HISTORI YA RONA
Peo ya Pele ya Mmuso e ile ya Jalwa Jwang Portugal?
SEKEPE se ne se lebile kwana Europe se ntse se hahlaula ho pholletsa le maqhubu a lewatle la Atlantic. Ha George Young, e leng mopalami e mong wa sekepe a ntse a lohotha ka dintho tseo a di finyelletseng tshebeletsong ha a le Brazil.a Le ha ho le jwalo, Morabo rona Young o ile a tsepamisa mohopolo kabelong ya hae e ntjha, e leng tshimong e neng e so ka e sebetswa ya Spain le Portugal. O ne a hopotse hore ha a fihla moo, o tla aba dipampitshana tse 300 000 le ho hlophisa hore Morabo rona J. F. Rutherford a fane ka dipuo tsa Bibele.
Mona morabo rona George Young o haola lewatleng a le ho le leng la maeto a ho bolela molaetsa wa Bibele
Ha Morabo rona Young a fihla motsemoholo Lisbon ka 1925, o ile a fumana mathata a hlwele manolo hodimo. Mokga o neng o busa ka 1910, o ile wa hlotha Kereke ya Katholike maemo le matlanyana a yona. Ke nnete hore baahi ba ile ba ba le bolokolohi empa ntwa ya lehae yona e ne e ntse e kupa naheng eo.
Jwalo ka ha Morabo rona Young a ne a se a entse ditlhophiso tsa hore Morabo rona Rutherford a fane ka puo, mmuso o ile wa laela hore sesole e be sona se laolang. Lebaka ke hobane ho ile ha ba le sehlotshwana sa mahanapuso seo ka tshohanyetso se ileng sa tsohela puso matla. Mongodi wa Mokgatlo wa Bibele wa Brithani le Dinaha Tse Ding, o ile a lemosa Morabo rona Young hore a hlokomele a se ke a tloha a kopana le pela di falla. Ho ntse ho le jwalo, Morabo rona Young o ile a kopa ho sebedisa holo eo ho neng ho jimelwa ho yona ya Sekolo sa Sekondari sa Camões mme a dumellwa.
Letsatsi la la 13 May lona leo Morabo rona Rutherford a neng a tlo fana ka puo ka lona, le ile la fihla le sa hane. Batho ba ne ba lebelletse ketsahalo eo ka tjantjello e kgolo. Dipolakate di ne di manehilwe maboteng mona athe ha e le dikorata tsona di matha hohle mona, ho tsebisa ka puo ya phatlalatsa e reng: “Ka Moo o ka Phelang ka ho sa Feleng Lefatsheng Kateng.” Bahanyetsi ba dikereke ba ile ba potlakela ho hatisa koranta ho lemosa ditho tsa bona hore di itlhokomele. Ba ne ba re Bomorabo rona Rutherford ke “baprofeta ba bohata.” Bahanyetsi bana ba ile ba fihla ba ema monyakong wa holo, ba aba dibukana tse neng di le kgahlanong le dithuto tsa Morabo rona Rutherford.
Ho ntse ho le jwalo, batho ba ka bang 2 000 ba ile ba tlatsa holo tswete! hoo ba bang ba ka bang 2 000, ba ileng ba tlameha ho kgutliswa. Bamamedi ba neng ba hlile ba ratile puo ena, ba ile ba ba ba itshwareletsa ka diropo tse leketlileng maboteng. Athe ha e le ba bang bona, ba bile ba palame hodima thepa ya ho ikwetlisa.
Empa dintho ha di a ka tsa itsamaela bolatjha feela. Bahanyetsi ba ile ba etsa lerata ba ba ba swahlamanya le ditulo. Le ha ho le jwalo, Morabo rona Rutherford o ile a kgoba matshwafo mme a palamela hodima tafole e le hore batho bohle ba mo utlwe. Ka mora hore a qete, ho elella ka kgitla, batho ba fetang 1 200 ba thabetseng taba tsa hae, ba ile ba siya mabitso le diaterese tsa bona e le hore ba ka romellwa dingolwa tsa Bibele. Eitse ha la hosane le tjhaba feela, ke ha koranta ya O Século e se e phatlaladitse sehlooho se mabapi le puo ya Morabo rona Rutherford.
Ka September 1925, Tora ya ho Lebela ya Sepotoketsi e ile ya qala ho hatiswa. (Pejana ho moo, Tora ya ho Lebela ya Sepotoketsi e ne e ile ya hatiswa Brazil.) Hoo e ka bang ka yona nako eo, Moithuti e mong wa Bibele ya bitswang Virgílio Ferguson ya dulang Brazil kwana, o ile a qala ho etsa ditlhophiso tsa ho fallela Portugal ho ya thusa ka mosebetsi wa Mmuso. O ne a kile a sebetsa le Morabo rona Young ofising e nyane ya lekala ya baithuti ba Bibele e Brazil. Ho e so ye kae, Virgílio le mosadi wa hae Lizzie ba ile ba kena leetong ka sekepe ho ya sebetsa le Morabo rona Young hape. Morabo rona Ferguson o fihlile hantle ka nako hobane jwale Morabo rona Young o ne a le mothating wa ho fallela kabelong e ntjha e neng e tlo akarelletsa le Soviet Union.
Mona teng ke ha Moradiwabo rona Lizzie le Morabo rona Virgílio Ferguson ka 1928 ba fuwa mangolo a bodulo a molao
Ha mmuso wa sesole o qala ho busa ka lere la tshepe Portugal, kganyetso e ile ya phahama. Morabo rona Ferguson o ile a ema a tiile ho sirelletsa sehlopha se senyenyane sa Baithuti ba Bibele le ho ba matlafalletsa tshebeletso. O ile a kopa ho dumellwa hore ha hae ho tshwarelwe diboka.
Selemong sa pele sa puso ya kgatello, batho ba ka bang 450 ba moo Portugal, ba ile ba kopa hore ba nne ba romelwe Tora ya ho Lebela. Ho phaella moo, nnete ya Bibele e ile ya finyella le dikarolong tse ding tsa puso ya Portugal ka dipampitshana le dibuka. Dikarolo tseo di akarelletsa Angola, Azores, Cape Verde, East Timor, Goa, Madeira, le Mozambique.
Qetellong ya bo 1920, Manuel da Silva Jordão ya neng a iphidisa ka ho hlwekisa matlong a batho, o ile a tla Lisbon. O ne a ile a utlwa ha Morabo rona Young a fana ka puo ya phatlalatsa ha a le Brazil. Ntle ho tikatiko ya letho o ile a amohela nnete ya Bibele mme hamorao a thusa Morabo rona Ferguson ho atolosa mosebetsi wa boboledi. E le hore a tsebe ho etsa jwalo, e ile ya ba pulamadiboho ya kamehla. Diphutheho tse ntjha mona Lisbon, di ile tsa tlokoma hobane jwale dingolwa tsa Bibele di ne di se di hlophiswa, di printwa le ho abuwa ntle ho mathata.
Ka 1934, Mora le Moradiwabo rona Ferguson ba ile ba kgutlela Brazil. Le ha ho le jwalo, peo ya mmuso yona e ne e se e jetswe. Merusu e ileng ya bakwa ke ntwa ya lehae ya Spain le Ntwa ya II ya Lefatshe Europe, ha di a ka tsa o besa wa tuka ho fokodisa tumelo ya barababo rona ba Portugal. Ka nakwana, ba ile ba tshwana le leshala le ntshitsweng mollong le haufi le ho tima. Empa ka 1947, ba ile ba tuka jwalo ka lelakabe ha morabo rona John Cooke a fihla e le morumuwa. Ka mora moo, ho ne ho ke ke ha hlola ho ba le motho ya ka kgonang ho thiba sekgahla seo palo ya bahweletsi e ileng ya nyoloha ka sona. Le hoja mmuso o ne o thibetse mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova ka 1962, palo ya bahweletsi yona e ne e ntse e nyoloha. Ka December 1974 ha Dipaki Tsa Jehova di fumana bolokolohi, ho ne ho se ho na le bahlweletsi ba fetang 13 000 naheng eo.
Hona jwale, bahweletsi ba fetang 50 000 ba bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo Portugal. Haesitana le dihlekehlekeng tse kang Azores le Madeira moo ho buuwang Sepotoketsi. Palo ena e akarelletsa le ditloholo tsa batho ba neng ba le teng ha Morabo rona Rutherford a fana ka puo yane e sa lebalweng ka 1925.
Re leboha Jehova le bara le baradibabo rona bao ka sebetse le ka botshepehi, ba ileng ba etella mosebetsi pele mme ka boitelo ya ba ‘bahlanka ba setjhaba ba Kreste Jesu ditjhabeng.’—Bar. 15:15, 16. Histori ya rona ka Portugal.
a Sheba sehlooho sa Tora ya ho Lebela ya May 15 2014 leqephe 31-32 se reng: “Ho sa Ntse ho e na le Mosebetsi o Mongata wa Kotulo o Lokelang ho Etswa.”