LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 June leq. 31
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dintlha tse Ding
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ya Potoloho ya 2017-2018 le Moemedi wa Lekala
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 June leq. 31

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Moapostola Pauluse o ne a bolelang ha a re: “Ha e le nna, ka molao ke ile ka shwa mabapi le molao”?​—Bagal. 2:19.

Moapostola Pauluse.

Pauluse o ile a re: “Ha e le nna, ka molao ke ile ka shwa mabapi le molao, e le hore nka ba ya phelang mabapi le Modimo.”​—Bagal. 2:19.

Mantswe a Pauluse a ne a dumellana le taba e ka sehloohong eo a neng a e bua le diphutheho tsa Roma tse profinseng ya Galatia. Bakreste ba bang ba moo ba ne ba susumetswa ke mesuwe ya bohata. Mesuwe eo e ne e re e le hore motho a pholohe, o lokela ho mamela molao wa Modimo o ileng wa fanwa ke Moshe haholoholo wa lebollo. Empa Pauluse o ne a tseba hore Modimo o ne a se a sa batle hore badumedi ba bolle. O ile a fana ka mabaka a matla a tiisang hore dithuto tseo di fosahetse a ba a matlafatsa Bakrestemmoho le yena tumelong sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste.​—Bagal. 2:4; 5:2.

Bibele e ruta ka ho hlaka hore ha motho a shwa, ha a utlwe letho kapa hona ho angwa ke dintho tse etsahalang bophelong. (Moek. 9:5) Ha Pauluse a ne a re: “Ke ile ka shwa mabapi le molao,” o ne a bontsha hore molao o ileng wa fanwa ke Moshe o ne o se o se na matla ho yena. Empa o ne a kgodisehile hore ka ho dumela sehlabelong sa thekollo, o ne a tla ‘phela mabapi le Modimo.’

Boemo boo ba Pauluse bo ile ba fetoha ka lebaka la Molao. Jwang? O ne a sa tswa bontsha “hore motho ho bolelwa hore o lokile, eseng ka lebaka la mesebetsi ya molao empa feela ka tumelo ho Kreste Jesu.” (Bagal. 2:16) Ho bua nnete, Molao o ne o entse mosebetsi wa bohlokwa haholo. Pauluse o ile a hlalosetsa Bagalata a re: “O ile wa eketswa ho bonahatsa ditlolo, ho fihlela ho ka fihla peo eo tshepiso eo e neng e entswe ho yona.” (Bagal. 3:19) Molao o ile wa hlakisa hore batho ba baetsadibe ba ke ke ba mamela Molao ka ho phethahetseng le hore ba ne ba hloka sehlabelo sa ho qetela se phethahetseng. Ka hoo, Molao o ile wa isa batho ho “peo” e leng Kreste. Motho ya bontshang tumelo ho Jesu Kreste, Modimo o tla bolela hore o lokile. (Bagal. 3:24) Pauluse o ile a fihlela qeto eo hobane Molao o ile wa mo thusa ho amohela Jesu le ho dumela ho yena. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a “shwa mabapi le molao” empa a ‘phela mabapi le Modimo.’ Boemong bona, Molao o ne o se o se na matla hodima Pauluse empa ke Modimo ya neng a ena le matla ho yena.

Pauluse o ile a bua ntho e tshwanang ha a ne a ngolla Baroma. O ile a re: “Barabeso, le lona le ile la etswa ba shweleng mabapi le Molao ka mmele wa Kreste . . . Re lokolotswe Molaong, hobane re shwele ho se neng se ntse se re tshwere ka tiyo.” (Bar. 7:4, 6) Ditemana tseo le Bagalata 2:19, di a bontsha hore Pauluse o ne a sa bue ka ho shwa e le moetsadibe tlasa Molao. Empa o ne a bontsha hore o tla lokoloha. Molao o ne o se o se na matla ho yena le ho batho ba bang ba tshwanang le yena. Ba ile ba lokollwa ke ho dumela sehlabelong sa Kreste sa thekollo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share