2 Likronike
6 Joale Solomone a re:+ “Jehova o itse o ne a tla lula botšong bo boholo;+ 2 ke u hahetse ntlo ea bolulo bo phahameng+ le sebaka se tiisitsoeng hore u lule ho sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
3 Joale morena a reteletsa sefahleho ’me a qala ho hlohonolofatsa+ phutheho eohle ea Iseraele, ha phutheho eohle ea Iseraele e ntse e eme.+ 4 A tsoela pele ho re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea buileng ka molomo oa hae le Ntate+ Davida ’me ka matsoho a hae a fana ka phethahatso,+ a re, 5 ‘Ho tloha letsatsing la ha ke ntša sechaba sa ka naheng ea Egepeta ha kea ka ka khetha motse melokong eohle ea Iseraele bakeng sa ho hahela lebitso+ la ka ntlo hore le be moo, ’me ha kea ka ka khetha motho hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 6 Empa ke tla khetha Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo, ’me ke tla khetha Davida hore a okamele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 7 E ile ea e-ba takatso ea pelo ea Ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo.+ 8 Empa Jehova a re ho Ntate Davida, ‘Ka lebaka la hore e bile takatso ea pelo ea hao ho hahela lebitso la ka ntlo, u entse hantle, hobane e bile takatso ea pelo ea hao.+ 9 Feela u ke ke ua haha ntlo eo,+ empa mora oa hao ea tsoang lethekeng la hao ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+ 10 Jehova o phethile lentsoe+ leo a neng a le buile, e le hore nka ema sebakeng sa Ntate+ Davida le ho lula teroneng+ ea Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a buile,+ le hore nka hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo,+ 11 le hore nka beha Areka+ moo, moo selekane sa Jehova se leng teng seo a se hlabileng le bara ba Iseraele.”+
12 A qala ho ema ka pel’a aletare ea Jehova ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele,+ joale a otlolla liatla tsa hae.+ 13 (Etsoe Solomone o ne a entse sethala+ sa koporo ’me joale a se behile bohareng ba seotloana.+ Bolelele ba sona e ne e le litsoe tse hlano, ’me bophara ba sona e le litsoe tse hlano, ’me bophahamo ba sona e le litsoe tse tharo; a ’na a ema holim ’a sona.) A khumama+ ka mangole ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele ’me a otlollela liatla tsa hae maholimong.+ 14 A tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ha ho na Molimo ea tšoanang le uena+ maholimong kapa lefatšeng, ea bolokang selekane+ le mosa o lerato ho bahlanka ba hao ba tsamaeang ka pel’a hao ka lipelo tsohle tsa bona;+ 15 uena ea bolokileng ho mohlanka oa hao Davida Ntate seo u ileng ua mo tšepisa sona,+ hoo u ileng ua etsa tšepiso ka molomo oa hao, ’me u e phethahalitse ka letsoho la hao joaloka letsatsing lena.+ 16 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele, boloka ho mohlanka oa hao Davida Ntate seo u ileng ua mo tšepisa sona, ua re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele,+ haeba feela bara+ ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea molaong+ oa ka, feela joalokaha u tsamaile ka pel’a ka.’+ 17 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele,+ tšepiso+ ea hao eo u e tšepisitseng mohlanka oa hao Davida e ke e be e tšepahalang.+
18 “Empa na kannete Molimo o tla lula lefatšeng+ le moloko oa batho? Bona! Leholimo, e, leholimo la maholimo, le ke ke la u lekana;+ joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!+ 19 U retelehele thapelong ea mohlanka+ oa hao le kōpong ea hae ea mohau,+ Jehova Molimo oa ka, ka ho mamela mohoo+ oa kōpo e tiileng le thapelo eo mohlanka oa hao a e rapelang ka pel’a hao,+ 20 e le hore mahlo a hao a ka tutubolohela+ ntlong ena bosiu le motšehare, sebakeng seo u itseng u tla beha lebitso+ la hao ho sona, ka ho mamela thapelo eo ka eona mohlanka oa hao a rapelang sebakeng sena.+ 21 U mamele likōpo tse tiileng tsa mohlanka+ oa hao le tsa sechaba sa hao sa Iseraele ha se rapela sebakeng sena,+ e le hore u ka utloa u le sebakeng sa hao sa bolulo, u le maholimong;+ u utloe ’me u tšoarele.+
22 “Haeba motho a siteloa oa habo+ ’me a mo rohaka hore a mo tlise tlas’a thohako,+ ’me a tla ka pel’a aletare ea hao ka tlung ena a ntse a rohakiloe,+ 23 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ ’me u nke bohato+ ’me u ahlole bahlanka ba hao e le hore u buseletse ea khopo ka ho beha tsela ea hae hloohong+ ea hae le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng o lokile+ ka ho mo fa ho ea ka ho loka ha hae.+
24 “Haeba sechaba sa hao sa Iseraele se hlōloa ka pel’a sera+ kahobane se ’nile sa u siteloa,+ ’me ka sebele se khutla+ ’me se roka lebitso+ la hao le ho rapela+ ’me se kōpa mohau ka pel’a hao ka tlung ena,+ 25 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ ’me u tšoarele+ sebe sa sechaba sa hao sa Iseraele u se khutlisetse+ naheng eo u e fileng sona le baholo-holo ba sona.+
26 “Ha maholimo a koetsoe hoo pula e sa neng+ kahobane ba ’nile ba u siteloa,+ ’me ba rapela sebakeng+ sena le ho roka lebitso la hao ’me ba furalla sebe sa bona kahobane u ’nile ua ba hlorisa,+ 27 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, ’me u tšoarele sebe sa bahlanka ba hao, esita le sa sechaba sa hao sa Iseraele, hobane u se rupela+ mabapi le tsela+ e molemo eo se lokelang ho tsamaea ka eona; u fane ka pula+ naheng ea hao eo u e fileng sechaba sa hao e le lefa.+
28 “Haeba ho e-ba le tlala+ naheng, haeba ho e-ba le lefu la seoa,+ haeba ho e-ba le komello+ le phori,+ litsie+ le maphele+ a e-ba teng; haeba lira+ tsa bona li ba lika-liketsa naheng ea liheke+ tsa bona—kotlo ea mofuta leha e le ofe le lefu+ la mofuta leha e le ofe— 29 thapelo+ leha e le efe, kōpo leha e le efe ea mohau+ e ka etsoang ke motho leha e le ofe kapa sechaba sohle sa hao sa Iseraele,+ kahobane e mong le e mong o tseba lefu+ la hae le bohloko ba hae; ha a otlollela liatla ntlong ena,+ 30 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, sebaka sa bolulo+ ba hao, ’me u tšoarele+ ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela+ tsohle tsa hae, hobane u tseba pelo+ ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang lipelo tsa bara ba moloko oa batho hantle);+ 31 e le hore ba ka u tšaba+ ka ho tsamaea litseleng tsa hao ka matsatsi ’ohle ao ba phelang ka ’ona naheng eo u e fileng baholo-holo ba rōna.+
32 “Hape le ho osele eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele+ le ea tsoang naheng e hōle ka lebaka la lebitso+ la hao le leholo le letsoho+ la hao le matla le letsoho la hao le otlolohileng,+ ’me ba tla ’me ba rapela ntlong ena,+ 33 joale e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo+ se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona;+ e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao ’me tsa u tšaba+ joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, ’me tsa tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+
34 “Haeba batho ba hao ba tsoa ho ea loantša+ lira tsa bona ka tsela eo u ba romelang+ ka eona, ’me ka sebele ba u rapela+ ba lebile motseng ona oo u o khethileng le ntlong eo ke e hahetseng lebitso la hao,+ 35 ka ho tšoanang u utloe thapelo ea bona u le maholimong le kōpo ea bona ea mohau,+ ’me u phethise kahlolo bakeng sa bona.+
36 “Haeba ba u siteloa+ (etsoe ha ho na motho ea sa etseng sebe),+ ’me eba u lokela ho ba tukela ka bohale le ho ba tlohella sera, ’me baholehi ba bona ba ba isa kholehong naheng e hōle kapa e haufi;+ 37 ’me ba hlaphoheloa kelellong naheng eo ba isitsoeng kholehong ho eona, ba khutla ’me ba etsa kōpo ea mohau ho uena naheng eo ho eona e leng baholehuoa,+ ba re, ‘Re entse sebe,+ re fositse+ ’me re entse bokhopo’;+ 38 ’me ba khutlela ho uena ka lipelo+ tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona naheng eo ho eona e leng baholehuoa+ ba ba ba isitseng kholehong, ’me ka sebele ba rapela ba lebile naheng ea bona eo u e fileng baholo-holo ba bona le motse oo u o khethileng+ le ntlo eo ke e hahetseng lebitso la hao;+ 39 le uena u utloe thapelo ea bona le likōpo tsa bona tsa mohau+ u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo+ se tiisitsoeng, ’me u phethise kahlolo+ bakeng sa bona ’me u tšoarele+ batho ba hao ba u sitetsoeng.
40 “Joale, Molimo oa ka, ka kōpo, mahlo+ a hao a ke a tutubolohe le litsebe+ tsa hao li mamelisise thapelo e mabapi le sebaka sena. 41 Joale ema,+ Jehova Molimo, phomolong+ ea hao, uena le Areka ea matla a hao.+ Jehova Molimo, baprista ba hao ba ke ba apare poloko, ’me ba tšepahalang ba hao ba ke ba thabele molemo.+ 42 Jehova Molimo, u se ke ua reteletsa sefahleho sa motlotsuoa oa hao.+ U hopole mosa o lerato ho mohlanka oa hao Davida.”+