-
Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong Kapa Tjhe?Fadimehang!—2017 | No. 6
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE LEFATSHE LEE LE TSWILE TAOLONG?
Na ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong Kapa Tjhe?
SELEMO sa 2017 se ile sa qala ka phatlalatso e tepeletsang e entsweng ke mokgatlo wa saense. Ka January, sehlopha sa borasaense se ile sa bolela hore lefatshe le haufi le ho welwa ke koduwa e tshosang haholo. Ba sebedisitse Watjhe e tummeng ka hore ke ya Letsatsi la Timetso e le letshwao le bontshang hore na lefatshe le haufi hakae le timetso. Yaba ba setela lenaka la metsotso la watjhe eo hore le be pele ka metsotswana e 30. Hona jwale watjhe ena e se e setetswe ho metsotso e 2 le metsotswana e 30 pele lefatshe le timela, mme ena ke nako e haufi haholo ho feta le ha e le neng pele.
Ka 2018, borasaense ba batla ho sheba watjhe ena hape e le ho bona hore na lefatshe le haufi hakae le ho timela. Na Watjhe eo e bua nnete ha e re lefatshe le tla timela ka nako eo borasaense ba reng le tla timela ka yona? Wena o ka reng? Na ehlile lefatshe lee le tswile taolong? Ho ka etsahala hore o utlwe ho le thata ho araba potso ena. Ebile ha o mong etswe le batho ba rutehileng ba ntse ba sa tsebe karabo. Ha se batho kaofela ba dumelang hore ho na le letsatsi la timetso.
Ha e le hantle, batho ba dimilione ba dumela hore ba na le bokamoso bo tjhabileng. Ba bolela hore ba na le bopaki ba hore lefatshe leo re phelang ho lona le batho ka kakaretso, ba tlo pholoha le hore bophelo ba rona bo tlo ntlafala. Na see ke nnete? Na ehlile lefatshe lee le tswile taolong kapa tjhe?
-
-
Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong? Ho Batla DikaraboFadimehang!—2017 | No. 6
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE LEFATSHE LEE LE TSWILE TAOLONG?
Ho Batla Dikarabo
HAEBA o tshoswa ke ditlaleho tse ngata tsa ditaba tse bohloko, tseba hore ha o mong. Ka 2014, mopresidente wa United States Barack Obama, o ile a bontsha hore ka baka la ditlaleho tse ngata tsa ditaba tse bohloko tse hlahang dikoranteng, ho bonahala eka batho ba bangata ba bona lefatshe le tswile taolong mme ho se motho ya kgonang ho le laola.
Empa ese kgale a buile mantswe ao, o ile a bua ka tjheseho ka maano a moraorao a ho lokisa mathata a lefatshe. O ile a re boiteko bo etswang ke mmuso, bo molemo mme bo fana ka tshepo. A fana ka maikutlo a hore boiteko ba batho ba nang le maikemisetso a matle, bo ka kgona ho etsa lefatshe sebaka se nang le taolo mme ha qojwa tlokotsi ya lefatshe lohle.
Batho ba bangata ba na le maikutlo a tshwanang le a hae. Ka mohlala, ba bang ba tshepa saense, ha ba bang bona ba akanya hore ditswelopele tsa theknoliji, di ka lokisa maemo a lefatshe. Setsebi se seng sa boqapi ba tsa theknoloji, se ile sa bua ka kgodiseho sa re ka bo 2030, theknoloji ya rona e tla be e tswetsepele ka makgetlo a dikete mme ka bo 2045 a dimilione. Se ile sa eketsa ka hore: “Kannete ntse re tla hantle. Le hoja mathata a rona a so hlwe mekwalaba hakaalo, bokgoni ba rona ba ho a hlola ka potlako, bo feta sekgahla seo a atang ka sona.”
Empa ha e le hantle maemo a lefatshe a mabe hakae? Na ehlile re dintshing tsa tlokotsi e kgolo ka ho fetisisa lefatsheng? Le hoja borasaense ba bang le boradipolotiki ba fana ka molaetsa wa tshepo, batho ba bangata ba ntse ba sa kgodiseha ka bokamoso. Ebe lebaka ke lefe?
DIBETSA TSE BOLAYANG BATHO LARITA. Matjhaba a Kopaneng le mekgatlo e meng, e lekile ho fedisa dihlomo tsa nuclear empa e hlolehile. Ha baetapele ba tellang molao bona, ba nyatsa ebile ba phoqha melao e laolang taolo ya dibetsa. Dinaha tse nang le histori ya ho etsa dibetsa tsa nuclear tsona, di ntlafatsa dibomo tsa kgale hape di etsa tse ntjha le tse kotsi le ho feta ka sekgahla. Sena se entse hore dinaha tse neng di se na bokgoni ba ho baka tshenyo e kgolo ntweng, hona jwale di kgone ho boloya batho larita.
Taba ya hore ebe hona jwale dinaha di itokiseditse ntwa ya nuclear ho feta le ha e le neng pele, e etsa hore lefatshe e be sebaka se kotsi haholo, esita le dinakong tseo batho ba reng ke tsa “kgotso.” Buka ya Bulletin of the Atomic Scientists, e bontsha hore dibetsa tse bolayang ho se na motho ya di laolang, di hlokisa botsitso le ho feta.
BOPHELO BA RONA BO KOTSING. Saense ha e kgone ho re thusa ka ho felletseng mabapi le bophelo bo botle. Tse ding tsa dintho tse behang maphelo a rona kotsing e leng kgatello e phahameng ya madi, botenya, moya o silafetseng le ho sebedisa dithethefatsi, di ntse di eketseha ka sekgahla. Batho ba bangata ba bolawa ke ho aparelwa ke mafu a sa tshwaetsaneng, a kang kankere, lefu la pelo le lefu la tswekere. Ho ntse ho na le mafu a mang a atileng a tshwanang le bohlanya. Dilemong tse seng kae tse fetileng, re ile ra bona ha dikokwanahloko tse bolayang tsa Ebola le Zika di hlasela. Ntlha e ka sehloohong feela ke hore: Ho fedisa bokudi, ke ntho e ka hodimo ho matla a batho, ka hona, ho bonahala ho se na tshepo ya hore bo tla ke bo fele!
BATHO BA HLASELA TLHAHO. Difeme di ntse di tswela pele ho silafatsa tikoloho. Selemo le selemo, ho shwa batho ba dimilione ka lebaka la ho hema moya o ditshila.
Batho, mekgatlo ya mmuso le baahi, ba ntse ba tswela pele ho silafatsa lewatle ka ho lahlela dikgwerekgwere, dithole tsa sepetlele le tsa temo, dipolasetiki le dintho tse ding tse ditshila. Encyclopedia of Marine Science e re ha e hlalosa boemo bona: “Dintho tsena e ba tjhefo ho diphoofolo le dimela tsa lewatleng, haesitana le ho batho ba jang diphoofolo tsa lewatleng.”
Ebile le metsi a hlwekileng a haufi le ho fela. Mongodi wa saense wa British ya bitswang Robin McKie, o fana ka tlhokomediso ena: “Lefatshe lohle le haufi le ho tjamelana le koduwa ya ho fellwa ke metsi.” Boradipolotiki ba dumela hore tshilafalo ya metsi, ke bothata bo boholo bo bakwang ke batho ka boomo mme bo tlisa kotsi e kgolo.
TLHAHO E HLASELA BATHO. Difefo tse matla, mahodiotswana le ditshisinyeho tsa lefatshe, di baka dikgohola tse sisimosang le mefuta e meng ya dikoduwa tsa tlhaho e bakang tshenyo. Batho ba shwa ka bongata bo tshosang ka lebaka la dikoduwa tsena ha ba bang bona, ba ameha habohloko maikutlong. Phuputso e nngwe e entsweng ke U.S. National Aeronautics and Space Administration, e re re ka lebella “difefo tse matla ka ho fetisisa, maqhubu a motjheso o ntshang kwena bodibeng, dikgohola le komello e tshosang haholo.” Na tlhaho e tla fedisa batho?
Mohlomong ho na le dintho tse ding tseo o ka di nahanang tse re hlokisang botsitso. Empa nnete ke hore ho dula o nahana ka dintho tse mpe tse etsahalang kajeno, ho ke ke ha fana ka dikarabo tseo o di batlang mabapi le bokamoso. Batho ba bang ba dumela hore ba ka fumana dikarabo tsa bona ho boradipolotiki le borasaense. Jwalo ka ha sehlooho se fetileng se bontshitse, ho na le batho ba bangata ba fumaneng dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tsa bona mabapi le maemo a lefatshe le bokamoso. Re ka fumana dikarabo tsa dipotso tseo re nang le tsona hokae?
-
-
Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong? Ebe Bibele Yona e Reng?Fadimehang!—2017 | No. 6
-
-
Letsatsi la Timetso leo batho ba nahanang hore le tla ka nako e itseng ka ho kgetheha, ha se nnete hobane Modimo o tshepisa batho bokamoso bo tjhabileng hona mona lefatsheng
SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE LEFATSHE LEE LE TSWILE TAOLONG?
Ebe Bibele Yona e Reng?
BIBELE e ile ya hla ya bolela esale pele ka boemo ba lefatshe lena bo tepeletsang. E ile ya ba ya bolela ka ho toba ka se tla etsahala ka batho nakong e tlang. Ha re a lokela ho qhelela ka thoko seo Bibele e se buang, hobane sohle seo e se boletseng esale pele, se fela se phethahala ka tsela e tsotehang.
Ka mohlala, ako nahane ka boprofeta ba Bibele bo latelang:
“Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.”—Matheu 24:7.
“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etswe batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang, banyefodi, ba sa mameleng batswadi, ba se nang teboho, ba sa tshepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano le ha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitshwaro, ba bohale bo tshosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho di thata, ba ikgohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e na le ho rata Modimo.”—2 Timothea 3:1-4.
Boprofeta bona bo bontsha ka ho hlaka hore lefatshe lena le tswile taolong jwalo ka ha ba bang ba ka nna ba tjho. Re ka hla ra dumela hore ehlile ka tsela e itseng, lefatshe lena le tswile taolong hoo batho ba ke keng ba le etsa letho. Bibele e bontsha hore batho ha ba na maqheka le makgobonthithi a ho tlisa tharollo ya ka ho sa feleng. Sena se hlaloswa hantle ke mangolo ana a latelang:
“Ho na le tsela e lokileng ka pela motho, empa qetello ya yona hamorao ke ditsela tsa lefu.”—Liproverbia 14:12.
‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’—Moeklesia 8:9.
“Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ya hae.”—Jeremia 10:23.
Batho ba bang ba nahana hore lefatshe le ka nna la tjamelana le tlokotsi e kgolo. Empa seo ha se na etsahala! Hobaneng? Hobane Bibele e bolela se latelang:
Modimo “o thehile lefatshe hodima dibaka tsa lona tse tiisitsweng; Le ke ke la sisinngwa ho isa nakong e sa lekanyetswang, kapa ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 104:5.
Moloko “o a ya, mme moloko o a tla; empa lefatshe le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetswang.”—Moeklesia 1:4.
“Ba lokileng ba tla rua lefatshe, Ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 37:29.
“Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; Ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”—Pesaleme ya 72:16.
Re fumane dikarabo tse utlwahalang Mangolong ana. Batho ba ke ke ba bolawa ke tshilafalo, kgaello ya dijo kapa ya metsi haesitana le koduwa e akaretsang. Lefatshe lena le ke ke la fediswa ka ntwa e sehloho ya nuclear. Hobaneng? Hobane Modimo ke yena ya tsebang bokamoso ba lefatshe lena. Ke nnete hore o dumelletse batho hore ba ikgethele seo ba se batlang. Le ha ho le jwalo, ba tla kgola ditlamorao tsa diqeto tseo ba di etsang. (Bagalata 6:7) Ka lehlakoreng le leng, lefatshe ha le tshwane le terene e sa laoleheng eo hamorao e ka swahlamanang ka sehloho. Modimo o behetse batho meedi. Sena se bolela hore ba ka etsa dintho tse tla ba utlwisa bohloko ho isa boholeng bo itseng feela.—Pesaleme ya 83:18; Baheberu 4:13.
Empa Modimo o tla tlisa ‘kgotso e ngata.’ (Pesaleme ya 37:11) Ditaba tse monate mabapi le bokamoso tse boletsweng sehloohong sena, empa e le dinyane feela tsa dintho tse thabisang tsa nakong e tlang, tseo Dipaki Tsa Jehova tse dimilione di ithutileng tsona ha di ntse di bala Bibele.
Dipaki Tsa Jehova ke mokgatlo wa batho ba dilemo, mefuta le ditso tsohle. Ba rapela Modimo a le mong feela wa nnete, eo lebitso la hae e leng Jehova, jwalo ka ha le boletswe ka Bibeleng. Ha ba a tshoha bokamoso hobane Bibele e re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Mmopi wa mahodimo, Yena Modimo wa nnete, Mmopi wa lefatshe le Moetsi wa lona, Yena Ya le tiisitseng ka thata, ya sa kang a le bopela lefeela, ya le etseditseng hore le be le baahi: ‘Ke nna Jehova, mme ha ho e mong.’”—Esaia 45:18.
Sehlooho sena se tshohlile tse ding tsa dintho tseo Bibele e di rutang mabapi le bokamoso ba batho le ba lefatshe. E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka taba ena, re kopa hore o shebe thuto ya 5 bukaneng ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! E hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova mme o ka ba wa e fumana le websaeteng ho www.jw.org/jw-ssa
O ka boela wa sheba video e nang le sehlooho se reng Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe? websaeteng ho www.jw.org/jw-ssa. (Sheba tlasa DINGOLWA> DIVIDEO)
-