LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 6 maq. 10-11
  • Tseba Haholwanyane ka New Zealand

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tseba Haholwanyane ka New Zealand
  • Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 6 maq. 10-11
Milford Sound, New Zealand

Milford Sound

DINAHA LE BATHO

Tseba Haholwanyane ka NEW ZEALAND

Moo New Zealand e leng teng mmapeng

DILEMO tse ka bang 800 tse fetileng, morabe wa Maori, o ile wa tsamaya sebaka se se telele ka sekepe ho fallela New Zealand. Eitse ha ba fihla moo, ba fumana sebaka se fapaneng hole le seo ba tswang ho sona dihlekehlekeng tsa Polynesia. Mona e ne e le sebaka se dithaba, se nang le pokello ya leqhwa, ka dinako tse ding ho tjhesa kapa lehlwa le kgetheha. Mofuta o mong wa batho ba tswang Europe, o ile wa fihla dilemo tse ka bang makgolo hamorao. Sena se etsa hore hona jwale, baahi ba New Zealand, ba phele hammoho le batho ba Anglo-Saxon le ba Polynesia. Batho ba bangata ba moo, ba itulela toropong. Motsemoholo wa moo e leng Wellington, o tsebahala e le ona o ipabolang lefatsheng lohle, ka ho ba le moruo o motle.

Seretse se foqohang Sehlekehlekeng se ka Leboya sa New Zealand

Seretse se foqohang Sehlekehlekeng se ka Leboya

Ha ho makatse hore ho sa tsotellehe dibaka tsa yona tse ka thoko, ebe New Zealand e hohela bahahlaodi ba fetang dimilione tse 3 ka lebaka la botle ba yona bo hlollang.

Sefate se bitswang Silver tree ferns

Sefate se bitswang silver tree fern, se ka hola ho feta bolele ba dimitara tse 10

Nonyana tse sa fofeng tse bitswang takahe

Ho tloha kgale ho fihlela ka 1948, ho ne ho nahanwa hore nonyana tse sa fofeng tse bitswang takahe, di falletse

Ho feta naha le ha e le efe e nngwe lefatsheng, New Zealand e ikgantsha ka mefuta e mengata ya dimela le diphoofolo esita le dinonyana tse sa fofeng. Ebile ke lehae la phoofolo e nngwe tjena e kang mokgodutswane e ka phelang dilemo tse 100! Diphoofolo tse anyesang tse fumanehang moo feela, ke bommankgane le diphoofolo tse kgolo tse phelang mawatleng jwalo ka maruarua le di-dolphins.

E se e le dilemo tse ka bang 120 jwale Dipaki Tsa Jehova di etsa mosebetsi oo di tsebahalang ka ona New Zealand. Di ruta Bibele ka dipuo tse ka bang 19, ho akarelletsa le dipuo tse buuwang Polynesia e leng Niuean, Rarotongan, Samoan, le Tongan.

Batho ba Maori ba tantshetsa pina

Batho ba Maori ba tantshetsa pina ba apere diaparo tsa setso

NA O NE O TSEBA?

Lebitso lena New Zealand, le tswa ho Zeeland, e leng sebaka se kwana Netherlands. Athe ha e le lebitso le sebediswang ke batho ba Maori e leng Aotearoa, le bolela “Lefatshe le Nang le Maru a Masweu a Matelele.”

Le hoja batho ba bangata ba dulang New Zealand ba bua Sekgowa, puo ya Maori, e sebediswa haholo hoo e seng e bile e rutwa le dikolong tsa moo. Websaete e molaong ya Dipaki Tsa Jehova, jw.org, e ya fumaneha le ka puo ya Maori.

  • BAAHI: 4.7 MILLION

  • MOTSEMOHOLO: WELLINGTON

  • NAHA: KAROLONG E KA LEBOYA YA NAHA HO NA LE MOO SERETSE SE FOQOHANG TENG LE MOTJHESO O NTSHANG KWENA BODIBENG. ATHE HA ELE KAROLONG E KA BORWA TENG, HO NA LE POKELLO YA LEQHWA

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share