Dinakong tsa mathata, boloka dikamano tsa hao di le ntle le batho bao o ba ratang ka hore
MATLAFATSA LENYALO LA HAO
O matlafatse lenyalo la hao
Seo Bibele e se buang: “Ba babedi ba molemo ho feta a le mong. . . Etswe haeba a le mong wa bona a ka wa, e mong a ka emisa molekane wa hae.” (Moeklesia 4:9, 10) Banyalani ba lokela ho sebetsa ha mmoho mahetla a bapile, e seng e mong kgahlanong le e mong.
Le ka mohla le se ke la tshwarana hampe ka lebaka la mathata ao le nang le ona. Le be le mamello.
Bonyane ha nngwe ka beke, buisanang ka mathata ao le nang le ona. Ha le sebetsana le bothata, le se ke la tshwayana diphoso.
Behang nako ya ho etsa dintho tseo le di ratang le le babedi.
Ikgopotseng ka dintho tse monate tseo le di entseng ha mmoho jwalo ka ho sheba dinepe tsa lona tsa lenyalo kapa diketsahalo tse ding tse le thabisang.
David o re: “Le hoja banyalani ba ke ke ba dumellana ka ntho e nngwe le e nngwe, seo ha se bolele hore ba ke ke ba kgona ho sebedisana mmoho. Banyalani ba ka etsa qeto mme ba sebetsa ha mmoho hore qeto eo e atlehe.”
MATLAFATSA SETSWALLE SA HAO
O Sireletse setswalle sa hao
Jwalo ka ha metswalle ya hao e o tshehetsa, le wena o tshehetse batho ba bang. Ka ho matlafatsa batho ba bang, le wena oa imatlafatsa.
Ka mehla buisana le e meng ya metswalle ya hao ho utlwa hore na e ntse e ya jwang.
Botsa metswalle ya hao hore na e kgonne jwang ho mamella mathata a tshwanang le ao o nang le ona.
Nicole o re: “Ha o ba le mathata a mangata, metswalle e ka o thusa ho sebetsana le ona le ha e ka ba ka ho o hopotsa dintho tseo o seng o ntse o di tseba. Metswalle e a o kgathalla mme le yona e a tseba hore o a e kgathalla.”
EBA MOTSWADI YA NAHANELANG
O be motswadi ya nahanelang
Seo Bibele e se buang: ‘Potlakela ho utlwa, o diehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) Hangata bana ba ka thatafallwa ke ho bua ka dintho tse ba tshosang kapa tseo ba tshwenyehileng ka tsona empa ha o ba mamela o sa fele pelo o tla ba thusa hore ba ntshe maikutlo a bona.
Etsa hore bana ba hao ba ikutlwe ba phutholohile e le hore ba ka ntsha maikutlo a bona. Bana ba bang ba kgona ho ntsha maikutlo a bona ha ba ntse ba tsamaya kapa ba palame koloi ho feta ha ba dutse ba shebane mahlong le batswadi ba bona.
Etsa bonnete ba hore bana ba hao ha ba shebelle ditaba tse ngata tse ka ba tshosang.
Tsebisa bana ba hao hore na o etsang hore lelapa le dule le bolokehile.
Itokisetseng ha mmoho le bana ba hao hore na le tla etsang ha maemo a tshohanyetso a hlaha.
Bethany o re: “Buisana le bana ba hao, o ba dumelle ho ntsha maikutlo a bona. Ho ka etsahala hore ho na le dintho tseo ba di patileng tse ba utlwisang bohloko, tse ba tshwenyang le tse ba kwatisang. Ba bolelle hore le wena o ntse o ikutlwa ka tsela e tshwanang o be o ba bolelle hore na o etsang ho sebetsana le boemo boo.”