LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 1: Ho Kolobetswa ho Bolelang?
    Batjha ba a Botsa
    • Motjha o ka letamong o a kolobetswa kopanong ya Dipaki Tsa Jehova.

      BATJHA BA A BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetswa?​—Karolo ya 1: Ho Kolobetswa ho Bolelang?

      Selemo le selemo, batjha ba bangata ba hodisitsweng ke batswadi ba Dipaki Tsa Jehova ba a kolobetswa. Na le wena o ntse o nahana ka ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, o tlameha ho utlwisisa pele hore na ho inehela le ho kolobetswa ho bolelang.

      • Ho kolobetswa ho bolelang?

      • Ho inehela ho bolelang?

      • Ke hobaneng ha ho kolobetswa ho le bohlokwa?

      • Seo batjha ba bang ba se buang

      • Seo e seng nnete le seo e leng nnete

      Ho kolobetswa ho bolelang?

      Kolobetso eo ho buuwang ka yona ka Bibeleng ha se ho fafatswa feela ka metsi empa ke ho qwediswa ka ho feletseng ka metsing. Ho qwediswa ka metsing ho emela ntho ya bohlokwa haholo.

      • Ha o qwediswa ka metsing, o bontsha phatlalatsa hore ha o sa tla phelela ho etsa thato ya hao.

      • Ha o tswa ka metsing, o bontsha hore o se o qadile bophelo bo botjha ba ho phelela ho etsa thato ya Modimo.

      Ha o kolobetswa, o bontsha hore Jehova o na le matla a ho o behela melao ya se lokileng le se fosahetseng hape o bontsha hore o tla phela tumellanong le tshepiso eo o ileng wa e etsa ka ho rata ya hore o tla etsa dintho tseo a reng o di etse.

      Ipotse: Ke hobaneng ha ke lokela ho bontsha phatlalatsa hore ke batla ho phelela ho mamela Jehova? Bala 1 Johanne 4:​19 le Tshenolo 4:11.

      Ho inehela ho bolelang?

      Pele o kolobetswa, o lokela ho inehela ho Jehova. O ka etsa seo jwang?

      Ka hore o rapele Jehova boinotshing, o mo tshepise hore o tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao le hore o tla etsa seo a se batlang ho sa tsotellehe maemo le hore na batho ba bang ba kgetha ho etsang.

      Kolobetso ke ketso ya phatlalatsa e bontshang hore o inehetse ho Jehova ka ho mo rapela boinotshing. O bontsha ba bang hore ha o sa iphelela empa o se o phelela Jehova.​—Matheu 16:24.

      Ipotse: Ke tla fumana melemo efe ha ke phelela Jehova? Bala Esaia 48:​17, 18 le Baheberu 11:6.

      Ke hobaneng ha ho kolobetswa ho le bohlokwa?

      Jesu o itse barutuwa ba hae ba lokela ho kolobetswa. (Matheu 28:​19, 20) Ka hoo, Bakreste ba lokela ho kolobetswa. Ha e le hantle, Bibele e re re lokela ho kolobetswa e le hore re pholohe.—1 Petrose 3:21.

      Le ha ho le jwalo, sepheo sa hao sa ho batla ho kolobetswa e lokela hore e be hobane o rata Jehova. Hape o be le boikutlo bo tshwanang le ba mopesaleme ya ileng a ngola a re: “Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa dintho tsohle tse molemo tseo a nketseditseng tsona? . . . Ke tla bitsa lebitso la Jehova. Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova.”​—Pesaleme ya 116:​12-14.

      Ipotse: Jehova o nketseditse dintho dife tse molemo mme ke tla mo patala ka eng bakeng sa tsona? Bala Deuteronoma 10:​12, 13 le Baroma 12:1.

      Seo batjha ba bang ba se buang

      Mijin.

      Mijin o re: “Ha re inehela ho Jehova re mo tshepisa ntho ya bohlokwa haholo mme taba eo e tebile. Le ha ho le jwalo, Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo ha o inehetse ho yena. Ntle ho moo, Jehova a ka re hlokomela ho feta ka moo re ka itlhokomelang ka teng.”

      Ember.

      Ember o re: “Jehova o se a ntse a bontshitse hore o a o rata. Ha o kolobetswa, o ba le monyetla wa ho bontsha hore o mo rata haholo. Ho kolobetswa ke tlhohonolofatso le tokelo e kgolo.”

      Julian.

      Julian o re: “Ho inehela ho Modimo le ho kolobetswa ke qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang. Empa ha o a lokela ho tshoha. Haeba o ikemiseditse ebile o ena le mabaka a utlwahalang a ho kolobetswa, eo e tla be e le qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa.”

      Seo e seng nnete le seo e leng nnete

      SEO E SENG NNETE — Ke batho ba baholo feela ba ka bang le tumelo e matla e le hore ba kolobetswe.

      SEO E LENG NNETE — Motho ha a be le tumelo e matla hobane feela a hodile empa o ba le tumelo e matla hobane a rata Jehova ebile a ikemiseditse ho mo mamela. Josefa, Samuele le Josiase ba ne ba ena le tumelo e matla ha e ntse e le batjha. Le kajeno ho na le batjha ba bangata ba nang le tumelo e matla jwalo ka bona.

      Bibele e re: “Esita le ngwana o tsebahala ka diketso tsa hae hore na boitshwaro ba hae bo hlwekile ebile bo lokile.”​—Diproverbia 20:11.

      SEO E SENG NNETE ​— Haeba metswalle ya hao e kolobetswa, le wena o lokela ho kolobetswa.

      SEO E LENG NNETE ​— Ha o a lokela ho kolobetswa hobane feela metswalle ya hao e kolobetswa, o le dilemong tse itseng kapa hobane o nahana hore batho ba bang ba lebeletse hore o kolobetswe. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa qeto ya ho inehela le ho kolobetswa ka ho rata.

      Bibele e re: “Batho ba [Modimo] ba tla ithaopa.”​—Pesaleme ya 110:3.

      SEO E SENG NNETE ​— Haeba o sa kolobetswa, o ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang.

      SEO E LENG NNETE ​— O qala ho ikarabella ho Jehova ho tloha ha o tseba ho kgetholla ntho e nepahetseng le e fosahetseng, eseng ha o kolobetswa.

      Bibele e re: “Haeba motho a tseba ntho e nepahetseng empa a sa e etse, o etsa sebe.”​—Jakobo 4:17.

      KELETSO: Haeba o utlwa eka o ke ke wa kgona ho ba Mokreste ya inehetseng le ya kolobeditsweng, nahanisisa ka hore na ke hobaneng ha o ikutlwa ka tsela ena le hore na ke eng e ka o thusang hore o se ke wa ikutlwa ka tsela eo. Bala buka ya Lipotso​—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, Kgaolo ya 37.

      Tlhahlobo: Ke hobaneng ha ho kolobetswa ho le bohlokwa?

      • Jesu o itse barutuwa ba hae ba lokela ho kolobetswa.

      • Re lokela ho kolobetswa e le hore re pholohe.

      • Ke tokelo e babatsehang ho sebeletsa Jehova o le Mokreste ya inehetseng le ya kolobeditsweng.

  • Na ke Lokela ho Kolobetswa?​—Karolo ya 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetswa
    Batjha ba a Botsa
    • Ngwanana o etsa dipatlisiso ka taba ya kolobetso a sebedisa Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng.

      BATJHA BA A BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetswa?​—Karolo ya 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetswa

      Haeba o phela tumellanong le melaomotheo ya Bibele ebile o sebeletsa ho ba motswalle wa Modimo, ho a utlwahala hore ebe o nahana ka ho kolobetswa. O ka tseba jwang hore o se o loketse ho kolobetswa?a

      Sehloohong sena

      • Ke lokela ho tseba dintho dife?

      • Ke lokela ho etsang?

      • Seo batjha ba bang ba se buang

      Ke lokela ho tseba dintho dife?

      Ho itokisetsa ho kolobetswa ha ho bolele hore o lokela ho tshwara dintho tseo o ithutang tsona ka hlooho jwalo ka ha eka o yo ngola tlhahlobo sekolong. Le ha ho le jwalo, o tla lokela ho sebedisa “kelello [ya hao] yohle” ho ikgodisa hore seo Bibele e se rutang ke nnete. (Baroma 12:1) Ka mohlala:

      • Na o kgodisehile hore Modimo o teng ebile o lokela ho mo rapela?

        Bibele e re: “Ya atamelang Modimo o lokela ho dumela hore o teng le hore o putsa ba mo batlang e le ka nnete.”​—Baheberu 11:6.

        Ipotse: ‘Ke hobaneng ha ke dumela ho Modimo?’ (Baheberu 3:4) ‘Ke hobaneng ha ke lokela ho mo rapela?’​—Tshenolo 4:11.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: “Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?​—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?”

      • Na o kgodisehile hore molaetsa o ka Bibeleng o tswa ho Modimo?

        Bibele e re: “Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo. A molemo hobane a a ruta, a a kgalemela, a lokisa dintho ebile a laya motho ho ya ka melao ya Modimo e lokileng.”​—2 Timothea 3:16.

        Ipotse: ‘Ke hobaneng ha ke dumela hore Bibele ha se buka e iqapetsweng ke batho empa ke Lentswe la Modimo?’​—Esaia 46:​10; 1 Bathesalonika 2:13.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: “Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 1: Ithute Bibele Haholwanyane.”

      • Na o kgodisehile hore Jehova o sebedisa phutheho ya Bokreste ho phetha thato ya hae?

        Bibele e re: “E se eka [Modimo] a ka roriswa melokong yohle ka phutheho le ka Kreste Jesu ka ho sa feleng.”​—Baefese 3:21.

        Ipotse: ‘Na dintho tseo ke ithutang tsona ka Bibeleng ha ke le dibokeng tsa Bokreste ke di nka e le dithuto tse tswang ho Jehova kapa ho batho?’ (Matheu 24:45) ‘Na ke ya dibokeng le ha batswadi ba ka ba sa kgone ho ya (haeba ba o dumella)?’​—Baheberu 10:​24, 25.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: “Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?”

      Ke lokela ho etsang?

      E le hore o kolobetswe, ha o a lokela hore o be motho ya phethahetseng. Le ha ho le jwalo, o lokela ho bontsha hore ka nnete o batla ho “tlohela dintho tse mpe, o etse tse ntle.” (Pesaleme ya 34:​14) Ka mohlala:

      • Na o phela tumellanong le melaomotheo ya Jehova?

        Bibele e re: “Le dule le ena le letswalo le kgutsitseng.”—1 Petrose 3:16.

        Ipotse: ‘Ke “ithutile ho sebedisa [kelello ya ka]” jwang ho bontsha hore ke kgona ho “kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng”?’ (Baheberu 5:​14) ‘Ke maemong afe moo ke ileng ka hana kgatello ya dithaka e le hore ke se ke ka etsa dintho tse fosahetseng? Na metswalle ya ka e nkgothalletsa ho etsa dintho tse nepahetseng?’​—Diproverbia 13:20.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: “How Can I Train My Conscience?”

      • Na o a utlwisisa hore o ikarabella ho Jehova ka dintho tseo o di etsang?

        Bibele e re: “E mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.”​—Baroma 14:12.

        Ipotse: ‘Na ke motho ya tshepahalang?’ (Baheberu 13:​18) ‘Na ke dumela diphoso tsa ka kapa ke tlwaetse ho di pata kapa na ke beha ba bang molato ha ke le phoso?’​—Diproverbia 28:13.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?”

      • Na o matlafatsa setswalle sa hao le Jehova?

        Bibele e re: “Atamelang ho Modimo mme o tla atamela ho lona.”—Jakobo 4:8.

        Ipotse: ‘Keng eo ke e etsang ho atamela ho Jehova?’ Ka mohlala, ‘Ke bala Bibele hangata hakae?’ (Pesaleme ya 1:​1, 2) ‘Na ke rapela ka mehla?’ (1 Bathesalonika 5:​17) ‘Na ha ke rapela ke toba taba? Na metswalle ya ka e rata Jehova?’​—⁠Pesaleme ya 15:​1, 4.

        Se ka o thusang: Bala sehlooho se reng: “Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 2: Thabela ho Ithuta Bibele” le se reng: “Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?”

      KELETSO: E le hore o itokisetse ho kolobetswa, bala buka ya Lipotso​—Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, kgaolo ya 37. Sheba dipotso tse hlahang lebokoseng le leqepheng la 308 le 309.

      a Bala sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 1,” se hlalosang hore na kolobetso le ho inehela ho Modimo ke eng le hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho inehela ho Modimo le ho kolobetswa.

      Seo batjha ba bang ba se buang

      Gabriella.

      Gabriella o re: “Karolo ya moo o ka ngolang dintlha teng e hlahang bukeng ya Bacha Baa Botsa, e ile ya nthusa ho bona moo nka ntlafatsang teng pele ke kolobetswa. E ile ya ba ya nthusa hore ke etse dintho tseo ke neng ke batla ho di etsetsa Jehova ka mora hore ke kolobetswe. Le hoja ho inehela ho Jehova e le boikarabelo bo boholo, e boetse ke tlotla e kgolo eo motho a ka bang le yona.”

      Caleb.

      Caleb o re: “Moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘O se ke wa kgaotsa ho dumela dintho tseo o di rutilweng le tseo o ileng wa kgodiseha hore ke nnete.’ ” (2 Timothea 3:​14) “Eba le nako ya ho ithuta Lentswe la Modimo e le hore o ka ikgodisa hore dintho tseo o ithutileng tsona ke nnete. Hopola hore o inehela ho Jehova eseng ho batho, ka hoo ha o nahana ka ho kolobetswa o se ke wa nahana ka hore na batho ba bang ba tla reng empa o nahane ka Jehova.”

      Tlhahlobo: Nka itokisetsa ho kolobetswa jwang?

      Nahana ka seo o se dumelang. Na ke kgodisehile hore Modimo o teng? Ke hobaneng ha ke dumela hore ke lokela ho mo rapela? Na ke dumela hore Bibele e na le molaetsa o tswang ho Modimo? Na ke kgodisehile hore Jehova o na le mokgatlo oo a o sebedisang ho phetha thato ya hae?

      Nahana ka tsela eo o phelang ka yona. Na o phela tumellanong le melaomotheo ya Jehova? Na o a utlwisisa hore o ikarabella ho Jehova ka dintho tseo o di etsang? Na o matlafatsa setswalle sa hao le Jehova?

  • Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 3: Ke Eng e Ntshitisang?
    Batjha ba a Botsa
    • Mohlankana o kolobeletswa letamong mme ba bang ba shebelletse.

      BATJHA BA A BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetswa?​—Karolo ya 3: Ke Eng e Ntshitisang?

      Na o a tshoha ha o nahana ka ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tla o thusa ho hlola bothata boo.

      Sehloohong sena

      • Ke tla etsang haeba nka etsa phoso e kgolo?

      • Ke tshaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetswa

      • Ke ikutlwa ke sa tshwanelehe ho sebeletsa Jehova

      • Seo batjha ba bang ba se buang

      Ke tla etsang haeba nka etsa phoso e kgolo?

      Se o tshwenyang: Mohlomong o tseba motho e mong ya ileng a etsa sebe se tebileng yaba o lokela ho tloswa ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:​11-13) O ka nna wa nahana hore ntho e tshwanang e ka o etsahalla.

      “Ha ke ne ke nahana ka ho kolobetswa, ke ne ke nahana hore ke tla etsa phoso. Ke ne ke ipotsa hore na ntho eo e tla swabisa batswadi ba ka hakae.”​—Rebekah.

      Bibele e re: “Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae . . . A ke a kgutlele ho Jehova, ya tla mo hauhela, a kgutlele ho Modimo wa rona hobane o tla mo tshwarela ka pelo yohle.”​—Esaia 55:7.

      Nahana ka sena: Le hoja bafosi ba sa bakeng ba tloswa ka phuthehong, ka mosa Jehova wa ba amohela ha ba ikokobetsa mme ba amohela tayo.​—Pesaleme ya 103:​13, 14; 2 Bakorinthe 7:11.

      Nnete ke hore le hoja o sa phethahala, o ka kgona ho hlola diteko ka thuso ya Modimo. (1 Bakorinthe 10:​13) Qetellong, ke wena ya etsang qeto ya hore na o tla itshwara jwang, eseng motho e mong.

      “Ke ne ke tshaba hore ke tla etsa phoso e kgolo ka mora hore ke kolobetswe empa ha morao ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tla ikwahlaya haholo haeba ke ne ke sa kolobetswe. Ke ile ka hlokomela hore ha ke a lokela ho dumella dintho tse ka nnang tsa etsahala ka moso hore di nthibele ho etsa seo ke lokelang ho se etsa hona jwale.”​—Karen.

      Ntlha ya bohlokwa: O ka kgetha ho qoba ho etsa dibe tse tebileng, jwalo ka ha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.​—Bafilipi 2:12.

      Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Nka Hlola Diteko Jwang?”

      Ke tshaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetswa

      Se o tshwenyang: Ka mohlala, e ka nna yaba o tseba batjha ba ileng ba ya hole le malapa a bo bona ha mmoho le metswalle ya bona e le hore ba eketse tshebeletso ya bona ho Jehova. O ka nna wa tshwenngwa ke hore batho ba tla lebella hore le wena o etse ntho e tshwanang.

      “Mokreste ya kolobeditsweng o a tshwaneleha hore a ka etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova. Batho ba bang ha ba malala a laotswe hore ba ka iketsa ba fumanehang kapa maemo a bona ha a ba dumelle hore ba ka etsa jwalo.”​—Marie.

      Bibele e re: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang ka ha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”​—Bagalata 6:4.

      Nahana ka sena: Ho e na le hore o ipapise le batho ba bang, nahana ka mantswe a hlahang ho Mareka 12:​30 a reng: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle.”

      Hlokomela hore o lokela ho sebeletsa Jehova ka pelo ya hao yohle eseng ya motho e mong. Haeba o rata Jehova e le kannete, o tla fumana ditsela tsa ho mo etsetsa sohle seo o ka se kgonang.

      “Kolobetso ke mohato wa bohlokwa empa ha se morwalo. Haeba o na le metswalle e lokileng, e tla o thusa. O tla thaba le ho feta ha hanyane ka hanyane o ntse o amohela boikarabelo bo eketsehileng. Haeba o sa batle ho kolobetswa, o tla be o itlhokela toka.”​—Julia.

      Ntlha ya bohlokwa: Eketsa kananelo eo o nang le yona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a o bontshitseng lona. Seo se tla o susumelletsa hore o mo fe sohle seo o ka se kgonang.​—1 Johanne 4:19.

      Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke na le Boikarabelo Hakae?”

      Ke ikutlwa ke sa tshwanelehe ho sebeletsa Jehova

      Se o tshwenyang: Jehova ke Mmusi wa bokahohle mme batho ha se letho ha ba bapiswa le yena. O ka nna wa ipotsa hore na ebe Jehova o a tseba moo o leng teng.

      “Batswadi ba ka ke Dipaki Tsa Jehova. Ka hoo, ke ne ke utlwa e ka ke motswalle wa Jehova hobane feela batswadi ba ka e le Dipaki eseng hobane ke hutswe ke Jehova.”​—Natalie.

      Bibele e re: “Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle le ha a hulwa ke Ntate ya nthomileng.”​—Johanne 6:44.

      Nahana ka sena: Taba ya hore o se o ntse o nahana ka ho kolobetswa, e bontsha hore Jehova o se a ntse a o hula hore o be motswalle ya haufi le yena. Na o batla ho amohela memo ee?

      Hopola hore ke Jehova eseng wena kapa motho le ha e le ofe ya kgethang hore na o hloka eng ho batho bao a ba hulang. Lentswe la hae le a re kgodisa hore haeba o ‘atamela ho Modimo, o tla atamela ho wena.’​—Jakobo 4:8.

      “Taba ya hore ebe o tseba Jehova le hore o o huletse ho yena e bontsha hore o a o rata. Haeba o dumela hore ha o tshwanelehe ho mo sebeletsa, hopola hore yena ha a dumellane le seo mme Jehova o dula a nepile.”​—Selina.

      Ntlha ya bohlokwa: Haeba o finyella dintho tseo Bibele e reng o lokela ho di etsa e le hore o kolobetswe, seo se bontsha hore o tshwaneleha ho ba morapedi wa Jehova. Hopola hore Jehova o tshwanelwa ke ho rapelwa.​—Tshenolo 4:11.

      Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?”

      Seo batjha ba bang ba se buang

      Skye.

      “O se ke wa dumella hore ho tshaba ho etsa diphoso ho o sitise hore o kolobetswe. Taba ena e ka tshwantshwa le ho matha. O ka etsa qeto ya hore ha o mathe hobane o tshaba hore o tla wa. Empa haeba o ka wa, o tla boela o phahame. O ke ke wa fihla kgweleng haeba o sa qale ho matha.”​—Skye.

      Vinicio.

      “Ho tshaba ho tjhaisa ha ho thibele motjha hore a fumane lengolo la ho kganna. Ho a tshwana le ka kolobetso. Re lokela ho nahana haholo ka ho matlafatsa setswalle sa rona le Jehova ho e na le ho tshwenyeha ka se ka nnang sa etsahala.”​—Vinicio.

      Tlhahlobo: Ke eng e ntshitisang ho kolobetswa?

      • Ho tshaba ho etsa phoso e kgolo. O ka kgetha ho qoba ho etsa dibe tse tebileng, jwalo ka ha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.

      • Ho tshaba boikarabelo. Eketsa kananelo eo o nang le yona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a o bontshitseng lona. Seo se tla o susumelletsa hore o mo fe sohle seo o ka se kgonang.

      • Ho tshaba hore ha o tshwanelehe. Haeba o finyella dintho tseo Bibele e reng o lokela ho di etsa e le hore o kolobetswe, seo se bontsha hore o tshwaneleha ho ba morapedi wa Jehova. Hopola hore Jehova o tshwanelwa ke ho rapelwa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share