1 Samuele
29 Bafilista+ ba bokella mabotho ’ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme liahelo haufi le seliba se neng se le Jezriele.+ 2 Marena a selekane+ a Bafilista a ne a fetela pele ka makholo le ka likete, ’me Davida le banna ba hae ba ne ba fetela pele ka mor’a moo le Akishe.+ 3 Likhosana tsa Bafilista tsa qala ho re: “Taba ea Baheberu+ baa ke efe?” Eaba Akishe o re ho likhosana tsa Bafilista: “Na enoa hase Davida mohlanka oa Saule morena oa Iseraele, ea neng a e-na le ’na moo ka selemo kapa tse peli,+ ’me ke sa ka ka fumana+ letho ho eena ho tloha letsatsing la ha a koenehela ho ’na ho fihlela letsatsing lee?” 4 Likhosana tsa Bafilista tsa mo halefela; likhosana tsa Bafilista tsa tsoela pele ho re ho eena: “Khutlisa monna enoa,+ ’me u re a khutlele sebakeng sa hae moo u mo abetseng teng; u se ke ua mo lumella hore a theohele le rōna ntoeng, e le hore a se ke a fetoha mohanyetsi+ oa rōna ntoeng. Motho eo o tla iketsa ea amohelehang joang ho morena oa hae? Na hase ka lihlooho tsa banna bao ba rōna? 5 Na eo hase Davida eo ba ’nileng ba mo arabela ka metjeko, ba re, ‘Saule o bolaile likete tsa hae, ’me Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome’?”+
6 Ka lebaka leo Akishe+ a bitsa Davida ’me a re ho eena: “Ka Jehova ea phelang,+ u lokile, ’me ho tsoa ha hao le ho kena+ ha hao le ’na liahelong ho ’nile ha e-ba hotle mahlong a ka;+ etsoe ha kea fumana bobe ho uena ho tloha letsatsing la ho tla ha hao ho ’na ho fihlela letsatsing lena.+ Empa mahlong a marena a selekane+ ha u molemo. 7 Joale khutla ’me u ee ka khotso, e le hore u se ke ua etsa letho le lebe mahlong a marena a selekane a Bafilista.” 8 Leha ho le joalo, Davida a re ho Akishe: “Ke hobane’ng, ke entse’ng,+ ’me u fumane’ng ho mohlanka oa hao ho tloha letsatsing leo ka lona ke bileng ka pel’a hao ho fihlela letsatsing lee,+ hore ebe ha kea lokela ho tla ’me ke loantše lira tsa khosi ea ka morena?” 9 Eaba Akishe oa araba ’me o re ho Davida: “Ke tseba hantle hore u ’nile ua ba molemo mahlong a ka, joaloka lengeloi la Molimo.+ Ke likhosana tsa Bafilista feela tse itseng, ‘U se ke ua mo lumella ho nyolohela le rōna ntoeng.’ 10 Joale u tsohe hoseng haholo le bahlanka ba morena oa hao ba tlileng le uena; le tsohe hoseng haholo ha ho se ho khanya bakeng sa lōna. Joale le tsamaee.”+
11 Tumellanong le hoo Davida a tsoha hoseng, eena le banna ba hae, hore ba tsamaee hoseng+ ’me ba khutlele naheng ea Bafilista; Bafilista ba nyolohela Jezriele.+