Jobo
42 Jobo a araba Jehova a re:
2 “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle,+
Ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela.+
3 ‘Ke mang eo ea patang keletso ntle ho tsebo?’+
Ka hona ke buile, empa ke ne ke sa utloisise
Lintho tse hlollang haholo bakeng sa ka, tseo ke sa li tsebeng.+
5 Ke utloile ka uena ka monyenyetsi,
Empa joale leihlo la ka lea u bona.
7 Eitse ka mor’a hore Jehova a bolelle Jobo mantsoe ana, Jehova a re ho Elifaze Motemane:
“Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli,+ kaha ha lea bua ’nete+ ka ’na joalokaha ho entse mohlanka oa ka Jobo. 8 Joale inkeleng lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng+ le ee ho mohlanka oa ka Jobo,+ ’me le nyehele sehlabelo sa secheso molemong oa lōna; ’me mohlanka oa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla amohela sefahleho sa hae feela e le hore ke se ke ka etsa booatla bo nyelisehang ho lōna, etsoe ha lea bua ’nete ka ’na, joalokaha ho entse mohlanka oa ka Jobo.”+
9 Tumellanong le hoo Elifaze Motemane le Bildade Moshuha le Tsofare Monaama ba ea ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a ba boleletse; kahoo Jehova a amohela sefahleho sa Jobo.
10 Jehova a tlosa boemo ba Jobo+ ba boholehuoa ha a rapella metsoalle+ ea hae, eaba Jehova o qala ho fana ho phaella ho sohle seo e neng e le sa Jobo, ka ho imenneng habeli.+ 11 Barab’abo bohle le likhaitseli tsohle tsa hae le bohle bao pele ba neng ba mo tseba ba ’na ba tla ho eena,+ eaba ba qala ho ja bohobe le eena+ ka tlung ea hae le ho mo utloela bohloko le ho mo tšelisa tlokotsing eohle eo Jehova a neng a e lumeletse hore e mo oele holimo; e mong le e mong a mo fa sekotoana sa chelete ’me e mong le e mong a mo fa lesale la khauta.
12 Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa+ qetello ea Jobo ho feta tšimoloho+ ea hae, hoo a ileng a ba le linku tse likete tse leshome le metso e mene le likamele tse likete tse tšeletseng le lipane tse sekete tsa likhomo le liesele tse tšehali tse sekete. 13 A boela a ba le bara ba supileng le barali ba bararo.+ 14 Oa pele a mo reha lebitso la Jemima ’me oa bobeli a mo reha lebitso la Kezia ’me oa boraro a mo reha lebitso la Keren-hapuke. 15 Ha ho basali ba ileng ba fumanoa ba le batle joaloka barali ba Jobo naheng eo eohle, eaba ntat’a bona o ba fa lefa har’a likhaitseli tsa bona.+
16 Jobo a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a mane+ ka mor’a mona ’me a bona bara ba hae le litloholo+ tsa hae—meloko e mene. 17 Qetellong Jobo a shoa, a tsofetse ’me a khotsofetse ke matsatsi.+