2 Likronike
19 Joale Josafate morena oa Juda a khutlela ka khotso+ ntlong ea hae Jerusalema. 2 Joale Jehu+ mora oa Hanani+ ea bonang lipono+ a tsoa ka pel’a hae ’me a re ho Morena Josafate: “Na ke ba khopo ba lokelang ho thusoa,+ ’me na ke ba hloileng+ Jehova bao u lokelang ho ba rata?+ Ka lebaka lena Jehova o u halefetse.+ 3 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle+ tse fumanoeng ho uena, hobane u tlositse lipalo tse halalelang naheng+ ’me u lokisitse pelo ea hao hore e batle Molimo oa ’nete.”+
4 Josafate a tsoela pele ho lula Jerusalema; a qala ho boela a tsoela sechabeng ho tloha Beerseba+ ho ea sebakeng se lithaba sa Efraime,+ e le hore a ka se khutlisetsa ho Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba sona. 5 A emisa baahloli ho pholletsa le naha metseng eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane, motseng o mong le o mong.+ 6 A tsoela pele ho re ho baahloli: “Bonang seo le se etsang,+ hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova;+ o na le lōna tabeng ea ho ahlola.+ 7 Joale le ke le oeloe ke tšabo+ ea Jehova.+ Hlokomelang ’me le nke bohato,+ etsoe ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke+ kapa leeme+ kapa ho nka tjotjo.”+
8 Le Jerusalema ka ho tšoanang Josafate a emisa Balevi+ ba bang le baprista+ le lihlooho tse ling tsa malapa a habo ntat’a+ Baiseraele bakeng sa kahlolo+ ea Jehova le bakeng sa linyeoe+ tsa baahi ba Jerusalema. 9 Ho ekelletsa moo, a ba laela, a re: “Le lokela ho etsa tjena ka ho tšaba+ Jehova ka botšepehi le ka pelo e feletseng. 10 Ha e le ka nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e tla tla ho lōna ea barab’abo lōna ba lulang metseng ea bona, e amang ho tšolloa ha mali,+ e amang molao+ le taelo+ le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ le ba lemose e le hore ba se ke ba fosetsa Jehova le hore khalefo+ e se ke ea e-ba teng khahlanong le lōna le khahlanong le barab’abo lōna. Le lokela ho etsa tjena e le hore le se ke la itjarisa molato. 11 Bonang! moprista ea ka sehloohong Amaria o le okametse bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova;+ le Zebadia mora oa Ishmaele moeta-pele oa ntlo ea Juda bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea morena; le na le Balevi e le balaoli. E-bang matla+ ’me le nke bohato, ’me Jehova+ a ke a be le se molemo.”+