LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 June maq. 26-30
  • Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Diqeto Bophelong ba Ka

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Diqeto Bophelong ba Ka
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dihloohwana
  • RE BOLELA MOLAETSA WA BIBELE LEBANON
  • RE FALLELA NAHENG E NNGWE
  • HO ETSAHALA NTHO E BOHLOKO
  • KE ETSA DIQETO TSA BOHLOKWA
  • KE ETSA QETO E NNGWE YA BOHLOKWA
  • NTHO EO RE SA E LEBELLANG
  • RE YA SEBAKENG SE SENG
  • NKA PHETA DIQETO TSE TSHWANANG HAPE
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 June maq. 26-30

PALE YA BOPHELO

Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Diqeto Bophelong ba Ka

JWALO KA HA HO BOLETSE DYAH YAZBEK

Dyah Yazbek ha e sa le motjha.

HOSENG ho hong ka 1984, ke ne ke tloha hae moo ho neng ho phela batho ba hlahelletseng ka mahetla motseng wa Caracas o Venezuela. Ha ke le tseleng, ke ne ke ntse ke nahana ka sehlooho se seng se neng se le ho Tora ya ho Lebela e neng e sa tswa lokollwa. Se ile sa etsa hore ke ipotse hore na baahisane ba rona ba re nka jwang. Ha ke sheba matlo a haufi, ke ile ka ipotsa: ‘Na baahisane ba ka ba mpona ke le motho ya atlehileng ya sebetsang bankeng? Kapa na ba mpona ke le mohlanka wa Modimo ya hlokometseng lelapa la hae ka ho sebetsa bankeng?’ Ke ne ke sa thabiswa ke taba ya hore baahisane ba ka ba nkuka feela ke le motho ya sebetsang bankeng, ka hoo ke ile ka leka ho etsa diphetoho.

Ke hlahile ka la 19 May 1940, toropong ya Amioûn e Lebanon. Dilemo tse seng kae ha morao, lelapa leso le ile la fallela toropong ya Tripoli, moo ke ileng ka hodiswa ke batswadi ba thabileng, ba ratang Jehova le ho mo sebeletsa. Lapeng re bana ba bahlano mme ke wa ho fela. Ke banana ba bararo le bashanyana ba babedi. Batswadi ba ka ba ne ba sa nke tjhelete e le bohlokwa hakaalo. Ho lelapa leso, dintho tsa bohlokwa e ne e le ho ithuta Bibele, ho ya dibokeng tsa Bokreste le ho thusa batho ba bang ho tseba Modimo.

Phutheho ya rona e ne e ena le batlotsuwa ba mmalwa. E mong wa bona ke Morabo rona Michel Aboud, ya neng a re tshwarela thuto ya buka. O ile a ithuta Bibele ha a le New York yaba o qala ho bolela molaetsa wa Mmuso Lebanon ka 1921. Ke hopola ka moo a neng a thusa a bile a hlompha baradibabo rona ba babedi ba neng ba tswa Sekolong sa Gileade e leng Anne le Gwen Beavor. E ile ya eba metswalle ya rona e haufiufi. Dilemo tse ngata ha morao, ke ile ka thaba haholo ha ke kopana le Anne Amerika. Nakwana ka mora moo ke ile ka boela ka kopana le Gwen, ya neng a se a nyetswe ke Wilfred Gooch mme ba ne ba sebetsa Bethele e London, Brithani.

RE BOLELA MOLAETSA WA BIBELE LEBANON

Ha ke ntse ke le ngwana, ho ne ho ena le Dipaki tse fokolang ka palo Lebanon. Empa re ne re ruta batho Bibele ka mafolofolo. Re ile ra etsa jwalo ho sa tsotelle ho hanyetswa ke ba bang ba baetapele ba bodumedi. Ho na le dintho tse ding tseo ke sa di lebaleng tse ileng tsa re etsahalla.

Ka letsatsi le leng, nna le ausi wa ka Sana, re ne re ntse re bolela molaetsa wa Bibele mohahong o mong o mekato e mengata. Moruti o ile a tla mokatong oo re neng re le ho wona. E ka nna yaba motho e mong o ile a mo bitsa. Moruti eo o ile a qalella ho rohaka ausi wa ka. O ile a re lwantsha yaba o sutumetsa ausi wa ka ditepising mme a mo lematsa. Motho e mong o ile a letsetsa mapolesa a ileng a tla yaba ka mosa a etsa bonnete ba hore ausi wa ka o a thuswa. Mapolesa ao a ile a nka moruti eo yaba a mo isa sepoleseng moo a ileng a fumana hore o na le sethunya. Mookamedi wa sepolesa o ile a mo botsa a re: “ Na o moetapele wa bodumedi kapa o radintwa?”

Ketsahalo e nngwe eo ke e hopolang hantle ke ya ha phutheho ya rona e ne e hirile bese re ilo bolela molaetsa wa Bibele motseng o mong o hole haholo le toropo. Re ne re natefetswe haholo ho fihlela ha moruti a utlwela ka mosebetsi oo re ntseng re o etsa yaba o romella batho hore ba re hlasele. Ba ile ba re rohaka, ba re betsa ka majwe mme ntate wa ka o ile a lemala. Ke hopola ke bona sefahleho sa hae se tletse madi. Mme wa ka o ile a mo thusa hore a kgutlele beseng yaba le rona re ba sala morao re tshwenyehile. Nke ke ka lebala hore nakong eo mme a ntseng a phumola ntate madi o ile a re: “Jehova, o ba tshwarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.”

Ketsahalong e nngwe re ile ra tjhakela ba leloko Lebanon. Ha re le moo, re ile ra kopana le mobishopo ya hlahelletseng a le ha ntatemoholo wa ka. Mobishopo eo o ne a tseba hore batswadi ba ka ke Dipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke le dilemo di tsheletseng, o ile a leka ho ntlotlolla ka hore a mpotse a re: “Ke hobaneng ha o eso kolobetswe?” Ke ile ka mo araba ka hore ke ne ke ntse ke le ngwana mme e le hore ke kolobetswe ke ne ke lokela hore ke ithute Bibele haholwanyane le ho dumela ho yona. Ka ha ha a ka a rata karabo eo ke ileng ka mo fa yona, o ile a re ho ntatemoholo wa ka ke ngwana ya tswileng tseleng.

Le ha ho le jwalo, diketsahalo tsena tse mpe e ne e se hangata di etsahalang. Bongata ba batho ba Lebanon ke batho ba amohelang baeti le ba botswalle. Ka hoo, re ile ra kgona ho bua le batho ba bangata ka molaetsa wa Bibele le ho ithuta Bibele le ba bang ba bangata.

RE FALLELA NAHENG E NNGWE

Ha ke ntse ke kena sekolo, morabo rona e motjha dilemong o ile a etela Lebanon a tswa Venezuela. O ne a tla dibokeng tsa rona yaba o ratana le ausi wa ka Wafa. Ka mora nako ba ile ba nyalana yaba ba ilo dula Venezuela. Mangolong a hae, Wafa o ne a kgothalletsa ntate wa ka hore a fallele Venezuela le rona kaofela. O ne a etsa jwalo hobane a re hlolohetswe haholo. Qetellong re ile ra mo mamela yaba re a falla.

Re ile ra fallela Venezuela ka 1953 yaba re dula Caracas haufi le ha mopresidente. Ka ha ke ne ke ntse ke le ngwana, ke ne ke thabiswa ke hore ka dinako tse ding ke ne ke bona ha mopresidente a feta ka koloi ya hae e mabaibai. Empa ho ne ho se bonolo hore batswadi ba ka ba tlwaele ho phela naheng e ntjha, ba ithute puo, setso le boemo ba lehodimo ba moo. Ha e le hantle, ha ba sa tswa qala ho tlwaela, ho ile ha etsahala ntho e nngwe e bohloko.

Ho tloha ka ho le letshehadi ho ya ho le letona: Ntate wa ka. Mme wa ka. Ke nna ka 1953 ha re fallela Venezuela

HO ETSAHALA NTHO E BOHLOKO

Ntate wa ka o ile a kula. Ntho ena e ile ya re makatsa hobane e ne e le motho ya matla le ya phetseng hantle. Ha re hopole e kile ya eba motho ya kulang ho hang. Empa ho ile ha thwe o na le kankere yaba o iswa opereisheneng. Ka bomadimabe o ile a hlokahala beke ha morao.

Ho thata ho hlalosa hore na re ne re utlwile bohloko hakae. Ke ne ke le dilemo di 13 feela. Re ne re sa lebella hore ntate o tla hlokahala mme re ile ra utlwa eka re ke ke ra hlotse re thaba hape. Ka nako e itseng, mme o ile a thatafallwa ke ho amohela hore monna wa hae o hlokahetse. Le ha ho le jwalo, re ile ra hlokomela hore bophelo bo lokela ho tswela pele mme Jehova o ile a re thusa ho mamella. Ha ke le dilemo di 16, ke ile ka qeta sekolong se phahameng Caracas mme ke ne ke utlwa ke batla ho thusa lelapa leso.

Ausi wa ka Sana le monna wa hae Rubén ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholo

Ka mora nako, ausi wa ka Sana o ile a nyalana le Rubén Araujo, ya neng a tswa Sekolong sa Gileade mme a se a kgutletse Venezuela. Ba ile ba etsa qeto ya ho fallela New York. Lelapa leso le ile la etsa qeto ya hore ke ye yunivesithi mme ke ne ke tla dula le ausi wa ka le monna wa hae ha ke ntse ke le sekolong. Ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholo ha ke ntse ke dula le bona. Ntle ho moo, ho ne ho ena le barababo rona ba bangata ba ratang Jehova ba neng ba le phuthehong ya rona ya Sepanishe e Brooklyn. Ke ile ka thabela ho tsebana le Morabo rona Milton Henschel le Frederick Franz bao ka bobedi ba neng ba sebetsa Bethele e Brooklyn.

Ha ke kolobetswa ka 1957

Ha selemo sa ka sa pele ke le yunivesithi se le haufi le ho fela, ke ile ka qala ho ipotsa hore na ke batla ho etsang ka bophelo ba ka. Ke ne ke badile le ho nahana haholo ka dihlooho tse hlahang makasineng wa Tora ya ho Lebela tse buang ka Bakreste ba neng ba ena le dintho tseo ba batlang ho di finyella ka mokgatlong wa Jehova. Ke ile ka bona ka moo bopulamadiboho le batho ba sebetsang Bethele ba phuthehong ya rona ba neng ba thabile ka teng mme ke ne ke batla ho tshwana le bona. Le ha ho le jwalo, ke ne ke eso kolobetswe. Ho eso ye kae, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho inehela ho Jehova. Ke ile ka etsa jwalo yaba ka mora moo ke kolobetswa ka la 30 March 1957.

KE ETSA DIQETO TSA BOHLOKWA

Ka mora hore ke kolobetswe, ke ile ka nahana ka ho ba pulamadiboho. Ke ne ke rata ho ba pulamadiboho empa ke ile ka bona hore ho ke ke ha eba bonolo. Ke ne ke sa bone hore na ke tlo kgona jwang ho etsa mosebetsi wa sekolo le ho etsa mosebetsi wa boboledi. Nna le lelapa leso re ile ra ngollana mangolo a mangata ha ke ntse ke leka ho ba hlalosetsa hore ke batla ho tlohella sekolo ke kgutlele Venezuela e le hore ke ilo ba pulamadiboho.

Ka June 1957, ke ile ka kgutlela Caracas. Le ha ho le jwalo, ke ile ka hlokomela hore maemo a lelapa leso ha a matle. Ba ne ba hloka tjhelete e eketsehileng. Ebe ke ne ke tla etsang ho ba thusa? Ke ile ka fumana mosebetsi bankeng le hoja ke ne ke batla ho ba pulamadiboho. Ha e le hantle, lebaka la ka la ho kgutla e ne e le hore ke be pulamadiboho. Ke ne ke ikemiseditse ho di etsa di le pedi. Ka dilemo tse mmalwa ke ne ke sebetsa bankeng hape ke le pulamadiboho. Ke ne ke eso thabe le ho phathahana hakaalo bophelong.

Ke ile ka thaba haholo ha ke nyalana le moradi wabo rona wa seponono ya bitswang Sylvia ya tswang Jeremane ya ratang Jehova haholo. Yena le batswadi ba hae ba ne ba falletse Venezuela. Re ile ra ba le bana ba babedi e leng Michel (Mike) le Samira. Ke ile ka boela ka tlameha ho hlokomela mme wa ka. O ile a tla a tlo dula le rona. Le hoja ke ile ka tlameha ho tlohella ho ba pulamadiboho e le hore ke kgone ho hlokomela lelapa la ka, ke ne ke ntse ke rata bopulamadiboho. Nna le Sylvia re ne re eba bopulamadiboho ba thusang nako le nako ha re le phomolong.

KE ETSA QETO E NNGWE YA BOHLOKWA

Bana ba ka ba ne ba ntse ba kena sekolo ha ke ne ke nahana ka taba eo ke buileng ka yona qalong. Nke ke ka hana hore bophelo ba ka bo ne bo le monate le hore batho ba bang ba sebetsang dibankeng ba ne ba ntlhompha. Empa ntho eo ke neng ke e batla ke hore batho ba tsebe hore ke mohlanka wa Jehova. Ke ile ka dula ke nahana ka hore na nka etsang e le hore batho ba mpone ka tsela eo. Ka hoo, nna le mosadi wa ka re ile ra dula fatshe ra shebisana maemo a rona a ditjhelete. Haeba ke ne ke tlohela ho sebetsa bankeng, ke ne ke tlo fuwa tjhelete e ngata haholo. Ka ha re ne re se na dikoloto, re ile ra bona hore haeba re ke ke ra batla dintho tse ngata re ka kgona ho ba le tjhelete e lekaneng e tla re thusa ho phela nako e telele.

Ho ne ho se bonolo ho etsa qeto eo empa mosadi wa ka ya ratehang le mme wa ka ba ile ba ntshehetsa. Ka hoo, ke ne ke tlo ba pulamadiboho hape. Ke ne ke thabile haholo. Ho ne ho bonahala eka dintho tsa ka di tsamaya hantle. Empa ho eso ye kae, re ile ra fumana ditaba tseo re neng re sa di lebella ho hang.

NTHO EO RE SA E LEBELLANG

Dyah le Sylvia le leseya la bona la moshanyana e leng Gabriel.

Ngwana wa rona wa ho fela Gabriel, e bile mpho eo re neng re sa e lebella

Ka letsatsi le leng, ngaka ya rona e ile ya re Sylvia o mmeleng. Re ne re maketse re le babedi. E ne e le ntho e thabisang empa ke ne ke boetse ke ntse ke nahana ka qeto ya ka ya ho ba pulamadiboho. Na ke ne ke ntse ke tla kgona ho ba pulamadiboho? Kapelepele re ile ra lokisa dikelello tsa rona le maikutlo a rona ra ba ra emela ho amohela setho se setjha sa lelapa. Empa ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ebe ke tla kgona ho ba pulamadiboho.

Ka mora ho buisana ka dintho tseo re batlang ho di etsa, re ile ra etsa qeto ya hore ke be pulamadiboho. Mora wa rona Gabriel o ile a hlaha ka April 1985. Ke ile ka tlohela mosebetsi bankeng yaba ke ba pulamadiboho hape ka June 1985. Ha morao ke ile ka ba setho sa Komiti ya Lekala. Le ha ho le jwalo, ofisi ya lekala e ne e se Caracas, ka hoo matsatsi a mabedi kapa a mararo ao ke neng ke lokela ho ya ka ona, ke ne ke tlameha ho tsamaya dikhilomithara tse ka bang 80.

RE YA SEBAKENG SE SENG

Ofisi ya lekala e ile ya iswa toropong ya La Victoria, yaba re le lelapa re etsa qeto ya hore re fallele hona moo e le hore re be haufi le Bethele. Ho etsa qeto eo ho ile ha fetola bophelo ba rona. Ke ananela lelapa la ka haholo le ho le leboha. Ho itela ha bona ho ile ha nthusa haholo. Ausi wa ka Baha o ne a ikemiseditse ho hlokomela mme wa rona. Mike o ne a se a nyetse empa Samira le Gabriel ba ne ba ntse ba dula lapeng. Ka hoo, ho fallela La Victoria ho ne ho bolela hore ba tlo siya metswalle ya bona e Caracas. Mosadi wa ka le yena o ne a tlameha ho tlwaela ho phela toropong e nyenyane ho ena le ho phela ho e kgolo haholo. Hape kaofela ha rona re ile ra tlwaela ho phela ka ntlong e nyenyane. Ka nnete ho na le dintho tse ngata tse ileng tsa etsahala ha re ne re tloha Caracas re ya La Victoria.

Empa dintho di ile tsa fetoha hape. Gabriel o ile a nyala yaba Samira le yena o tloha lapeng. Ka mora moo, nna le mosadi wa ka re ile ra memelwa ho ya Bethele ka 2007, e leng tlotla eo esale re eba le yona ho fihlela lena le hodimo. Mora wa rona e moholo e leng Mike, ke moholo hape ke pulamadiboho ha mmoho le mosadi wa hae Monica. Gabriel le yena ke moholo hape ba tshebeletsong Italy le mosadi wa hae Ambra. Samira ke pulamadiboho hape o thusa lelapa la Bethele a ntse a le hae.

Ho tloha ka ho le letshehadi ho ya ho le letona: Ke na le mosadi wa ka Sylvia, lekaleng la Venezuela. Mora wa rona e moholo Mike le mosadi wa hae Monica. Moradi wa rona Samira. Mora wa rona Gabriel le mosadi wa hae Ambra

NKA PHETA DIQETO TSE TSHWANANG HAPE

Bophelong ba ka ke ile ka tlameha ho etsa diqeto tse ngata tsa bohlokwa. Ha ke ikwahlaye ka letho. Nka etsa diqeto tse tshwanang hape. Ke ananela mesebetsi yohle eo ke bileng le yona ha ke ntse ke sebeletsa Jehova. Ho theosa le dilemo, ke bone hore ho bohlokwa hakaakang ho dula ke rata Jehova. Ebang diqeto tseo re di etsang di kgolo kapa di nyane, Jehova a ka re fa kgotso e “fetang monahano wohle.” (Bafil. 4:6, 7) Nna le mosadi wa ka re thabela ho sebetsa Bethele mme re utlwa eka Jehova o re hlohonolofaditse ka lebaka la hore diqeto tseo re ileng ra di etsa, re ile ra nahana ka yena pele re di etsa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share