Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 O tla beha letsoho la hae holim ’a hlooho ea nyehelo ea secheso, ’me e tla amoheloa+ ka mosa bakeng sa hore a koahele libe tsa hae.+

  • Levitike 4:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 O tla etsa hore mafura ’ohle a eona a kubelle aletareng joaloka mafura a sehlabelo se kopanetsoeng;+ ’me moprista a koahele libe tsa hae bakeng sa sebe+ sa hae, kahoo o tla se tšoareloa.

  • Levitike 4:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 O tla tlosa mafura+ ’ohle a eona, feela joalokaha mafura a ile a tlosoa sehlabelong se kopanetsoeng;+ ’me moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o khathollang ho Jehova;+ moprista a koahele libe tsa oona, ’me kahoo o tla li tšoareloa.+

  • Levitike 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Moprista a koahele libe+ tsa oona ka pel’a Jehova, kahoo o li tšoareloe mabapi le ntho leha e le efe ea tsohle tseo o ka li etsang e fellang ka hore o be molato.”

  • Levitike 16:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Etsoe ka letsatsi lena ho tla koaheloa libe+ bakeng sa lōna ho phatlalatsa hore le hloekile. Le tla hloeka libeng tsohle tsa lōna ka pel’a Jehova.+

  • Numere 15:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Moprista a koahele libe tsa moea o entseng phoso ka ho etsa sebe e se ka morero ka pel’a Jehova, hore a koahele libe tsa oona, ’me o tla tšoareloa.+

  • Bakolose 1:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe+ tsa rōna.

  • 1 Johanne 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ke sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna,+ empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna+ feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela