Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ’me u atamele ka pel’a bara ba Ammone. U se ke ua ba tšoenya kapa ua qabana le bona, hobane nke ke ka u fa naha leha e le efe ea bara ba Ammone e le lefa, etsoe ke e file bara ba Lota e le lefa.+

  • Baahloli 11:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Eitse ka mor’a nakoana bara ba Ammone ba qala ho loantša Baiseraele.+

  • Nehemia 13:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Letsatsing leo ha baloa+ ho tsoa bukeng+ ea Moshe moo batho ba utloang; ’me ha fumanoa ho ngoliloe ho eona hore Moammone+ le Momoabe+ ha baa lokela ho kena ka phuthehong ea Molimo oa ’nete ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+

  • Sofonia 2:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka hona, ka ’na ea phelang,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, “Moabe o tla ba feela joaloka Sodoma,+ ’me bara ba Ammone+ ba be joaloka Gomora, sebaka sa bobatsi, le sekoti sa letsoai, le lesupi, esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ba setseng ba batho ba ka ba tla ba tlatlapa, ’me masala a sechaba sa ka a tla ba rua.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela