LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g24 No. 1 maq. 13-15
  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?
  • Fadimehang!—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HORE O ITLHOMPHE?
  • O KA ETSANG E LE HORE O ITLHOMPHE?
  • DIPAKI TSA JEHOVA DI THUSA BATHO JWANG HORE BA ITLHOMPHE?
  • Fumana Thuso
    Fadimehang!—2020
  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Malapa a Bona?
    Fadimehang!—2024
  • Diboka Tsa Dipaki Tsa Jehova di ka o Tswela Molemo Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Fadimehang!—2024
g24 No. 1 maq. 13-15
Mosadi ya utlwileng bohloko o itjhebile seiponeng.

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HORE O ITLHOMPHE?

Batho ba itlhomphang ba kgona ho sebetsana le mathata ao ba tobanang le ona bophelong mme ha ba nyahame kapele.

  • Dipatlisiso di bontsha hore hangata batho ba sa itshepeng, ba dula ba tshwenyehile, ba ena le kgatello ya maikutlo mme ba ena le bothata ba ho se je hantle. Ba ka boela ba eba le bothata ba ho nwa haholo le ho sebedisa dithethefatsi.

  • Batho ba itlhomphang ha ba ipapise le batho ba bang mme sena se etsa hore ho be bonolo hore ba utlwane le batho ba bang le ho ba le metswalle. Ka lehlakoreng le leng, motho ya sa itlhompheng hangata o rata ho tshwayatshwaya ba bang diphoso mme seo se ka etsa hore a se ke a ba le metswalle.

  • Batho ba itlhomphang ba a mamella le ha ba ena le mathata mme ha ba dumelle mathata ho ba thibela ho fumana dintho tseo ba di batlang. Athe batho ba sa itlhompheng bona, ba bona bothata bo bonyenyane e le ntho e kgolo mme seo se etsa hore ba nyahame kapele.

O KA ETSANG E LE HORE O ITLHOMPHE?

Kgetha metswalle e tla o thusa hore o itlhomphe. Eba motswalle wa batho ba hlomphang, ba batlang hore o atlehe le ba o thusang ha o ena le mathata.

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”—Diproverbia 17:17.

Thusa batho ba bang. Ha o le motho ya mosa mme o thusa batho ba bang ho akarelletsa le ba ke keng ba o thusa, o tla thaba e le ka nnete ka lebaka la ho fana. O tla boela o thabe le haeba ho se na motho ya o babatsang ka dintho tse ntle tseo o di entseng.

“Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.”—Diketso 20:35.

Thusa bana ba hao hore ba tsebe ho itlhompha. O ka etsa sena ka hore o ba tlohele hore ba itharollele mathata a bona haeba ba kgona. Sena se tla thusa bana ho tseba hore ha mathata a le teng, ba lokela ho a mamella mme ba tla itlhompha hona jwale le ha ba se ba hodile.

“Ruta ngwana tsela eo a lokelang ho e nka. Esita le ha a tsofala a ke ke a e fapoha.” —Diproverbia 22:6.

Paki ya Jehova e ntse e ithuta Bibele le mme e mong ba le restjhurenteng.
Paki ya Jehova e ntse e ithuta Bibele le mme e mong ba le restjhurenteng.

DIPAKI TSA JEHOVA DI THUSA BATHO JWANG HORE BA ITLHOMPHE?

Ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova le ho ya dibokeng tsa tsona ho thusa batho ho fetola bophelo ba bona le hore ba itlhomphe.

RE TSHWARA DIBOKA BEKE LE BEKE

Ha re le dibokeng re thabela ho mamela dipuo tse thehilweng Bibeleng mme hangata re a ithuta hore na re ka itlhompha jwang. Ho kenwa mahala dibokeng tsa rona mme re amohela motho e mong le e mong. Ha o le dibokeng tsena, o tla ithuta hore na . . .

  • Modimo o a o tsotella?

  • morero wa bophelo ke ofe?

  • o ka etsang hore o be le metswalle le lelapa le thabileng?

O tla boela o fumane metswalle ya sebele e tla o hlokomela.—1 Bakorinthe 12:​25, 26.

Ho tseba hore na ho etsahalang dibokeng tsa rona, batla video e kgutshwanyane e reng Ho Etsahala Eng Holong ya Mmuso? websaeteng ya jw.org/st-za.

RE ITHUTA BIBELE LE BATHO

Re ithuta Bibele le batho mahala re sebedisa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Buka ena e hlalosa mangolo ka tsela e hlakileng, e na le dipotso, divideo le ditshwantsho tse rutang. Ho ithuta Bibele ho thusa batho hore ba itlhomphe le ho fetola bophelo ba bona.

Ho bona ka moo ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ho ka o tswelang molemo ka teng, batla video e kgutshwanyane e reng Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? websaeteng ya jw.org/st-za.

Israel Martínez.

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Israel Martínez o ne a bona a sa tshwane le batho ba bang ka lebaka la ho se rutehe le ho futsaneha. Ho bona ka moo ho ya dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova le ho ithuta Bibele ho ileng ha mo thusa hore a itlhomphe ka teng, batla sehlooho se reng “Ha ke sa Ikutlwa ke le Mosesaane” websaeteng ya jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share