohlale ke tshobotsi eo Jehova Modimo a nang le yona ka ha ke “yena feela ya bohlale.” (Bar 16:27; Tshe 7:12) Tsebo e tsamaisana le nnete mme ka ha Jehova o bopile dintho tsohle ‘ha a na qalo ebile ha a na qetello’ (Ps 90:1, 2), o tseba popo yohle hantle hore na e entswe neng, e entswe kang ebile o tseba histori ya yona ho tla fihlela hona jwale. Jehova ke yena ya entseng melao ya tlhaho, ya potoloho le melao eo batho ba ipapisang ka yona ha ba etsa dipatlisiso, ba qapa kapa ba etsa dintho tse itseng. Ntle ho dintho tsena kaofela ho ne ho se letho leo batho ba ka kgonang ho le etsa. (Job 38:34-38; Ps 104:24; Pr 3:19; Jer 10:12, 13) Empa melao ya Jehova ya boitshwaro e molemo haholo ho batho hobane e na le kahlolo e molemo ebile e tswela batho molemo ha ba e mamela. (De 32:4-6) Ha ho letho leo Jehova a ke keng a le utlwisisa. (Esa 40:13, 14) Le hoja Jehova a ka dumella dintho tse kgahlanong le thato ya hae hore di etsahale ka nakwana, haufinyane o tla di fedisa a be a lokise dintho hore di etsahale ho ya ka thato ya hae. Dintho tsohle tseo a di buileng ‘jwang kapa jwang di tla atleha.’—Esa 55:8-11; 46:9-11.
Matlotlo a Patilweng
w08 8/1 11 ¶5
Tsela ya ho Buisana le Batjha
▪ ‘Na ke utlwisisa seo a lekang ho mpolella sona?’ Jobo 12:11 e re: “Na tsebe ha e leke mantswe jwalo ka ha mahalapa a latswa dijo?” Nakong ena ho feta le ha e le neng pele, ho hlokahala hore o “leke mantswe” a mora kapa moradi wa hao. Hangata bahlankana kapa barwetsana ba feteletsa ditaba. Ka mohlala, mora kapa moradi wa hao a ka nna a re, “Nako ena kaofela o nketsa ngwana!” kapa “Ha ho mohla o mamelang seo ke se buang!” Ho ena le ho pheha kgang ka hore na ebe dintho tseo di etsahala “nako ena kaofela” kapa “ha ho mohla” di etsahalang, hlokomela hore mohlomong ngwana wa hao ha a bolele seo a se buang. Ka mohlala, ha a re “Nako ena kaofela o nketsa ngwana” e ka nna yaba ha e le hantle o re, “Ke bona eka ha o ntshepe,” mme ha a re, “Ha ho mohla o mamelang seo ke se buang” e ka nna yaba o re “Ke batla ho o bolella hore na ke ikutlwa jwang.” Leka ho utlwisisa seo a o bolellang sona.