LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 48
  • Kgetha Metswalle Hantle

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgetha Metswalle Hantle
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • O ka ba Motswalle wa Jehova
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kgetha Metswalle e Ratang Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 48
Kgaolo ya 48. Metswalle e mene e nka foto.

KGAOLO YA 48

Kgetha Metswalle Hantle

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Metswalle ya rona e etsa hore re thabe ha ho le monate mme e a re kgothatsa ha ho le thata. Empa Bibele e a re lemosa hore ha se motho e mong le e mong eo e ka bang motswalle ya hantle. Ka hoo o ka kgetha metswalle e hantle jwang? Nahana ka dipotso tsena.

1. Metswalle eo o e kgethang e ka o ama jwang?

Hangata re qetella re na le mekgwa e tshwanang le ya batho bao re qetang nako le bona, ebang ke mekgwa e metle kapa e mebe. Ntho ena e ka etsahala le haeba re qeta nako e ngata re bua le bona inthaneteng. Bibele e re: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ya bang le ditshebedisano le ba hlokang kelello [e leng ba sa rateng Jehova] dintho di tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Haeba metswalle ya hao e rata Jehova ebile e mo sebeletsa, e ka o thusa hore o dule o mo rata o be o etse diqeto tse nepahetseng. Haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, e tla etsa hore le wena o se ke wa mo rata. Ha se feela Bibele e re kgothaletsang ho kgetha metswalle hantle. Haeba metswalle ya rona e le batho ba ratang Modimo, e ka re tswela molemo mme le rona re ka e thusa. Re tla kgona ho ‘tshedisana le ho hahana.’​—1 Bathesalonika 5:11.

2. Jehova o tla ikutlwa jwang ka metswalle eo o e kgethang?

Jehova o kgetha metswalle hantle. “O na le kamano e haufiufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Jehova o tla ikutlwa jwang haeba re kgetha batho ba sa mo rateng hore e be metswalle ya rona? O tla utlwa bohloko haholo. (Bala Jakobo 4:4.) Empa Jehova o tla thaba a be a re nke re le metswalle ya hae haeba re qoba ho tlwaelana le batho ba fosahetseng, re mo rata ebile re rata batho ba mo ratang.​—Pesaleme ya 15:1-4.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re kgethe metswalle hantle le hore na o ka etsang hore o be le metswalle e tla o tswela molemo.

3. Hlokomela hore o se ke wa kgetha metswalle e fosahetseng

Batho ba sa rateng Modimo le melao ya hae ke metswalle e fosahetseng. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: Qoba Metswalle e Fosahetseng (6:17)

  • Ke jwang re ka iphumanang re tlwaelana le batho ba fosahetseng re sa hlokomele?

Bala 1 Bakorinthe 15:33 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke motho ya jwang eo e ke keng ya ba motswalle ya nepahetseng bakeng sa hao? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Bala Pesaleme ya 119:63 ebe le buisana ka potso ena:

  • O lokela ho sheba eng ha o kgetha motswalle?

Sekotlolo se tshetseng diapole. Apole e le nngwe e bodileng e etsa hore ho be le ditshintshi mme e bodisa tse ding.

Apole e le nngwe e bodileng e ka bodisa tse ding. Ho ba le motswalle ya fosahetseng ho ka o ama jwang?

4. Batho ba sa tshwaneng le rona e ka ba metswalle e hantle

Bibele e re bolella ka banna ba babedi ba mehleng ya Iseraele e leng Davida le Jonathane. Ba ne ba fapane haholo ka dilemo le ka maemo empa e ile ya ba metswalle. Bala 1 Samuele 18:1 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho kgetha dithaka tsa rona kapa batho ba boemong bo tshwanang le ba rona feela hore e be metswalle ya rona?

Bala Baroma 1:11, 12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Metswalle e ratang Jehova e ka kgothatsana jwang?

Videong ena, bona hore na ke jwang motjha e mong a ileng a fumana metswalle moo a sa lebellang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

VIDEO: Ho Fumana Metswalle Moo o sa Lebellang (5:06)

  • Videong ee, ke hobaneng ha batswadi ba Akil ba ne ba tshwenyehile ka metswalle ya hae ya sekolong?

  • Keng e entseng hore a batle ho ba motswalle wa bana bao?

  • Keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a hlola a jewa ke bodutu?

5. O ka thuswa keng hore o be le metswalle e hantle?

Ithute hore na o ka fumana metswalle ya sebele jwang le hore na o ka etsang hore le wena o be motswalle wa sebele. Bapala VIDEO.

VIDEO: Motswalle wa Nnete ke ya Jwang? (4:14)

Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Motswalle wa Nnete ke ya Jwang?’ Motjha o na le metswalle ya hae e fapaneng ka dilemo, ditso le bokgoni.

Bala Liproverbia 18:24 le 27:17 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Metswalle ya nnete e thusana jwang?

  • Na o na le metswalle e jwalo? Haeba ha o na yona, o ka etsang hore o be le yona?

Bala Bafilipi 2:4 ebe le buisana ka potso ena:

  • O lokela ho ba motswalle wa nnete e le hore o fumane metswalle ya nnete. O ka etsang hore o be motswalle wa nnete?

Ditshwantsho: Ausi o tjhakile le metswalle ya hae e meraro. 1. O bua le e mong wa bona ka founu. 2. O bua le motswalle wa hae ya hodileng Holong ya Mmuso. 3. O tjhakela e mong wa metswalle ya hae ya hlokahalletsweng.

E le hore o be le metswalle ya nnete, o lokela ho ba motswalle wa nnete

BATHO BA BANG BA RE: “Ho molemo ho kgetha mang le mang feela hore e be motswalle wa hao ho feta ho se be le metswalle ho hang.”

  • Wena o ka reng?

KAKARETSO

Haeba re kgetha metswalle hantle re tla thabisa Jehova mme ho etsa jwalo ho tla re tswela molemo.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha e le taba ya bohlokwa ho Jehova hore na re kgetha metswalle e jwang?

  • Ke batho ba jwang bao o sa lokelang ho ba motswalle wa bona?

  • Ke jwang o ka bang le metswalle e nepahetseng?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona hore na metswalle ya nnete e ka re thusa jwang ha ho le thata.

“Eba le Setswalle se Matla Pele Bofelo bo Fihla” (Tora ya ho Lebela, November 2019)

Ithute hore na o ka etsang e le hore o be le metswalle ya nnete.

“Nka Etsang Hore ke be le Metswalle e Molemo?” (Dipotso Batjha Ba a Botsa​—Dikarabo Tse Sebetsang, Buka ya 1, kgaolo 8)

O lokela ho tseba eng ka ho etsa metswalle inthaneteng?

Eba Bohlale ha o Etsa Metswalle Inthaneteng (4:12)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Lakatsa ho ba le Ntate,” mme o hlokomele hore na keng e entseng hore ntate e mong a kgethe metswalle e meng.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2012)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share