Bibele E Reng?
Na leeme le tla ke le fele?
Wena o ka reng?
Ee
Tjhe
Mohlomong
Seo Bibele e se buang
“Ke tseba hantle hore Jehova o tla phethisa tseko ya ya hlorileng, kahlolo ya ba futsanehileng.” (Pesaleme ya 140:12) Mmuso wa Modimo o tla etsa hore batho ba seke ba hlola ba tshwarwa ka leeme.
Seo re ka ithutang sona hape ka Bibeleng?
Modimo o ntse a bona hore batho ba tshwerwe ka leeme lefatsheng, kahoo o tshepisa hore haufinyane dintho di tla fetoha.—Moeklesia 5:8.
Modimo o tla etsa hore batho ba phele ka kgotso ba bile ba sireletsehile. —Esaia 32:16-18.
Na Modimo o rata batho ba itseng ho feta ba bang?
Batho ba bang ba dumela hore Modimo o rata batho ba itseng feela, athe ba bang bona ba dumela hore o re rata ka ho tshwana. O nahana jwang ka see?
Seo Bibele e se buang
“Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka o a amoheleha ho yena.” (Liketso 10:34, 35) Ka hona, Modimo o re nka re lekana.
Seo re ka ithutang sona hape ka Bibeleng?
Bibele e na le ‘ditaba tse molemo . . . setjhabeng se seng le se seng le molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang.’—Tšenolo 14:6.