Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 9:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Le hoja u ne u paka+ khahlanong le bona ho ba khutlisetsa molaong oa hao,+ ba ile ba iketelletsa pele+ ’me ba se ke ba mamela litaelo tsa hao; ba siteloa+ liqeto tsa hao tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka li phetha, a tlang ho boela a phele ka tsona.+ Ba ’na ba etsa manganga,+ ba satalatsa melala ea bona,+ ’me ba se ke ba mamela.+

  • Liproverbia 28:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ho thaba motho ea tšohang kamehla,+ empa ea thatafatsang pelo ea hae o tla oela tlokotsing.+

  • Esaia 30:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 “Ho malimabe bara ba manganga,”+ ho bolela Jehova, “ba batlang ho phetha morero, empa eseng o tsoang ho ’na;+ le ho tšolla nyehelo e mokelikeli, empa eseng ka moea oa ka, e le hore ba phaelle sebe holim ’a sebe;+

  • Jeremia 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka nako eo ba tla bitsa Jerusalema terone ea Jehova;+ ’me lichaba tsohle li tla phuthehela+ ho eona lebitsong la Jehova Jerusalema,+ ’me ha li sa tla hlola li latela manganga a lipelo tsa tsona tse mpe.”+

  • Jeremia 6:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Kaofela ha sona ke batho ba manganga,+ ba tsamaeang hohle e le baetselletsi+—koporo le tšepe. Kaofela ha sona se senyehile.+

  • Zakaria 7:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Lipelo+ tsa bona ba li beha e le lejoe la emeri hore ba se ke ba mamela molao+ le mantsoe ao Jehova oa mabotho a a rometseng ka moea oa hae,+ ka baprofeta ba pele;+ hoo Jehova oa mabotho a ileng a halefa haholo.”+

  • Baroma 1:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 hobane, le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa e le Molimo kapa ba mo leboha,+ empa ba ile ba fetoha ba thotofetseng+ menahanong ’me lipelo tsa bona tse seng bohlale tsa fifala.+

  • Baroma 2:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Empa ho ea ka bothata+ ba hao le pelo+ ea hao e sa bakeng u ipolokela khalefo+ ka letsatsi la khalefo+ le la ho senoloa+ ha kahlolo+ e lokileng ea Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela