19 Le tla re, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova Molimo oa rōna a re entseng lintho tsee tsohle?’+ Le tla re ho bona, ‘Feela joalokaha le ntlohetse ’me le sebelelitse molimo osele naheng ea lōna, kahoo le tla sebeletsa basele naheng eo e seng ea lōna.’”+
4 Ka ho rata ha hao, u ile ua tlohela lefa la hao leo ke neng ke u file lona.+ Hape ke tla etsa hore u sebeletse lira tsa hao naheng eo u sa kang ua e tseba;+ etsoe le hotelitsoe joaloka mollo bohaleng ba ka.+ O tla ’ne o hotetsoe ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”