Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena,+ ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Exoda 15:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke mang har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

      Ke mang ea joaloka uena, ea matla khalalelong?+

      Ea lokelang ho tšajoa+ ka lipina tsa thoriso,+ Ea etsang limakatso.+

  • Exoda 18:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Joale ke fela ke tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo+ e meng eohle ka lebaka la taba ena eo ka eona ba ileng ba iketelletsa pele khahlanong le bona.”

  • Joshua 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta,+ le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane la Jordane, e leng, Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a nehela timetso.+

  • Nehemia 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ua arola leoatle+ ka pel’a bona, hoo ba ileng ba tšela bohareng ba leoatle mobung o omileng;+ eaba ba ba lelekisang u ba lahlela bolibeng+ joaloka lejoe+ metsing a matla.+

  • Esaia 2:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Mahlo a ikhohomosang a motho oa lefatše a tla kokobela, ’me bophahamo ba batho bo tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+

  • Baroma 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Etsoe Lengolo le re ho Faro: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela