SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51
O ka ba le Kgotso Nakong ya Tlokotsi
“Le se ke la itumella ho kgathatseha kapa la itumella ho nyahamiswa ke ho tshoha.”—JOH. 14:27.
PINA YA 112 Jehova ke Modimo wa Kgotso
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1. Kgotso eo Modimo a re fang yona ke eng, hona e re tswela molemo jwang? (Bafilipi 4:6, 7)
HO NA le kgotso eo batho ba bangata ba sa tsebeng letho ka yona. Ke kgotso eo re e fuwang ke Modimo eo re bang le yona hobane re le metswalle ya Ntate wa rona ya lehodimong. Re ikutlwa re sireletsehile ha re ena le kgotso eo Modimo a re fang yona. (Bala Bafilipi 4:6, 7.) Hape re thabela ho ba metswalle le batho ba mo ratang le ho ba metswalle ya “Modimo wa kgotso.” (1 Bathes. 5:23) Ha re tseba Ntate wa rona, re mo tshepa ebile re mo mamela, kgotso eo a re fang yona e tla re thusa hore re se ke ra tshwenyeha ha re ena le mathata.
2. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Modimo a ka re fa kgotso?
2 Na ho a kgoneha hore re be le kgotso e tswang ho Modimo le ha re hlahelwa ke mathata a kang mafu a sewa, dikoduwa, ha ho eba le merusu kapa re hloriswa? Mathata ana kaofela a ka etsa hore re tshohe. Jesu o ile a eletsa balatedi ba hae a re: “Le se ke la itumella ho kgathatseha kapa la itumella ho nyahamiswa ke ho tshoha.” (Joh. 14:27) Ntho e thabisang ke hore bara le baradibabo rona ba latela keletso ya Jesu. Ka thuso ya Jehova, ba kgonne ho ba le kgotso ha ba ntse ba sebetsana le mathata a boima.
RE KA BA LE KGOTSO HA HO ENA LE MAFU A SEWA
3. Ke jwang mafu a sewa a ka etsang hore re se ke ra ba le kgotso?
3 Mafu a sewa a ka fetola bophelo ba rona haholo. Nahana ka moo COVID-19 e ammeng batho ba bangata ka teng. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore batho ba bangata ba ne ba hlobaela nakong ya sewa sena. Ka nako eo, batho ba bangata ba ile ba eba le mathata a kang ho tshwenyeha haholo, kgatello ya maikutlo, ho nwa jwala haholo, ho sebedisa dithethefatsi, tlhekefetso ya ka malapeng le ho leka ho ipolaya. Ha ho ena le lefu la sewa moo o dulang teng, o ka etsang hore o se ke wa tshwenyeha haholo mme o be le kgotso e tswang ho Modimo?
4. Ke hobaneng ha ho tseba boprofeta ba Jesu bo buang ka matsatsi a ho qetela ho etsa hore re be le kgotso?
4 Jesu o ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le mafu a sewa kapa malwetse “sebakeng se seng ka mora se seng.” (Luka 21:11) Ho tseba seo ho ka etsa hore re be le kgotso jwang? Mafu a sewa ha a re makatse. Re a hlokomela hore dintho tsena di etsahala feela jwalo ka ha Jesu a boletse. Ka hoo, re na le lebaka le utlwahalang la ho latela keletso eo Jesu a ileng a e fa batho ba phelang nakong ya bofelo, e reng: “Le se ke la tshoha.”—Mat. 24:6.
Ho mamela Bibele e rekotilweng ho ka o thusa hore o be le kgotso nakong ya sewa (Sheba serapa sa 5)
5. (a) Ho ya ka Bafilipi 4:8, 9, ke eng eo re lokelang ho e rapella ha ho ena le mafu a sewa? (b) Ho mamela Bibele e rekotilweng ho re tswela molemo jwang?
5 Mafu a sewa a ka etsa hore re tshwenyehe re be re tshohe. Sena ke se ileng sa etsahalla moradiwabo rona ya bitswang Desi.b Ka mora hore rangwane wa hae, motswala wa hae le ngaka ya hae kaofela ba bolawe ke COVID-19, o ne a tshaba hore le yena e tla mo tshwara ebe o e fetisetsa ho mme wa hae ya neng a se a hodile. Ka lebaka la sewa sena, o ne a tshwenyehile hore o tla fellwa ke mosebetsi le hore na o tla reka dijo le ho patala rente ka eng. Dintho tsena di ne di mo tshwenya hoo a neng a sa kgone ho robala bosiu. Empa ha morao Moradiwabo rona Desi o ile a boela a ba le kgotso. Jwang? O ile a rapela Jehova a mo kopa ka ho toba hore a mo thuse hore a se ke a tshwenyeha le hore a se ke a nahana ka dintho tse nyahamisang. (Bala Bafilipi 4:8, 9.) O ne a mamela Bibele e rekotilweng mme ka tsela eo, e ne eka o mametse Jehova ha a bua le yena. O re: “Mantswe a monate a batho ba balang a ne a nthoba maikutlo mme a nkgopotsa hore Jehova o a ntsotella.”—Pes. 94:19.
6. Ho ithuta Bibele o le mong le ho ya dibokeng ho ka o thusa jwang?
6 Ha ho ena le lefu la sewa, ho ka nna ha eba thata ho etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa empa o se ke wa dumella boemo boo ho o sitisa ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng. Dipale tsa bophelo tse hlahang dingolweng le divideong tsa rona, di a re hopotsa hore bara le baradibabo rona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ho sa tsotellehe diteko tseo ba tobanang le tsona. (1 Pet. 5:9) Diboka di tla o thusa hore o dule o nahana ka dintho tse kgothatsang tse hlahang Bibeleng. Hape di tla o fa monyetla wa hore o kgothatse ba bang mme le wena o kgothatswe. (Bar. 1:11, 12) Ha o nahana ka moo Jehova a ileng a tshehetsa bahlanka ba hae ha ba kula, ba tshohile kapa ba ikutlwa ba le bang, tumelo ya hao e tla matlafala ebile o tla kgodiseha le ho feta hore le wena Jehova o tla o tshehetsa.
7. O ka ithutang mohlaleng wa moapostola Johanne?
7 Leka ho buisana le bara le baradibabo rona. Ha ho ena le mafu a sewa, re ka nna ra hloka ho siya sebaka dipakeng tsa rona le batho ba bang ho akareletsa le Bakrestemmoho le rona. Ka dinako tseo tse jwalo o ka nna wa ikutlwa jwalo ka moapostola Johanne. O ne a batla ho kopana le motswalle wa hae Gaiase a bue le yena ba shebane. (3 Joh. 13, 14) Le ha ho le jwalo, Johanne o ne a tseba hore o ne a tlo qeta nako e itseng a sa kgone ho kopana le Gaiase. Ka hoo, Johanne o ile a etsa seo a neng a kgona ho se etsa, o ile a ngolla Gaiase lengolo. Ha ho sa kgonahale hore o etele bara le baradibabo rona, o ka leka ho ba founela le bue le butse divideo kapa o ba romelle molaetsa. Ha o tlwaetse ho buisana le Bakrestemmoho le wena o ke ke wa ikutlwa eka o mong ebile o tla ba le kgotso. Hape ha o ikutlwa o tshwenyehile, buisana le baholo mme o mamele dikgothatso tsa bona.—Esa. 32:1, 2.
RE KA BA LE KGOTSO HA HO ENA LE KODUWA
8. Koduwa e ka senya kgotso ya hao jwang?
8 Haeba moo o dulang teng ho kile ha eba le dikgohola, tshisinyeho ya lefatshe kapa mollo, o ka nna wa qeta nako e telele o ntse o tshwenyehile ka dintho tseo le haeba di se di fetile. Haeba o ile wa hlokahallwa ke motho eo o mo ratang kapa ntlo le thepa ya hao tsa senyeha, ho ka etsahala hore o ile wa utlwa bohloko haholo, wa fellwa ke tshepo wa ba wa ikutlwa o kwatile. Taba ena ha e bolele hore o rata thepa ya hao haholo kapa hore ha o na tumelo. O hlahetswe ke ntho e bohloko haholo mme batho ba bang ba ka nna ba lebella hore o etse dintho tse fosahetseng. (Jobo 1:11) Empa ho sa tsotellehe maemo ao a nyahamisang, o ntse o ka kgona ho ba le kgotso. Jwang?
9. Jesu o ile a reng ho re lokisetsa dikoduwa?
9 Hopola seo Jesu a ileng a se bua. Batho ba bang ba nahana hore ba ke ke ba hlahelwa ke dikoduwa empa rona re a tseba hore dikoduwa di tlo eketseha le hore tse ding tsa tsona di ka nna tsa re ama. Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore “ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe” le dikoduwa tse ding di ne di tla etsahala pele bofelo bo tla. (Luka 21:11) O ile a boela a profeta hore ‘tlolo ya molao e tla ata’ mme ke sona se etsahalang kajeno. Ka mohlala, ho na le bokebekwa, dintwa le bokgukguni. (Mat. 24:12) Jesu ha a ka a re dintho tsena di tla hlahela batho ba sa mameleng Jehova feela. Bahlanka ba bangata ba tshepahalang ba Jehova le bona ba ile ba hlahelwa ke dikoduwa. (Esa. 57:1; 2 Bakor. 11:25) Jehova a ka nna a se ke a re sireletsa ka mohlolo ha re hlahelwa ke dikoduwa empa o tla re fa dintho tsohle tseo re di hlokang e le hore re dule re kgobile matshwafo.
10. Ke hobaneng ha re ka re ho itokiseletsa hona jwale bakeng sa dikoduwa ho bontsha hore re na le tumelo? (Diproverbia 22:3)
10 Ha re itokiseditse maemo a tshohanyetso ho tla ba bonolo hore re sebetsane le ona re kgobile matshwafo. Empa na ho itokisa ho bolela hore ha re tshepe Jehova? Ha ho jwalo. Ha e le hantle, ho itokiseletsa dikoduwa ho bontsha hore re na le tumelo ya hore a ka kgona ho re hlokomela. Jwang? Lentswe la Modimo le re kgothaletsa hore re itokiseletse dikoduwa tse ka nnang tsa re hlahela. (Bala Diproverbia 22:3.) Ka makgetlo mokgatlo wa Modimo o sebedisa dihlooho tsa dimakasine, diboka le ditsebiso ho re kgothaletsa hore re dule re itokiseditse maemo a tshohanyetso.c Na re tshepa Jehova? Haeba ho jwalo re tla mamela keletso ena hona jwale pele koduwa e hlaha.
Ho itokisa esale pele ho ka o thusa hore o pholohe dikoduwa (Sheba serapa sa 11)d
11. O ithutang mohlaleng wa Moradiwabo rona Margaret?
11 Nahana ka mohlala wa Moradiwabo rona Margaret. O ile a laelwa hore a tlohe ntlong ya hae ka mora hore ho be le mollo sebakeng seo a dulang ho sona. Ka ha batho ba bangata ba ne ba baleha, ho ne ho tletse dikoloi tse ngata tseleng hoo di neng di sa kgone ho tsamaya. Ho ne ho ena le mosi o mongata tseleng mme Moradiwabo rona Margaret o ne a sa kgone ho tswa ka koloing ya hae. Empa o ile a pholoha hobane o ne a itokiseleditse koduwa. Ka mokotleng wa hae o ne a kentse mmapa o neng o mo bontsha tsela e nngwe eo a ka e nkang. Hape o ne a kile a ya tseleng eo ho ya bona hore na a ka kgona ho e sebedisa ha ho hlaha boemo ba tshohanyetso. Ka hoo, Moradiwabo rona Margaret o ile a pholoha hobane o ne a itokiseleditse boemo ba tshohanyetso.
12. Ke hobaneng ha re mamela ditaelo tse re thusang ho dula re sireletsehile?
12 Ka dinako tse ding balaodi ba ka nna ba re kopa hore re kgutlele hae ka nako e itseng, re tlohe moo re dulang teng kapa hore re latele ditaelo tse itseng e le hore rona le batho ba bang re sireletsehe. Batho ba bang ba dieha ho mamela ditaelo tsena hobane ha ba batle ho siya dintho tsa bona. Bakreste bona ba lokela ho etsang boemong boo? Bibele e re: “Mamelang Morena ka hore le ikokobeletse bohle ba nang le bolaodi, ebang ke marena hobane a le phahametse kapa babusisi hobane ba rometswe ke yena.” (1 Pet. 2:13, 14) Mokgatlo wa Modimo o boetse o re fa ditaelo tse re thusang hore re dule re sireletsehile. Re dula re kgothaletswa hore re fe baholo dinomoro tsa rona e le hore ba tle ba re letsetse ha ho hlaha boemo ba tshohanyetso. Na o se o ba file tsona? Re ka nna ra fuwa ditaelo tsa hore re dule sebakeng se itseng kapa re tlohe sebakeng se itseng kapa ditaelo tsa hore na re ka fumana diphallelo jwang kapa hore na re thuse batho ba bang jwang. Ha re sa mamele ditaelo tseo re ka nna ra beha bophelo ba rona le ba baholo kotsing. Re lokela ho hopola hore banna bana ba tshepahalang ba dula ba re hlokometse. (Baheb. 13:17) Moradiwabo rona Margaret o re: “Ke kgodisehile hore ho mamela ditaelo tsa baholo le tsa mokgatlo wa Modimo ho pholositse bophelo ba ka.”
13. Keng e thusitseng Bakreste ba bangata hore ba dule ba thabile mme ba ena le kgotso le hoja ba tlohile malapeng a bona?
13 Bara le baradibabo rona ba bangata ba ileng ba tlameha ho tloha malapeng a bona ka lebaka la dikoduwa kapa dintwa, ba lekile ho tlwaela maemo a matjha mme ba sebeletsa Jehova haholwanyane. Ba etsisa Bakreste ba kgale ba neng ba “bolela ditaba tse monate tsa lentswe la Modimo” le hoja ba ne ba hasane ka lebaka la mahloriso. (Dik. 8:4) Ho ruta batho Bibele ho ba thusa hore ba nahane ka Mmuso wa Modimo ho ena le ho nahana ka mathata a bona. Ka lebaka leo ba dula ba thabile mme ba ena le kgotso.
RE KA BA LE KGOTSO HA RE HLORISWA
14. Ho hloriswa ho ka re sitisa ho ba le kgotso jwang?
14 Ha re hloriswa re ka lahlehelwa ke dintho tse ngata tse re thusang ho ba le kgotso. Re a thaba ebile re a kgotsofala ha re kopana ka bolokolohi, re ruta batho Bibele ebile re etsa mesebetsi e meng eo re tlwaetseng ho e etsa re sa tshohe hore re ka nna ra tshwarwa. Ha re sa kgone ho etsa dintho tseo, re ka nna ra tshwenyeha, ra ipotsa hore na ho tlo etsahalang nakong e tlang. Ha ho phoso ho ikutlwa ka tsela ena. Empa re lokela ho ba hlokolosi. Jesu o ile a re mahloriso a ka etsa hore balatedi ba hae ba fellwe ke tumelo. (Joh. 16:1, 2) Ka hoo, re ka dula re ena le kgotso jwang ha re hloriswa?
15. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba ho hloriswa? (Johanne 15:20; 16:33)
15 Lentswe la Modimo le re: “Barutuwa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ba tla hloriswa.” (2 Tim. 3:12) Morabo rona Andrei o ne a sa dumele hore bahlanka ba Jehova ba ka hloriswa kaofela ka mora hore mosebetsi wa ho ruta Bibele o thibelwe naheng ya bona. O ne a re: ‘Ho na le Dipaki tse ngata haholo mona. Ba busang ba ka kgona jwang ho re tshwara kaofela?’ Ho ena le hore Morabo rona Andrei a be le kgotso, ho nahana ka tsela ena ho ile ha etsa hore a dule a tshwenyehile. Bara ba bang babo rona ba ne ba tshepile Jehova mme ha ba a ka ba nahana hore ba ke ke ba tshwarwa. Ba ne ba tseba hore ba ka nna ba tshwarwa empa ba ne ba sa tshwenyeha haholo jwalo ka Morabo rona Andrei. O ile a ba etsisa ka hore le yena a tshepe Modimo ka ho feletseng. Ka mora moo, o ile a ba le kgotso le hoja ho ne ho ena le mathata a mangata. Sena se ka re etsahalla le rona. Ha Jesu a re bolella hore re lebelle mahloriso, o ile a re kgodisa hore le rona re ka kgona ho dula re tshepahala.—Bala Johanne 15:20; 16:33.
16. Ke ditaelo dife tseo re lokelang ho di mamela ha re hloriswa?
16 Ha mosebetsi wa rona o thibetswe, re ka nna ra fumana ditaelo tse tswang ofising ya lekala le ho baholo. Ditaelo tsena di a re sireletsa, di re thusa hore re nne re fumane dingolwa le divideo ebile di re thusa hore re nne re rute batho Bibele. Leka ka hohle hore o mamele ditaelo tseo o di fuweng le haeba o sa utlwisise hore na hobaneng ha o di fuwe. (Jak. 3:17) Re se ke ra fana ka boitsebiso ba bara le baradibabo rona kapa ra bua ka mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong ho batho ba sa tshwanelang ho tseba.—Moek. 3:7.
Keng e ka o thusang hore o be le kgotso le dinakong tse thata? (Sheba serapa sa 17)e
17. Jwalo ka baapostola ba mehleng ya kgale, re ikemiseditse ho etsang?
17 Lebaka le ka sehloohong leo Satane a lwantshang bahlanka ba Modimo ka lona ke hore ke bona “ba filweng mosebetsi wa ho paka ka Jesu.” (Tshen. 12:17) O se ke wa dumella hore Satane le batho bao a ba busang ba o tshose. Ho ruta batho Bibele le hoja re hanyetswa ho etsa hore re thabe mme re be le kgotso. Mehleng ya baapostola ha babusi ba Bajuda ba ne ba re baapostola ba tlohele ho bolela ditaba tse monate, baapostola bao ba ile ba kgetha ho mamela Modimo. Ba ile ba tswela pele ka ho ruta mme mosebetsi oo o ile wa ba thabisa. (Dik. 5:27-29, 41, 42). Ke nnete hore ha mosebetsi wa rona o thibetswe re lokela ho ba hlokolosi ha re ruta batho Bibele. (Mat. 10:16) Ha re etsa sohle seo re ka se kgonang re tla ba le kgotso e tliswang ke ho thabisa Jehova le ho fa batho molaetsa o tla ba pholosa.
“MODIMO WA KGOTSO O TLA BA LE LONA”
18. Re ka fumana kgotso ya nnete hokae?
18 Re ka kgodiseha hore le dinakong tse thata re ka dula re ena le kgotso. Dinakong tseo tse jwalo re lokela ho hopola hore kgotso eo re e hlokang ke kgotso ya Modimo, e leng kgotso eo re ka e fuwang ke Jehova feela. Itshetlehe ka yena ha o kopana le mathata a kang mafu a sewa, dikoduwa kapa mahloriso. Dula o le haufi le mokgatlo wa hae. Nahana ka bokamoso bo monate boo re tlo bo thabela. Ha o etsa jwalo, ‘Modimo wa kgotso o tla ba le wena.’ (Bafil. 4:9) Sehloohong se latelang re tlo bona hore na re ka thusa Bakrestemmoho le rona jwang ho ba le kgotso ya Modimo le hoja ba ena le mathata.
PINA YA 38 O tla le Matlafatsa
a Jehova o tshepisitse hore o tla fa batho ba mo ratang kgotso. Ke kgotso efe eo Modimo a fanang ka yona, hona re ka e fumana jwang? Kgotso eo Modimo a re fang yona e ka re thusa jwang ha ho ena le mafu a sewa, dikoduwa kapa ha re hloriswa? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena.
b Mabitso a mang a fetotswe.
c Sheba sehlooho se reng “Keng Seo o Lokelang ho se Etsa ha Koduwa e Hlaha?” se hlahang ho Fadimehang! ya No. 5, 2017.
d DITSHWANTSHO Leqephe la 19: Moradiwabo rona Margaret o itokisitse esale pele mme o tloha ntlong ya hae.
e DITSHWANTSHO Leqephe la 20: Morabo rona ya dulang sebakeng seo ho thibetsweng mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o tswela pele ho ruta ka bohlale.