-
1 Marena 13:2Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
2 Joale a hoeletsa khahlanong le aletare ka lentsoe la Jehova ’me a re: “Uena aletare, aletare, sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! Mora o tsoetsoe ntlong ea Davida, eo lebitso la hae e leng Josiase!+ Ka sebele o tla hlabela holim ’a hao baprista ba libaka tse phahameng ba etsang mosi oa sehlabelo holim ’a hao, ’me o tla chesetsa masapo a batho holim ’a hao.’”+
-
-
2 Marena 23:8Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
8 Joale a tlisa baprista bohle ba tsoang metseng ea Juda, e le hore a ka etsa hore libaka tse phahameng tseo baprista ba neng ba entse mosi oa sehlabelo ho tsona e be tse sa tšoaneleng borapeli, ho tloha Geba+ ho ea fihla Beerseba;+ a heletsa libaka tse phahameng tsa liheke tse neng li le monyako oa heke ea Joshua, mookameli oa motse, e neng e le ka ho le letšehali ha motho a kena hekeng ea motse.
-
-
2 Likronike 34:3Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
3 Ka selemo sa borobeli sa ho busa ha hae, ha e sa ntse e le moshanyana,+ a qala ho batla+ Molimo oa moholo-holo oa hae Davida; ka selemo sa leshome le metso e ’meli a qala ho hloekisa+ Juda le Jerusalema ka ho tlosa libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang+ le litšoantšo+ tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.
-