Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ka sebele le tla lelekisa lira tsa lōna,+ ’me li tla oa ka pel’a lōna ka sabole.

  • Deuteronoma 32:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba sekete,

      ’Me ba babeli ba balehisa ba likete tse leshome?+

      Ntle le hore ebe Lefika la bona le ba rekisitse+

      ’Me Jehova o nehelane ka bona.

  • Joshua 10:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eitse ha ba ntse ba baleha ka pel’a Baiseraele ’me ba le motheōng oa Bethe-horone, Jehova a lahlela holim ’a bona majoe a maholo+ a tsoang maholimong ho ea fihla Azeka, hoo ba ileng ba shoa. Ho ile ha e-ba le ba bangata ba shoeleng ka lebaka la majoe a sefako ho feta bao bara ba Iseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole.

  • 2 Samuele 22:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Ke tla lelekisa lira tsa ka, e le hore nka li felisa,

      Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.+

  • Pesaleme 89:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ke ile ka silakanya bahanyetsi ba hae ka pel’a hae,+

      Ba mo hloileng haholo ka ’na ka ba fa likotlo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela