LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp18 No. 1 maq. 12-13
  • 3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOLWETSE BO SA FOLENG
  • BOHLOKO
  • Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
wp18 No. 1 maq. 12-13
Mme o mabitleng o a lla; Mme ya dutseng hodima wheelchair o mametse molaets wa Bibele

3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata

Ho na le mathata ao hona jwale re ke keng ra a qoba kapa ra a fedisa. Ka mohlala, haeba o hlokahalletswe kapa o hlahile o na le lefu le itseng, ntho feela eo o lokelang ho e etsa ke ho fumana ditsela tsa ho mamella bohloko boo. Na ebe Bibele a ka o thusa ho mamella mathata a tepelletsang tjee?

BOLWETSE BO SA FOLENG

Rose o re: “Ke hlahile ke na le bolwetse bo itseng bo mpakelang bohloko bo sisimosang le bo sa feleng. Maemo a ka a bophelo a ntse a mpefala le ho feta.” Ntho e neng e mo tshwenya ka ho fetisisa ke hore ka dinako tse ding, o ne a sa kgone ho ithuta Bibele le ho etsa dintho tse ding tse amanang le tshebeletso ya hae ho Modimo. Empa o ile a thuswa ke mantswe a Jesu a ho Matheu 19:26 a reng: “Dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.” Rose o ile a hlokomela hore ho na le ditsela tse ngata tsa ho ithuta. Ka ha ka dinako tse ding o ne a sa kgone ho bala ka lebaka la bohloko boo a neng a ye a be le bona, o ile a qala ho mamela Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng tse rekotilweng.a Rose o re: “Haeba ho ne ho se na direkoting tsena, ha ke tsebe hore na ke ne ke tlo kgona ho matlafatsa kamano ya ka le Modimo jwang.”

Ka dinako tse ding ha Rose a nahana ka dintho tseo a seng a sa kgone ho di etsa, o tshediswa ke mantswe a ho 2 Bakorinthe 8:12 a reng: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho kgethehileng ho ya ka seo motho a nang le sona, eseng ho ya ka seo motho a se nang sona.” Mantswe a na a hopotsa Rose hore Modimo o a thaba ha a bona boiteko boo a bo etsang ba ho mo sebeletsa.

BOHLOKO

Delphine eo re buileng ka yena dihloohong tse fetileng o re: “Ka mora hore moradi waka ya dilemo di 18 a hlokahale, ke ne ke utlwile bohloko haholo hoo ke neng ke utlwa hore jwale le nna ke tla shwa. Ho ne ho se ho sa tlo tshwana le pele.” Le ha ho le jwalo, o ile a tshediswa ke mantswe a ho Pesaleme ya 94:19, moo mongodi e mong wa pesalema a reng ho Modimo: “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya waka.” Delphine o re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ke fumane dintho tseo nka di etsang e le ho kokobetsa bohloko bona baka.”

O ile a ithaopela ho etsa mosebetsi o neng o tla tswela batho molemo. A ba a itshwantsha le krayone eo e reng le ha e robehile, ebe ngwana o ntse a kgona ho toroya mebalabala ka yona. Jwalo ka krayone e robehileng, o ile a hlokomela hore o ntse a ka kgona ho thusa ba bang. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ha ke sebedisa melaomotheo ya Bibele ho tshedisa batho bao ke ithutang Bibele le bona, Jehova o ne a sebedisa tsela eo ho kokobetsa bohloko ba ka le ho ntshedisa.” Delphine o ile a ngola lethathamo la batho ba hlahang ka Bibeleng ba kileng ba feta dinakong tse mahlonoko. O ile a hlokomela hore “kaofela ba ne ba rapela Jehova, ba mo kopa hore a ba thuse.” A ba a ithuta le hore ho bala Bibele ke yona feela tsela ya ho mamella mathata.

Delphine o ile a ithuta taba e nngwe hape ya bohlokwa ha a ntse a ithuta Bibele, hore a se ke a nahana ka dintho tse fetileng tseo a ke keng a kgona ho di etsolla, empa a tsepamise maikutlo bokamosong. O ile a kgothatswa le ke Liketso 24:15 ha e re: “Ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” Empa o kgodisehile hakae hore Jehova o tla tsosa moradinyana wa hae? E reng a re bolelleng: “Ha ke kwala mahlo, ke bona moradinyana waka a se a tsohile, hantle feela ka letsatsi leo Jehova a le kgethileng. Ke ipona re se re le mmoho seratswaneng se setle, ke mo sikile ka lerato, jwalo ka ha a ne a satswa hlaha.”

a Direkoting tse ngata tse kang tsena di a fumaneha websaeteng ya jw.org.

Bibele e ka o thusa hore o fumane matshediso esita le dinakong tse thatathata

EBE MODIMO A KA RE THUSA JWANG HA RE LE MATHATENG?

Karabo ya Bibele tabeng ena e hlakile. E re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena, bohle ba ipiletsang ho yena ka nnete. O tla kgotsofatsa takatso ya ba mo tshabang, o tla utlwa mohoo wa bona o kopang thuso, mme o tla ba pholosa.” (Pesaleme ya 145:18, 19) Na mantswe ana ha se a thobang maikutlo? Empa ke jwang Modimo a arabang dithapelo tsa batho ba batlang tataiso ho yena?

KA HO RE FA MATLA:

Hangata mathata a ka re nyahamisa a ba a re tetebetsa mmeleng, maikutlong le tumelong. (Liproverbia 24:10) Le ha ho le jwalo, re thabiswa ke ho tseba hore Jehova “o fana ka matla ho ya kgathetseng; mme o etsa hore matla a feletseng a atele ya se nang matla.” (Esaia 40:29) Ka ha moapostola Pauluse o ile a mamella diteko tse matla, o ile a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Pauluse o ile a matlafatswa ke moya o halalelang wa Modimo. Le wena o ka kopa Modimo hore a o fe moya o halalelang.—Luka 11:13.

KA HO RE FA BOHLALE:

Ho thweng haeba o hloka thuso e le hore o utlwisise o be o sebedise keletso e itseng ya Bibele? Morutuwa Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang wa lona a haellwa ke bohlale, a nne a kope Modimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyedise; mme o tla bo fuwa.” (Jakobo 1:5) O ka etsa dintho tumellanong le dithapelo tsa hao ka hore o bale Bibele le ho kenya tshebetsong seo o ithutileng sona. (Jakobo 1:23-25) Ha o ntse o etsa jwalo, o tla bona hore kannete keletso ya Bibele e bohlale.

KA HO RE FA KGOTSO:

Esita le haeba o le motho ya dulang a tshwenyehile, Jehova a ka o thusa hore o kgobe matshwafo. Lentswe la hae le re: “Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano ohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ke hobaneng ha o sa kope Jehova hore a o fe kgotso?

Empa ho thweng haeba mathata a hao a sa rarollehe ka pele kamoo o neng o nahana kateng? O se ke wa nahana hore Modimo o o lahlile? Le haeba ho bonahala eka mathata a ntse a o latella, tseba hore Modimo a ka o fa sebete le matla a ho a mamella. (1 Bakorinthe 10:13) Bibele e boetse e re tshepisa hore nako e ya tla eo ka yona mathata ohle ao re nang le ona, e tlang ho ba pale e phetwang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share