Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 34:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Leha ho le joalo, eitse ka letsatsi la boraro, ha ba opeloa,+ bara ba babeli ba Jakobo, Simeone le Levi,+ likhaitseli tsa Dina,+ ba nka e mong le e mong sabole ea hae ba ea motseng ba sa belaelloe ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.+

  • Genese 42:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ka lebaka leo a ba furalla eaba o qala ho lla.+ Eaba o khutlela ho bona o bua le bona ’me o nka Simeone+ ho bona o mo tlama ka pel’a mahlo a bona.+

  • Genese 49:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Simeone le Levi ke bara ba motho.+ Likofuto tsa pefo ke libetsa tsa bona tsa polao.+

  • 1 Likronike 4:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Bara ba Simeone e ne e le Nemuele+ le Jamine,+ Jaribe, Zera, Shaule,+

  • Tšenolo 7:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 molokong oa Simeone+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;

      molokong oa Levi+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;

      molokong oa Isakare+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela