LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 4 leq. 16
  • Boputswa bo Phatsimang ba Monokotshwai o Bitswang Pollia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Boputswa bo Phatsimang ba Monokotshwai o Bitswang Pollia
  • Fadimehang!—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 4 leq. 16
Monokotshwai o bitswang Pollia

NA E ENTSWE?

Boputswa bo Phatsimang ba Monokotshwai o Bitswang Pollia

MONOKOTSHWAI ona o monyane o bitswang Pollia, o wela sehlopheng sa dimela tsa condensata mme o fumaneha Africa. O na le mmala o boputswa bo eso ka bo bonwa dimeleng le ha e le dife tse teng. Le ha ho le jwalo, monokotshwai ona ha o na ntho e o fang mmala ona wa ona. Jwale keng e etsang hore o be le mmala oo o moputswa?

Ako nahane: Ka hare ho lekgapetla la monokotshwai ona, ho na le ntho e kang dikgwele tse hlophisitsweng. Dikgwele tsena di etsa mekgahlelo e harelaneng. Ke nnete hore ha di na mmala o moputswa. Empa tsela eo di hlophisitsweng ka yona, e etsa hore monokotshwai o be le mmala ona o motle le o phatsimang hakana. Jwale le hoja o bonahala o le moputswa, ha o le hole o ka bona eka o mosehla neng neng e ka o mopinki kapa o motala. Ho fetofetoha hona, ho bakwa ke mekgahlelo yane eo re buileng ka yona. Ho feta moo, ha o ka atamela mme wa hlahlobisisa monokotshwai oo hantle, o tla bona mmala o moputswa feela.

Monokotshwai ona wa Pollia o a makatsa, hobane ha o bole esita le ha o ka nka nako o wele fatshe. Ebile le o kguweng dilemong tse fetang tse lekgolo tse fetileng, o bonahala o ntse o phatsima jwalo ka ha eka o ntse o le sefateng. Dipatlisiso di bontsha hore monokotshwai ona ha o jowe. Le ha ho le jwalo, dinonyana di etsa semphete ke o fete ha diya ho ona.

Borasaense ba dumela hore ba ka qapa dintho tse ke keng tsa tswa mmala jwalo ka monokotshwai ona o sa tsweng mmala.

O nahanang ka see? Na boputswa bo phatsimang ba monokotshwai o bitswang Pollia bo entswe kapa bo bile teng ka mohlolo?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share