LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • rr leq. 10
  • Borapedi ke Eng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Borapedi ke Eng?
  • Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dintlha tse Ding
  • Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • “Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Tsela e Nepahetseng ya ho Rapela Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • “Rapela Modimo”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
Tse Ding
Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
rr leq. 10
Lelapa le etsa borapedi ba lelapa.

LEBOKOSE LA 1A

Borapedi ke Eng?

Borapedi bo ka bolela “eng kapa eng eo motho a e etsang ho bontsha hore o rata le ho hlompha ntho eo a e nkang e le modimo wa hae.” Mantswe a sebedisitsweng ka Bibeleng ha ho buuwa ka “borapedi,” a ka bolela hore motho o hlompha ka tsela e tebileng kapa o ikokobeletsa ntho e nngwe e bopilweng. (Mat. 28:9) A ka boela a bolela ntho eo motho a e etsang ha a rapela Modimo kapa modingwana. (Joh. 4:23, 24) Tsela eo mantswe ao a sebedisitsweng ka yona e re thusa ho bona hore na moo a sebedisitsweng teng a bolelang.

Jehova ke yena feela ya tshwanelwang ke ho rapelwa hobane o bopile dintho tsohle ebile ke Morena ya Matla ka ho Fetisisa. (Tshen. 4:10, 11) Re rapela Jehova ka ho bontsha hore re hlompha puso ya hae le lebitso la hae. (Pes. 86:9; Mat. 6:9, 10) Dintho tse pedi tse kgolo tseo ho buuwang ka tsona bukeng ya Ezekiele ke puso ya Jehova le lebitso la hae. Bukeng ya Ezekiele feela, polelwana e reng “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle” e hlaha ka makgetlo a 210 ebe e reng “tseba hore ke nna Jehova,” e hlaha ka makgetlo a 61.—Ezek. 2:4; 6:7.

Borapedi ba nnete ha se feela taba ya hore na re ikutlwa jwang empa hape ke taba ya hore na re itshwara jwang. (Jak. 2:26) Ha re inehela ho Jehova, re itlama hore re tla mo mamela dikarolong tsohle tsa bophelo ba rona le hore re tla hlompha lebitso la hae haholo hobane ke Morena wa rona. O hopole hore ha Jesu a ne a araba Satane ka mora hore a mo leke ka lekgetlo la boraro, o ile a amahanya borapedi le ‘ho sebeletsa’ Modimo. (Mat. 4:10) Ka ha re barapedi ba Jehova, re ikemiseditse ho mo sebeletsa.a (Deut. 10:12) Re sebeletsa Modimo ha re etsa dintho tse amanang le borapedi ba rona mme dintho tseo di hloka boiteko. Ke dintho dife tseo?

Ditshwantsho tse bontshang mesebetsi eo re ka e etsetsang Jehova. 1. Moradi wa bo rona o a araba dibokeng. 2. Bara le baradi ba bo rona ba hlwekisa sebaka seo kopano e tlo tshwarelwa ho sona.

Re ka sebeletsa Jehova ka ditsela tse ngata empa kaofela ha tsona di bohlokwa ho yena. Ditsela tse ding tsa ho sebeletsa Jehova ke ho ruta batho ba bang Bibele, ho ba teng dibokeng le ho nka karolo ho tsona, ho haha le ho hlokomela dibaka tseo re rapellang ho tsona, ho ba le borapedi ba lelapa, ho kenella mosebetsing o etswang ho thusa bana ba bo rona ba hlokang thuso, ho ithaopa dikopanong kapa ho sebetsa Bethele. (Baheb. 13:16; Jak. 1:27) Re tla be re “sebeletsa [Modimo] bosiu le motshehare” haeba re nka borapedi ba nnete e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ka dikelellong le ka dipelong tsa rona. Ho sebeletsa Jehova ho re thabisa haholo.—Tshen. 7:15.

Kgutlela kgaolong ya 1, serapeng sa 9

a Ka Seheberu, borapedi bo ka boela ba bolela “ho sebeletsa.” E leng hore borapedi bo amana le ho sebeletsa.—Ex. 3:12, nal.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share