LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w22 December leq. 15
  • Na o sa Hopola?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o sa Hopola?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Dintlha tse Ding
  • “Le se ke la Sitisa Mosebetsi”
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dumella Jehova Hore a o Sebedise
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • O se ke wa Lahla Bakrestemmoho le Wena
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Ke Dintho Dife Tseo o Batlang ho di Finyella Selemong se Setjha sa Tshebeletso?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
w22 December leq. 15

Na O Sa Hopola?

Na o badile dihlooho tsa Tora ya ho Lebela tsa selemong see ka hloko? Haeba ho jwalo, leka ho bona hore na o ka araba dipotso tse latelang:

Re tla fumana melemo efe ha re qeta nako re mamela Jehova, re bua le yena re bile re nahana ka yena?

Re tla etsa diqeto tse bohlale, re tla ba matitjhere a hlwahlwa, tumelo ya rona e tla matlafala hape re tla rata Jehova le ho feta.​—w22.01, leq. 30-31.

Re tla fumana molemo ofe ha re ithuta ho tshepa Jehova le batho ba etellang pele ka mokgatlong wa hae?

Hona jwale ke nako ya ho ithuta ho tshepa tsela eo Modimo a etsang dintho ka yona ka hore re se ke ra belaella tataiso eo baholo ba fanang ka yona le diqeto tseo ba di etsang. Nakong ya matshwenyeho a maholo, re tla nolofallwa ho mamela esita le haeba re ka nna ra fuwa ditaelo tseo re ka utlwang ho le thata ho di utlwisisa kapa ho di mamela.​—w22.02, leq. 4-6.

Lengeloi le ne le bolelang ha le ne le re Bajuda ba ne ba tla “thaba mme ba bone sekitiloto letsohong la [Mmusisi] Zorobabele”? (Zak. 4:​8-10)

Lengeloi le ile la tiisetsa bahlanka ba Modimo hore le hoja tempele ena e ne e le ya maemo a tlase ha e bapiswa le ya pele, e ne e tla fela mme e be ka tsela eo Jehova a batlang hore e be ka yona.​—w22.03, leq. 16-17.

Ke jwang re ka bang “mohlala ho bueng”? (1 Tim. 4:12)

Re bua le batho ka tsela e mosa le e hlomphang ha re le tshimong mme re bina ho tswa pelong ebile re araba ka mehla ha re le dibokeng. Hape re bua nnete le ho bua ka tsela e kgothatsang batho ba bang mme re qoba ho ba bua hampe.​—w22.04, leq. 6-9.

Ke hobaneng ha ditshobotsi tsa dibata (mebuso) tse nne tse hlahang lengolong la Daniele kgaolo ya 7 di hlaha sebateng se le seng ho Tshenolo 13:​1, 2?

Sebata se hlahang ho Tshenolo kgaolo ya 13 ha se tshwantshetse mmuso o le mong jwalo ka wa Roma. Ho ena le hoo, se emela mebuso yohle ya dipolotiki e nnileng ya busa batho.​—w22.05, leq. 9.

Re ka bontsha jwang hore re kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa toka?

Haeba motho e mong a re bua hampe, a re foseditse kapa a re utlwisitse bohloko, re leka hore re se ke ra kwata ebile ha re mo jare ka pelo. Empa re tlohela dintho matsohong a Jehova. O tla lokisa dintho tsohle tse re utlwisitseng bohloko ka lebaka la sebe.​—w22.06, leq. 10-11.

Morabo rona o lokela ho hopolang ha a rapela dibokeng?

Morabo rona ha a lokela ho kgalemela le ho etsa ditsebiso nakong eo a rapelang. Ha a lokela ho bua “mantswe a mangata,” haholoholo qalong ya diboka. (Mat. 6:7)​—w22.07, leq. 24.

Ho bolelwang ha ho thwe batho ba ileng ba “tlwaela ho etsa dintho tse mpe” ba tla ya “tsohong ya kahlolo”? (Joh. 5:⁠29)

Ba ke ke ba ahlolelwa dintho tseo ba di entseng pele ba hlokahala. Ba tla ahlolwa ho latela dintho tseo ba tla di etsa ka mora hore ba tsoswe.​—w22.09, leq. 18.

J. F. Rutherford o ile a etsa kgothaletso efe e thabisang kopanong ya September 1922?

Kopanong e neng e le Cedar Point, Ohio, Amerika, o ile a re: “Morena o a busa! Le na le boikarabelo ba ho bolella motho e mong le e mong ka taba ena. Ka hoo, phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang Morena le Mmuso wa hae!”​—w22.10, leq. 3-5.

Ke ditsela dife tse tharo tseo Modimo a re thusang ka tsona hore re mamelle tse hlahang ho Esaia kgaolo ya 30?

Kgaolo ena e bontsha hore (1) o mamela ka hloko ha re mo rapela ebile o arabela dithapelo tsa rona, (2) o re fa dikeletso, le (3) o a re hlohonolofatsa hona jwale mme o tla re hlohonolofatsa le nakong e tlang.​—w22.11, leq. 9.

Ke hobaneng ha re ka re mantswe a fumanwang ho Pesaleme ya 37:​10, 11, 29 a ile a phethahala nakong e fetileng mme a tla boela a phethahale ka moso?

Mantswe a Davida a ne a bontsha hore na bophelo bo tla ba jwang Iseraele ha Solomone e le morena. Jesu le yena o ile a qotsa temana ya 11 ha a ne a bua ka paradeise e tlang. (Mat. 5:5; Luka 23:​43)​—w22.12, leq. 8-10, 14.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share