32 Eaba Lea oa ima ’me o tsoala mora a ntan’o mo reha lebitso la Rubene,+ etsoe o ile a re: “Ke hobane Jehova a bone ho sohlokeha ha ka,+ hore joale monna oa ka o tla qala ho nthata.”
5Bara ba Rubene+ letsibolo la Iseraele—etsoe e ne e le letsibolo;+ empa ka lebaka la ho silafatsa liphate tsa ntat’ae+ tokelo ea hae joaloka letsibolo e ile ea fuoa bara ba Josefa+ mora oa Iseraele, hoo a neng a ke ke a ngolisoa ho ea ka leloko bakeng sa tokelo ea letsibolo.