LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g22 No. 1 maq. 4-6
  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao
  • Fadimehang!—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO E LENG SA BOHLOKWA
  • Seo o Lokelang ho se Tseba
  • Seo o ka se Etsang Hona Jwale.
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bophelo bo Botle
    Fadimehang!—2019
  • O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
  • Baballa Mpho ya Bophelo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tse Ding
Fadimehang!—2022
g22 No. 1 maq. 4-6
Mefuta ya dijo tse nang le phepo e ntle.

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Ditlokotsi kapa dikoduwa di ama batho ka ditsela tse sa tshwaneng.

  • Ha ho etsahala dintho tse mpe batho ba tshwarwa ke stress. Batho ba tshwarwang ke stress nako e telele ba kula hangata.

  • Ha tsietsi e hlaha ho ba thata ho fumana kalafo e ntle hobane dipetlele di amohela batho ba bangata ka nako e le nngwe mme seo se ka etsa hore ba se ke ba fumana meriana e lekaneng.

  • Ha dikoduwa di hlahile ho ka ba thata hore batho ba batle dintho tsa bohlokwa tse kang dijo le meriana e lekaneng.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • Ho kula haholo le ho ba le kgatello ya kelello ho ka etsa hore o etse diqeto tse fosahetseng, tse ka behang bophelo ba hao kotsing. Ka lebaka la seo o ka nna wa kula haholo.

  • Haeba o sa rarolle mathata a hao a bophelo, a ka eketseha mme a beha bophelo ba hao kotsing.

  • Haeba o dula o phetse hantle mmeleng, o tla etsa diqeto tse bohlale nakong ya ha o hlahelwa ke mathata.

  • Ho sa tsotellehe hore na o ruile kapa o futsanehile, o ka etsa dintho tse tla sireletsa bophelo ba hao.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale.

Motho ya bohlale o nahana ka dikotsi tse ka etsahalang mme o sebetsa ka thata hore a di qobe. O ka sebedisa keletso ena ho sireletsa bophelo ba hao. E le hore o fokotse menyetla ya ho kula, o lokela ho hlwekisa moo o phelang teng le hore o dule o hlwekile. Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.

Andreasa o re: “Ha moo re phelang teng ho hlwekile mme le rona re dula re hlwekile re fokotsa ditshenyehelo tsa ho reka meriana.”

a Mabitso a hlahang makasineng ena a fetotswe.

O KA THUSWA KE ENG?​—Dintho Tse ka o Thusang

Nakong ena eo lefatshe le nang le mathata, itshireletse ka hore o latele dintlha tsena

DULA O HLWEKILE

Ntate o hlatswa matsoho a hae ka sesepa le metsi.

Dula o hlwekile

Seo Bibele e se buang: “Ya masene ke ya boneng tlokotsi mme a ipata.” (Liproverbia 22:3) Leka ho nahana ka dintho tse ka behang bophelo ba hao kotsing mme o di qobe.

  • Hlapa matsoho a hao kgafetsa ka sesepa le metsi haholoholo pele o tshwara dijo kapa ha o tswa toilet.

  • Hlwekisa ntlo ya hao kamehla haholoholo dintho kapa dibaka tse tshwarwang hangata.

  • Haeba ho kgonahala, qoba ho ba haufi le batho ba nang le lefu le tshwaetsanang.

EJA DIJO TSE NANG LE PHEPO E NTLE

Mefuta ya dijo tse nang le phepo e ntle.

Eja dijo tse nang le phepo e ntle

Seo Bibele e se buang: “Ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae, empa o a e fepa le ho e baballa.” (Baefese 5:29) Re bontsha hore re rata mmele ya rona ka hore re ele hloko dintho tseo re di jang le tseo re di nwang.

  • Nwa metsi a mangata.

  • Eja mefuta e fapaneng ya ditholwana le meroho.

  • Qoba ho ja dijo tse nang le mafura a mangata, letswai le lengata le tswekere e ngata.

  • Qoba ho tsuba hape o se ke wa sebedisa jwala le dithethefatsi ka tsela e fosahetseng.

Carlos o re: “E le hore re se ke ra kula, re leka ho ja dijo tse nang le phepo e ntle hobane ha re sa etse jwalo re ka qetella re sebedisa tjhelete eo re e fumanang ho ya ngakeng le ho reka meriana. Re rata ho sebedisa tjhelete ya rona ho reka dijo tse nang le phepo e ntle.”

IKWETLISE MME O PHOMOLE HANTLE

Ntate o a ikwetlisa.

Ikwetlise

Seo Bibele e se buang: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.” (Moeklesia 4:6) Re lokela ho sebetsa empa re boetse re hloka ho phomola hantle.

Ntate o a ikwetlisa.

Phomola

  • Dula o ikwetlisa. O ka qala ka ho dula o tsamaya kgafetsa. Boikwetliso bo ka o thusa hore o dule o phetse hantle ho sa tsotellehe hore na o a kula, o hodile kapa o na le mathata a mang a itseng a bophelo.

  • Phomola ka ho lekaneng. Ho se phomole ka ho lekaneng ho ka o ekelletsa stress mme ha etsa hore o thatafallwe ke ho tsepamisa mohopolo. Haeba o sa phomole ka ho lekaneng o ka qetella o kula haholo.

  • Ipehele nako eo o tla robala ka yona mme o e tshepahalle. Leka ho robala le ho tsoha ka nako e tshwanang letsatsi le leng le le leng.

  • Qoba ho shebella TV kapa disebediswa tsa elektronike ha o le ka dikobong.

  • Qoba ho ja dijo tse ngata, caffeine le ho nwa dino tse nang le tahi pele o robala.

Justin o re: “Ke ile ka hlokomela hore tsela eo ke robalang ka yona e ama bophelo ba ka. Ka dinako tse ding ha ke sa robala hantle, ke tsoha ke opelwa ke hlooho hape le mmele wa ka o ba bohloko. Empa haeba ke robetse ka ho lekaneng ke ikutlwa hantle mme ke kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ke lokelang ho e etsa. Ke ba le matla a mangata mme ha se hangata ke kulang.”

Setshwantsho se hlahang videong ya “Seo o ka se Etsang ho Itshireletsa ho Malwetse a Tshwaetsanang.” Mme o bulela kokwanahloko monyako.

BAKENG SA HO ITHUTA DINTLHA TSE DING. Sheba video e nang le sehlooho se reng Seo o ka se Etsang ho Itshireletsa ho Malwetse a Tshwaetsanang. O ka boela wa bala sehlooho se reng “Ditsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao”.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share