Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “U se ke ua boloka moloi oa mosali a phela.+

  • Levitike 19:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 “‘Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea,+ ’me le se ke la batla keletso ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele,+ hore le silafatsoe ke tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Levitike 20:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “‘Ha e le moea o retelehelang ho ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ hoo o bang le likamano tse litšila le bona, ka sebele ke tla tjamela moea oo ’me ke o felise har’a batho ba habo oona.+

  • 1 Samuele 15:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+

  • 1 Samuele 28:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Joale Samuele o ne a shoele, ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Ha e le Saule, o ne a tlositse naheng ba buisanang le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+

  • Esaia 8:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+

  • Baheberu 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela