Jeremia
41 Ka khoeli ea bosupa, Ishmaele+ mora oa Nethania e leng mora oa Elishama, ea tsoang lelokong la borena ebile e le e mong oa banna ba ka sehloohong ba morena, a tla Mizpa+ ho Gedalia mora oa Akikame hammoho le banna ba bang ba leshome. Ha ba ntse ba ja lijo hammoho moo Mizpa, 2 Ishmaele mora oa Nethania le banna ba leshome ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba bolaea mora oa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane ka sabole. A bolaea monna eo morena oa Babilona a neng a mo behile hore a okamele naha. 3 Ishmaele a bolaea Gedalia le Bajuda bohle ba neng ba le pel’a Gedalia, Mizpa. A bolaea le masole a Bakalde a neng a le moo.
4 Ka letsatsi la bobeli Gedalia a bolailoe, pele mang kapa mang a tseba ka taba ena, 5 ha fihla banna ba 80 ba tsoang Shikeme,+ Shilo+ le Samaria.+ Ba fihla ba beotse litelu, ba tabotse liaparo tsa bona, ba itšehile,+ ba nkile libano tse tšoeu le lijo* tseo ba neng ba il’o li nyehela+ ka tlung ea Jehova. 6 Kahoo, Ishmaele mora oa Nethania a tloha Mizpa ho ea ba khahlanyetsa, a tsamaea a ntse a lla. Ha a teana le bona a re: “Tloong ho Gedalia mora oa Akikame.” 7 Ha ba fihla motseng, Ishmaele mora oa Nethania le banna bao a neng a e-na le bona ba ba bolaea eaba ba ba lahlela ka sekoting.
8 Empa banna ba leshome har’a bona ba re ho Ishmaele: “U se ke oa re bolaea etsoe re na le lijo tseo re li patileng naheng. Ke koro, harese le mahe a linotši.” Kahoo, a ithiba hore a se ke a ba bolaea hammoho le bana ba bo bona. 9 Joale Ishmaele a lahlela litopo tsohle tsa banna bao a neng a ba bolaile ka sekoting se seholo. Sekoti seo se ne se entsoe ke Morena Asa ha a hlasela Morena Baasha oa Iseraele.+ Ishmaele mora oa Nethania o ile a tlatsa sekoti seo ka litopo tsa banna bao.
10 Ishmaele a hapa batho bohle ba neng ba le Mizpa+ hammoho le barali ba morena le batho bohle ba neng ba setse Mizpa, bao Nebuzaradane mookameli oa balebeli a neng a ba behile tlhokomelong ea Gedalia+ mora oa Akikame. Ishmaele mora oa Nethania a ba hapa ’me a tloha a tšelela ho Baamone.+
11 Ha Johanane+ mora oa Karea le balaoli bohle ba masole ba neng ba e-na le eena ba utloa ka lintho tsohle tse mpe tseo Ishmaele mora oa Nethania a li entseng, 12 ba tsamaea le banna bohle ho ea loantša Ishmaele mora oa Nethania. Ba mo fumana Gibeone pel’a letamo le leholo.*
13 Batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile ba thaba ha ba bona Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba neng ba e-na le eena. 14 Eaba batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile Mizpa+ ba khutlela ho Johanane mora oa Karea. 15 Empa Ishmaele mora oa Nethania le banna ba robeli ba neng ba e-na le eena ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone.
16 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba neng ba e-na le eena ba khutla le batho bohle ba hapiloeng Mizpa, bao ba ba pholositseng matsohong a Ishmaele mora oa Nethania ka mor’a hore a bolaee Gedalia+ mora oa Akikame. Ba khutla le banna, masole, basali, bana le liofisiri tsa lekhotla ho tsoa Gibeone. 17 Kahoo, ba tsamaea eaba ba lula ha Kimhame pel’a Bethlehema+ ka morero oa ho theohela Egepeta+ 18 ka lebaka la Bakalde. Ba ne ba ba tšohile kaha Ishmaele mora oa Nethania o ne a bolaile Gedalia mora oa Akikame, eo morena oa Babilona a neng a mo khethile hore a okamele naha.+