9 Le mpe le se ke la fetohela+ Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo,+ etsoe ke bohobe ho rōna. Tšireletso ea bona e tlohile holim ’a bona,+ ’me Jehova o na le rōna.+ Le se ke la ba tšaba.”+
3 O tla re ho sona, ‘Utloang, Lōna Baiseraele, kajeno le atamela ntoeng khahlanong le lira tsa lōna. Lipelo tsa lōna li se ke tsa tšoha.+ Le se ke la tšaba ’me la matha le tšohile kapa la tlakasela ka lebaka la tsona,+
15 Ka lebaka leo a re: “Elang hloko, Bajuda bohle le lōna baahi ba Jerusalema le Morena Josafate! Sena ke seo Jehova a le boleletseng sona, ‘Le se ke la tšoha+ kapa la haroha letsoalo ka lebaka la bongata bona bo boholo; kaha ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo.+
10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+