31 “‘Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea,+ ’me le se ke la batla keletso ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele,+ hore le silafatsoe ke tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.
10 Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong,+ leha e le mang ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose+ kapa leha e le mang ea batlang lipontšo+ tsa se tlang kapa moloi,+
7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea,+ ’me ke tla ea ho eena ke batle keletso ho eena.” Joale bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! Ho na le mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea Ene-dore.”+
8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+