LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • rr leq. 47
  • Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke ne ke “Shebile Mangeloi”
  • Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dintlha tse Ding
  • ‘Mangeloi a Nang le Difahleho Tse Nne’ ke Bomang?
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • ‘Hlalosa Tempele’
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • “Ke Bona Dipono Tse Tswang ho Modimo”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Jehova o re Thusa Jwang Hore re Etse Mosebetsi wa Boboledi?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
rr leq. 47
Seemahale sa poho e nang le hlooho ya motho le mapheo.

LEBOKOSE LA 4A

Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ezekiele o ile a bona diemahale tsa dipoho tse kgolo le ditau tse nang le dihlooho tsa batho di eme di katile ka pela matlo a borena le ditempele. Diemahale tseo di ne di fumaneha Asiria le Babilona ya mehleng ya kgale. Jwalo ka batho ba bang, e ka nna yaba o ne a ema a sheba diemahale tsena tse kgolo tse tshosang tse bolelele ba dimithara tse 6. Ho sa tsotellehe hore na diemahale tseo di ne di shebahala di le matla hakae, di ne di sa phele ebile di entswe ka majwe.

POHO E NANG LE HLOOHO YA MOTHO LE MAPHEO

Setshwantsho se bapisang motho le seemahale sa poho e nang le hlooho ya motho le mapheo. (Motho o bolelele ba dimithara tse ka bang 1,8 ha seemahale sona se le dimithara tse ka bang 4,42)

Seemahale sena sa poho e nang le hlooho ya motho le mapheo, se ne se le keiting ya motse wa Khorsabad wa Asiria ya mehleng ya kgale. Ho ne ho thwe seemahale sena se thibela moya o mobe kapa o kgopo ho kena ka hara motse.

Ho fapana le diemahale tseo tse sa pheleng, Ezekiele ponong o bone mangeloi a phelang. Phapang e kaalo! Pono eo e ile ya mo ama hoo a ileng a sebedisa lentswe “mangeloi” kapa “dibopuwa tse phelang” jwalo ka ha naletsana e bontsha, ka makgetlo a fetang 11 qalong ya boprofeta ba hae. (Ezek. 1:5-22) Ka mora hore Ezekiele a bone mangeloi tlasa terone ya Modimo a ya nqa e le nngwe ka nako e tshwanang, e tlameha ebe o ile a utlwisisa ka tsela e hlakileng hore Jehova o laola dintho tsohle tseo a di bopileng. Le rona kajeno re a hlollwa ha re nahana ka pono ya Ezekiele, re bona boholo le matla a Jehova le boholo ba puso ya hae.—1 Dikron. 29:11.

Le leng la mangeloi a mane a nang le difahleho tse nne le phukaladitse mapheo.

Kgutlela kgaolong ya 4, serapeng sa 4

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share