Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 21:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Empa batho ba naha ba bolaea bohle ba reretseng Morena Amone bolotsana.+ Joale batho ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae.

  • 2 Marena 22:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mararo a motso o mong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jedida morali oa Adaia oa Bozkathe.+

  • 2 Marena 23:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 A heletsa le aletare e neng e le Bethele,+ sebaka se phahameng seo Jeroboame+ mora oa Nebate, ea entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ a neng a se entse, esita le aletare eo le sebaka se phahameng. Joale a chesa sebaka se phahameng; a se sila hore e be lerōle ’me a chesa palo e halalelang.

  • 2 Marena 23:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Matsatsing a hae Faro Neko+ morena oa Egepeta a nyolohela ho morena oa Assyria ka nōka ea Eufrate,+ ’me Morena Josiase a ea ho mo khahlanyetsa;+ empa a mo bolaela+ Megido+ hang ha a mo bona.

  • 2 Likronike 34:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Ka mor’a moo Josiase a tlosa lintho tsohle tse manyala+ linaheng tsohle tseo e neng e le tsa bara ba Iseraele,+ ’me a etsa hore bohle ba ileng ba fumanoa Iseraele ba qale tšebeletso, ho sebeletsa Jehova Molimo oa bona. Ka matsatsi ’ohle a hae ha baa ka ba kheloha ho latela Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela