Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 48:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Eaba o hlohonolofatsa Josefa ’me o re:+

      “Molimo oa ’nete eo bo-Ntate Abrahama le Isaka ba tsamaileng ka pel’a hae,+

      Molimo oa ’nete ea ’nileng a ntisa bophelong bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+

  • 1 Marena 2:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U boloke tlamo ho Jehova Molimo oa hao ka ho tsamaea litseleng tsa hae,+ ka ho boloka litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng, litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le bopaki ba hae, ho ea ka se ngotsoeng molaong oa Moshe,+ e le hore u ka etsa ka bohlale nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang le hohle moo u retelehelang teng;

  • Pesaleme 119:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Ka sebele ha baa etsa ho se loke.+

      Ba tsamaile litseleng tsa hae.+

  • Esaia 38:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 o re: “Ke etsa thapeli ho uena Jehova, ka kōpo, hopola+ kamoo ke tsamaileng+ ka pel’a hao ka ’nete+ le ka pelo e feletseng,+ ’me ke entse se molemo mahlong a hao.” Ezekiase a qala ho lla haholo.+

  • Liketso 9:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Joale, phutheho+ ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso, e ntse e hahoa; ha e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova+ le matšelisong a moea o halalelang+ ea ’na ea tsoela pele ho ata.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela