Sofonia
2 Bokanang, e, le bokane,+ Lōna sechaba se sa pulufaleng ke lihlong.+ 2 Pele taelo e hlomamisitsoeng e tsoala ntho leha e le efe,+ pele letsatsi le feta feela joaloka ’mōkō, pele le oeloa ke bohale bo tukang ba Jehova,+ pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova,+ 3 le batle Jehova,+ lōna bohle ba bonolo ba lefatše,+ ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka,+ le batle bonolo.+ Mohlomong+ le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.+ 4 Etsoe, ha e le Gaza, e tla ba motse o tlohetsoeng;+ le Ashkelone e tla ba lesupi.+ Ha e le Ashdode,+ motšehare o moholo ba tla mo leleka;+ ha e le Ekrone, o tla fotholoa.+
5 “Ho malimabe ba ahileng sebakeng sa leoatle, sechaba sa Makerethe!+ Lentsoe la Jehova le khahlanong le lōna. Uena Kanana, naha ea Bafilista, le uena ke tla u timetsa, hoo ho ke keng ha e-ba le moahi.+ 6 Sebaka sa leoatle se tla fetoha makhulo,+ hammoho le liliba bakeng sa balisa le masaka a majoe bakeng sa linku. 7 Se tla fetoha sebaka sa ba setseng ba ntlo ea Juda.+ Ba tla iphepa ho tsona. Ka matlung a Ashkelone, ka shoalane, ba tla robala ba thakhaletse. Etsoe Jehova Molimo oa bona o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho bona+ ’me ka sebele a khutlise baholehuoa ba bona.”+
8 “Ke utloile nyeliso ea Moabe+ le mantsoe a nyefolang a bara ba Ammone,+ ao ba nyelisitseng batho ba ka ka ’ona le ho tsoela pele ba ikhohomosa khahlanong le naha ea bona. 9 Ka hona, ka ’na ea phelang,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, “Moabe o tla ba feela joaloka Sodoma,+ ’me bara ba Ammone+ ba be joaloka Gomora, sebaka sa bobatsi, le sekoti sa letsoai, le lesupi, esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ba setseng ba batho ba ka ba tla ba tlatlapa, ’me masala a sechaba sa ka a tla ba rua.+ 10 Sena ke seo ba tlang ho ba le sona ho e-na le boikakaso+ ba bona, hobane ba ile ba nyelisa ’me ba ’na ba ikhohomosa khahlanong le batho ba Jehova oa mabotho.+ 11 Jehova o tla tšabeha khahlanong le bona;+ etsoe ka sebele o tla fokolisa melimo eohle ea lefatše,+ ’me batho ba tla mo inamela,+ e mong le e mong ho tsoa sebakeng sa hae, lihlekehleke tsohle tsa lichaba.+
12 “Le lōna, Baethiopia,+ le tla ba ba bolailoeng ka sabole ea ka.+
13 “O tla otlollela letsoho la hae nģ’a leboea, ’me o tla timetsa Assyria.+ O tla etsa Ninive lesupi,+ sebaka se se nang metsi joaloka lefeella. 14 Ka hare ho eena, ka sebele mehlape e tla botha, liphoofolo tsohle tse hlaha tsa sechaba.+ Letata le jang litlhapi le nōkō+ li tla hlola bosiu hantle feela har’a likarolo tsa hae tse ka holimo tsa litšiea.+ Lentsoe le tla ’ne le bine fensetereng. Ho tla ba le thipitlo monyako; etsoe ka sebele o tla pepesa lintho tse etsang karolo ea lebota.+ 15 Ona ke motse o thabileng o neng o lutse o sireletsehile,+ o neng o re ka pelong ea oona, ‘Ke ’na, ha ho e mong.’+ O entsoe ntho e makalloang hakaakang, sebaka seo liphoofolo tse hlaha li bothang ho sona! E mong le e mong ea fetang haufi le oona o tla letsa mololi; o tla tsoka letsoho.”+