12 Empa ha ba ba hatella haholo, ba ne ba ata haholo ’me ba hasana hohle haholo, hoo ba ileng ba ikutloa ba e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la bara ba Iseraele.+
27 “Ke tla romela ho ntšaba ka pel’a lōna,+ ’me ka sebele ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla tla ho tsona, ’me ruri ke tla le fa sekotlo sa lira tsohle tsa lōna.+
25 Ha ho motho ea tla ema a tiile khahlanong le lōna.+ Jehova Molimo oa lōna o tla etsa hore naha+ eohle eo le tla hata ho eona e le tšohe ’me e le tšabe, feela joalokaha a le tšepisitse.
9 A re ho banna bao: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena,+ le hore ho le tšaba ho re oetse holimo,+ le hore baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lōna.+