LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g22 No. 1 maq. 13-15
  • 4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka
  • Fadimehang!—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO E LENG SA BOHLOKWA
  • Seo o Lokelang ho se Tseba
  • Seo o ka se Etsang Hona Jwale
  • Bibele e Fana ka Tshepo
  • Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!​—Selelekela sa Thuto ya Bibele
  • Na o ka Fumana Tshepo Selemong sa 2024?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
Tse Ding
Fadimehang!—2022
g22 No. 1 maq. 13-15
Bibele e butsweng e behilwe pela dipalesa.

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Ho tshwenyeha ka mathata a lefatshe ho ka ama batho mmeleng le kelellong. Batho ba bangata ba ileng ba angwa ke diketsahalo tsena ha ba na tshepo ya hore dintho di tla loka. Ba etsang ha boemo boo bo hlaha?

  • Batho ba bang ba tshaba le ho nahana ka bokamoso.

  • Batho ba bang ba sebedisa tahi le dithethefatsi e le ho itebatsa mathata a bona.

  • Ha ba bang ba nahana hore ho shwa ho molemo ho feta ho phela. Ba ipotsa hore na ba sa phelelang ebe ba etsa qeto ya ho ipolaya.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • A mang a mathata a hao e ka ba a nakwana mme a ka fetoha o sa lebella.

  • Le haeba boemo ba hao bo sa fetohe ho na le dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o mamelle.

  • Bibele e a tshepisa hore ho na le tharollo bakeng sa mathata ohle a moloko wa batho.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale

Seo Bibele e se buang: “Ka hoo, le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etswe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke bobe ba lona.”​—Matheu 6:34.

O se ke wa tshwenyeha ka bokamoso hoo o sitwang ho etsa dintho tseo o lokelang ho di etsa.

Ho tshwenyeha ka dintho tse mpe tse ka nnang tsa o etsahalla ho ka o bakela kgatello ya maikutlo mme ha fokodisa tshepo eo o nang le yona bakeng sa bokamoso.

O KA THUSWA KENG?​—Dintho Tse ka o Thusang

DULA O NAHANA DINTHO TSE HANTLE

Mme o shebile ka ntle.

Seo Bibele e se buang: “Matsatsi ohle a ya hlorileng a mabe empa ya pelo e ntle o ba le mokete ka mehla.” (Liproverbia 15:15) Ha o dula o nahana ka bothata, o ka qetella o sa bone hore ho na le tharollo. Le ha ho le jwalo, ho nahana ka dintho tse hantle ho tla o thusa hore o sebetsane le bothata ba hao.

  • Fokotsa nako eo o e qetang o bala kapa o mametse ditaba.

  • Pele o robala nahana ka dintho tse pedi kapa tse tharo tse o thabisang.

  • Ngola dintho tseo o lokelang ho di etsa letsatsing lena. Etsa dintho hanyane hanyane e le hore o bone hore o sebeditse ha kae pele letsatsi le dikela.

KOPA THUSO

Ntate ya hodileng o kgothatsa ntate e mong.

Seo Bibele e se buang: “Ya itshehlang thajana . . . o tla phasoloha kgahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) O ke ke wa kgona ho intsha ka sekoting se tebileng empa ha o fumana thuso o ka kgona.

  • Kopa thuso ho ba lelapa le metswalle.

  • Batla dintho tseo o ka di etsang e le hore le wena o thuse metswalle ya hao. Ha o thusa ba bang, hoo ho ka o thusa hore o tsebe ho bona mathata ao o nang le ona ka moo a leng ka teng.

  • Haeba o utlwa eka o felletswe ke tshepo ebile o se o sa thabele bophelo, e ka ba hantle hore o ye ngakeng. Ka dinako tse ding ha o ikutlwa o imetswe haholo, seo e ka ba letshwao la kgatello ya maikutlo. Batho ba bangata ba ile ba thuswa ke ho ya ngakeng.a

a Makasine ena ya Fadimehang! ha e buelle mofuta o itseng wa phekolo.

Bibele e Fana ka Tshepo

Mopesaleme ha a rapela Modimo o ile a re: “Lentswe la hao ke lebone la leoto la ka, ke lesedi tseleng ya ka.” (Pesaleme ya 119:105) Ke jwang Bibele e leng lebone le lesedi?

Bosiu lebone le re thusa ho bona moo re tsamayang teng. Ka tsela e tshwanang, Bibele e ka re fa bohlale bo ka re thusang ha re lokela ho etsa diqeto tse boima.

Lesedi le ka re kgantshetsa tsela e le hore re bone moo re yang. Ka tsela e tshwanang, Bibele e ka re thusa hore re be le tshepo ka bokamoso.

Bibele ke buka e tswang ho Modimo e sa bueng feela ka pale ya batho ho tloha qalong empa e boetse e fana ka tshepo ka bokamoso. E araba dipotso tsena:

Mahlomola a qadile jwang?

Bibele e re “sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”​—Baroma 5:12.

Ke hobaneng ha mebuso ya batho e sa kgone ho rarolla mathata a rona?

Bibele e re “ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.” (Jeremia 10:23) Mathata a teng lefatsheng a bontsha hore lengolo lena le bua nnete.

Modimo o tla etsang ho rarolla mathata?

Bibele e re “o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšenolo 21:4.

Setshwantsho se hlahang videong ya “Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?” Mme o bolella molekane wa hae seo a se badileng ka Bibeleng.

BAKENG SA HO ITHUTA DINTLHA TSE DING. Sheba video e nang le sehlooho se reng Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share