-
Deuteronoma 17:8Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
8 “Haeba taba ea qeto ea boahloli e ka ba e sa tloaelehang haholo bakeng sa lōna,+ eo ho eona ho tšolotsoeng mali,+ eo ho eona ho hlahisitsoeng tseko ea molao,+ kapa ho entsoe ketso e mabifi, e le litaba tseo ho tsekisanoang ka tsona,+ ka har’a liheke tsa lōna, le eme ’me le nyolohele sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha,+
-
-
2 Likronike 19:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 Ha e le ka nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e tla tla ho lōna ea barab’abo lōna ba lulang metseng ea bona, e amang ho tšolloa ha mali,+ e amang molao+ le taelo+ le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ le ba lemose e le hore ba se ke ba fosetsa Jehova le hore khalefo+ e se ke ea e-ba teng khahlanong le lōna le khahlanong le barab’abo lōna. Le lokela ho etsa tjena e le hore le se ke la itjarisa molato.
-